Ntlha e botlaaseng ba leqephe
b TLHALOSO YA LENTSWE: Tshebedisano le meya e bolela ditumelo le meetlo e amanang le bademona. E akarelletsa le thuto ya hore ha motho a hlokahetse, moya wa hae o tswelapele o phela mme o ka kgona ho bua le batho ba phelang, ka thuso ya motho ya ipolelang hore o kgona ho bua le bafu. Tshebedisano le meya, e boetse e akarelletsa boloi le bonohe. Jwalo ka ha re tlo ithuta sehloohong sena, boselamose bona bo akarelletsa mekgwa e amanang le boloi le matla a phahametseng a tlhaho. Bo boetse bo akarelletsa ho bitsetsa ba bang bomadimabe kapa ho ba loya.