Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Batho ba bangata ha ba tsebe hore tlaleho e ho Johanne 7:53–8:11 e fumanehang Dibibeleng tse ding, e ne e le siyo ha ho ne ho ngolwa Bibele, empa ke karolo e ileng ya ikenyetswa ke bakopitsi ba bang ba Bibele. Ditemana tsena di etsa batho ba bang ba nahane hore ke motho ya se nang sebe feela ya ka ahlolang e mong hore o entse bofebe. Empa molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele o ne o re: “Haeba monna a fumanwa a robetse le mosadi [wa monna e mong], ka bobedi ba tla shwa hammoho.”—Deut. 22:22.