Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Re a thaba ha batho ba batla ho ithuta Bibele empa re utlwa bohloko ha ba sa etse jwalo. O tla etsang haeba motho eo o ithutang Bibele le yena a sa etse diphetoho? Kapa o tla etsang haeba ha o eso thuse motho hore a kolobetswe? Na o tla etsa qeto ya hore o hlolehile ho etsa barutuwa? Sehloohong sena, re tla bona hore na re ka atleha jwang mosebetsing wa boboledi le ho o thabela ho sa tsotellehe hore na batho ba a re mamela kapa tjhe.