Jeremia
24 Yaba Jehova o mpontsha dibaskete tse pedi tsa difeie* tse behilweng ka pela tempele ya Jehova. O ile a mpontsha tsona ka mora hore Nebukadnezare* morena wa Babilona a hape Jekonia*+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda ha mmoho le dikgosana tsa Juda, ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le batho ba sebetsang ka tshepe.* O ile a ba tlosa Jerusalema a ba isa Babilona.+ 2 Baskete e nngwe e ne e tshetse difeie tse ntle haholo tse kang difeie tse butswang pele empa baskete e nngwe e ne e tshetse difeie tse mpe haholo, di le mpe hoo di neng di ke ke tsa jewa.
3 Yaba Jehova o re ho nna: “O bonang Jeremia?” Ka re: “Ke bona difeie. Difeie tse ntle di ntle haholo empa difeie tse mpe di mpe haholo, di mpe hoo di ke keng tsa jewa.”+
4 Jehova a re ho nna: 5 “Nna, Jehova Modimo wa Iseraele ke re: ‘Bajuda ba hapilweng, bao ke ba lelekileng sebakeng sena ho ya naheng ya Bakalde, ke tla ba rata jwalo ka difeie tsena tse ntle. 6 Ke tla ba beha leihlo e le hore ke ba etse hantle mme ke ba kgutlisetse naheng ena.+ Ke tla ba haha, nke ke ka ba diha. Ke tla ba hloma, nke ke ka ba fothola.+ 7 Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di batle ho ntseba, di tsebe hore ke nna Jehova.+ E tla ba batho ba ka mme ke tla ba Modimo wa bona+ etswe ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsohle tsa bona.+
8 Empa ha e le Tsedekia+ morena wa Juda, dikgosana tsa hae, batho ba Jerusalema ba setseng naheng ena le ba dulang naheng ya Egepeta,+ ho nna ba tla ba jwalo ka difeie tse mpe hoo di ke keng tsa jewa,’+ ke Jehova ya tjhong. 9 ‘Ke tla ba tlisetsa tlokotsi e mpe hoo mebuso yohle ya lefatshe e tla tshoha ha e bona ntho e ba hlahetseng.+ Batho ba tla ba nyefola, ba bue ka bona e le mehlala ya batho ba rohakilweng,+ ba ba some le ho ba rohaka dibakeng tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona.+ 10 Ke tla ba bolaya ka sabole,+ tlala le lefu la sewa+ ho fihlela ba timela naheng eo ke e fileng bona le baholoholo ba bona.’”