BATJHA BA A BOTSA
Bibele e ka Nthusa Jwang?—Karolo ya 2: Thabela ho Ithuta Bibele
Motjha e mong ya bitswang Will o re: “Bibele e ka bonahala e le buka eo motho a ke keng a thabela ho e bala, haeba e sa balwe ka tsela e nepahetseng.”
Na o ka rata ho tseba hore na keng eo o ka e etsang e le hore o thabele ho bala Bibele? Sehlooho sena se ka o thusa.
Phedisa seo o se balang
Ipehe boemong ba seo o se balang. O ka sebedisa ditlhahiso tsena tse latelang:
Kgetha tlaleho ya Bibele eo o ka thabelang ho e bala. O ka kgetha ketsahalo e hlahang ka Bibeleng kapa karolo e hlahang Dikosepeleng, kapa o ka kgetha tlaleho ho tswa ho ditshwantshiso tse mamelwang tse hlahang ho jw.org.
Bala tlaleho eo. O ka ipalla yona, kapa wa e bala le metswalle le ba lelapa. Le ka buisana ka hore na ke mang ya tla bala karolo e itseng.
Leka tse ding tsa ditlhahiso tse latelang:
Toroya ditshwantsho tse bontshang seo o ntseng o e bala, kapa toroya ditshwantsho tse mmalwa ho bontshang tatellano ya diketsahalo. Ngola pela setshwantsho ho hlalosa se neng se etsahala.
Toroya di diagram. Ka mohlala, ha o bala ka motho ya tshepahalang, kopanya botho ba hae, diketso tsa hae le ditlhohonolofatso tseo a di fumaneng.
Etsa hore tlaleho eo o e balang eke ke pale eo o ingollang yona. Ngola pale eo ka ditsela tse fapafapaneng mme o kenyelletse le “dipuisano” tsa hao le motho eo ho buuang ka yena haholo ha mmoho le batho ba neng ba le teng paleng eo.
Haeba motho eo o balang ka yena a entse qeto e seng bohlale, nahana hore na ho ne ho tla etsahalang haeba a ne a entse qeto e bohlale. Ka mohlala, nahana ka nako eo Petrose a neng a latola hore o tseba Jesu. (Mareka 14:66-72) Petrose a ka be a sebetsane hantle jwang le boemo boo?
Haeba o motho ya ratang ho qapa, leka ho ingolla tshwantshiso ya hao, e thehilweng ka Bibeleng. Kenyelletsa le dintho tseo o ithutileng tsona.—Baroma 15:4.
O ka kgona ho etsa hore Bibele e phele.
Etsa dipatlisiso
Haeba o etsa dipatlisiso o ka kgona le ho fumana dintlha tse neng di sa ngolwa tlalehong eo. Ha e le hantle, ka dinako tse ding e ka ba lentswe le le leng kapa a mabedi tlalehong ya Bibele ao e leng a bohlokwa.
Ka mohlala, bapisa Matheu 28:7 le Mareka 16:7.
Ke hobaneng ha Mareka a kentse ntlha ya hore haufinyane Jesu o ne a tla hlaha ho barutuwa ba hae “le Petrose”?
Nahana ka sena: Mareka o ne a sa bona diketsahalo tsena, ho hlakile hore o fumane dintlha tsena ho tswa ho Petrose.
Matlotlo a patilweng: Ke hobaneng ha Petrose a ile a kgodiseha hore Jesu o ne a batla ho mo bona hape? (Mareka 14:66-72) Jesu o ile a bontsha jwang hore ke motswalle wa nnete wa Petrose? Re ka etsisa Jesu jwang hore re be metswalle ya nnete ho batho ba bang?
Haeba o etsa hore Mangolo a phele mme o etsa dipatlisiso o tla thabela ho bala Bibele.