Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Jehova ke Mohlodi wa dintho tsohle tse molemo. O fa batho bohle dintho tse ntle ho akarelletsa le ba kgopo. Empa ka ho kgetheha o rata ho etsetsa bahlanka ba hae ba tshepahalang dintho tse ntle. Sehloohong sena, re tlo bona ka moo Jehova a fang bahlanka ba hae dintho tse molemo ka teng. Re tla boela re bone ka moo Jehova a fang batho ba eketsang tshebeletso ya bona dintho tse molemo ka tsela e ikgethang ka teng.