-
Daniele 4:23Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
23 Morena o ile a bona molebedi, mohalaledi,+ a theoha lehodimong a re: “Remang sefate mme le se senye. Empa le siye kutu le metso ya sona fatshe hara jwang ba naha, e tlanngwe ka lebanta la tshepe le la koporo. E ke e kolobiswe ke phoka e tswang lehodimong mme e dule le dibata tsa naha ho fihlela dinako tse supileng di feta e ntse e le boemong boo.”+
-