DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA
Baroma 12:12—“Thabang ka Lebaka la Tshepo eo le Nang le Yona. Mamellang ha le Ena le Mathata. Le se ke la Kgaotsa ho Rapela.”
“Thabang ka lebaka la tshepo eo le nang le yona. Mamellang ha le e na le mathata. Le se ke la kgaotsa ho rapela.”—Baroma 12:12, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
“Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.”—Baroma 12:12, Bibele ya Sesotho
Tlhaloso ya Baroma 12:12
Temaneng ena, moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste ba Roma ho etsa dintho tse tharo tse neng di tla ba thusa ho dula ba tshepahala ho sa tsotelehe mahloriso le mathata ao ba neng ba kopana le ona.
“Thabang ka lebaka la tshepo eo le nang le yona.” Bakreste ba na le tshepo e hlollang ya ho phela ka ho feleng lehodimong empa ba bangata ba na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. (Pesaleme ya 37:29; Johanne 3:16 ;Tshenolo 14:1-4; 21:3, 4) Tshepo ena e akareletsa ho bona ha Mmuso wa Modimoa o rarolla mathata ohle a hlahelang batho. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Bahlanka ba Modimo ba ka thaba le ha ba mameletse mathata hobane ba a tseba hore tshepo ya bona ke ya sebele le hore haeba ba mamella ba tla thabisa Jehova.—Matheu 5:11, 12; Baroma 5:3-5.
“Mamellang ha le e na le mathata.” Ka Bibeleng, leetsi la Segerike “mamella” hangata le bolela “ho se balehe le ho tiisetsa.” Ka ha balatedi ba Kreste ‘ha se ba lefatshe,’b ba a tseba hore ba tla hloriswa ke ka hoo ba hlokang ho ba le mamello. (Johanne 15:18-20; 2 Timothea 3:12) Ha Mokreste a sebeletsa Jehova ka botshepehi le hoja a tobana le mathata, tumelo ya hae e matlafatswa ke ho tseba hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa. (Matheu 24:13) Ka hoo, tumelo ya hae e matla e mo thusa hore a mamelle a thabile.—Bakolose 1:11.
“Le se ke la kgaotsa ho rapela.” E le hore Bakreste ba dule ba tshepahalla Modimo, ba lokela ho dula ba rapela. (Luka 11:9; 18:1) Ba dule ba batla tataiso ya Modimo le ho itshetleha ka yena dinthong tsohle tseo ba di etsang. (Bakolose 4:2; 1 Bathesalonika 5:17) Ba kgodisehile hore Modimo o tla mamela dithapelo tsa bona hobane ba mamela ditaelo tsa hae le ho etsa sohle seo ba ka se kgonang ho mo thabisa. (1 Johanne 3:22; 5:14) Ba boetse ba a tseba hore ha ba dula ba tiisetsa thapelong Modimo o tla ba fa matla ao ba a hlokang hore ba dule ba tshepahala ho sa tsotellehe mathata ao ba tobanang le ona.—Bafilipi 4:13.
Ditaba tse potolohileng Baroma 12:12
Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba neng ba dula Roma lengolo lena hoo e ka bang ka selemong sa 56 mehleng ya baapostola. Kgaolong ya 12 ya lengolo lena, o fana ka keletso ya hore na re ka bontsha makgabane a Bokreste jwang, re ka sebedisana le Bakrestemmoho le rona ha mmoho le batho ba bang jwang le hore na re ka ba le kgotso jwang ha re hloriswa. (Baroma 12:9-21) Ena e ne e le keletso e nakong hobane haufinyane Bakreste ba Roma ba ne ba tlo kopana le kganyetso e matla.
Dilemo tse seng kae hamorao ka selemo sa 64 nakong ya baapostola, mollo o ile wa senya teropo ya Roma. Ho ile ha eba le menyenyetsi ya hore Moemphera Nero ke yena ya neng a qadile mollo oo. Ho ya ka Tacitus, e leng rahistori wa Roma, Nero o ile a leka ho itshireletsa mme a beha Bakreste molato ka hore ke bona ba qadileng mollo oo. Taba ena e ile ya bakela Bakreste mahloriso a maholo. Keletso eo ya Pauluse e ile ya ba thusa hore ba mamelle mahloriso ao a boima ka sebete le ka botshepehi. (1 Bathesalonika 5:15; 1 Petrose 3:9) Le mehleng ena Bakreste ba ka ithutha mohlaleng wa bona.
Shebella video ena e kgutshwanyane ho ithuta ka ho iketsehileng ka buka ya Baroma.
a Mmuso wa Modimo ke puso e lehodimong e thehilweng ke Modimo e le hore a ka phethahatsa thato ya hae lefatsheng. Ho fumana dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo Keng?”
b Ka Bibeleng lentswe “lefatshe” le ka bolela batho ba sa tsebeng Modimo.