Pina ea 110
Mesebetsi e Hlollang ea Molimo
Printed Edition
(Pesaleme ea 139)
1. U Molimo ea matla ’ohle,
Uena ea ntsebang leha ke tsoha.
U ntlhahloba
pelo le maikutlo,
Polelo tsa ka le mesebetsi ea ka.
U bone ha ke ne ke etsoa,
Masapo a ka
a sa pateha.
Ua ba ua bona sebōpeho sa ka.
Mesebetsi ea hao ke e babatsehang,
Tsebo ea hao Molimo ea makatsa;
Moea oa ka o tsebisisa seo.
Leha ke tšosoa ke fifi le letšo,
Moea oa hao o tla fihla le moo.
Nka ipatela uena hokae,
Ka baleha sefahleho sa hao?
Leholimong esita le lebitleng,
Le leoatleng, ha ho na moo nka ipatang.
(Sheba le Pes. 66:3; 94:19; Jer. 17:10.)