Ntlha e botlaaseng ba leqephe
b SETSHWANTSHO: Haesale moradiwabo rona a rapela Jehova ho tloha a sa le monyane. Batswadi ba hae ba ile ba mo ruta ho rapela e sa le ngwana. O ile a qala ho ba pulamadiboho e sa le motjha mme o ne a dula a kopa Jehova hore a hlohonolofatse tshebeletso ya hae. Ka mora dilemo tse ngata, monna wa hae o ile a kula haholo mme o ile a kopa Jehova ka tiyo hore a mo fe matla ao a a hlokang ho mamella bothata bona. Hona jwale ke mohlolohadi mme o ntse a tswela pele ho rapela Jehova a kgodisehile hore o tla arabela dithapelo tsa hae feela jwalo ka ha a ile a di araba dinakong tse fetileng.