Jobo
24 Ke hobaneng ha Ya Matla Ohle a sa beha nako?+
Ke hobaneng ha ba mo tsebang ba sa bone letsatsi la hae?*
2 Batho ba tjhetjhisa matshwao a meedi,+
Ba utswa mehlape e le hore ba e ise makgulong a bona.
5 Bafutsana ba batlana le dijo jwalo ka ditonki tsa naha+ lefeelleng,
Ba batlela bana ba bona dijo lehwatateng.
8 Ba kolobiswa ke pula ya dithaba,
Ba itshwarella mafikeng hobane ho se na moo ba ka itshireletsang.
11 Ba sebetsa ka thata letsatsing le tjhesang, hara marako a dirapa tsa morara.*
Ba hata dihatelong tsa veine le ha ho le jwalo ba nyorilwe.+
Bosiu teng o a utswa.
Ebe o kwahela sefahleho sa hae.
16 Ha ho eba lefifi, batho ba kgopo ba kenela batho matlong a bona.
Motshehare ba ikwalla ka tlung.
Ha ba rate kganya.+
17 Ha ba tshabe lefifi jwalo ka batho ba bang empa ha e eba hoseng ba a tshaba.
Ba tlwaelane le diketso tse tshosang tsa lefifi.
18 Empa metsi a ba hohola kapele.*
Naha eo ba dulang ho yona e tla rohakwa.+
Ba ke ke ba kgutlela dirapeng tsa bona tsa morara.
20 Ba tla laolwa ke bomme* ba bona mme ba jewe ke diboko.
Ba ke ke ba hlola ba hopolwa.+
Ba sa lokang ba tla robeha jwalo ka sefate.
21 Ba hlasela mosadi ya sa kgoneng ho ba le bana
Mme ba tshwara mohlolohadi hampe.
22 Modimo* o tla sebedisa matla a hae ho fedisa batho ba matla
Le ha ba ka ba matla, ha ba tsebe hore na ba tla phela kapa tjhe.
24 Ba phahamiswa ka nakwana ebe ka mora moo ha ba sa le yo.+
25 Ke mang ya ka reng ke leshano
Kapa a re ntho eo ke e buang ha se nnete?”