Pina ea 135
Ho Mamella ho Isa Bofelong
Printed Edition
1. Ka baka la litšepiso
Tsohle tsa Molimo,
Re tla lula re mamella
Ho fihlela bofelong.
Ntho tseo Jah a li tšepisang,
O tla li phethahatsa.
Leha ho hlaha liteko,
Lula u tšepahala.
2. Boloka lerato la hao,
Le se ke la fela.
Leha ho hlaha liteko,
U mamelle ka thabo.
Le haeba u ka lekoa,
U se ke ua koeneha.
Jah o tla re sireletsa,
A be haufi le rōna.
3. Hore Jah a re pholose,
Re be le mamello.
Bitso la hao le tla hlaha
Ka bukeng ea bophelo.
Kahoo u ikemisetse,
U mamelle kamehla.
Jah o tla u amohela;
U lule u thabile.
(Sheba le Baheb. 6:19; Jak. 1:4; 2 Pet. 3:12; Tšen. 2:4.)