LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w17 August maq. 30-31
  • “Re Tlo ba le Kopano e Nngwe Neng?”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Re Tlo ba le Kopano e Nngwe Neng?”
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dihloohwana
  • “BA ETSA LETSHOLO DITERATENG”
  • ‘DIBETHE TSE MABOTHOBOTHO HO FETA SAMENTE’
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 August maq. 30-31

HISTORI YA RONA

“Re Tlo ba le Kopano e Nngwe Neng?”

KE HO elella qetellong ya November ka 1932 motsemoholo wa Mexico. Beke pele ho moo, ho ile ha kenywa diroboto tsa pele tse sebetsang ka motlakase motseng ona o nang le baahi ba fetang milione. Empa jwale ha ho sa na motho ya buang ka tsona. Boraditaba ba se ba tlaleha ka ketsahalo ya bekeng ena. Ba seteisheneng sa terene ka dikhamera tsa bona, ba emetse moeti wa bohlokwa, e leng Morabo rona Joseph F. Rutherford eo e leng mopresidente wa Mokgatlo wa Watch Tower. Le Dipaki tse dulang moo di ne di le teng ho tla mo kgahlanyetsa, jwalo ka ha a ne a tlile kopanong ya bona ya matsatsi a mararo.

Makasine ya The Golden Age e ile ya re: “Ha ho pelaelo hore historing ya rona, kopano ena e tla dula e le yona ya bohlokwa ka ho fetisisa e kileng ya ba teng naheng ya Mexico.” Empa keng e ileng ya etsa hore kopano ee e be ya bohlokwa hakaale, le hoja ho ile ha tla batho ba 150 feela ho yona?

Pele ho kopano ena, batho ba bangata ba ne ba sa tsebe ditaba tse molemo Mexico. Ho ile ha ba le dikopano tse nyenyane ho tloha ka 1919, empa ha dilemo di ntse di ya, palo ya diphutheho ile ya nna ya fokotseha. Eitse ha ho ba le ofisi ya lekala motsemoholo wa Mexico ka 1929, ho ile ha bonahala eka dintho di tla loka. Empa ho ile ha ba le ditshitiso. Ha Mokreste e mong wa pulamadiboho a bolellwa hore a se ke a etsa kgwebo ha a le tshimong, o ile a kwata, yaba o a ngala mme a iqalla sehlopha sa hae sa thuto ya Bibele. Ka yona nako eo, molebedi wa lekala o ile a etsa boitshwaro bo kgahlanong le Mangolo mme kahoo a tloswa, yaba o nkelwa sebaka ke e mong. Ke kahoo, Dipaki tsa Mexico tse tshepahalang di neng di hloka ho kgothatswa.

Ha a ntse a le Mexico, Morabo rona Rutherford o ile a ba kgothatsa haholo ka dipuo tse pedi tse matla kopanong le tse ding tse hlano radiong. E ne e le lekgetlo la pele ho sebediswa radio Mexico ho hasa ditaba tse molemo naheng eo yohle. Ka mora kopano, molebedi wa lekala ya sa tswa kgethwa o ile a hlophisa mosebetsi wa boboledi. Dipaki di ile tsa o etsa ka mafolofolo mme Jehova a di hlohonolofatsa haholo.

Dipaki Tsa Jehova di kopanong Mexico City ka 1941

Kopano ya 1941, Mexico City

Selemong se latelang ho ile ha ba le dikopano tse pedi naheng ya Mexico. E nngwe e ile ya tshwarelwa motseng o pela lewatle o bitswang Veracruz ha e nngwe e ne e tshwaretswe Mexico City. Kaha barababo rona ba ne ba sebetsa ka thata tshimong, Dipaki di ile tsa qala ho eketseha. Ka 1931 ho ne ho na le bahweletsi ba 82. Empa ka mora dilemo tse leshome palo eo e ne e se e imenne ka makgetlo a ka bang leshome! Batho ba ka bang 1 000 ba ile ba tla Kopanong ya Puso ya Modimo e neng e tshwaretswe Mexico City ka 1941.

“BA ETSA LETSHOLO DITERATENG”

Ka 1943 Dipaki di ile tsa tswa letsholo la ho tsebisa batho hore ho tlo ba le Kopano ya Puso ya Modimo e nang le sehlooho se reng “Ditjhaba Tse Lokolohileng” e neng e tlo tshwarelwa ditoropong tse 12 tsa Mexico.a Dipaki di ne di sebedisa diplakate tseo ba neng ba di haka mahetleng mme di na le mongolo ka pele le ka morao. Ona ke mokgwa wa ho tsebahatsa kopano oo Dipaki di ileng tsa o sebedisa ho tloha ka 1936.

Setshwantsho sa letsholo la Mexico City se hlahileng makasineng ya 1944

Setshwantsho sa letsholo la Mexico City se hlahileng makasineng ya 1944

Ha makasine ya La Nación e bua kamoo ho sebedisa diplakate ho ileng ha atleha kateng e re: “Letsatsing la pele la [kopano, Dipaki] di ile tsa kgothalletswa ho mema batho ba eketsehileng. Kahoo letsatsing le hlahlamang ho ile ha tlala tswete!” Kereke ya Khatholike ha ya ka ya thabela letsholo lena la diplakate kahoo e ile ya etsa letsholo le neng le le kgahlanong le Dipaki. Empa ho sa tsotellehe kganyetso eo, ka sebete bara le baradibabo rona ba ile ba nna ba ya diterateng ho ya tsebisa batho ka kopano. Makasine ya La Nación e boetse e re: “Batho bohle toropong ba ile ba ba bona. . . banna le basadi ba apere diplakate tsa ho phatlalatsa kopano.’” Sehloohong seo ho ne ho na le setshwantsho sa barababo rona ba le seterateng Mexico City. Tlasa setshwantsho seo ho ne ho ngotswe mantswe a reng: “Ba etsa letsholo diterateng.”

‘DIBETHE TSE MABOTHOBOTHO HO FETA SAMENTE’

Ho ne ho ba le dikopano tse mmalwa Mexico mme dilemong tseo, batho ba ne ba itela haholo hore ba ye ho tsona. Batho ba bang ba ne ba tswa metseng ya mahaeng moo ho se nang diterene kapa ditsela tsa dikoloi. Phutheho e nngwe e ile ya ngola ya re: “Ntho e le nngwe feela e fetang sebakeng sena sa rona ke dithapo tsa dithelekramo.” Kahoo batho ba ne ba palama dimmoulo kapa ba qeta matsatsi a mangata ba tsamaya ka maoto ho ya tshwara terene e ba isang kopanong.

Dipaki tse ngata di ne di futsanehile, di se na tjhelete ya ho ya kopanong, re se re sa bue ka ya ho kgutla. Ha ba fihla motseng oo kopano e tlo tshwarelwa ho ona, ba ne ba dula malapeng a Dipaki mme di ne di ba amohela ka mofuthu. Ba bang ba ne ba robala moo ho tshwarelwang diboka teng. Ka letsatsi le leng bahweletsi ba ka bang 90 ba ne ba robala Bethele mme e mong le e mong o ne a robala hodima “mabokose a 20 a dibuka.” Buka ya Selemo e ile ya re bahweletsi bao ba ile ba re dibethe tseo “di mabothobotho ebile di futhumetse ho feta samente.”

Dipaki tseo di ne di ananela ho bokana hammoho dikopanong tseo tsa Bokreste hoo ba neng ba ikemiseditse ho tela eng kapa eng hore ba ye ho tsona. Le kajeno bahweletsi ba Mexico bao palo ya bona e latang milione, ba ntse ba ananela dikopano haholo.b Tlaleho ya lekala la Mexico ya 1949 ha e bua ka barababo rona e ile ya re: “Mathata ao ba nang le ona ha a fokodise tjheseho ya bona ya ho ya kopanong hobane ka mora hore kopano e nngwe le e nngwe e fete, ba qeta nako e telele ba ntse ba qoqa ka yona. Hangata ba botsa potso e reng: ‘Re tlo ba le kopano e nngwe neng?’” Le kajeno batho ba ntse ba ikutlwa jwalo ka dikopano.​—Ho tswa Central America.

a Ho ya ka Buka ya Selemo ya 1944 ya Sekgowa, kopano ena “e ile ya etsa hore Dipaki Tsa Jehova di tsebahale Mexico.”

b Palo ya batho ba bileng teng Sehopotsong Mexico ka 2016 ke 2 262 646.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share