Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Re leboha Jehova hore ebe o re dumella hore re mo rapele. Re batla hore dithapelo tsa rona di mo thabise, di tshwane le dibano tse nkgang ha monate. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na ke dintho dife tseo re ka di rapellang. Re tla boela re bue ka dintlha tseo re lokelang ho di hopola haeba re koptjwa hore re rapelle batho ba bang.