Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
6-12 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 1-4
“Ke na le Wena ho o Lopolla”
(Jeremia 1:6) Empa ka re: “Oho, Mmusi Morena Jehova! Bona! ha ke tsebe ho bua, etswe ke sa le moshanyana.”
w11 3/15 29 ¶4
Dula o Fadimehile Jwaloka Jeremia
4 E ka nna yaba Jeremia o ne a le haufi le ho ba dilemo tse 25, ha Jehova a ne a mo fa boikarabelo ba ho ba molebedi. (Jer. 1:1, 2) Empa o ile a ikutlwa eka e sa le moshanyana, ya ke keng a kgona ho buisana le banna ba baholo setjhabeng, ba hodileng mme e le bahlomphehi. (Jer. 1:6) O ne a lokela ho phatlalatsa molaetsa o matla le o tshosang baprista, baprofeta ba bohata, le balaodi, re se re sa re letho ka ba nkileng ‘tsela e ratwang’ le ba seng ba sa ‘. . . tshepahale ka ho tswelang pele.’ (Jer. 6:13; 8:5, 6) Tempele ya Morena Solomone e majabajaba, eo e neng e bile e le mokokotlo wa borapedi ba nnete ka dilemo tse ka bang makgolo a mane, e ne e tla heletswa. Jerusalema le Juda di ne di tla fediswa, mme baahi ba yona ba etswe batshwaruwa Babylona. Ho hlakile hore molaetsa oo Jeremia a neng a laetswe hore a o phatlalatse o ne o potlakile!
(Jeremia 1:7-10) Jehova a tswela pele hore ho nna: “O se ke wa re, ‘Ke sa le moshanyana.’ Empa o lokela ho ya ho bohle bao ke tla o romela ho bona; mme o lokela ho bua ntho enngwe le enngwe eo ke tla o laela yona. 8 O se ke wa tshoswa ke difahleho tsa bona, etswe ‘ke na le wena ho o lopolla,’ ho bolela Jehova.” 9 Yaba Jehova o otlolla letsoho mme o etsa hore le ame molomo wa ka. Jwale Jehova a re ho nna: “Bona! ke kentse mantswe a ka molomong wa hao. 10 Bona, letsatsing lena ke o behile hore o okamele ditjhaba le mebuso, e le hore o fothole le ho heletsa le ho timetsa le ho qhaqha, ho haha le ho hloma.”
(Jeremia 1:17-19) “Ha e le wena, o lokela ho itlama letheka, o eme mme o a bolelle ntho e nngwe le e nngwe eo ke o laelang yona. O se ke wa tshoswa ke ona, e le hore ke se ke ka o tshosa ka pela ona. 18 Empa ha e le nna, bona! kajeno ke o entse motse o etseditsweng qhobosheane le tshiya ya tshepe le marako a koporo kgahlanong le naha yohle, ho marena a Juda, ho dikgosana tsa yona, ho baprista ba yona le ho batho ba naha. 19 Ka sebele ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, etswe ‘ke na le wena ho o lopolla,’ ho bolela Jehova.’ ”
w05 12/15 23 ¶18
O Mamela Mang? Modimo Kapa Batho?
18 Modimo o ile a bolella moprofeta Jeremia a re: ‘Ke na le wena ho o lopolla.’ (Jeremia 1:8) Jehova a ka nna a re lopolla jwang ha re thulana le mahloriso? A ka nna a sebedisa moahlodi ya nang le kahlolo e molemo jwaloka Gamaliele. Kapa a ka nna a etsa bonnete ba hore motho ya itseng ya boholong ya tletseng bobodu o nkelwa sebaka ke ya nang le kahlolo e molemo. Ka dinako tse ding, Jehova a ka nna a dumella hore batho ba hae ba hloriswe. (2 Timothea 3:12) Haeba Modimo a dumella hore re hloriswe, o tla dula a re fa matla a ho mamella. (1 Bakorinthe 10:13) Ho sa tsotellehe hore na Modimo o dumella eng, re kgodisehile ka hore: Batho ba lwanang le batho ba Modimo ba lwantsha Modimo, mme ba lwantshang Modimo ba ke ke ba hlola.
jr 88 ¶14-15
“Ke Tla Kgotsofatsa Moya o Kgathetseng”
NA O KA KGATHOLLA BATHO BA KGATHETSENG?
14 Re tla be re etsa hantle ha re ela hloko kamoo Jeremia a ileng a kgothatswa kateng le kamoo a ileng a kgothatsa ba neng ba kgathetse kateng. (Jer. 31:25) Jehova ke yena eo ka ho kgetheha a ileng a kgothatsa moprofeta Jeremia. Ako inahanele hore na o ne o tla matlafala hakaakang ha o ne o ka utlwa Jehova a re ho wena: “Empa ha e le nna, bona! kajeno ke o entse motse o etseditsweng qhobosheane . . . Ka sebele ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, etswe ‘ke na le wena ho o lopolla,’ ho bolela Jehova.” (Jer. 1:18, 19) Jeremia ha a bua ka Jehova o re ke “matla a ka le qhobosheane ya ka, le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola.”—Jer. 16:19.
15 Ke ho utlwahalang hore ebe Jehova o itse ho Jeremia: “Ke na le wena.” Na ho na le hoo o ka ho etsang ha hona le motho ya hlokang ho kgothatswa? Re lokela ho nka bohato ka hore re iphe nako haeba re bona morabo rona kapa moradiwabo rona ya hlokang ho kgothatswa. Maemong a mangata, ho hlokahala hore re etsise Jehova jwalokaha a ile a etsa ho Jeremia, le rona re kgothatse batho ba nyahameng. Ka dinako tse ding, ha ho hlokahale hore re bue mantswe a mangata empa re ka bua mantswe a seng makae a kgothatsang. Le hoja o ka bua mantswe a seng makae, e ka ba a kgothatsang haeba a kgethilwe ka hloko. O se ke wa nahana hore o lokela ho ba kgeleke. Sebedisa mantswe a bontshang hore o a mo rata, o tshwenyehile ka yena, ebile o a mo kgathalla. Mantswe a jwalo a molemo.—Bala Liproverbia 25:11.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 2:13) ‘Hobane ho na le dintho tse pedi tse mpe tseo setjhaba sa ka se di entseng: Se ntlohetse, nna mohlodi wa metsi a phelang, e le hore se itjhekele didiba, didiba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi.’
(Jeremia 2:18) Jwale ke hobaneng ha o lokela ho tshwenyeha ka tsela ya Egepeta e le hore o nwe metsi a Shihore? Ke hobaneng ha o lokela ho tshwenyeha ka tsela ya Assyria e le hore o nwe metsi a Noka?
w07 3/15 9 ¶8
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia
2:13, 18. Baiseraele ba sa tshepahaleng ba ile ba etsa dintho tse mpe tse pedi. Ba ile ba lahla Jehova mohlodi wa ditlhohonolofatso, tataiso, le tshireletso. Ba ile ba itjhekela didiba tsa tshwantshetso ka hore ba batle ho etsa dilekane tsa sesole le Egepeta le Assyria. Mehleng ya rona tjena, ho lahla Modimo bakeng feela sa ho latela difilosofi le menahano ya batho ha esitana le dipolotiki ho tshwana hantle le ho tlohela “mohlodi wa metsi a bophelo” ka “didiba tse phunyehileng.”
(Jeremia 4:10) Ka re: “Oho, Mmusi Morena Jehova! Kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema ka ho feletseng, ha o re, ‘Le tla ba le kgotso,’ mme sabole e fihlile moyeng.”
w07 3/15 9 ¶4
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia
4:10; 15:18—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a “thetsa” setjhaba sa hae? Mehleng ya Jeremia, ho ne ho ena le baprofeta ba ‘profetang leshano.’ (Jeremia 5:31; 20:6; 23:16, 17, 25-28, 32) Jehova ha a ka a ba thibela hore ba phatlalatse melaetsa ya leshano.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 4:1-10) “Haeba o ne o ka kgutla, Wena Iseraele,” ho bolela Jehova, “o ka kgutlela ho nna. Haeba o tla tlosa dintho tsa hao tse nyonyehang ka lebaka la ka, jwale o ke ke wa ba mmalehi. 2 Haeba ka sebele o tla hlapanya, ‘Ka Jehova ya phelang ka nnete, ka toka le ka ho loka!’ jwale ditjhaba di tla itlhohonolofatsa ka yena, mme di tla ithorisa ka yena.” 3 Etswe sena ke seo Jehova a se boleletseng banna ba Juda le Jerusalema: “Itemeleng thite, mme le se ke la nna la jala hara meutlwa. 4 Ipolotseng ho Jehova, mme le bolotse matlalo a dipelo tsa lona, lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore kgalefo ya ka e se ke ya tswa jwaloka mollo, mme ka sebele ya tuka hoo ho seng ya ka e timang, ka lebaka la bobe ba mesebetsi ya lona.” 5 E boleleng Juda, le e phatlalatse le Jerusalema, mme le e bue, le letse lenaka ho pholletsa le naha. Hweletsang ka lentswe le phahameng le re: “Bokanang, mme re keneng metseng e etseditsweng diqhobosheane. 6 Phahamisang pontsho ka nqa Sione. Etsang tokisetso bakeng sa tshireletso. Le se ke la ema.” Etswe ke tlisa tlokotsi e tswang leboya, le ho wa ho hoholo. 7 O tswile jwaloka tau moferong wa yona, mme ya senyang ditjhaba o tsamaile; o tlohile sebakeng sa hae e le hore a etse naha ya hao ntho e makallwang. Metse ya hao e tla fetoha dithako hoo ho ke keng ha eba le moahi. 8 Ka lebaka lena itlameng ka lesela la mokotla. Ikotleng difuba mme le bokolle, hobane bohale bo tukang ba Jehova ha bo a tloha ho rona. 9 “Letsatsing leo,” ho bolela Jehova, “pelo ya morena e tla timela, le dipelo tsa dikgosana; mme ka sebele baprista ba tla hlollwa, le baprofeta ba makale.” 10 Ka re: “Oho, mmusi Morena Jehova! Kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema ka ho feletseng, ha o re, ‘Le tla ba le kgotso,’ mme sabole e fihlile moyeng.”
13-19 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 5-7
“Ba ile ba Kgaotsa ho Etsa Thato ya Modimo”
(Jeremia 6:13-15) “Etswe ho tloha ho e monyenyane ho bona esita le ho isa ho e moholo ho bona, e mong le e mong o iketsetsa phaello ya ho hloka toka; mme ho tloha ho moprofeta esita le ho isa ho moprista, e mong le e mong o etsa ka bolotsana. 14 Ba leka ho fodisa ho sithabela ha setjhaba sa ka habobebe, ba re, ‘Kgotso e teng! Kgotso e teng!’ le hoja kgotso e le siyo. 15 Na ba ile ba ikutlwa ba hlajwa ke dihlong kahobane ba ne ba entse ntho e manyala? Tabeng ya pele, ruri ha ba ikutlwe ba hlajwa ke dihlong ho hang; tabeng ya bobedi, ha ba tsebe le mokgwa wa ho ikutlwa ba tlotlolohile. Ka hona ba tla wela hara ba wang; ba tla kgoptjwa nakong ya ha ke ahlola ditaba tsa bona,” ho boletse Jehova.
w88 4/1 11-12 ¶7-8
Jeremia e ne e le Moprofeta ya sa Ratweng wa Dikahlolo tsa Modimo
7 Jehova o ile a lemosa Jeremia a re: “Ka sebele ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola.” (Jeremia 1:19) Empa ke hobaneng ha Bajuda le balaodi ba ne ba batla ho lwantsha moprofeta eo? Lebaka ke hobane molaetsa wa hae o ne o pepesa kapa o senola mofuta wa bona wa borapedi ba leshano. Jeremia ha a ka a bebofatsa nnete: “Bonang! Lentswe la Jehova le fetohile nyediso ho bona, lentswe leo ba ke keng ba kgahliswa ke lona. Etswe ho tloha ho e monyenyane ho bona esita le ho isa ho e moholo ho bona, e mong le e mong o iketsetsa phaello ya ho hloka toka; mme ho tloha ho moprofeta esita le ho isa ho moprista, e mong le e mong o etsa ka bolotsana.”—Jeremia 6:10, 13.
8 Ke nnete hore ba ne ba etella setjhaba pele ka ho etsa mahlabelo. Ba ne ba etsa eka ba rata borapedi ba nnete empa dipelo tsa bona di ne di sa fella hohang ho Jehova. Ba ne ba rata moetlo ho feta ho itshwara hantle. Ka nako e tshwanang baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ne ba koiyetsa setjhaba ka hore ho tlaba le tshireletso, ba ntse ba re: “Kgotso e teng! Kgotso e teng!” le hoja kgotso e le siyo. (Jeremia 6:14; 8:11) Ehlile ba ne ba thetsa batho ka hore ba ne ba ena le kgotso le Modimo. Ba ne ba ikutlwa hore ho ne ho se letho leo ba neng ba lokela ho kgathatseha ka lona, hobane e ne e le batho ba Jehova ba pholositsweng, ba nang le motse o halalelang le tempele ya ona. Empa na Jehova o ne a bona ditaba ka tsela e tshwanang?
(Jeremia 7:1-7) Lentswe le ileng la hlaha ho Jeremia le tswa ho Jehova, le re: 2 “Ema hekeng ya ntlo ya Jehova, o phatlalatse lentswe lena moo, mme o re, ‘Utlwang lentswe la Jehova, lona bohle ba Juda, ba kenang ka diheke tsena ho tla inamela Jehova. 3 Sena ke seo Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, a se boletseng: “Etsang hore ditsela tsa lona le mesebetsi ya lona e be metle, mme ke tla le boloka le dula sebakeng sena. 4 Le se ke la tshepa mantswe a leshano, a reng, ‘Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, ke bona bao e leng tempele ya Jehova!’ 5 Etswe haeba ka sebele le tla etsa hore ditsela tsa lona le mesebetsi ya lona e be metle, haeba ka sebele le tla phetha toka pakeng tsa motho le motswalle wa hae; 6 haeba le sa hatelle mojaki, moshanyana ya se nang ntate le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a hlokang molato sebakeng sena, mme le sa latele medimo e meng bakeng sa ho itlisetsa tlokotsi; 7 ka sebele le nna ke tla le boloka le dula sebakeng sena, naheng eo ke e fileng baholoholo ba lona, ho tloha nakong e sa lekanyetswang esita le ho isa nakong e sa lekanyetswang.” ’ ”
w88 4/1 12 ¶9-10
Jeremia e ne e le Moprofeta ya sa Ratweng wa Dikahlolo tsa Modimo
9 Jehova o ile a laela Jeremia hore a phatlalatse molaetsa wa hae wa kahlolo hekeng ya tempele moo batho ba bodumedi ba neng ba kena le teng le moo batho kaofela ba neng ba mo bona ebile ba mo mametse. O ile a tlameha ho ba bolella a re: “Le se ke la itshepela mantswe a thetsang, a reng, ‘Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, ke tempele ya Jehova!’ . . . Ka sebele e ke ke ya ba le molemo wa letho.” Bajuda ba ne ba tsamaya ka pono, e seng ka tumelo, kaha ba ne ba ithorisa ka tempele ya bona. Ba ne ba se ba lebetse mantswe a Jehova a ba lemosang a reng: “Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo ee le ka nkgahelang yona?” Jehova, Morena Mmusi wa bokahohle bo boholohadi, ka sebele o ne a sa sehelwa meedi ya ho se tswe ka tempeleng ya bona, ho sa tsotellehe mabenyane a yona a mangata!—Jeremia 7:1-8; Esaia 66:1.
10 Jeremia a tswela pele a re: “Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo; . . . mme le re: Re namoletswe! athe ke hore ho etswe manyala ao kaofela na?” Kaha Bajuda e ne e le ‘Setjhaba se kgethilweng,’ ba ne ba ithetsa ka ho nahana hore Modimo o tla ba dumella ha ba etsa borata, ba re ha feela motho a tlisa mahlabelo tempeleng ho lekane. Leha ho le jwalo, haeba ba ne ba mo tadima e le ntate ya nkwang ke maikutlo ya tefisang ngwana ya lemong feela habo, ba ne ba tla ithuta habohloko.—Jeremia 7:9, 10; Exoda 19:5, 6.
(Jeremia 7:8-15) “Bonang! le tshepa mantswe a leshano ka sebele a ke ke a ba molemo ho hang. 9 Na ho ka ba le ho utswa, ho bolaya le ho feba le ho hlapanya ka bohata le ho etsetsa Baale mosi wa sehlabelo le ho latela medimo e meng eo le sa kang la e tseba, 10 mme na le tla tla mme le eme ka pela ka ka tlung ee e nnileng ya bitswa ka lebitso la ka, ebe le re, ‘Ka sebele re tla lopollwa,’ ho sa tsotellehe hore le ntse le etsa dintho tsee tsohle tse manyala? 11 Na ntlo ee e nnileng ya bitswa ka lebitso la ka e fetohile lehaha feela la mashodu mahlong a lona? Bonang! le nna ke ho bone,” ho bolela Jehova. 12 “ ‘Leha ho le jwalo, eyang, jwale, sebakeng sa ka se neng se le Shilo, moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le dule teng pele, mme le bone seo ke se entseng sona ka lebaka la bobe ba setjhaba sa ka sa Iseraele. 13 Jwale ka lebaka la hore le nnile la etsa mesebetsi ena yohle,’ ho bolela Jehova, mme ke nnile ka bua le lona, ke tsoha hoseng ke bua, empa ha le a ka la mamela, ke nnile ka le bitsa, empa ha le a ka la araba. 14 ntlo e nnileng ya bitswa ka lebitso la ka, eo le e tshepileng, le sebaka seo ke se fileng lona le baholoholo ba lona, ke tla di etsa feela jwalokaha ke entse Shilo. 15 Ke tla le lahla ke le tlose ka pela sefahleho sa ka, feela jwalokaha ke ile ka lahla barababo lona, bana bohle ba Efraime.’
jr 21 ¶12
Ho Sebeletsa Modimo “Karolong e Qetellang ya Matsatsi”
12 Qalong ya puso ya Jojakime, Jehova o ile a bolella Jeremia hore a ye tempeleng mme a nyatse Bajuda pepenene ka lebaka la bokgopo ba bona. Baiseraele ba ne ba nka tempele ya Jehova ele ntho e ka ba sireletsang ka mohlolo. Haeba ba ne ba sa tlohele “ho utswa, ho bolaya le ho feba le ho hlapanya ka bohata le ho etsetsa Baale mosi wa sehlabelo le ho latela medimo e meng,” Jehova o ne a tla tlohela tempele ya hae. O ne a tla tlohela le baikaketsi ba neng ba rapella moo tempeleng, feela jwalokaha a ile a lahla tabernakele e Shilo matsatsing a Moprista ya Phahameng Eli. Naha ya Juda e ne “e tla fetoha sebaka se ripitlilweng.” (Jer. 7:1-15, 34; 26:1-6) O se o ka inahanela feela hore na Jeremia o ne a hloka ho ba sebete hakae hore a bolele molaetsa oo! E ka nna yaba ho batho ba neng ba mo mametse, ho ne ho ena le batho ba phahameng setjhabeng le ba tsebahalang. Bara le baradi babo rona ba bang kajeno le bona ba utlwa ba hloka ho ba sebete e le hore ba pake seterateng le ha ba pakela batho ba ruileng le ba tsebahalang. Le rona jwaloka Jeremia re ka kgodiseha hore Modimo o tla re tshehetsa.—Heb. 10:39; 13:6.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 6:16) Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Emang ditseleng, mme le bone, mme le botse ka ditsela tsa kgale, moo, jwale, ho nang le tsela e ntle; le tsamaye ho yona, mme le fumanele meya ya lona boiketlo.” Empa ba nna ba re: “Re ke ke ra tsamaya ho yona.”
w05 11/1 23 ¶11
Na o tla ba le kamano le Modimo?
11 Na re dumella Bibele hore e tataise ditsela tsa rona? E ka ba hantle hore ka nako tse ding re ke re eme hanyane mme re itlhahlobe ka botshepehi. A ko nahane ka temana ena e ka o thusang ho etsa seo: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Emang ditseleng, mme le bone, mme le botse ka ditsela tsa kgale, moo, jwale, ho nang le tsela e ntle; le tsamaye ho yona, mme le fumanele meya ya lona boiketlo.” Empa ba nna ba re: “Re ke ke ra tsamaya ho yona.’ ” (Jeremia 6:16) Mantswe ana a re hopotsa ka mokganni eo e reng ha a fihla mateanong a ditsela, a emang ebe o kopa ho bontshwa tsela. Batho ba Jehova ba sa kang ba tshepahala, ba ne ba lokela ho etsa se tshwanang. Ba ne ba lokela ho kgutlela morao mme ba batle “ditsela tsa kgale.” ‘Tsela eo e ntle’ ke tsela eo baholoholo ba bona ba tshepahalang ba neng ba tsamaya ka yona eleng tsela eo batho ba sa mameleng ba e tlohetseng. Ka bomadimabe, Baiseraele ba ile ba ba manganga ba satalatsa melala ha ba hopotswa ditaelo tsa Jehova. Temana eo e tswela pele ka hore “Empa ba nna ba re: ‘Re ke ke ra tsamaya ho yona.’ ” Empa leha ho le jwalo, batho ba Modimo kajeno ba mamela taelo eo ya Jehova.
(Jeremia 6:22, 23) Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! Setjhaba se tswa naheng ya leboya, mme ho na le setjhaba se seholo se tla tsoswa dikarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lefatshe. 23 Se tla tshwara seqha le lerumo le betswang. Se sehloho, mme se ke ke sa eba le mohau. Mantswe a sona a tla duma jwaloka lewatle, mme se tla palama dipere. Se entse theko ya ntwa jwaloka monna wa ntwa kgahlanong le wena, moradi wa Sione.”
w88 4/1 13 ¶15
Jeremia e ne e le Moprofeta ya sa Ratweng wa Dikahlolo tsa Modimo
Juda ya Lefa
15 Hoo e ka bang ka selemo sa 632 pele ho mehla ya Jesu, Assyria e ne e wetse ho Bakalde le Bamede, mme Egepeta e ne e theotswe ho ba mmuso o monyenyane ho ya ka borwa ho Juda. Ba neng ba tlo hlasela Juda ba ne ba tla ya ho yona ba hlaha ka tsela e ka leboya. Ka lebaka leo, Jeremia o ile a lokela ho fa Bajuda ba habo ditaba tse babang jwaloka mohalakane! “Bonang! Setjhaba se tswa naheng ya leboya . . . Se sehloho, mme se ke ke sa eba le mohau. . . . Se entse theko ya ntwa jwaloka monna wa ntwa kgahlanong le wena, moradi wa Sione.” Babylona e ne e le ona mmuso wa lefatshe o neng o phahame ka nako eo. Modimo o ne a tla sebedisa mmuso ona ho kgalemela setjhaba se sa mameleng sa Juda.—Jeremia 6:22, 23; 25:8, 9.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 5:26–6:5) “ ‘Etswe hara setjhaba sa ka ho fumanwe batho ba kgopo. Ba ntse ba nyarela, jwaloka batshwasi ba dinonyana ha ba kgukguna. Ba tjhehile sefi se senyang. Ba tshwasa batho. 27 Jwalokaha ntlwana ya letanta e tletse dibopuwa tse fofang, kahoo matlo a bona a tletse thetso. Ke ka lebaka leo ba fetohileng ba baholo mme ba fumana maruo. 28 Ba nonne; baa benya. Hape ba tletse dintho tse mpe. Ha baa buella nyewe, esita le nyewe ya moshanyana ya se nang ntate, e le hore ba ka atleha; mme ha baa emela kahlolo ya mafutsana.’ ” 29 “Na ha kea lokela ho ahlola ditaba ka lebaka la dintho tsee,” ho bolela Jehova, “kapa na moya wa ka ha wa lokela ho iphetetsa ho setjhaba se kang see? 30 Ho bile le boemo bo makatsang, esita le ntho e tshabehang naheng: 31 Baprofeta ba profeta leshano; ha e le baprista, ba qala ho busa ho ya ka matla a bona. Setjhaba sa ka se ratile ha ho le jwalo; mme le tla etsa jwang qetellong ya hona?”
6 Itshireletseng, Lona bara ba Benjamine, balehang Jerusalema; mme le letse lenaka Tekooa. Phahamisang pontsho ya mollo Bethe-hakereme; hobane tlokotsi e tadimile tlaase e tswa leboya, esita le ho wa ho hoholo. 2 Ruri moradi wa Sione o tshwana le mosadi ya kgahlehang ya hodisitsweng ka ho bokotswa. 3 Badisa le mehlape ya bona ba tlile ho yena. Ba hlomme ditente tsa bona kgahlanong le yena ho potapota ka hohle. E mong le e mong o fudisitse karolo ya hae. 4 “Ba halaleditse ntwa kgahlanong le yena: “Tsohang, mme re nyoloheng hara motshehare!”“Ho madimabe rona, etswe letsatsi le sekame, etswe meriti ya mantsiboya e ntse e ikatolosa!” 5 “Tsohang, re nyoloheng bosiu mme re senye ditora tsa yona tsa bolulo.”
20-26 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 8-11
“Batho ba ka Atleha ha Feela ba Tataiswa ke Jehova”
(Jeremia 10:2-5) Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ho hang le se ke la ithuta ditsela tsa ditjhaba, mme le se ke la tshoswa ke dipontsho tsa mahodimo, hobane ditjhaba di tshoswa ke tsona. 3 Etswe ditlwaelo tsa ditjhaba ke pudulo feela, hobane ke sefate feela ka hara moru seo motho a se remileng, mosebetsi wa setsebi sa mesebetsi ya matsoho o entsweng ka thipa e nang le ntlha e hakang. 4 Motho o etsa hore se be setle ka silevera le ka kgauta. Ba di kgokgothela ka dipekere le ka dihamore, e le hore ho se ke ha eba leha se le seng se sisinyehang. 5 Di jwaloka setshosa sa tshimo ya dikomkomere, mme ha di tsebe ho bua. Ruri dia kakaswa, etswe ha di kgone ho tlosa leoto. Le se ke la di tshaba, etswe di ke ke tsa etsa letho le bakang tlokotsi mme, ho feta moo, ha di kgone ho etsa letho le molemo.”
(Jeremia 10:14, 15) Motho e mong le e mong o itshwere ka mokgwa o sa nahaneng e le hore a se ke a tseba. Ka sebele e mong le e mong ya sebetsang ka tshepe o tla ikutlwa a hlabilwe ke dihlong ka lebaka la setshwantsho se betlilweng; etswe setshwantsho sa hae se entsweng ka ho qhibidihiswa ke leshano, mme ha ho na moya ho tsona. 15 Ke lefeela, sesomo. Di tla timela nakong ya ha di elwa hloko.
it-1 555
Komkomere
Dipilara, dipalo, le dintho tse ding di ne di behwa tshimong e lenngweng e le hore di ka balehisa le ho tshosa diphoofolo. Dintho tseo tse sa pheleng di ne di kgona ho ba “setshosa sa tshimo ya dikomkomere” kahoo moprofeta Jeremia o ile a re ditshwantsho tseo ba neng ba iketseditse tsona di tlaba feela jwaloka dintho tseo tse sa pheleng.—Jer 10:5.
(Jeremia 10:6, 7) Ha ho ya tshwanang le Wena ka tsela leha e le efe, Jehova. O moholo, mme lebitso la hao le leholo ka matla. 7 Ke mang ya sa lokelang ho o tshaba, Wena Morena wa ditjhaba, etswe hoo ho o loketse; hobane hara bohle ba bohlale ba ditjhaba le hara borena bohle ba bona ha ho ya tshwanang le wena ka tsela leha e le efe.
(Jeremia 10:10-13) Empa kannete Jehova ke Modimo. Ke Modimo ya phelang le Morena ho isa nakong e sa lekanyetswang. Lefatshe le tla reketla ka lebaka la kgalefo ya hae, mme ha ho na ditjhaba tse tla tiisetsa tlasa nyatso ya hae. 11 Sena ke seo le tla di bolella sona: “Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe ke yona e tla timela lefatsheng le ka tlasa mahodimo ana.” 12 Ke Moetsi wa lefatshe ka matla a hae, Ya tiisang ka thata ka bohlale ba hae naha e behang, le Eo ka kutlwisiso ya hae a otlolotseng mahodimo. 13 Ha a bua o fana ka metsi a entseng modumo mahodimong, mme o nyolla mouwane pheletsong ya lefatshe. O entse le mekwallo ya metsi bakeng sa pula, mme o hlahisa moya matlong a hae a polokelo.
w04 10/1 11 ¶10
Ke Bomang ba Tlotlisang Modimo Kajeno?
10 Ebang o sheba mahodimo hodimo kapa o boha popo e mona lefatsheng, o kgona ho bona bopaki ba hore Mmopi o teng. (Jeremia 10:12) Re lokela ho dumellana le dipobuwa tsa lehodimo tse reng: “Jehova, Modimo wa rona, wa tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle, mme ka lebaka la thato ya hao di ile tsa e ba teng mme tsa boptjwa.” (Tšenolo 4:11) Borasaense ba bangata ba sitwa ho bona bopaki ka ‘mahlo a bona a dipelo’ le hoja ba ka tsota dintho tse ding tse bopilweng tseo ba di bonang ka mahlo a bona a nama. (Baefese 1:18) Ka mohlala: Ho rata tlhaho empa o hana boteng ba Sebopi se Seholo, ke ho sa utlwahaleng jwalokaha o ka rata setshwantsho se setle empa o hana hore ho na le motho ya se entseng hore ebe setshwantsho se setle. Ha ho makatse hore batho ba hanang hore Modimo o teng ba bitswa ba se nang “mabaka”!
(Jeremia 10:21-23) Etswe badisa ba itshwere ka mokgwa o sa nahaneng, mme ha baa batla Jehova. Ke ka lebaka leo ba sa etsang ka temohisiso, mme diphoofolo tsohle tsa bona tse fulang lekgulong di hasane.” 22 Mamelang! Tlaleho! Bonang! e tlile, le ho tila ho hoholo ho tlile ho tswa naheng ya leboya, e le hore metse ya Juda e etswe lesupi, selao sa diphokojwe. 23 Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ya motho wa lefatshe ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ya tsamayang hore a tsamaise mehato ya hae.
w15 9/1 15 ¶1
Na ha o sa Tshepa Modimo?
Maemo a sa jeseng ditheohelang a leng teng matsatsing ana lefatsheng, a bontsha hantle hore puso ya motho e ya hloleha. Mebuso ya lefatshe lena e hlolehile ho etsa hore batho ba phele ka kgotso, ba sireletsehile ba bile ba thabile hobane e sentse lefatshe. Bibele e ile ya hla ya bolela e sale pele ya re: “ha ho matleng a motho ya tsamayang hore a tsamaise mehato ya hae.” (Jeremia 10:23) Ke Modimo feela ya ka etsang hore batho ba phele ka kgotso, ba thabile ba bile ba kgotsofalletse bophelo, hobane ke sona seo a se batlang.—Esaia 45:18.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 9:24) “Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka lebaka la sena, ho ba le temohisiso le ho ntseba, hore ke nna Jehova, Ya bontshang mosa o lerato, toka le ho loka lefatsheng; etswe ke kgahliswa ke dintho tsena,” ho bolela Jehova.
w13 1/15 20 ¶16
Lwanela ho Dula o Ena le Kamano e Haufi le Jehova
16 Ho ikgantsha ka dintho tse ntle ho loketse. Ka mohlala, re lokela ho dula re le motlotlo ka hore re Dipaki Tsa Jehova. (Jer. 9:24) Ha re le motlotlo ka seo re leng sona, seo se tla re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng le hore re latele melao ya Modimo e phahameng. Empa ho nka hore maikutlo kapa maemo a rona a phahametse a batho ba bang, ho ka re suthisetsa hole le Jehova.—Pes. 138:6; Bar. 12:3.
(Jeremia 11:10) Ba kgutletse diphosong tsa baholoholo ba bona, ba pele, ba hanneng ho mamela mantswe a ka, empa ba latela medimo e meng hore ba e sebeletse. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba tlotse selekane sa ka seo ke se hlabileng le baholoholo ba bona.
w07 3/15 9 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia
3:11-22; 11:10-12, 17—Ke hobaneng ha Jeremia a ile a kopanyelletsa mmuso o ka leboya wa meloko e leshome diphatlalatsong tsa hae, le hoja Samaria e ne e fedisitswe ka selemo sa 740 pele ho mehla ya Jesu.? Lebaka ke hobane ha Jerusalema e fediswa ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu, eo e ne e le pontsho ya hore Jehova o ahlola setjhaba sohle sa Iseraele e seng Juda feela. (Ezekiele 9:9, 10) Ho feta moo, ka mora hore mmuso wa meloko e leshome o fediswe, tshepo ya hore o sa tla tsosoloswa e ile ya tswela pele e le Jerusalema, kaha melaetsa ya baprofeta ba Modimo e ile ya tswela pele e ntse e akarelletsa Baiseraele.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 11:6-16) Jehova a tswela pele ho re ho nna: “Bolela mantswe ana ohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re, ‘Utlwang, mantswe a selekane sena, mme le a phethe. 7 Etswe ke eleditse baholoholo ba lona ka tiyo letsatsing la ha ke ba ntsha naheng ya Egepeta ho fihlela letsatsing lena, ke tsoha hoseng ke eletsa, ke re: “Mamelang lentswe la ka.” 8 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe, empa ba nna ba tsamaya e mong le e mong ka manganga a dipelo tsa bona tse mpe; kahoo ka tlisa hodima bona mantswe ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe, empa ha baa ka ba a phetha.’ ” 9 Ho feta moo, Jehova a re ho nna: “Ho fumanwe morero wa bolotsana hara batho ba Juda le hara baahi ba Jerusalema. 10 Ba kgutletse diphosong tsa baholoholo ba bona, ba pele, ba hanneng ho mamela mantswe a ka, empa ba latela medimo e meng hore ba e sebeletse. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba tlotse selekane sa ka seo ke se hlabileng le baholoholo ba bona. 11 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke ba tlisetsa tlokotsi eo ba ke keng ba kgona ho tswa ho yona; mme ka sebele ba tla hweletsa ho nna ho kopa thuso, empa nke ke ka ba mamela. 12 Metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla lokela ho ya mme ba hweletse ho kopa thuso ho medimo eo ba e etsetsang mosi wa sehlabelo, empa eo ka sebele e ke keng ya ba tlisetsa poloko nakong ya tlokotsi ya bona. 13 Etswe medimo ya lona e mengata jwaloka metse ya lona, Juda; mme le behile dialetare tse ngata jwaloka diterata tsa Jerusalema bakeng sa ntho e hlabisang dihlong, dialetare tsa ho etsetsa Baale mosi wa sehlabelo.’ 14 “Ha e le wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, mme o se ke wa se etsetsa mohoo wa kopo e tiileng kapa thapelo, etswe ke tla be ke sa mamela nakong ya ha se hweletsa ho nna mabapi le tlokotsi ya sona. 15 “Moratuwa wa ka o na le taba efe ka tlung ya ka, hore ba bangata ba bona ba etse ntho ee, morero wa bolotsana? Na ba tla etsa hore nama e halalelang e fetiswe hodima hao, ha tlokotsi ya hao e tla? Na o tla thaba ka nako eo? 16 Jehova o o rehile lebitso la ‘sefate sa mohlwaare se behang haholo, se nang le ditholwana tse ntle le sebopeho se setle.’ O hoteditse mollo o tjhesang kgahlanong le yena ka modumo wa ho puruma ho hoholo, mme ba robile makala a sona.
27 MARCH–2 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 12-16
“Baisraele ba ile ba Lebala Jehova”
(Jeremia 13:1-5) Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Tsamaya, mme o iphumanele lebanta la line mme o le tlame lethekeng, empa o se ke wa le kenya metsing.” 2 Kahoo ka fumana lebanta tumellanong le lentswe la Jehova yaba ke le tlama lethekeng. 3 Lentswe la Jehova la hlaha ho nna ka lekgetlo la bobedi, la re: 4 “Nka lebanta leo o le fumaneng, le lethekeng la hao, mme o tlohe, o ye Eufrate, mme o le pate lefarung la lefika.” 5 Kahoo ka ya mme ka le pata Eufrate, feela jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.
jr 51 ¶17
Itebele Kgahlanong le Pelo e Bolotsana
17 Kabelo ya Jeremia e ne e akarelletsa ho mamela tataiso ya Modimo. Ha ebe o ne o le Jeremia, na o ka be o amohetse kabelo e jwalo? Ka nako enngwe, Jehova o ile a re Jeremia a ilo lata lebanta la line mme a itlame ka lona. Kamora moo, Modimo o ile a re a ye Eufrate. Ha o sheba mmapa, o tla hlokomela hore seo se ne se bolela hore o ne a tla lokela ho tsamaya dikhilomithara tse ka bang 500. O ne a lokela hore ha a fihla moo, a pate lebanta leo lepetsong la lefika ebe o kgutlela Jerusalema. Hamorao Modimo o ile a re a ilo le lata hape. (Bala Jeremia 13:1-9.) Ha re akaretsa maeto a Jeremia e tlameha ebe o tsamaile dikhilomithara tse ka bang 2 000. Batho ba hanyetsang Bibele ha ba dumele hore Jeremia o qetile dikgwedi a ntse a tsamaya. (Esdr 7:9) Ho ntse ho le jwalo, ke seo Modimo a se buileng ebile ke seo Jeremia a se entseng.
(Jeremia 13:6, 7) Empa yare bofelong ba matsatsi a mangata Jehova a re ho nna: “Tloha, o ye Eufrate mme o nke lebanta leo ke o laetseng hore o le pate teng.” 7 Tumellanong le hoo ka ya Eufrate mme ka tjheka mme ka nka lebanta sebakeng seo ke neng ke le patile ho sona, mme, bonang! lebanta le ne le senyehile; le ne le sa lokela letho.
jr 52 ¶18
Itebele Kgahlanong le Pelo e Bolotsana
18 Ako iketsetse setshwantsho ka kelellong, o bone ha moprofeta a tsamaya leeto le le telele a nyolosa dithabeng tsa Juda, a feta lehwatateng a ya a lebile Eufrate. Hore feela a ilo pata lebanta la line le paala! E tlameha ebe baahisane ba hae ba ile ba makala ha ba bona Jeremia a le siyo ka nako e telele hakana. Ha a kgutla, o tlile a itshwere matsoho. Yaba Modimo o re a kgutle hape a ilo lata lebanta leo, le neng le se le bodile “le sa lokela letho.” O se o ka inahanela hore na ho ne ho ka ba bonolo hakae hore motho a re: ‘Hae! Jwale ho lekane. Ha hona thuso.’ Empa kaha Jeremia e ne e le letsopa le bonolo, ha a ka a ikutlwa ka tsela eo. Ho ena le hore a ingamangame, o ile a etsa seo a neng a se laetswe!
(Jeremia 13:8-11) Jwale lentswe la Jehova la hlaha ho nna, la re: 9 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka tsela e tshwanang ke tla senya boikakaso ba Juda le boikakaso bo bongata ba Jerusalema. 10 Setjhaba sena se sebe se hanang ho mamela mantswe a ka, se tsamayang ka manganga a dipelo tsa sona le se ntseng se latela medimo e meng e le hore se e sebeletse le ho e inamela, le sona se tla ba feela jwaloka lebanta lena le sa lokelang letho.’ 11 ‘Etswe feela jwalokaha lebanta le kgomarela letheka la motho, kahoo ke entse hore bohle ba ntlo ya Iseraele le bohle ba ntlo ya Juda ba nkgomarele,’ ho bolela Jehova, ‘e le hore ba fetohe ho nna setjhaba le lebitso le thoriso le ho hong ho hotle; empa ha baa ka ba mamela.’
jr 52 ¶19-20
Itebele Kgahlanong le Pelo e Bolotsana
19 Ke feela kamora leeto la Jeremia la bobedi Jehova a ileng a mo hlalosetsa dintlha kaofela. Seo Jeremia a neng a se entse, e ne e le mohlala oo a neng a ka o sebedisa ha a phatlalatsa molaetsa o matla: “Setjhaba sena se sebe se hanang ho mamela mantswe a ka, se tsamayang ka manganga a dipelo tsa sona le se ntseng se latela medimo e meng e le hore se e sebeletse le ho e inamela, le sona se tla ba feela jwaloka lebanta lena le sa lokelang letho.” (Jer. 13:10) Ke tsela e hlollang hakaakang eo Jehova a ileng a ruta setjhaba sa hae ka yona! Le hoja kabelo eo Jeremia a neng a e fuwe e ne e bonahala eka ha e utlwahale, e ile ya phetha morero wa Jehova wa ho batla ho finyella dipelo tsa Baiseraele.—Jer. 13:11.
20 Ha ho hlokahale hore Bakreste kajeno ba tsamaye maeto a malelele hore feela ba ithute se itseng. Ebe na ho a etsahala boemong ba hao, hore ha baahisane le metswalle ya hao ba o bona o tjhesehela Borapedi ba hao ebe ba o tsheha esita le ho o kobisa? E ka nna yaba ba mona ka tsela e ntle eo o aparang ka yona, hore na o ikemiseditseng bophelong kapa hore na pono ya hao ke efe ka jwala. Na o tla ikemisetsa jwaloka Jeremia ho ema o tiile tumelong? Ha o ikgethela ho dumella pelo ya hao hore e bupuwe ke Modimo, seo se tla o thusa hore o rute batho Bibele. Maemong ohle, ha o mamela ha Jehova a o tataisa ka Bibele le ha o mamela lekgoba le tshepahalang o tla fumana molemo. O ka tshwana le Jeremia ka hore o se ke wa dumela ho tataiswa ke pelo e bolotsana. Ka hona, ikemisetse ho dumela ho bopuwa ke Modimo, mo dumelle hore a o etse sejana se hlomphehang seo a ka ratang ho se sebedisa ka ho sa feleng.
it-1 1121 ¶2
Letheka
Jehova o ile a bua ka Baisraele le Bajuda ba le jwaloka lebanta lethekeng la hae. Ha a hlalosa kamoo a neng a ba huletse haufi le yena kateng, o ile a ikotla sefuba ka bona, a ba nka ele ho hong ho hotle. (Jer 13:11) Jesu Kreste ka tsela ya boprofeta o tshwantshwa a busa ka ho loka jwaloka lebanta lethekeng la hae mme a tshepahala jwaloka lebanta leo. Sena ke nnete hobane matla ohle a sebetsang a Jesu Kreste a tsamaisana hantle le ho loka le ho tshepahala ho sa fetoheng. Jwalokaha re tseba hore lebanta le tshehetsa motho ka tsela e itseng, boikutlo ba ho loka, bo matlafatsa Jesu hore ebe Moahlodi ya kgethilweng wa Jehova.—Esa 11:1, 5.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 12:1, 2) Jehova, o lokile, ha ke ipelaetsa ho wena, ha ke bua le wena le ka ditaba tsa kahlolo. Ke hobaneng ha tsela ya ba kgopo e atlehile, ha bohle ba etsang bolotsana ba sa tshwenyehe? 2 O ba hlomme; hape ba metse ka metso. Ba ntse ba tswela pele; ba boetse ba hlahisitse ditholwana. O haufi molomong wa bona, empa o hole le diphio tsa bona.
(Jeremia 12:14) Sena ke seo Jehova a se boletseng kgahlanong le baahisani bohle ba ka ba babe, ba amang lefa la ka leo ke entseng hore setjhaba sa ka, sa Iseraele, se le rue: “Bonang! ke ba fothola naheng ya bona; mme ke tla fothola ba ntlo ya Juda hara bona.
jr 118 ¶11
Na Letsatsi le Letsatsi o a Botsa, “Jehova o Hokae?”
11 Jeremia o ile tshwenyeha ha a bona batho ba kgopo ba atleha. (Bala Jeremia 12:1, 3.) Le hoja e ne e se mokgwa wa hae hore a botse Jehova dipotso di hana ho fela mabapi le ho loka ha hae, moprofeta enwa o ile a ikopela karabo ‘pelaelong’ ya hae. Taba ya hore ebe o ile a bua ka bolokolohi jwalo e bontsha ka ho hlaka hore o ne a ena le kamano e matla le Modimo, e batlang e tshwana le eo ngwana a bang le yona le ntate wa hae eo a mo ratang. Ke feela hore Jeremia o ne a sa utlwisise hore na hobaneng ha Bajuda ba kgopo jwalo, ba ne ba kgotsofalletse bophelo hakana. Na Jeremia o ile a fumana karabo e mo kgotsofatsang? Jehova o ne a tla tloha a fothola batho bao ba kgopo mme ke sona seo a ileng a kgodisa Jeremia ka sona. (Jer. 12:14) Ha Jeremia a bona hore na ditaba tseo a neng a di rapeletse ho Modimo di ne di tsamaya jwang, e tlameha ebe tshepo ya hae ya hore Modimo o na le toka e ile ya tiya. Ka lebaka leo, e tlameha ebe Jeremia o ile a dula a rapela Modimo le ho feta, a tshollela pelo ya hae ho Ntate wa hae.
(Jeremia 15:17) Ha kea dula le sehlopha sa metswalle e haufiufi sa ba etsang meswaso yaba ke qala ho thaba. Ke dutse ke le mong ka lebaka la letsoho la hao, etswe o ntlatsitse ka nyatso.
w04 5/1 12 ¶16
Eba Sebete Jwaloka Jeremia
A re Itebeleng Hore na re Tlwaelana le Bomang
16 Jeremia o tlaleha taba enngwe hape e ileng ya etsa hore a be sebete. O ile a re: “Ha kea dula le sehlopha sa metswalle e haufiufi sa ba etsang meswaso yaba ke qala ho thaba. Ke dutse ke le mong ka lebaka la letsoho la hao, etswe o ntlatsitse ka nyatso.” (Jeremia 15:17) Jeremia o ne a ka mpa a ikgethela ho dula a le mong ho ena le ho ba hara batho ba babe. Le rona kajeno re etsa se tshwanang. Le ka mohla ha re batle ho lebala mantswe a moapostola Pauluse a lemosang, a reng :“Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle,” esita le yona mekgwa e metle eo e leng kgale re ena le yona ka dilemo tse ngata.—1 Bakorinthe 15:33.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 13:15-27) “Utlwang, mme le mamele. Le se ke la ikgohomosa, etswe Jehova o boletse. 16 Rorisang Jehova Molimo wa lona, pele a etsa hore ho be lefifi le pele maoto a lona a kgoptjwa dithabeng ka shwalane. Ka sebele le tla lebella lesedi, mme o tla le etsa moriti o lefifi; o tla le fetola botsho bo boholo. 17 Haeba le sa utlwe, moya wa ka o tla lla dibakeng tse patehileng ka lebaka la boikakaso mme ruri o tla ntsha meokgo; mme leihlo la ka le tla rotha meokgo, kahobane mohlape wa Jehova o tla be o isitswe kgolehong. 18 “Ere ho morena le ho mofumahadi, ‘Dulang sebakeng se tlaase, etswe ka sebele moqhaka wa lona wa botle o tla theoha dihloohong tsa lona.’ 19 Metse ya borwa e kwetswe, hoo ho seng ya e bulang. Juda kaofela ha yona e isitswe kgolehong. E isitswe kgolehong ka ho feletseng. 20 “Phahamisa mahlo mme o bone ba tswang leboya. O kae mohlape oo motho a o fileng ona, mohlape wa hao o motle? 21 O tla reng ha motho a lebisa tlhokomelo ho wena, ha o ba rutile jwaloka metswalle e tshepelwang makunutu haufi le wena ho tloha qalong? Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko ba pelehi, bo tshwanang le ba mosadi ya belehang? 22 Ha o tla be o re ka pelong, ‘Ke hobaneng ha ke hlahetswe ke dintho tsee?’ ka lebaka la bongata ba diphoso tsa hao seaparo sa hao se tlositswe hore se se ke sa o kwahela; direthe tsa hao di tshwerwe ka mabifi. 23 “Na Mokushe a ka fetola letlalo la hae? kapa lengau la fetola maroboko a lona? Le lona le ne le tla kgona ho etsa se molemo, lona batho ba rutilweng ho etsa bobe. 24 Kahoo ke tla ba hasanya jwaloka mmoko o fefolwang ke moya o tswang lefeelleng. 25 Ena ke karolo ya hao, kabelo ya hao e lekantsweng e tswang ho nna,” ho bolela Jehova, “hobane o ntebetse mme o ntse o tshepa leshano. 26 Ke tla boela ke etse hore seaparo sa hao se o kwahele sefahleho, mme ka sebele ho se hlomphehe ha hao ho tla bonwa, 27 diketso tsa hao tsa ho feba le dillo tsa hao, boitshwaro ba hao bo hlephileng ba botekatse. Ke bone dintho tsa hao tse nyonyehang hodima maralla, naheng. O madimabe, Wena Jerusalema! O ke ke wa hlweka ka mora nako e telele hakae?”