LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mrt sehlooho 111
  • Bibele e Reng ka Ntwa ya Nuclear?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bibele e Reng ka Ntwa ya Nuclear?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Na Bibele e ile ya bolela esale pele ka ntwa ya nuclear?
  • Na Modimo o tla dumella hore ho be le ntwa ya nuclear?
  • Na Lefatshe le tla pholoha?
  • Re ka thuswa keng hore re se ke ra tshwenyeha ka hore ntwa ya nuclear e tla ba teng?
  • Na Bibele e ile ya profeta hore ntwa ya Armagedone e tla ba ya nuclear?
  • Bibele e re dintwa di tla fediswa jwang?
  • Boradipolotiki ba re Armagedone e se e le Haufi—Bibele e Reng?
    Dihlooho Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 111
Leru le leholo le bakilweng ke bomo ya nuclear.

Bibele e Reng ka Ntwa ya Nuclear?

Lefatshe le ntse le tswela pele ho ba kotsing ya ntwa ya nuclear ka ha mebuso ya lefatshe e matla e ntse e tswela pele e eketsa dibetsa tsa nuclear. Batho ba tshwenyeha haholo ha dibetsa tsa nuclear di ntse di eketseha, ka ha sena se eketsa menyetla ya hore ntwa ya nuclear e be teng. Ho boetse ho na le tshabo ya hore ha naha e nngwe e itseng e ka sebedisa sebetsa feela se senyenyane sa nuclear, seo se ka etsa hore ntwa ya nuclear e qale lefatsheng lohle mme ho felle ka hore lefatshe le senyehe. Nako eo re phelang ho yona, e dumellana le seo buka ya Bulletin of the Atomic Scientists e ileng ya se bua ha e re “re dula re tshohile hore ho tla ba le ntwa ya nuclear.”

Na ho ka etsahala hore ntwa ya nuclear e be teng? Haeba ho jwalo, na lefatshe le tla pholoha? Re ka thuswa keng hore re se ke ra tshwenyeha ka hore ntwa ya nuclear e tla ba teng? Bibele e reng ka ntwa ya nuclear?

Sehloohong sena

  • Na Bibele e ile ya bolela esale pele ka ntwa ya nuclear?

  • Na Modimo o tla dumella hore ho be le ntwa ya nuclear?

  • Na Lefatshe le tla pholoha?

  • Re ka thuswa keng hore re se ke ra tshwenyeha ka hore ntwa ya nuclear e tla ba teng?

  • Na Bibele e ile ya profeta hore ntwa ya Armagedone e tla ba ya nuclear?

  • Bibele e re dintwa di tla fediswa jwang?

  • Na ho na le moo lengolo la Bibele la Tshenolo le buang ka ntwa ya nuclear?

Na Bibele e ile ya bolela esale pele ka ntwa ya nuclear?

Bibele ha e bue ka ho toba ka ntwa ya nuclear. Ho ena le hoo, Bibele e bua ka diketsahalo le tsela eo batho ba neng ba tla itshwara ka yona, e ka etsang hore ho qetelle ho bile le ntwa ya nuclear.

Bapisa se hlalositsweng ditemaneng tse latelang tsa Bibele le dintho tse etsahalang kajeno lefatsheng:

Ditemana tsa Bibele: Barutuwa ba Jesu ba ile ba botsa, ba re: “Re tla bona kang hore o teng le hore lefatshe lee le a fela?” Jesu o ile a ba araba, a re: “Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.”—Matheu 24:3, 7.

Diketsahalo tsa lefatshe: Dinaha tse ngata, ho akarelletsa le tse nang le dibetsa tsa nuclear, di rarolla diqabang ka hore di lwantshane.

“Ho theosa le dilemo, lefatshe le ntse le eba mabifi le ho feta: ditlaleho tsa dintwa di ntse di eketseha.”—The Armed Conflict Location & Event Data Project.

Temana ya Bibele: “Nakong ya bofelo, morena wa borwa o tla sututsana le morena wa leboya.”—Daniele 11:40.

Diketsahalo tsa lefatshe: Dinaha tse lwantshanang le dinaha tse di tshehetsang di tswela pele ho sututsana kapa ho hlodisana ka hore naha e matla ke efe, jwalo ka ha Bibele e ile ya bolela esale pele. Le hoja dinaha tse matla tse nang le dibetsa tse ngata tsa nuclear di sa hlaselane ka ho toba, di ntse di tswela pele ho ntlafatsa le ho eketsa dibetsa tsa tsona tsa nuclear.

“Dilemong tse leshome tse fetileng, ditlaleho tsa dinaha tse lwantshanang di ile tsa eketseha, ho akarelletsa le makgetlo ao mebuso e matla e ileng ya tshehetsa dinaha tse lwantshanang.”—The Uppsala Conflict Data Program.

Ditemana tsa Bibele: “Mehleng ya bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho . . . e tla ba.  . . ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tshosang.”—2 Timothea 3:1-3.

Diketsahalo tsa lefatshe: Jwalo ka ha e le tlwaelo hore batho ba ngangisane, le baetapele ba lefatshe le bona ba a ngangisana. Ho ena le hore ba rarolle diqabang tsa bona ba sa lwane, ba ka nna ba di rarolla ka hore ba sebedise ditshoso le kgatello. Diketso tse jwalo di eketsa monyetla wa hore ho be le ntwa ya nuclear.

“Ka ha baetapele ba lefatshe ha ba fumane tsela ya ho sebedisana mmoho, sena se etsa hore ho be le dintwa tse ngata tse bakang tshenyo e kgolo.”—S. Saran le J. Harman, World Economic Forum.

Na Modimo o tla dumella hore ho be le ntwa ya nuclear?

Bibele ha e re bolelle, empa e re “dintho tse tshosang” kapa diketsahalo tse tshosang, di tla ba teng mehleng ena. (Luka 21:11) Mohlala wa seo o akarelletsa dibomo tsa athomo tse ileng tsa sebediswa nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Bibele e hlalosa hore na ke hobaneng ha Modimo a dumeletse hore dintwa di be teng. Ho ithuta ho eketsehileng, shebella video ya Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata?

Na Lefatshe le tla pholoha?

E, le tla pholoha. Le haeba batho ba ka sebedisa dibetsa tsa nuclear hape, Modimo a ke ke a dumella hore boemo bo fihle boholeng ba hore ho be le tshenyo e feletseng. Bibele e re lefatshe le ke ke la fela hape le tla dula le ena le batho ka ho sa feleng.

“Lefatshe le dula le le teng ho ya ho ile.”—Moeklesia 1:4.

“Modimo  . . ya entseng lefatshe, . . . ya sa kang a le bopela lefeela empa a le etseditse hore batho ba dule ho lona.”—Esaia 45:18.

Batho ba bang ba nahana hore nakong e tlang, lefatsheng ho tla be ho ena le batho feela ba seng bakae ba phelang ka thata ka lebaka la tshenyo e bakilweng ke ntwa ya nuclear. Le ha ho le jwalo, Bibele e bontsha hore tshenyo e bakilweng ke ntwa lefatsheng e tla lokiswa.

“Lefeella le sebaka se omeletseng di tla thaba le lehwatata le tla thaba mme le thunye jwalo ka dipalesa tsa safrone.”—Esaia 35:1.

Batho ba sebetsang ha mmoho ba thabile lefatsheng la paradeise.

Modimo o batla re dule re thabile lefatsheng le letle

Mmopi wa rona o entse lefatshe le ena le bokgoni ba ho itokisa ha le senyehile. Re a tseba hore Modimo o tla sebedisa matla a hae ho lokisa lefatshe; mme le tla dula e le lehae le letle bakeng sa batho ka ho sa feleng.—Pesaleme ya 37:11, 29; Tshenolo 21:5.

Re ka thuswa keng hore re se ke ra tshwenyeha ka hore ntwa ya nuclear e tla ba teng?

Batho ba bang ba tshwenyehile haholo ka ntwa ya nuclear mme ba tshohile ditlamorao tse ka bakwang ke yona. Ditshepiso le dikeletso tsa Bibele di ka thusa batho hore ba se ke ba tshwenyeha haholo. Jwang?

Bibele e hlalosa hore lefatshe le batho ba tla ba le bokamoso bo botle. Ho ithuta ka tshepo eo ho tshwana le ho ba le ankora e o thusang hore o se ke wa tshwenyeha haholo. (Baheberu 6:19) E le hore re se ke ra tshwenyeha haholo, re lokela ho nahana ka dintho tsa letsatsi le le leng. Re se ke ra tshwenyeha haholo ka dintho tse ka nnang tsa etsahala nakong e tlang, ka ha Jesu o ile a re, “letsatsi ka leng le na le mathata a lona.”—Matheu 6:34.

Ke ha bohlokwa hore kaofela ha rona re itlhokomele e le hore re ka nahana hantle le ho kgoba matshwafo. Re ka etsa seo ka hore re se ke ra bala, ra shebella kapa ra mamela dintho tse tla etsa hore re tshwenyehe, tse kang dipuisano, dintho tseo batho ba nahanang hore di tla etsahala le maikutlo a batho ka dintlafatso tsa moraorao tsa nuclear. Sena ha se bolele hore re iphapanyetsa dintho tse etsahalang. Ho ena le hoo, re etsa sohle seo re ka se kgonang hore re se ke ra tshwenyeha haholo ka dintho tseo re ke keng ra kgona ho di laola le tseo mohlomong di ke keng tsa etsahala.

“Matshwenyeho a tetebetsa pelo ya motho empa lentswe le nepahetseng le a e hlabolla.”—Diproverbia 12:25.

Qeta nako o nahana ka dintho tse molemo tse etsahalang bophelong ba hao ho ena le ho nahana ka ditaba tse bohloko.

“E se eka Modimo ya fanang ka tshepo a ka etsa hore le be le kgotso le thabo e ngata hobane le mo tshepa.”—Baroma 15:13.

Ditshwantsho: Monna ya shebileng pele ka kgodiseho. 1. Ka mora hae ke ntwa, difofane tsa ntwa, dimisaele tsa nuclear le leru le bakilweng ke dibomo. 2. Ka pela hae ho na le lefatshe le hlwekileng le nang le kgotso le nang le dithaba, makgulo a tletseng jwang, noka e phallang le dinonyana.

Bibele e re fa tshepo ya sebele ka bokamoso

Ho ithuta ka ho eketsehileng ka ditshepiso tsa Modimo ho ka o fa tshepo, thabo le kgotso ya kelello.

Na Bibele e ile ya profeta hore ntwa ya Armagedone e tla ba ya nuclear?

Batho ba bang ba nahana hore Armagedone ke ntwa ya lefatshe ya nuclear. Ba nahana jwalo hobane ba nahanne ka tshenyo e ka bakwang ke ketsahalo eo.

Le ha ho le jwalo, Bibele e sebedisa lentswe “Armagedone” ha e bua ka ntwa e pakeng tsa “marena a lefatshe lohle,” kapa mebuso ya batho le Modimo.a (Tshenolo 16:14, 16) Ho fapana le bomo ya nuclear, Armagedone e ke ke ya baka tshenyo e tla fedisa lefatshe le batho kaofela. Ho ena le hoo, ka Armagedone, Modimo o tla fedisa batho ba kgopo mme a etse hore ho be le kgotso le tshireletseho tsa sebele.—Pesaleme ya 37:9, 10; Esaia 32:17, 18; Matheu 6:10.

Bibele e re dintwa di tla fediswa jwang?

“O fedisa dintwa lefatsheng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O tjhesa dikariki tsa sesole ka mollo.”—Pesaleme ya 46:9.

Jehovab Modimo o tla sebedisa matla a hae ho fedisa dintwa tse pakeng tsa dinaha le dibetsa tsa ntwa. O tla etsa sena a sebedisa Mmuso wa hae wa lehodimo, o tla busa lefatshe lohle.—Daniele 2:44.

Mmuso wa Modimo o tla ruta batho ho phela ka kgotso le ka kutlwano. Ka ha mmuso o le mong o tla busa lefatshe lohle, ha ho sa tla ba le dintwa pakeng tsa mebuso; ebile batho ha ba sa tla ithuta ntwa! (Mikea 4:1-3) Phello e tla ba efe? “Motho e mong le e mong o tla phela ka kgotso tlasa sefate sa hae sa morara le sa feie, ha ho na motho ya tla mo tshosa.”—Mikea 4:4, Today’s English Version.

a Bala sehlooho se reng “Ntwa ya Armagedone ke Eng?”

b Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

Na ho na le moo lengolo la Bibele la Tshenolo le buang ka ntwa ya nuclear?

Batho ba bang ba dumela hore buka ya Tshenolo e bua ka tshenyo e tlo bakwa ke ntwa ya nuclear. (Tshenolo 6:14; 8:7-12; 16:1-21) Ka mohlala, e bua ka ‘mollo o theohang lehodimong o tla lefatsheng.’ (Tshenolo 13:11-13) Dipaki Tsa Jehova di utlwisisa hore ha ho buuwe ka ntwa ya nuclear empa e bua ka dibomo tsa athomo tse sebedisitsweng Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe.

Le hoja buka ya Tshenolo e bua ka diketsahalo tse ileng tsa etsahala nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, morero wa yona hase ho fana ka dintlha tsohle tse tshosang tse ileng tsa etsahala. Ha o bala buka ya Tshenolo, hopola:

  • Buka ena e sebedisa dipontsho tse ngata, tseo ho ka bang thata ho di utlwisisa.—Tshenolo 1:1.

  • Buka ena ha ya ngollwa ho tshosa batho empa molaetsa wa yona o fana ka thabo ho ba e utlwisisang le ba sebedisang dikeletso tsa yona.—Tshenolo 1:3.

Bakeng sa dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Buka ea Tšenolo—E Bolelang?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share