LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 155
  • Bibele e Reng ka ho Fana?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bibele e Reng ka ho Fana?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo ya Bibele
  • Ho fana ho molemo ha ho le jwang?
  • Ho fana ho fosahetse ha ho le jwang?
  • Thabela Melemo e Tliswang ke ho Fana
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Batho ba Fanang ka Seatla se Bulehileng ke Bona ba Thabileng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Ho Fana ka Mpho e Molemohadi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 155
Monna o nkile mpho e phuthetsweng ka lebokoseng

Bibele e Reng ka ho Fana?

Karabo ya Bibele

Bibele e re kgothalletsa hore re ithaopele ho fana mme re etse seo ka sepheo se nepahetseng. E bontsha hore ho fana ho thabisa motho ya fanang le ya fuwang. (Liproverbia 11:25; Luka 6:​38) Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

  • Ho fana ho molemo ha ho le jwang?

  • Ho fana ho fosahetse ha ho le jwang?

  • Ditemana tsa Bibele tse buang ka ho fana

Ho fana ho molemo ha ho le jwang?

Ho fana ho molemo ha ho etswa ka boithatelo. Bibele e re: “E mong le e mong a ke a etse feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.”​—2 Bakorinthe 9:7.

Ho fana ho tswa pelong ke karolo ya “mofuta wa borapedi” oo Modimo a o amohelang. (Jakobo 1:​27) Motho ya thusang motho ya hlokang o sebetsa mahetla a bapile le Modimo mme o nka seo e le ho mo adima. (Liproverbia 19:17) Bibele e ruta hore Modimo o tla buseletsa motho ya fanang.​—Luka 14:12-​14.

Ho fana ho fosahetse ha ho le jwang?

Haeba ho etswa ka sepheo se fosahetseng. Mehlala:

  • Ho kgahlisa batho.​—Matheu 6:2.

  • Ho batla ho buseletswa.​—Luka 14:​12-14.

  • Ho reka pholoho.​—Pesaleme ya 49:6, 7.

Haeba ho tshehetswa dintho tseo Modimo a sa di amoheleng. E ka ba phoso ho fa motho tjhelete ya ho betjha kapa ya ho sebedisa dithethefatsi le jwala hampe. (1 Bakorinthe 6:​9, 10; 2 Bakorinthe 7:1) Ka tsela e tshwanang ho fosahetse ho thusa motho ya ka kgonang ho iphedisa empa a sa batle ho sebetsa ka thata.​—2 Bathesalonika 3:​10.

Haeba ho sitisa motho ho phetha boikarabelo boo Modimo a mo fileng bona. Bibele e ruta hore dihlooho tsa malapa di lokela ho hlokomela ditlhoko tsa malapa a tsona. (1 Timothea 5:8) E ka ba phoso haeba hlooho ya lelapa e kgetha ho thusa batho ba bang ho e na le ho thusa lelapa la hae. Ka tsela e tshwanang Jesu o ile a nyatsa batho ba neng ba sa batle ho thusa batswadi ba bona ba hodileng hobane ba re dintho tsohle tsa bona ke “mpho e nehetsweng ho Modimo.”​—Mareka 7:​9-​13.

Ditemana tsa Bibele tse buang ka ho fana

Liproverbia 11:25: “Moya o fanang ka seatla se bulehileng o tla nona, mme ya nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetswa ka bolokolohi.”

Tlhaloso: Ho fana ha ho thabise motho ya fuwang feela, empa le ya fanang wa thaba.

Liproverbia 19:17: “Ya bontshang mohau ho ya tlase o adima Jehova, mme o tla mo buseletsa tshwaro ya hae.”

Tlhaloso: Modimo o nka a kolota batho ba thusang ba hlokang mme o tshepisa hore o tla ba buseletsa.

Matheu 6:2: “Ha o ilo etsa dimpho tsa mohau, o se ke wa letsa terompeta ka pele ho wena, feela jwalo ka ha baikaketsi ba etsa . . . e le hore ba ka tlotliswa ke batho.”

Tlhaloso: Ha rea lokela ho fana ka sepheo sa ho roriswa ke batho.

Liketso 20:35: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”

Tlhaloso: Ho fana ho tswa pelong ho a thabisa.

2 Bakorinthe 9:7: “E mong le e mong a ke a etse feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.”

Tlhaloso: Ho ithaopela ho fana ho thabisa Modimo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share