Ntlha e botlaaseng ba leqephe
b Sara e ne e le kgaitsedi ya Abrahama, ka ha ba ne ba kopanetse Ntate, e leng Tera. (Genese 20:12) Ke nnete hore kajeno motho a ke ke a nyala kgaitsedi ya hae, empa re lokela ho utlwisisa hore dintho di ne di fapane mehleng eo. Batho ba ne ba sa le haufi le phetheho, eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla. Ka nako eo, ho nyala kgaitsedi ya hao, ho ne ho se na bothata boo hona jwale bo ka bang teng ka lebaka la diphatsa tsa lefutso. Le ha ho le jwalo, dilemo tse ka bang 400 ka mora moo, dintho di ile tsa fetoha. Ke ka hona Modimo a ileng a fa setjhaba sa hae molao o neng o bontsha hore batho ba amanang haufiufi, ha ba a lokela ho nyalana.—Levitike 18:6.