Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a E le hore lelapa e be le thabileng, setho ka seng se lokela ho tseba hore na ho lebelletswe eng ho sona le hore se sebedisane hantle le ditho tse ding. Ntate o etella lelapa la hae pele ka tsela e lerato, mme o a mo tshehetsa ha bana bona ba mamela batswadi ba bona. Ntho ena e tshwana hantle le e etsahalang lelapeng la Jehova. Modimo o na le morero ka rona mme haeba re mo mamela, re tla ba karolo ya lelapa la hae ka ho sa feleng.