LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwyp sehlooho 76
  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho ya Dibokeng Holong ya Mmuso?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho ya Dibokeng Holong ya Mmuso?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Ho etsahalang Holong ya Mmuso?
  • Ke hobaneng ha o lokela ho ya?
  • Diboka Tsa Dipaki Tsa Jehova di ka o Tswela Molemo Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapedi
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a ye Dibokeng
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 76
Mohlankana o shebile batho ba kenang Holong ya Mmuso

BATJHA BA A BOTSA

Ke Hobaneng ha o Lokela ho ya Dibokeng Holong ya Mmuso?

Dipaki Tsa Jehova di ya dibokeng habedi ka beke dibakeng tsa bona tsa borapedi tse bitswang Diholo Tsa Mmuso. Ho etsahala eng dibokeng tseo, hona o ka rua molemo jwang ka ho ya ho tsona?

  • Ho etsahalang Holong ya Mmuso?

  • Ke hobaneng ha o lokela ho ya?

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Ho etsahalang Holong ya Mmuso?

Holong ya Mmuso ke moo re ithutang hore na re ka sebedisa dikeletso tsa Bibele jwang. Diboka tse tshwarelwang moo di ka o thusa hore:

  • o ithute nnete ka Modimo.

  • o utlwisise hore na diketsahalo tsa mehleng ena di bolelang.

  • o be motho ya molemo haholwanyane.

  • o fumane metswalle ya bohlokwa.

Na o ne o tseba? Sebaka seo Dipaki Tsa Jehova di kopanelang ho sona se bitswa Holo ya Mmuso hobane ke moo ho buuang ka Mmuso wa Modimo hangata.​—Matheu 6:​9, 10; 24:​14; Luka 4:43.

Ke hobaneng ha o lokela ho ya?

Dintho tseo o tla ithuta tsona moo di tla o thusa. Melaomotheo ya Bibele e tshohlwang dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova e tla o thusa hore o ‘fumane bohlale.’ (Liproverbia 4:5) Sena se bolela hore Bibele e ka o thusa hore o etse diqeto tse ntle bophelong. E ka boela ya o thusa hore o fumane dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa bophelong tse kang:

  • Morero wa bophelo ke ofe?

  • Na Modimo ke yena ya re bakelang mahlomola?

  • Ho etsahalang ha o shwa?

Lethathamo le latelang ke la tse ding tsa dipuo tse fanwang dibokeng tsa rona tsa mafelo beke:

  • Ke Hobaneng ha re Lokela ho Tataiswa ke Bibele?

  • O ka Fumana Thuso Hokae Dinakong Tsa Mahlomola?

  • Seo Mmuso wa Modimo o re Etsetsang Sona Hona Jwale.

“Moithuti mmoho le nna o ile a tla dibokeng tse ding. O ne a dutse le lelapa leso mme re ile ra shebisana dingolwa le yena. Ka mora moo, o ile a mpolella hore o ile a kgahliswa ke dikarabo tseo batho ba ileng ba fana ka tsona karolong eo batho ba arabang ho yona. O ile a ba a re kerekeng ya hae ha ba na dingolwa tseo ba ithutang ka tsona jwalo ka rona.”​—Brenda.

Na o ne o tseba? Ho fumana setulo ke mahala Holong ya Mmuso mme ha ho mohla ho ntshuwang koleke.

Ho kopana le ba bang ho tla o kgothatsa. Bibele e re lebaka le leng leo ka lona Bakreste ba tlamehang ho kopana ha mmoho ka lona ke ho “kgothatsana.” (Baheberu 10:​24, 25) Lefatsheng lena le tletseng baithati, ho a kgatholla ho ba hara batho ba sa inahaneng bo bona empa ba tsotella batho ba bang ba bile ba tsotella setswalle sa bona le Modimo.

“Ke dula ke kgathetse ke bile ke sa thaba ka mora letsatsi le maphathaphathe, empa batho ba Holong ya Mmuso ba dula ba etsa hore ke utlwe ke le hantle. Ha ke le tseleng e tswang dibokeng, ke utlwa ke thabile mme ke le malala a laotswe bakeng sa letsatsi le hlahlamang.”​—Elisa.

Na o ne o tseba? Ho na le diphutheho tsa Dipaki Tsa Jehova tse fetang 120 000 lefatsheng ka bophara mme di kopanela dibakeng tse fetang 60 000. Selemo le selemo, ka karolelano ho hahwa Diholo Tsa Mmuso tse ka bang 1 500 ka lebaka la palo ya batho ba tlang dibokeng e ntseng e eketseha.a

Seo batjha ba bang ba se buang

Jessica

“Ha ke ntse ke le sekolong se phahameng, moithuti mmoho le nna o ile a tla le nna dibokeng tse mmalwa mme o ile a kgahlwa ke ho bona diithuti tsa Bibele tsa dilemo tse fapafapaneng di ithuta ha mmoho. Haufinyane tjena mongaka o ile a tla dibokeng, mme o ile a hlollwa ke ho bona re sebedisa Bibele kgafetsa. Ha ke bona hore na o ananela diboka hakae, seo se ile sa etsa hore le nna ke di ananele le ho feta.”​—Jessica.

Timothy

“Ke ye ke utlwe diboka di nthusa hore ke se ke ka nahana ka mathata le matshwenyeho a letsatsi le letsatsi. Re ithuta hore na re ka etsang e le hore re be le bophelo bo kgotsofatsang, re be batho ba molemo le dintho tse ding tse ngata. Ke ikutlwa ke kgothetse ke bile ke kgatholohile nako yohle ha ke tswa dibokeng.”​—Timothy.

Jacob

“Ntate eo ke neng ke mo memetse dibokeng o ile a re: ‘Ke ile dibokeng hobane feela ke batla ho paka hore dintho tseo le di dumelang ha se nnete. Le ha ho le jwalo, ke ile ka fumana hore dintho tseo ke di dumelang di fosahetse!’ O ne a boetse a kgahlilwe ke tsela eo Dipaki Tsa Jehova di leng botswalle ka yona. O ile a re: ‘Le hoja ke ne ke qala ho kopana le lona, le ile la ntshwara jwalo ka ha eka ha se kajeno re tsebana!’ ”​—Jacob.

Madison

“Ka dinako tse ding ke ne ke ye ke itjwetse ke re: ‘Ke tla tsamaya hang ha diboka di tswa.’ Le ha ho le jwalo, nakong eo diboka di ntseng di tswela pele, boikutlo boo bo a fela. Ha diboka di tswa, ke bua le batho ebe ke a lebala le hore na ke hobaneng ha ke ne ke ikutlwa ka tsela eo ke neng ke ikutlwa ka yona pele ho diboka. Hoja e se ka diboka, nkabe ke se na metswalle e babatsehang eo ke nang le yona hona jwale.”​—Madison.

a Ho fumana sebaka seo ho kopanelwang ho sona, e ya leqhepheng la “Diboka Tsa Dipaki Tsa Jehova” e be o penya ho “Batla Diboka Tse Haufi le Moo o Dulang.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share