LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 160
  • Ke Hobaneng ha Jesu a Bitswa Mora wa Modimo?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha Jesu a Bitswa Mora wa Modimo?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo ya Bibele
  • Na Jesu o ne a dula lehodimong pele a phela lefatsheng?
  • Jesu o ne a etsang pele a tla lefatsheng?
  • Jesu ke Mang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Bibele e re Rutang?
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 160
Jesu o rapela ntate wa hae ya lehodimong

Ke Hobaneng ha Jesu a Bitswa Mora wa Modimo?

Karabo ya Bibele

Hangata Bibele e re Jesu ke “Mora wa Modimo.” (Johanne 1:49) Mantswe ana a reng “Mora wa Modimo” a bontsha hore Modimo ke Mmopi kapa Mohlodi wa bophelo ho akarelletsa le ba Jesu. (Pesaleme ya 36:9; Tšenolo 4:11) Bibele ha e rute hore Modimo o ile a tswala Jesu jwalo ka ha batho ba tswala bana.

Bibele e boetse e re mangeloi ke “bara ba Modimo wa nnete.” (Jobo 1:6) Hape Bibele e re motho wa pele e leng Adama e ne e le “mora wa Modimo.” (Luka 3:38) Le ha ho le jwalo, ka ha Modimo o ile a bopa Jesu pele ebile ke yena feela eo Modimo a ileng a mo bopa ka ho toba, Bibele e re Jesu ke Mora wa Modimo ya ka sehloohong.

  • Na Jesu o ne a dula lehodimong pele a phela lefatsheng?

  • Jesu o ne a etsang pele a tla lefatsheng?

Na Jesu o ne a dula lehodimong pele a phela lefatsheng?

Ho jwalo. Jesu e ne e le lengeloi lehodimong pele a ka tswalwa e le motho lefatsheng. Jesu o ile a re o tswa lehodimong.​—Johanne 6:38; 8:23.

Modimo o bopile Jesu pele a ka bopa ntho efe kapa efe. Ha Bibele e bua ka Jesu e re:

  • “Ke . . . letsibolo la popo yohle.”​—Bakolose 1:15.

  • Ke “tshimoloho ya popo ya Modimo.”​—Tšenolo 3:14.

Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bo buang ka “eo lesika la hae le tswang dinakong tsa pele, matsatsing a nako e sa lekanyetswang.”​—Mikea 5:2; Matheu 2:4-6.

Jesu o ne a etsang pele a tla lefatsheng?

O ne a na le boemo bo phahameng lehodimong. Jesu o ile a bua ka boemo bona ha a ne a rapela, a re: “Ntate, o ntlotlise . . . ka kganya eo ke neng ke ena le yona haufi le wena pele lefatshe le eba teng.”​—Johanne 17:5.

O ile a thusa ntate wa hae ho bopa dintho tse ding tsohle. Jesu o ne a sebetsa haufi le Modimo e le “mosebetsi ya hlwahlwa.” (Liproverbia 8:30) Bibele e re ka Jesu: “Dintho tse ding tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng di ile tsa boptjwa ho sebediswa yena.”​—Bakolose 1:16.

Modimo o ile a sebedisa Jesu ho bopa dintho tse ding tsohle. Dintho tsena di akarelletsa mangeloi ha mmoho le dintho tse ding tsohle. (Tšenolo 5:11) Tsela eo Modimo le Jesu ba neng ba sebedisana ka yona e ka bapiswa le tsela eo motho ya toroyang meralo ya mehaho a sebedisanang ka yona le sehahi. Motho ya toroyang o etsa meralo ya mehaho ebe sehahi se a o haha.

E ne e le Lentswe. Ha Bibele e bua ka Jesu pele a tla lefatsheng e re e ne e le “Lentswe.” (Johanne 1:1) Ka moo ho bonahalang ka teng, sena se bolela hore Modimo o ne a sebedisa Jesu ho fetisa molaetsa le ditaelo ho mangeloi a mang.

Hape ho bonahala Jesu e ne e le mmuelli wa Modimo lefatsheng. Ho ka etsahala hore Modimo o ne a sebedisa Jesu e le Lentswe ha a ne a fa Adama le Eva ditaelo serapeng sa Edene. (Genese 2:​16, 17) E ka nna yaba Jesu e ne e le lengeloi le ileng la tataisa Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng le leo ba neng ba lokela ho mamela lentswe la lona.​—Exoda 23:20-23.a

a Jesu [kapa Lentswe] ha se yena feela lengeloi leo Modimo a neng a le sebedisa e le mmuelli. Ka mohlala, o ile a sebedisa mangeloi a mang ho fa Baiseraele ba mehleng ya pele melao.​—Liketso 7:53; Bagalata 3:19; Baheberu 2:2, 3.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share