Ntlha e botlaaseng ba leqephe
b Ho bonahala ditsebi tse ding di ne di ile tsa leka ho hatisa Dibibele tsa Testamente e Ntjha ka Seheberu. Emong wa ditsebi tsena ke Simon Atoumanos, ya neng a phela tlasa mmuso wa Byzantine ka bo 1360. Setsebi se seng ke Oswald Schreckenfuchs wa Lejeremane ya phetseng ka bo 1565. Le ha ho le jwalo, boiteko ba bona ba ho hatisa dibibele tsena, bo ile ba hloleha ebile ha ho tsejwe le moo di leng teng.