NA E ENTSWE?
Ntho e Kang Mamina e Tswang Kgofung
Dingaka tse etsang opereishene di hlokometse hore di hloka glue e tla di thusa ha di etsa opereishene le ha ba kwala maqeba hore a fole. Di glue tse ngata tseo dingaka di neng di di sebedisa ho petjha batho ka hare, di ne di sa bolokeha hobane di ne di ba kudisa, ebile di glue tseo di ne di sa kgone ho petjha hantle nameng. Borasaense ba fumane tharollo ka hore ba ithute ka ntho e tswang kgofung e kang mamina.a
Nahana ka sena: Haeba ho na le ntho e tshosang kgofu, e ntsha ntho e kang mamina hore e itshwarelle lekaleng la sefate le metsi. Mokgwa ona o etsa hore kgofu e kgone ho itshirelletsa. Le hoja e ntse e mamaretse lekaleng leo, e ntse e kgona ho sisinyeha le ho koba mmele wa yona.
Borasaense ba fumane hore ntho e kang mamina e tswang kgofung e etswa ke eng hore e mamarela jwalo ka glue. Glue ya yona e kang mamina e kgona ho kenella ka hare nthong eo e mamaretseng ho yona ebile e kgona ho sarolloha. Ka mora hore borasaense ba ithute ka glue ya kgofu, ba ile ba etsa glue e kgonang ho mamarela ho feta ya pele ha ho etswa di opereishene le ho mamaretsa dintho tse ka hare mmeleng wa motho. Borasaense ba re: βGlue ena e kgona ho petjha hantle jwalo ka ha lefufuru le kgona ho mamarela masapong.β
Ditsebi di re ho ka ba molemo hore dingaka tse etsang opereishene, di be le glue ena hobane e tla fokotsa mosebetsi wa hore batho ba se ke ba rokwa. Dingaka di ka boela tsa e sebedisetsa ho lokisa lefufuru ebile di ka e sebedisa ha di ba batla ho petjha ntho e eitseng ka hare ho mmele wa motho. Ditlhahlobo tse entsweng di bontsha hore glue ena e ya sebetsa, ba ile ba hlokomela sena ka mora hore ba kwale pelo ya fariki le sebete sa tweba ka glue eo.
Ka mehla borasaense ba fumana tsela e bohlale ya ho sebetsana le mathata ka ho ithuta dinthong tsa tlhaho. Donald Ingber o re: βRe fumana tharollo ka hore re shebe sena sebakeng se nepahetseng mme ka ho etsa jwalo re fumana tharollo e nepahetseng.β
Wena o nahanang ka see? Na ntho e kang mamina a kgofu e itlhahetse feela? Kapa na e entswe?
a Ntho eo e bitswa Arion subfuscus.