Meferefere ya Dipolotiki e Phethahatsa Boprofeta ba Bibele
Kajeno batho ba na le maikutlo a fapaneng ka dipolotiki. Ha ba dumellane ka melao e amang dintho tseo ba di etsang letsatsi le letsatsi mme ka bohale ba hlalosa maikutlo a bona a fapaneng ka dipolotiki. Batho ba etsang melao le ba boholong pusong hangata ba na le maikutlo a fapaneng mme ha ba ikemisetsa ho mamela ba bang. Ho se utlwisisane hoo ho ka baka meferefere ya dipolotiki mme ha sitisa mmuso ho etsa mosebetsi.
Meferefere e etsahalang Amerika le Brithani e tsebahalang ka United Kingdom e ya ikgetha. Hobaneng? Hobane Bibele e ile ya bolela esale pele hore ho tla ba le meferefere dinaheng tsena tse pedi. Nakong eo ya meferefere, Mmuso wa Modimo o lehodimong o ne o tla nka kgato ho lokisa maemo a teng lefatsheng.
Meferefere ya dipolotiki “matsatsing a bofelo”
Bibele e na le boprofeta bo hlollang bo tlalehilweng bukeng ya Daniele. Boprofeteng boo, Modimo o ile a bontsha se neng “se tlo etsahala matsatsing a bofelo,” e leng nako e neng e tla tlisa diphetoho tse kgolo molokong wa batho.—Daniele 2:28.
Boprofeta bona ba Bibele bo ile ba hlaha torong eo Modimo a ileng a etsa hore morena wa Babilona a be le yona. Torong eo, morena o ile a bona setshwantsho se seholohadi se entsweng ka dirafshwa tse fapaneng. Ha morao moprofeta Daniele o ile a hlalosa hore dikarolo tsa setshwantsho sena ho tloha hloohong ho ya maotong, di ne di emela mebuso ya lefatshe e neng e tla ema e be e we ho theosa le histori.a Qetellong, setshwantsho seo se ne se tla fediswa ka ho felletseng ka mora ho otlwa ke lejwe le emelang Mmuso wa Modimo.—Daniele 2:36-45.
Boprofeta bona bo ne bo bontsha hore Mmuso wa Modimo o ne o tla nkela mebuso yohle ya batho sebaka. Mmuso ona wa Modimo ke mmuso oo Jesu a ileng a ruta balatedi ba hae hore ba o rapelle ha a ne a re: “Mmuso wa hao o tle.”—Matheu 6:10.
Empa ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka meferefere ya dipolotiki? Hlokomela hore maoto a setshwantsho a ne a entswe ka “tshepe e kopaneng le letsopa.” (Daniele 2:33) Karolo ena ya setshwantsho e ne e fapane le dikarolo tse ding tsa sona, ka ha e ne e entswe ka motswako wa tshepe le letsopa e leng se neng se bolela hore ho ne ho tla ba le mmuso o le mong o matla o fapaneng le o tlileng pele ho wona. Boprofeta ba Daniele bo a hlalosa hore sena se ne se tla etsahala jwang.
Ho latela boprofeta bona, ho ne ho tla ba le meferefere ya dipolotiki mmusong o neng o emelwa ke maoto a setshwantsho sena. Mmuso ona o ne o tla fellwa ke matla ka lebaka la dintho tseo batho ba tlasa wona ba neng ba tla di etsa.
Boprofeta ba Daniele bo phethahala jwang kajeno?
Maoto a setshwantsho sena a emela mmuso o matla wa kajeno, o bileng teng ka lebaka la selekane se pakeng tsa Amerika le Brithani. Diketsahalo tsa moraorao di tiisa seo jwang?
Maoto a setshwantsho a entswe ka “tshepe e kopaneng le letsopa,” e leng se bontshang hore mmuso ona o tla ba le dikarolo tse matla le tse fokolang. (Daniele 2:42) Kajeno mebuso ya Amerika le Brithani e ntse e fellwa ke matla ka lebaka la dikarohano tse tliswang ke batho ba mebuso ena. Batho ba dulang dinaheng tsena ba lwantshana ka bobona. Ka mohlala, ka mabifi batho ba lwanela ditokelo tsa bona. Batho bao ba ba kgethileng ba hloleha ho phethahatsa ditakatso tsa bona. Ka lebaka la dikarohano tse bang teng setjhabeng, mebuso ena ka bobedi ka dinako tse ding e hloleha ho phethahatsa dintho tseo e neng e rerile ho di etsa.
Dikarolo tsa mmuso tseo ho builweng ka tsona kgaolong ya bobedi ya Daniele
Bona ka moo karolo e nngwe ya boprofeta ba Daniele e se bolelang le hore na e phethahala jwang kajeno:
Boprofeta: “Mmuso oo o tla arohana. Karolo e nngwe e tla ba thata jwalo ka tshepe.”—Daniele 2:41.
Tlhaloso: Le hoja ho ena le dikarohano ka hare ho dipolotiki tsa Amerika le Brithani, dinaha tsena ka bobedi di na le sesole se matla. Ka lebaka la sena diqeto tsa bolaodi tseo dinaha tsena ka bobedi di di nkang di ama lefatshe kaofela mme dinaha tsena di matla jwalo ka tshepe.
Phethahatso
Ka 2023, Amerika le Brithani di ile tsa sebedisa tjhelete e ngata haholo sesoleng ho feta e sebedisitsweng ke dinaha tse 12 di kopane. Dinaha tseo tse 12 ke dinaha tse sebedisang tjhelete e ngata haholo sesoleng.—Stockholm International Peace Researtjh Institute.
Strategic Command, U.K. Ministry of Defence ya April 2024 e re: “Ha hona dinaha tse pedi tse kileng tsa etsa selekane se matla jwalo ka sa Amerika le Brithani. . . re entse selekane sena e le hore re kgone ho itshireletsa. Re sebedisa theknoloji ya moraorao . . . Re sebetsa ha mmoho, re a tshehetsana ebile re lwana ha mmoho.”
Boprofeta: “Jwalo ka ha menwana ya maoto e le ya tshepe e kopaneng le letsopa, mmuso oo o tla ba le dikarolo tse matla le tse fokolang.”—Daniele 2:42.
Tlhaloso: Le hoja Amerika le Brithani di e na le sesole se matla, ha di kgone ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo di e batlang ka lebaka la tsela eo mmuso wa tsona o sebetsang ka teng. Haeba boholo ba batho bo voutela taba e itseng ba sa dumellane le mmuso, morero o jwalo o ke ke wa tswela pele.
Phethahatso
Ditsebi tse ding tsa dipolotiki di re: “Diqabang tse teng ka hare ho mmuso wa Amerika di etsa hore ho be thata hore Amerika e etse dintho tseo e bolellang lefatshe hore e ka kgona ho di etsa. Dintho tseo di amana le tshireletso le kgwebo.”
Institute for Government e re: “Ho bile le mathata a mangata a dipolotiki ho feta le ha e le neng pele Brithani mme sena se entse hore boradipolotiki ba ferekane. Ka lebaka leo basebetsi ba mmuso ha ba a kgona ho etsa diphetoho tse hlokahalang e le hore ba thuse setjhaba.”
Boprofeta: ‘[Mmuso] o tla tswakana le batho empa o ke ke wa kgomarelana.’—Daniele 2:43.
Tlhaloso: Setjhaba se dumellwa ho ntsha maikutlo a sona ditabeng tse ding tsa mmuso mme sena ha se thabise baetapele ba sona.
Phethahatso
Pew Research Center e re: “Kajeno Maamerika a mangata a lahlehetswe ke tshepo dipolotiking le ho bo radipolotiki.”
National Centre for Social Researtjh e re: “Ho tloha dilemong tse 50 tse fetileng ho fihlela kajeno, batho ba Brithani ba lahlehetswe ke tshepo mmusong le ho boradipolotiki ho feta le ha e le neng pele.”
Ka moo boprofeta ba Daniele bo tlang ho phethahala ka teng
Ho ya ka boprofeta ba Daniele, ha Mmuso wa Modimo o tla ho tla fedisa mebuso yohle ya batho, mmuso o tla be o le matla e tla be e le mmuso wa Amerika le Brithani.—Daniele 2:44.
Bukeng ya Tshenolo, Bibele e bua ka boprofeta ba nako e tshwanang ha e re “marena a lefatshe lohle” a tla ikopanya ho lwantsha Jehovab Modimo ntweng ya Armagedone, e leng “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle.” (Tshenolo 16:14, 16; 19:19-21) Ntweng eo, Jehova o tla fedisa mebuso yohle ya batho e emelwang ke setshwantsho se hlahang boprofeteng ba Daniele ka ho feletseng.
E le ho ithuta ho eketsehileng bala sehlooho se reng “Ntwa ya Armagedone Keng?”
Rua molemo boprofeteng ba Daniele bo buang ka meferefere ya dipolotiki
Boprofeta ba Daniele bo nepahetse ha bo bua ka meferefere ya dipolotiki e teng Amerika le Brithani mme ho ithuta boprofeta bona ho tla o thusa hore o be le pono e fapaneng ka dintho tse etsahalang lefatsheng kajeno.
O tla utlwisisa hore na ke hobaneng ha Jesu a ne a batla hore balatedi ba hae ba se ke ba nka karolo dipolotiking tsa lefatshe. (Johanne 17:16) Hape o tla utlwisisa hore na ke hobaneng ha Jesu, eo Modimo a mo kgethileng e le morena Mmusong wa hae a ile a re: “Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena.”—Johanne 18:36.
O ka kgodiseha hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla lokisa dintho mme o tla tlisa ditlhohonolofatso tseo Modimo a di tshepisitseng moloko wa batho.—Tshenolo 21:3, 4.
O tla ba le tshepo ka bokamoso ebile o ke ke wa hlola o tshwenyeha ka hore dinaha tse nang le diqabang di ka fedisa lefatshe.—Pesaleme ya 37:11, 29.
Boprofeta ba Daniele bo bontsha hore selekane sa Amerika le Brithani se tshwantshetswang ke maoto a setshwantsho se seholo e tla ba mmuso wa ho qetela o busang moloko wa batho lefatsheng. O tla nkelwa sebaka ke Mmuso o phethahetseng o busang o le lehodimong e leng Mmuso wa Modimo.
E le hore o fumane ho eketsehileng ka hore na Mmuso wa Modimo o tlo etsetsa moloko wa batho eng, shebella video e nang le sehlooho se reng: ’Mmuso wa Modimo ke Eng?
a Sheba lebokose le reng: “Ke Mebuso Efe ya Lefatshe eo Boprofeta ba Daniele bo Buang ka Yona?”
b Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”