BATJHA BA A BOTSA
Ke Jwang Nka Bolellang Batswadi ba ka ho re na ke Ikutlwa Jwang ka Melao eo ba e Behang?
“Ke ne ke utlwa melao batswadi ba ka ba e behang e utlwahala ha ke ne ke le dilemo tse 15 empa hona jwale ke dilemo tse 19 mme ke utlwa eka ke hloka bolokolohi bo eketsehileng.”—Sylvia.
Na o ikutlwa jwalo ka Sylvia? Haeba ho jwalo sehlooho sena se tla o thusa hore na ke jwang o ka bolellang batswadi ba hao ka moo o ikutlwang ka teng.
Seo o lokelang ho se tseba
Pele o bua le batswadi ba hao ka melao eo ba o behelang yona nahana ka dintho tse latelang:
Haeba re sa behelwe melao re ka hlahelwa ke mathata bophelong. Nahana ka tsela e phetheselang dikoloi. Ho ne ho ka etsahalang haeba ho ne ho sena matshwao a tsela, diroboto le lebelo leo motho a lokelang ho kganna ka lona? Melao eo re e fuwang lapeng e tshwana le melao ya tsela e re thusa hore re phele ka tsela e tla re tswela molemo.
Melao e bontsha hore batswadi ba hao ba o kgathalla. Haeba ba ne ba sa o behele melao seo se ne se tla bontsha hore ha ba o kgathalle. Seo se ne se tla etsa hore e be batswadi ba babe hakaakang?
NA O NE O TSEBA? Batswadi le bona ba fuwe melao eo ba lokelang ho e latela! Haeba hao kgolwe seo, bala Genese 2:24, Deuteronoma 6:6, 7, Baefese 6:4 le 1 Timothea 5:8.
Jwale o tla etsang haeba o ntse o utlwa e ka melao eo batswadi ba hao bao behelang yona ha e utlwahale?
Seo o ka se etsang
Nahanisisa ka taba ena pele o bua le batswadi ba hao. Na o mamela melao eo batswadi ba hao ba o fang yona? Haeba ha o e mamele e na e tla be e se nako e nepahetseng ya hore o bue le bona ka melao eo ba o fang yona. Mohlomong o ka sheba sehlooho se reng, “Nka Etsang Hore Batswadi ba ka ba Ntshepe?”
Haeba ho tloha kgale o ntse o mamela melao eo batswadi ba hao ba o fang yona, lokisetsa seo o tla se bua ha o bua le bona. Ho nahana e sale pele ka seo o tla se bua ho tla o thusa hore ha o bua le batswadi ba hao ba utlwisise seo o se kopang. Ka mora moo kopa batswadi ba hao hore ba behe nako le sebaka moo le tla bua ka taba ena teng. Jwale ha le se le kopane hammoho hopola dintho tse latelang:
Bua le bona ka tlhompho. Bibele e re: “Lentswe le utlwisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Ka hoo dula o hopola hore: Haeba o ngangisana le batswadi ba hao kapa o ba qosa ka hore melao eo ba e behileng ha e o tswele molemo seo se ka etsa hore puisano ya lona e se ke ya fella hantle.
Bianca ya dilemo di 19 o re: “Ha ke hlompha batswadi ba ka seo se etsa hore le bona bang hlomphe. Ho ba bonolo hore re dumellane haeba re hlomphana.
Mamela. Bibele e re motho e mong le e mong “a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua.” (Jakobo 1:19) Hopola hore o bua le batswadi ba hao, kahoo o lokela ho ba mamela le bona ha ba bua.
Devan ya dilemo di 20 o re “Ha re ntse re hola re ka nna ra nahana hore re tseba ho feta batswadi ba rona empa ha e le hantle ha re tsebe letho.Ka hoo re tla be re etsa hantle ha re mamela keletso le tataiso ya bona.”
Ba nahanele. Leka ho utlwisisa seo batswadi ba hao ba se buang. Mamela keletso ya Bibele e reng ‘o seke wa hlokomela dithahasello tsa ditaba tsa hao feela, empa hape o hlokomela dithahasello tsa ba bang’ mme ntlheng ena re bua ka ho nahanela batswadi ba hao.—Bafilipi 2:4.
O nahana ke puisano efe e tla fella hantle?
Joshua ya dilemo di 21 o re: “Pele ke ne ke nahana hore batswadi baka ba nfetohela ho e na le hore ba ntshehetse. Empa ho na jwale ke a hlokomela hore ba ne ba batla feela ho ba batswadi ba molemo jwalo kaha le nna ke ne ke batla ho ba le boikarabelo. Ba ne ba etsa dintho tseo tsohle hobane ba ne ba nkgathalla.”
Lekang ho rarolla bothata. Ka mohlala ha re re o batla ho ya mmokeng o itseng mme batswadi ba hao ba re ha ba batle ha o kganna ntho e ka etsang hora. Le ka ho fumana hore na keng e ba tshwenyang haholo na ke hore o tlo kganna nako e telele kapa na ke mmoka ka bo wona?
Haeba ke ho kganna nako e telele na mohlomong o ka ba kopa hore o tsamaye le motho e mong ya tsebang ho kganna?
Haeba ba re ke mmoka na o ka leka ho ba bolella hore na ke bo mang ba tla beng ba le teng mmokeng le hore ke mang a ikarabellang ho ona?
Ha o ntse o bua hopola ho bontsha batswadi ba hao tlhompho mme o mamele hantle seo ba o bolellang sona. Bontsha hore o “hlompha ntatao le Mmao” ka mantswe le diketso. (Baefese 6:2, 3) Na ba ka fetola tsela eo ba ikutlwang ka yona? Mohlomong ba ka e fetola kapa ba ka se e fetole . . .
Ho sa tsotellehe seo ntse o hloka ho amohela qeto eo batswadi ba hao ba etsang. Hangata batho ha ba hlokomele hore mohato ona ke o na wa bohlokwa. O ka etsang hore batswadi ba hao ba o fe bolokolohi bo eketsehileng. Haeba batswadi ba hao ba sa dumele seo o se buang e be o qala ho ngangisana le bona sena se ka etsa hore le nakong e tlang hao battala ho buisana le bona ho be thata hore ba o fe bolokolohi bo eketsehileng. Empa haeba o utlwisisa mabaka a bona mme o ba mamela sena se tla etsa hore ba kgobe matshwafo mme ba o tshepe le ho o fa bolokolohi bo eketsehileng.