Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Kaofela ha rona re na le mathata. Ka ha ha re kgone ho rarolla mathata a rona hona jwale, re lokela ho a mamella. Empa ha re a mamella re le bang. Jehova le yena o mamelletse dintho tse ngata. Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse robong tseo a di mamelletseng. Re tla boela re bone hore na Jehova o finyelletseng ka ho ba le mamello le hore na re ka ithutang mohlaleng wa hae.