Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Mehleng ena batho ba dimilione ba akarelletsang banna, basadi le bana, ba bolela molaetsa wa Bibele ka mafolofolo. Na le wena o e mong wa bona? Haeba ho jwalo, o sebetsa o tataiswa ke Morena wa rona Jesu Kreste. Sehloohong sena re tlo hlahloba bopaki bo bontshang hore Jesu ke yena ya tataisang mosebetsi wona mehleng ena. Ho nahanisisa ka bopaki boo ho tla re thusa hore re ikemisetse ho tswela pele re sebeletsa Jehova re tataiswa ke Kreste.