Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Re rata Jehova haholo mme re batla ho mo thabisa. Jehova o a halalela mme o lebelletse hore le bahlanka ba hae ba halalele. Na ho a kgonahala hore batho ba sa phethahalang ba halalele? E, ho a kgonahala. Ho hlahlobisisa keletso ya moapostola Petrose ha a ne a bua le badumedimmoho le yena le ditaelo tseo Jehova a ileng a di fa Baiseraele ba mehleng ya pele, ho tla re thusa ho bona hore na re ka halalela jwang boitshwarong bohle ba rona.