Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Ho baka e le ka nnete ha ho bolele feela ho kopa tshwarelo ka sebe seo re se entseng. Sehloohong sena re tlo ithuta ka mehlala e tla re thusa ho utlwisisa hore na ho baka ho bolelang, e leng mohlala wa Morena Akabe, Morena Manase le mora ya lahlehileng eo Jesu a buileng ka yena papisong ya hae. Re tlo boela re ithute ka dintho tseo baholo ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba lokela ho etsa qeto ya hore na motho ya entseng sebe se tebileng o bakile e le ka nnete.