LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 159
  • Na Diphoofolo di ya Lehodimong?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na Diphoofolo di ya Lehodimong?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo ya Bibele
  • Ho etsahala eng ka diphoofolo ha di shwa?
  • Bibele e boetse e ruta hore batho le diphoofolo ba ka shwa. (Exoda 19:​13) Ha diphoofolo le batho ba shwa ba kgutlela leroleng. (Moeklesia 3:​19, 20) Ka mantswe a mang ba kgaotsa ho phela.a
  • Na diphoofolo di etsa sebe?
  • Na ho tshwara diphoofolo hampe ho nepahetse?
  • Bibele e Reng ka Batho ba sa Jeng Nama?
    Dihlooho Tse Ding
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 159
Ntja

Na Diphoofolo di ya Lehodimong?

Karabo ya Bibele

Bibele e ruta hore hara dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng, ke palo e nyane feela ya batho e tla ya lehodimong. (Tshenolo 14:​1, 3) Ba ilo busa le Jesu e le marena le baprista. (Luka 22:​28-30; Tshenolo 5:​9, 10) Batho ba bangata ba tla tsosetswa ho tla phela paradeiseng lefatsheng.​—Pesaleme ya 37:​11, 29.

Ha ho moo Bibele e buang ka hore diphoofolo tse ruuwang kapa dintja di ya lehodimong mme e le ka lebaka le utlwahalang hobane diphoofolo ha di kgone ho etsa dintho tse ka di thusang hore di ‘bitsetswe ho ya phela lehodimong.’ (Baheberu 3:1) Dintho tseo di akarelletsa ho ba le tsebo, tumelo le ho mamela melao ya Modimo. (Matheu 19:​17; Johanne 3:​16; 17:3) Ke batho feela ba bopetsweng hore ba phele ka ho sa feleng.​—Genese 2:​16, 17; 3:​22, 23.

E le hore batho ba ye lehodimong, ba lokela ho tsoswa pele. (1 Bakorinthe 15:​42) Bibele e bua ka batho ba bangata ba ileng ba tsoswa. (1 Marena 17:​17-24; 2 Marena 4:​32-37; 13:​20, 21; Luka 7:​11-15; 8:​41, 42, 49-56; Johanne 11:​38-44; Diketso 9:​36-42; 20:​7-12) Le ha ho le jwalo, ha ho na moo e reng diphoofolo di kile tsa tsoswa.

  • Ho etsahala eng ka diphoofolo ha di shwa?

  • Na diphoofolo di etsa sebe?

  • Na ho tshwara diphooofolo hampe ho nepahetse?

Ho etsahala eng ka diphoofolo ha di shwa?

Bibele e ruta hore batho le diphoofolo ke dibopuwa tse phelang. Ka hoo, bophelo ba motho le ba phoofolo bo a tshwana. Ka bobedi, bo entswe ka “lerole la lefatshe” le “moya wa bophelo.”​—Genese 1:​24, 2:​7, Numere 31:28.

Bibele e boetse e ruta hore batho le diphoofolo ba ka shwa. (Exoda 19:​13) Ha diphoofolo le batho ba shwa ba kgutlela leroleng. (Moeklesia 3:​19, 20) Ka mantswe a mang ba kgaotsa ho phela.a

Na diphoofolo di etsa sebe?

Tjhe. Ho etsa sebe ho bolela ho nahana, ho ikutlwa kapa ho etsa ntho le ha e le efe e sa dumellaneng le melao ya Modimo. Pele motho a etsa sebe, o lokela ho etsa qeto ya hore na o tla itshwara jwang empa diphoofolo ha di na bokgoni boo. Diphoofolo di etsa dintho ka tsela eo di e tlwaetseng nakong e kgutshwanyane ya ha di ntse di phela. (2 Petrose 2:​12) Qetellong ya bophelo ba tsona, di a shwa le hoja di sa etsa sebe.

Na ho tshwara diphoofolo hampe ho nepahetse?

Tjhe. Modimo o ile a fa batho matla a ho laola diphoofolo empa eseng ho di tshwara hampe. (Genese 1:​28; Pesaleme ya 8:​6-8) Modimo o tsotella diphoofolo tsohle ho akarelletsa le dinonyana tse nyane. (Jonase 4:​11; Matheu 10:​29) O ile a laela barapedi ba hae hore ba tshware diphoofolo hantle.​—Exoda 23:​12; Deuteronoma 25:4; Diproverbia 12:10.

Ditemana tsa Bibele tse buang ka diphoofolo

Genese 1:​28: “Modimo a hlohonolofatsa [batho ba pele] a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse, le laole ditlhapi tsa lewatle le dibopuwa tse fofang le diphoofolo tse tsamayang lefatsheng.’ ”

Tlhaloso: Modimo o file batho matla a ho laola diphoofolo.

Moeklesia 3:​19, 20: “Ntho e etsahallang motho e etsahalla le phoofolo. Jwalo ka ha phoofolo e shwa, motho o shwa ka mokgwa o tshwanang. Kaofela ba na le moya o le mong. Ka hoo, motho ha a phahamela phoofolo hobane ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela. Kaofela ba ya sebakeng se le seng. Kaofela ba tswa leroleng mme kaofela ba kgutlela leroleng.”

Tlhaloso: Ha diphoofolo le batho ba shwa ba kgutlela leroleng.

Diproverbia 12:​10: “Ya lokileng o hlokomela diphoofolo tsa hae.”

Tlhaloso: Batho ba lokileng ba hlokomela diphoofolo hantle, ho akarelletsa le tseo ba di ruileng.

Matheu 10:​29: “Le hoja dirobele tse pedi di rekiswa ka tjhelete ya tshepe, ha ho le se le seng sa tsona se tla wela fatshe Ntate wa lona a sa tsebe.”

Tlhaloso: Modimo o hlokomela le ho tsotella diphoofolo tsohle, ho akarelletsa le dinonyana tse nyane.

a Ho ithuta ho eketsehileng ka sena, bala kgaolo ya 29 bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share