LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mrt sehlooho 64
  • O Tla Kgetha Mang? Bibele e Reng ka Taba Ee?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O Tla Kgetha Mang? Bibele e Reng ka Taba Ee?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Baetapele ba batho ba na le mefokolo
  • Moetapele ya kgethilweng ke Modimo
  • Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Boradipolotiki ba sa Tshepahaleng?
    Dihlooho Tse Ding
  • Jehova o Tataisa Batho ba Hae
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • A re Tshepeng Moetapele wa Rona Kreste
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 64
Pampiri e sebediswang ha ho kgethwa e tshelwa ka lebokoseng la dikgetho.

Comstock Images/Stockbyte via Getty Images

DULANG LE LEBETSE!

O Tla Kgetha Mang? Bibele e Reng ka Taba Ee?

Batho ba lokela ho etsa qeto ya bohlokwa ya hore na ba tla kgetha mang.

Bibele e reng ka taba ee?

Baetapele ba batho ba na le mefokolo

Bibele e bua ka ntho eo baetapele ba batho ba sa kgoneng ho e etsa.

  • “Le se ke la tshepa dikgosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa. Ha a kgaotsa ho hema, o kgutlela leroleng. Ho tloha ka nako eo, o kgaotsa ho nahana.”—Pesaleme ya 146:3, 4, naletsana.

Esita le baetapele ba ipabolang ba a shwa qetellong. Ho feta moo, ha ba a kgodiseha hore na ba tlang ka mora bona ba tla tswellisa pele mesebetsi ya bona e metle kapa tjhe.—Moeklesia 2:18, 19.

Nnete ke hore Bibele e re batho ba ne ba sa etsetswa ho ipusa.

  • “Motho ha a kgone ho laola mehato ya hae.”—Jeremia 10:23.

Na ho na le motho ya ka busang hantle mehleng ee?

Moetapele ya kgethilweng ke Modimo

Bibele e re hlalosetsa hore Modimo o kgethile moetapele ya tshepahalang le eo ho ke keng ha eba le moetapele le ha e le ofe ya ka tshwanang le yena e leng Jesu Kreste. (Pesaleme ya 2:6) Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo e leng mmuso o busang o le lehodimong.—Matheu 6:10.

Na o tla kgetha hore Jesu e be moetapele wa hao? Bibele e a bontsha hore na ke hobaneng ha o lokela ho kgetha ka nepo:

  • “Hlomphang mora [Jesu Kreste], ho seng jwalo Modimo o tla halefa ebe le a bolawa, le tloswa tseleng hobane o kgona ho halefa kapele. Ho thaba bohle ba balehelang ho yena.”—Pesaleme ya 2:12.

Ena ke nako ya hore o etse qeto. Boprofeta ba Bibele bo bontsha hore Jesu o qadile ho busa ka selemo sa 1914 le hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla nkela mebuso ya batho sebaka.—Daniele 2:44.

Bala sehlooho se reng “Tshehetsa Bobusi ba Modimo Hona Jwale” e le hore o ithute haholwanyane hore na o ka tshehetsa bobusi ba Jesu jwang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share