LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbv sehlooho 60
  • Diproverbia 17:17—“Motswalle o na le Lerato Kamehla”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Diproverbia 17:17—“Motswalle o na le Lerato Kamehla”
  • Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Tlhaloso ya Diproverbia 17:17
  • Tlaleho ya Diproverbia 17:17
  • O ka ba Motswalle wa Jehova
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • O Nahana Jwang ka Taba Ena?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • Kgetha Metswalle e Ratang Modimo
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
ijwbv sehlooho 60

DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA

Diproverbia 17:17​—“Motswalle o na le Lerato Kamehla”

“Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—Diproverbia 17:​17, Bibele​—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

“Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa mohla ditsietsi.”​—Diproverbia 17:​17, Bibele​—Phetolelo e Ntjha.

Tlhaloso ya Diproverbia 17:17

Metswalle ya nnete ya tshepahala. Jwalo ka bana ba motho, e a tshepahallana ebile e a tsotellana, haholoholo dinakong tse thata.

“Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle.” Polelo ena e ka boela ya bolela hore “motswalle wa motho o mo rata kamehla.” Lentswe la Seheberu le sebedisitsweng bakeng sa “lerato” polelong ena ha le bolele feela tsela eo motho a ikutlwang ka yona. Ke lerato le se nang boithati leo motho a ka le bontshang e mong ka diketso. (1 Bakorinthe 13:​4-7) Metswalle e ratanang ka tsela ena e a momahana le haeba setswalle sa bona se lekwa, mohlomong ka lebaka la ho se utlwisisane kapa ho thulana le mathata a itseng bophelong. E boetse e tshwarelana ka bolokolohi. (Diproverbia 10:​12) Motswalle ha a be mona ha motswalle wa hae a atleha. Ho ena le hoo, o thaba le motswalle wa hae.​—Baroma 12:15.

“Motswalle wa nnete  . . ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.” Maele ana a bua ka taba ya bohlokwa ya hore bana ba motho ba ka utlwana haholo. Ka hoo, haeba re etsa sohle ho thusa motswalle wa rona ha a ena le mathata, re tla be re etsa seo ngwanabo motho eo wa madi a neng a ka se etsa. Ho phaella moo, lerato leo metswalle e nang le lona ha le fokodiswe ke mathata. Ho ena le hoo, le a matlafala hobane ha ba ena le mathata lerato la bona le tsela eo ba hlomphanang ka yona e matlafala haholwanyane.

Tlaleho ya Diproverbia 17:17

Buka ya Diproverbia ena le dikeletso tse bohlale le ditlhahiso tse ngotsweng ka bokgutshwanyane le ka tsela e thahasellisang mme seo se etsa hore mmadi a nahane. Morena Solomone o ngotse karolo e kgolo ya buka ena ya Bibele. Mokgwa wa hae wa ho ngola o ne o tshwana le wa dithothokiso tsa Seheberu, hobane ho ena le ho sebedisa mantswe a bitsehang ka ho tshwana, o ne a sebedisa mantswe a nang le mohopolo o le mong le mantswe a nang le mehopolo e hanyetsanang. Diproverbia 17:​17 ke mohlala wa thothokiso e nang le mohopolo o le mong hobane polelo ya pele e hlaloswa ke polelo ya bobedi. Diproverbia 18:​24 ke mohlala wa mantswe a nang le mehopolo e hanyetsanang. “Ho na le metswalle e ratang ho utlwisana bohloko empa ho na le motswalle ya tshepahalang haholo ho feta ngwanabo motho.”

E ka nna yaba ha Solomone a ne ngola Diproverbia 17:​17, o ne a nahanne ka setswalle se haufi seo ntate wa hae Davida, a neng a ena le sona le Jonathane, mora wa Morena Saule. (1 Samuele 13:​16; 18:1; 19:​1-3; 20:​30-34, 41, 42; 23:​16-18) Le hoja Davida le Jonathane ba ne ba sa amane, ba ne ba ena le kamano e haufi ho feta ya bana ba motho. Jonathane o ne a bile a ikemiseditse ho shwa e le hore a ka sireletsa motswalle wa hae ya monyenyane.a

Jonathane le Davida ba dutse ka lehaheng. Davida o mametse Jonathane ha a ntse a mo kgothatsa.

Shebella video ena e kgutshwanyane ho ithuta ho eketsehilleng ka buka ya Diproverbia.

a Sheba sehlooho se reng “Bound Together in Close Friendship.”

Bala Diproverbia kgaolo ya 17 bibeleng ya Bibele​—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha. Bibele ena e baleha ha bonolo, e na le dinaletsana, mangolo a tsamaisanang le ditemana le dintlha tse ding tse nang le ditshwantsho le dimmapa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share