LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 111
  • Keng e Bontshang Hore re Phela “Mehleng ya Bofelo”?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Keng e Bontshang Hore re Phela “Mehleng ya Bofelo”?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo e tswang ka Bibeleng
  • Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka “mehla ya bofelo”?
  • Na re phela “mehleng ya bofelo”?
  • Na Bofelo ba Lefatshe bo Haufi?
    Bibele e re Rutang?
  • Jesu o ile a re Lefatshe le Tla Fediswa Neng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Mmuso wa Modimo o a Busa!
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 111
Dintshwantsho: Diketsahalo tse bontshang hore re phela “mehleng ya bofelo.” 1. Moruti o fana ka tlhohonolofatso. 2. Kanono. 3. Motho ya kulang o robetse betheng. 4. Ngwana ya lapileng o tshwere sekotlolo se se nang letho 5. Batho ba halefileng ba mohwantong. 6. Letsoho le shebisitseng sethunya hodimo.

Keng e Bontshang Hore re Phela “Mehleng ya Bofelo”?

Karabo e tswang ka Bibeleng

Bibele e hlalosa diketsahalo, maemo le dintho tseo batho ba di etsang tse bontshang ‘hore lefatshe le a fela.’ (Matheu 24:3) Bibele e bitsa nako ena “mehla ya bofelo” kapa “nako ya bofelo.”​—2 Timothea 3:1; Daniele 8:19.

Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka “mehla ya bofelo”?

Bibele e ile ya bolela esale pele hore ho na le dintho tse ngata tse neng di tla etsahala ka nako e le nngwe tse bontshang hore re phela mehleng ya bofelo. (Luka 21:7) A re hlahlobeng mehlala e latelang:

Dintwa tse etsahalang lefatsheng lohle. Jesu o ile a re: “Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.” (Matheu 24:7) Ka ho tshwanang, Tshenolo 6:4 e ile ya bua ka monna ya palameng pere ya tshwantshetso ya emelang ntwa e ‘tlosang kgotso lefatsheng.’

Tlala ya bo ja dikata. Jesu o ile a re: “Ho tla ba le tlala.” (Matheu 24:7) Lengolo la Tshenolo le boetse le bua ka monna e mong ya palameng pere, ya neng a tla tlisa tlala ya bo ja dikata.​—Tshenolo 6:​5, 6.

Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe. Jesu o ile a re ho ne ho tla ba le “ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.” (Matheu 24:7; Luka 21:​11) Ditshisinyeho tsena tse kgolo tsa lefatshe, di ne di tla etsa hore batho ba utlwe bohloko le ho bolaya batho ka bongata.

Mafu a sewa. Ho latela seo Jesu a se buileng, ho ne ho tla ba le “mafu a sewa” kapa malwetse.​—Luka 21:11.

Tlolo ya molao. Le hoja batho ba ile ba etsa tlolo ya molao ka dilemo tse ngata, Jesu o ile a bolela esale pele hore mehleng ya bofelo “tlolo ya molao” e ne e tla ata.​—Matheu 24:12.

Tshenyo ya lefatshe. Tshenolo 11:​18 e ile ya bolela esale pele hore batho ba ne ba tla ‘senya lefatshe.’ Ba ne ba ke ke ba senya lefatshe feela ka ho ba mabifi le ho se tshepahale empa ba ne ba tla senya tikoloho.

Boitshwaro ba batho bo ntseng bo eba bobe le ho feta. Ho 2 Timothea 3:​1-4, Bibele e ile ya bolela esale pele hore batho “e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tshepahaleng, . . . ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tshosang le ba hloileng dintho tse ntle, e tla ba batho ba fetohelang ba bang, ba manganga, ba ikakasang.” Mekgwa ene e tla fetella haholo mme ke ka hona ho thweng “bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.”

Ho qhalana ha malapa. Ho 2 Timothea 3:​2, 3, Bibele e ile ya bolela esale pele hore batho ba bangata e ne “e tla ba batho ba se nang lerato” bakeng sa malapa a bona mme bana ba ne “ba ke ke ba mamela batswadi.”

Batho ha ba sa rata Modimo. Jesu o ile a re: “Batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Matheu 24:​12) O ne a bolela hore batho ba bangata ha ba sa tla hlola ba rata Modimo. Ka ho tshwanang, 2 Timothea 3:4 e re mehleng ya bofelo batho ba ne ba tla ‘rata menate ho ena le ho rata Modimo.’

Boikaketsi ba Madumedi. Ho 2 Timothea 3:​5, Bibele e ile ya bolela esale pele hore batho ba ne ba tla etsa eka ba rata Modimo empa ba sa mamele melao ya hae ya boitshwaro.

Ho eketseha ha kutlwisiso ya boprofeta ba Bibele. Lengolo la Daniele le ile la bolela esale pele hore “nakong ya bofelo,” batho ba bangata ba ne ba tla fumana tsebo e nepahetseng ya dinnete tsa Bibele mme ba be ba utlwisise boprofeta ka tsela e nepahetseng.​—Daniele 12:​4, naletsana.

Mosebetsi wa ho bolela wa lefatshe lohle. Jesu o ile a re: “Ditaba tse monate tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle.”​—Matheu 24:14.

Batho ba a soma le ho iphapanyetsa bopaki. Jesu o ile a bolela esale pele hore batho ba ne ba tla iphapanyetsa bopaki bo bontshang hore bofelo bo atametse. (Matheu 24:​37-39) Ho feta moo, 2 Petrose 3:​3, 4 e ile ya bolela esale pele hore batho ba ne ba tla qhelela bopaki boo ka thoko ka hore ha bo pake letho le tlang ho etsahala.

Boprofeta bo phethahala kaofela. Jesu o ile a re mehla ya bofelo e tla ba phethahatso ya dintho tse etsahalang tse ileng tsa profetwa esale pele hore di tla ba teng, ka ha di tla be di etsahala ka nako e le nngwe.​—Matheu 24:33.

Na re phela “mehleng ya bofelo”?

E. Boemo ba lefatshe esita le di nako tseo Bibele e ileng ya bolela esale pele ka tsona, di bontsha hore mehla ya bofelo e qadile hoba teng ka 1914 e leng selemo seo Ntwa ya Pele ya Lefatshe e qadileng ka sona. E le hore o bone hore na boemo ba lefatshe bo bontsha hore re phela mehleng ya bofelo, shebella video e latelang: Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatshe bo Ile ba Fetoha.

Ka 1914 Mmuso wa Modimo o ile wa qala ho busa lehodimong mme e nngwe ya dintho tsa pele tseo o ileng wa di etsa ke ho leleka Satane Diabolose le bademona ba hae lehodimong mme ha a ka a hlola a eba le taolo lehodimong. Ka hoo, matla a hae a ile a fella lefatsheng. (Tshenolo 12:​7-12) Kajeno tshusumetso ya Satane e bonahala tseleng eo batho ba itshwarang le ho etsa dintho ka yona, e leng se etsang hore ‘bophelo bo be thata hape bo be kotsi.’​—2 Timothea 3:1.

Batho ba bangata ba tshwenyehile ka maemo a bophelo hona jwale. Ba tshwenyehile ka hore batho ha ba sa kgona ho phedisana ha mmoho, ha ba bang ba tshoha hore batho ba tla qetella ba fedisitse moloko wa batho.

Le ha ho le jwalo, ho na le batho ba tshwenyehileng empa ba ena le tshepo ya hore maemo a lefatshe a tla loka nakong e tlang. Ba kgodisehile hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla fedisa mathata ohle a lefatshe. (Daniele 2:​44; Tshenolo 21:​3, 4) Ka mamello ba emetse hore Modimo a phethahatse ditshepiso tsa hae mme ba kgothatswa ke mantswe a Jesu a reng: “Ya mameletseng ho fihlela qetellong ke yena ya tla pholoha.”​—Matheu 24:​13; Mikea 7:7.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share