Marek M. Berezowski/Anadolu Agency via Getty Images
DULANG LE FADIMEHILE!
Re Kena Selemong sa Bobedi ho e na le Ntwa Ukraine—Bibele e Fana ka Tshepo Efe Mabapi le Dintwa?
Ka Labohlano la 24 February 2023, e tla be e se e le selemo ho e na le ntwa e tshosang Ukraine. Ho ya ka ditlaleho tsa ditaba, masole a ka bang 300 000 a Ukraine le a Russia a bolauwe kapa a lemetse. Hape ho hakanngwa hore baahi ba ka bang 30 000 ba bolauwe ntweng ena. Ho ka etsahala hore ba feta palo ena.
Ka bomadimabe, ho bonahala eka ntwa ena e ke ke ya fela hona jwale.
“E se e le selemo masole a Russia a kene naheng ya Ukraine mme ha ho bonahale eka ntwa ena e tla fela hona jwale. Ha ho bonahale eka ho na le naha e tla hlola ntweng ena ebile ha ho bonahale eka ho na le tshepo ya hore dinaha tsena di tla bopa kgotso.”—NPR (National Public Radio), la 19 February 2023.
Ke ho utlwahalang hore ebe batho ba bangata ba utlwiswa bohloko ke ntwa ena le dintwa tse ding tse amang batho ba se nang molato lefatsheng lohle. Bibele e re tshepisa eng mabapi le dintwa? Na di tla ke di fele?
Ho na le ntwa e tlo fedisa dintwa tsohle
Bibele e bua ka ntwa e tlo pholosa batho bohle. Ntwa eo e bitswa Armagedone mme e hlaloswa e le “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle.” (Tshenolo 16:14, 16) Modimo o tla sebedisa ntwa ena ho fedisa mebuso ya batho e ntseng e tswela pele ho baka dintwa. Ntwa ya Armagedone e tla tlisa kgotso jwang lefatsheng? Bala dihlooho tse latelang e le hore o fumane karabo: