10 Yaba Rizpa+ moradi wa Aja o nka lesela le hwashang o le ala hodima lerako ho tloha ha ho qalwa ho kotulwa ho fihlela ha pula e nela ditopo. Motshehare ha a ka a dumella dinonyana tsa lehodimo hore di dule hodima tsona le bosiu ha a ka a dumella dibata tsa naha hore di atamele ditopo tseo.