-
Daniele 5:11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 Mmusong wa hao ho na le monna ya nang le moya wa medimo e halalelang. Mehleng ya ntate wa hao, ho ile ha fumanwa hore monna enwa o na le tsebo le temoho ebile o bohlale jwalo ka medimo.+ Ntate wa hao e leng Morena Nebukadnezare o ile a mo kgetha hore e be mookamedi wa baprista ba maselamose, dinohe, Bakalde* le balepi ba dinaledi.+ Morena, ntate wa hao o ile a etsa sena.
-