LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr17 June maq. 1-8
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Dihloohwana
  • 5-11 JUNE
  • “Lintho Tseo Jehova a li Boletseng Lia Phethahala”
  • 12-18 JUNE
  • “Mamello e re Thusa ho Rarolla Mathata”
  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
  • 19-25 JUNE
  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
  • 26 JUNE–2 JULY
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
mwbr17 June maq. 1-8

Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

5-11 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 51-52

“Lintho Tseo Jehova a li Boletseng Lia Phethahala”

(Jeremia 51:11) “Leotsang marumo. Tlatsang lithebe tse chitja. Jehova o tsositse moea oa marena a Bamede, hobane khopolo ea hae e khahlanong le Babylona, e le hore a e felise. Etsoe ke phetetso ea Jehova, phetetso bakeng sa tempele ea hae.

(Jeremia 51:28) Halaletsang lichaba khahlanong le eona, marena a Media, babusisi ba eona le batlatsi ba eona bohle ba babusisi le naha eohle e pusong ea e mong le e mong.

it-2-E 360 ¶2-3

Bamede le Media

Ba hlasela Babylona. Ka selemo sa bo800 pele Jesu a tla lefatšeng Esaia o ne a se a profetile hore Jehova o tla sebelisa “Bamede khahlanong le bona (Babylona), ba nkang silevera e se letho le ba sa khahloeng ke khauta. Liqha tsa bona li tla robakanya bahlankana.” (Esa. 13:17-19; 21:2) Tlaleho ena ha e bua ka “Bamede” e akaretsa le Bapersia kaha le Bagerike ba ka nako eo ba ne ba sebelisa lentsoe lena ha ba bua ka Bamede le Bapersia. Taba ea hore ba ne ba sa tsotelle silevera le khauta ea Bababylona e ne e bontša hore sepheo sa bona e ne e le ho hapa motse oo e eseng feela ho hapa thepa ea oona. Bamede le Bapersia ba ne ba sebelisa liqha haholo ha ba loana. Ba ne ba li etsa ka patsi, ka linako tse ling ba li etsetsa metsu ea koporo kapa ea boronse, ba ne ba tloaetse ho li leotsa (Bapisa le Pes 18:34), kahoo, ho ka etsahala hore ebe ‘li ne li robakanya bahlankana’.—Jer 51:11.

Mehleng ea Jeremia ho ne ho tloaelehile hore ho be le morena e moholo le marena a mang tlas’a hae. Bopaki ba sena re bo bona ha Jeremia (51:11, 28) a bua ka marena a hlaselang Babylona hobane o re “marena ’ohle a Bamede”. (Bapisa le Jer 25:25.) Kahoo Babylona e ile ea hloloa ke lebotho le leholo le entsoeng ka masole a Elame, a Bamede, a Bapersia, le a lichaba tse neng li le haufi le tseo. Marena ana a ne a etelloa pele ke Momede ea bitsoang Dariuse ea neng “a entsoe morena oa ’muso oa Bakalde,” ke Morena Cyruse oa Persia.—Dan 5:31; 9:1; bona le DARIUSE No. 1.

(Jeremia 51:30) “Banna ba matla ba Babylona ba khaolitse ho loana. Ba ntse ba lutse liqhobosheaneng. Matla a bona a felile. Ba fetohile basali. Libaka tsa eona tsa bolulo li chesitsoe. Mekoallo ea eona e robehile.

it-2-Eit-2 459 ¶4

Nabonidase

Tlaleho ea Likronike ha e bua ka ho oa ha Babylona e re lebotho la Cyruse le ile la kena ho eona le sa loana. Sena se bolela hore ha hoaba le khohlano e leng se tiisang boprofeta ba Jeremia bo reng: “Banna ba matla ba Babylona ba khaolitse ho loana.”—Jer 51:30.

(Jeremia 51:37) Babylona e tla fetoha liqubu tsa majoe, selao sa liphokojoe, ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi, e se nang moahi.

(Jeremia 51:62) U tla re, ‘Jehova, u buile khahlanong le sebaka sena, e le hore ho se ke ha e-ba le moahi ho sona, motho kapa phoofolo e ruuoang, empa hore e be lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’

it-1-E 237 ¶1

Babylona

Botumo ba Babylona bo ile ba fela ho tloha ka sona selemo seo sa 539. E ile ea leka ka makhetlo a mabeli ho itšireletsa khahlanong le moemphera oa Persia ea bitsoang Dariuse oa pele (Hystaspis), empa ka lekhetlo la bobeli e ile ea lihuoa. E ile ea boela ea leka hape ho lona le Xerxese oa pele empa ea ’na ea hloloa. Alexandere e Moholo o ne a rerile ho etsa Babylona motse-moholo empa o ile a hlokahala ka selemo sa 323 pele a phetha morero ona oa hae. Nicator o ile a hapa motse ona ka selemo sa 312 eaba o nka le thepa ea oona o e isa Tigris e le hore a hahe motse-moholo oa eona sebakeng se bitsoang Seleucia. Leha ho le joalo ho ne ho ntse ho e-na le Bajuda ba lulang motseng oo, ke ka lebaka leo moapostola Petrose a neng a ntse a e-ea moo. (1Pe 5:13) Hona le bopaki ba hore tempele ea Bele e neng e le Babylona e ne entse e e le teng le ka selemo sa 75 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng. Ka selemo sa bo400 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng, motse oo e ne e se e le lesupi. E ne e se e le “liqubu tsa majoe” feela.—Jer 51:37.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Jeremia 51:25) “Bona! ke khahlanong le uena, thaba e senyang,” ho bolela Jehova, “uena mosenyi oa lefatše lohle; ke tla otlolla letsoho khahlanong le uena ’me ke u phikolose mafikeng ke u etse thaba e chesitsoeng.”

it-2-E 444 ¶9

Thaba

Li tšoantšetsa mebuso. Bibele e tšoantša mebuso le lithaba. (Dan. 2:35, 44, 45; bapisa le Esa. 41:15; Tšen. 17:9-11, 18.) Babylona e ne e e-na le lebotho le matla hoo e ileng ea timetsa linaha tse ngata. E ne e bile e bitsoa “thaba e senyang.” (Jer 51:24, 25) Ha mopesaleme a bua ka lintho tseo Jehova a ileng a li etsa ho banna ba ntoa o itse ba “koahetsoe ke khanya, e hlomphehang ho feta lithaba tsa liphofu.” (Pes 76:4) “Lithaba tsa liphofu” li ka tšoantšetsa marena a matla. (Bapisa le Nah. 2:11-13.) Davida o ile a re ka Jehova: “U entse hore thaba ea ka e eme ka matla,” sena se ne se bolela hore Jehova o phahamisitse ’muso oa Davida a ba a o tiisa. (Pes 30:7; bapisa le 2 Sam 5:12.) Hore ebe mebuso e tšoantšoa le lithaba ho re thusa ho utloisisa mantsoe a Tšenolo 8:8 ha a bua ka “hong ho joaloka thaba e khōlō e tukang mollo.” E tlameha ebe ke ’muso o timetsang kaha e hlalosoa e le thaba e tukang mollo.

(Jeremia 51:42) Leoatle le nyolohetse Babylona. E koahetsoe ke maqhubu a lona a mangata.

it-2-E 882 ¶3

Leoatle

Masole a joaloka leoatle. Jeremia o ile a re molumo oa batho ba hlaselang Babylona “o tšoana le leoatle le loebehlanang.” (Jer. 50:42) Ka lebaka lena ha ne a re “leoatle” le koahetse Babylona o ne a bua ka ha mabotho a Bamede le Bapersia a e hlasela.—Jer 51:42; bapisa le Dan. 9:26.

’Malo oa Bibele

(Jeremia 51:1-11) Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke tsosa moea o senyang khahlanong le Babylona le khahlanong le baahi ba Leb-kamai; 2 ke tla romela Babylona baolōsi bao ka sebele ba tla e olōsa ’me ba etse naha ea eona lefeela; etsoe ba tla e futuhela ka mahlakoreng ’ohle letsatsing la tlokotsi. 3 “Ea hatakelang seqha a se ke a hatakela. Ho se ke ha e-ba le ea emang a apere seaparo sa hae se makhakhapha a tšepe.“Le se ke la bontša qenehelo leha e le efe ho bahlankana ba eona. Nehelang lebotho lohle la eona timetso. 4 Ba tla oa ba bolailoe naheng ea Bakalde ’me ba hlabiloe literateng tsa eona. 5 “Etsoe Baiseraele le Bajuda ha baa arohanngoa le Molimo oa bona, le Jehova oa mabotho. Etsoe naha ea bao e tletse molato ponong ea Mohalaleli oa Iseraele. 6 “Balehang Babylona, ’me e mong le e mong a pholose moea oa hae. Le se ke la fetoha ba sa pheleng ka lebaka la phoso ea eona. Etsoe ke nako ea phetetso ea Jehova. Ho na le tšoaro eo a e buseletsang ho eona. 7 Babylona e ’nile ea e-ba senoelo sa khauta letsohong la Jehova, sa tahisa lefatše lohle. Lichaba li tahiloe ke veine ea eona. Ke ka lebaka leo lichaba li ntseng li etsa ka bohlanya. 8 Babylona e oele ka tšohanyetso, hoo e robehileng. E lleleng. Nkang balsame bakeng sa bohloko ba eona. Mohlomong e ka fola.” 9 “Re ka be re folisitse Babylona, empa ha ea fola. E tloheleng, ’me a re eeng e mong le e mong naheng ea habo. Etsoe kahlolo ea eona e fihlile maholimong, ’me e phahamiselitsoe maholimong a koahetsoeng ke maru. 10 Jehova o re tliselitse liketso tsa ho loka. Tloong ’me re phete mosebetsi oa Jehova Molimo oa rōna Sione.” 11 “Leotsang marumo. Tlatsang lithebe tse chitja. Jehova o tsositse moea oa marena a Bamede, hobane khopolo ea hae e khahlanong le Babylona, e le hore a e felise. Etsoe ke phetetso ea Jehova, phetetso bakeng sa tempele ea hae.

12-18 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LILLO TSA JEREMIA 1-5

“Mamello e re Thusa ho Rarolla Mathata”

(Lillo tsa Jeremia 3:20, 21) Ruri moea oa hao o tla hopola ’me o nkinamele. 21 Sena ke seo ke tla se khutlisetsa pelong ea ka. Ke ka lebaka leo ke tlang ho leta.

(Lillo tsa Jeremia 3:24) Moea oa ka o itse, “Jehova ke kabelo ea ka, ke ka lebaka leo ke tlang ho mo letela.”

w12 6/1 14 ¶3-4

‘Moea oa Hao o Tla . . . Nkinamela’

Le hoja batho ba ne ba utloile bohloko, Jeremia o ne a e-na le tšepo. O hoeletsa ho Jehova o re: “Ruri moea oa hao [Jehova ka boeena] o tla hopola ’me o nkinamele.” (Temana ea 20) Jeremia ha a na pelaelo. Oa tseba hore Jehova a ke ke a mo lebala—kapa a lebala ba bakileng har’a batho ba Hae. Joale, Molimo ea Matla ’Ohle o tla etsa’ng?—Tšenolo 15:3.

Jeremia o kholisehile hore Jehova o tla ‘inamela’ bathong ba bakang e le kannete. Mantsoe ana a re thusa hore re hlokomele hore Jehova o mosa. Ho joalokaha eka Jehova, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,” oa inama, o phahamisa barapeli ba hae o ba ntša boemong bo tlotlollang boo ba leng ho bona ’me o ba amohela hape. (Pesaleme ea 83:18) Le hoja Jeremia a utloile bohloko, tšepo ena ea mo tiisa ’me e etsa hore a tšelisehe e le kannete. Moprofeta enoa ea tšepahalang o ikemiselitse ho leta ka mamello ho fihlela ho fihla nako eo Jehova a e khethileng ea ho lopolla batho ba Hae ba bakileng.—Temana ea 21.

w11 9/15 8 ¶8

Jehova ke Kabelo ea Ka

8 Jehova e ne e tla ba kabelo ea moloko oa Balevi. Leha ho le joalo, rea hlokomela hore Balevi ka bomong ba ne ba sebelisa poleloana e reng, “Jehova ke kabelo ea ka” ho bontša boinehelo ba bona ho Molimo le hore ba mo tšepile. (Lillo 3:24) Molevi e mong ea joalo e ne e le sebini ebile e le moqapi oa ’mino. Re tla mo bitsa Asafe le hoja ho ka etsahala hore ebe e ne e le setho sa lelapa la Asafe, e leng Molevi ea neng a eteletse libini pele mehleng ea Morena Davida. (1 Likron. 6:31-43) Pesalemeng ea 73 re bala hore Asafe (kapa e mong oa litloholo tsa hae) o ile a tsieleha. O ile a honohela batho ba khopo ba neng ba ruile a ba a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.” Ho ka etsahala hore ebe o ile a lebala hore na tšebeletso ea hae e ne e le ea bohlokoa hakae; ’me o ile a lebala le hore Jehova e ne e le kabelo ea hae. O ne a khathatsehile moeeng “ho fihlela [a] kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo.”—Pes. 73:2, 3, 12, 13, 17.

(Lillo tsa Jeremia 3:26, 27) Ho molemo hore motho a lete, a bile a khutsitse, bakeng sa poloko ea Jehova. 27 Ho molemo hore monna ea shahlileng a jare joko bocheng ba hae.

w07 6/1 11 ¶4-5

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Lillo Tsa Jeremia

3:21-26, 28-33. Re ka mamella joang esita leha re tobane le mahlomola a fetisisang? Jeremia oa re bolella. Ha rea lokela ho lebala hore Jehova o tletse liketso tse ngata tsa mosa o lerato le hore mehauhelo ea hae e mengata. Hape re lokela ho hopola hore, hore ebe rea phela ke lebaka le utloahalang la hore re se ke ra lahla tšepo le hore re lokela ho se fele pelo le ho letela poloko ea Jehova ka mamello, re sa belaele. Ho feta moo, re lokela ho ‘beha melomo ea [rōna] lerōleng,’ ke hore, re ikokobetse ha re le litekong, re tseba hore Molimo o lumella hore lintho li etsahale ka lebaka le letle.

3:27. Ho tobana le liteko tsa tumelo bocheng ho ka ’na ha bolela hore motho o lokela ho mamella mathata le ho songoa. Empa “ho molemo hore monna ea shahlileng a jare joko bocheng ba hae.” Hobane’ng? Hobane ho ithuta ho jara joko ea mahlomola bocheng ho hlomella motho hore a khone ho sebetsana le mathata ha a se a hōlile.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Lillo tsa Jeremia 2:17) Jehova o entse seo a neng a se hopotse. O phethahalitse polelo ea hae, Seo a neng a se laetse ho tloha matsatsing a khale. O qhaqhile ’me ha aa bontša qenehelo. O etsa hore sera se thabe ka lebaka la hao. O phahamisitse lenaka la bahanyetsi ba hao.

w07 6/1 9 ¶4

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Lillo Tsa Jeremia

2:17—Ke “polelo” efe e khethehileng eo Jehova a ileng a e phethahatsa mabapi le Jerusalema? Kamoo ho bonahalang kateng, mona ho buuoa ka Levitike 26:17, e reng: “Ke tla le tjamela, ’me ka sebele le tla hlōloa ka pel’a lira tsa lōna; ba le hloileng ba tla le hatakela, ’me le tla baleha ho se ea le lelekisang.”

(Lillo tsa Jeremia 5:7) Baholo-holo ba rōna ke bona ba entseng sebe. Ha ba eo. Ha e le rōna, re ile ra lokela ho jara liphoso tsa bona.

w07 6/1 11 ¶1

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Lillo Tsa Jeremia

5:7—Na Jehova o jarisa batho molato ka lebaka la liphoso tsa baholo-holo ba bona? Che, Jehova ha a otle batho ka ho toba ka lebaka la libe tsa baholo-holo ba bona. Bibele e re: “E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.” (Baroma 14:12) Leha ho le joalo, liphello tsa liphoso li ka lula li le teng eaba li utluoa ke meloko e latelang. Ka mohlala, ho kopanela ha Baiseraele ba boholo-holo borapeling ba litšoantšo ho ile ha thatafaletsa meloko e latelang ea Baiseraele ho khomarela tsela ea ho loka.—Exoda 20:5.

’Malo oa Bibele

(Lillo tsa Jeremia 2:20–3:12) Bona, Jehova, ’me u talime eo u sebetsaneng le eena ka thata ka mokhoa ona. Na basali ba lokela ho tsoela pele ba ja litholoana tsa lipōpelo tsa bona, bana ba tsoetsoeng ba hōlile ka ho feletseng, Kapa na moprista le moprofeta ba lokela ho bolaoa ka sehalalelong sa Jehova? 21 Moshanyana le monna-moholo ba robetse mobung oa literata. Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba oele ka sabole. U bolaile ka letsatsi la bohale ba hao. U bolaile; ha ua ka ua bontša qenehelo. 22 Joaloka letsatsing la mokete u ile ua hoeletsa ka hohle libakeng tsa ka tseo ke lulang ho tsona ka bojaki. Letsatsing la khalefo ea Jehova ha hoa ka ha e-ba le ea balehang kapa ea phonyohang; Bao ke ba hlahisitseng ba feletse ’me ka ba hōlisa, sera sa ka se ba felisitse.

3 Ke ’na monna ea shahlileng ea boneng mahloreho ka lebaka la lere la khalefo ea hae. 2 O nketeletse pele ’me o ntsamaisa lefifing eseng leseling. 3 Ka sebele, o akha letsoho la hae ka ho pheta-pheta khahlanong le ’na letsatsi lohle. 4 O entse hore nama ea ka le letlalo la ka le senyehe. O robile masapo a ka. 5 O hahile khahlanong le ’na, e le hore a ka nteela hare ka semela se chefo le tsietsi. 6 O ntulisitse libakeng tse lefifi joaloka banna bao e leng khale ba shoele. 7 O nthibile joalokaha eka ke ka lerako la majoe, hore ke se ke ka tsamaea. O entse hore litlamo tsa ka tsa koporo li be boima. 8 Hape, ha ke hoeletsa ho kōpa thuso le ho hooa ho kōpa thuso, o sitisa thapelo ea ka. 9 O thibile litsela tsa ka ka lejoe le betliloeng. O sothile litsela tsa ka. 10 Ho ’na o joaloka bere e laletseng, joaloka tau libakeng tse patehileng. 11 O lobokantse litsela tsa ka, ’me o etsa hore ke lule ke sa etse letho. O nkentse ea lahliloeng. 12 O hataketse seqha sa hae, ’me o nkemisa joaloka ntho e korotsoeng ka motsu.

19-25 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EZEKIELE 1–5

“Ezekiele o ne a E-na le Maikutlo a Nepahetseng a ho Bolela Molaetsa oa Molimo”

(Ezekiele 2:9–3:2) Ka qala ho talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le letsoho le otlolletsoeng ho ’na, ’me, bonang! ho lona ho ne ho e-na le moqolo oa buka. 10 A o phutholla ka pel’a ka butle-butle, ’me o ne o ngotsoe ka pele le ka morao; ’me ho oona ho ne ho ngotsoe lipina tsa koli-ea-malla le sello le seboko.

3 A re ho ’na: “Mor’a motho, seo u se fumanang, u se je. Ja moqolo ona, ’me u tsamaee, u bue le ba ntlo ea Iseraele.” 2 Kahoo ka ahlamisa molomo, ’me butle-butle a etsa hore ke je moqolo ona.

w08 7/15 8 ¶6-7

Ho Hlōla Mathata a ho Bolela ka Ntlo le Ntlo

6 Buka ea Ezekiele e bontša se seng hape se ka re thusang hore re bue ka sebete. Ponong, Jehova o ile a fa Ezekiele moqolo oo ka mahlakoreng a oona a mabeli ho neng ho ngotsoe “lipina tsa koli-ea-malla le sello le seboko” eaba o mo bolella hore a o je, ka ho re: “Mor’a motho, u lokela ho etsa hore mpa ea hao e je, e le hore u ka tlatsa mala a hao ka moqolo ona oo ke u fang oona.” Pono ee e ne e bolela’ng? Ezekiele o ne a lokela ho amohela ka botlalo molaetsa oo a neng a lokela ho o bolela. Ka tsela ea tšoantšetso, o ne o lokela ho fetoha karolo ea hae, o mo ame maikutlo ka botebo. Moprofeta enoa o tsoela pele ho pheta se latelang: “Ka qala ho o ja, ’me molomong oa ka oa e-ba monate joaloka mahe a linotši.” Ho bolella batho molaetsa oa Molimo phatlalatsa ho ne ho thabisa—ho tšoana le mahe a linotši ho Ezekiele. O ile a utloa hore ke tlotla e khōlō ho emela Jehova le ho etsa mosebetsi ona oo a neng a o filoe ke Molimo, le hoja seo se ne se bolela ho fana ka molaetsa o matla ho batho ba sa mameleng.—Bala Ezekiele 2:8–3:4, 7-9.

7 Pono ena e na le thuto ea bohlokoa bakeng sa bahlanka ba Molimo kajeno. Le rōna re na le molaetsa o matla oo re lokelang ho o fa batho bao hangata ba sa ananeleng boiteko ba rōna. E le hore re tsoele pele ho nka mosebetsi oa boboleli oa Bokreste e le tlotla eo re e filoeng ke Molimo, re lokela ho iphepa hantle moeeng. Ha re kuba lintho ka holimo feela ha re ithuta ebile re sa ithute kamehla re ke ke ra fumana se lekaneng hore re amohele Lentsoe la Molimo ka botlalo. Na u ka ntlafatsa boleng ba tsela eo u balang Bibele ka eona le eo u ithutang Bibele ka eona kapa makhetlo ao u etsang see ka ’ona? Na u ka thuisa khafetsa haholoanyane ka seo u se balang?—Pes. 1:2, 3.

it-1-E 1214

Mala

Mala ke ona a silang lijo. Lentsoe lena le ne le tšoantšetsa lintho tseo motho a li nahanang le tse mo thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ezekiele o ile a laeloa hore a je moqolo hore a be a khore. O ne a lokela ho ba le kamano e ntle le Molimo kaha o ne a nahanisisa ka seo a ithutileng sona moqolong. Ka lebaka la kamano eo a neng a e-na le eona le Molimo o ne a e-na le sebete sa ho bolella batho ka lentsoe la hae.—Ezek. 3:1-6; bapisa le Tšen. 10:8-10.

(Ezekiele 3:3) A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, u lokela ho etsa hore mpa ea hao e je, e le hore u ka tlatsa mala a hao ka moqolo ona oo ke u fang oona.” Ka qala ho o ja, ’me molomong oa ka oa e-ba monate joaloka mahe a linotši.

w07 7/1 12 ¶3

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—I

2:9–3:3—Ke hobane’ng ha moqolo oa koli-ea-malla le sello o ne o latsoeha hamonate ho Ezekiele? Se neng se etsa hore moqolo o latsoehe hamonate ho Ezekiele ke boikutlo boo a neng a e-na le bona ka thomo ea hae. Ezekiele o ne a thabela ho sebeletsa Jehova e le moprofeta.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Ezekiele 1:20, 21) Kae kapa kae moo moea o sekamelang ho ea teng, li ne li e-ea teng, kaha moea o sekamela ho ea moo; ’me mabili a ne a phahamisoa haufi le tsona, kaha moea oa sebōpuoa se phelang o ne o le mabiling. 21 Ha li tsamaea, le ’ona a ne a tsamaea; ha li ema, le ’ona a ne a ema; ’me ha li ne li phahamisoa ho tloha fatše, mabili a ne a phahamisoa haufi le tsona, kaha moea oa sebōpuoa se phelang o ne o le mabiling.

(Ezekiele 1:26-28) Holim’a sepakapaka se neng se le holim’a lihlooho tsa tsona ho ne ho e-na le ho hong ho bonahalang joaloka lejoe la safire, sebōpeho sa terone. Holim’a sebōpeho sa terone ho ne ho e-na le sebōpeho sa e mong ea bonahalang joaloka motho oa lefatše holim’a eona, holimo. 27 Ka bona ho hong ho kang ho phatsima ha motsoako oa khauta le silevera, ho bonahalang joaloka mollo ka hohle ka hare, ho tloha ponahalong ea letheka la hae le ho ea holimo; ho tloha ponahalong ea letheka la hae le ho ea tlaase ka bona ho hong ho kang ponahalo ea mollo, ’me o ne a benya ka hohle. 28 Ho ne ho e-na le ho hong ho bonahalang joaloka seqha se hlahang lerung letsatsing la pula e tšolohang. Ke kamoo ho benya ho neng ho bonahala kateng ka hohle. E ne e le ponahalo ea sebōpeho sa khanya ea Jehova. Ha ke e bona, joale ka itihela fatše ka sefahleho, ’me ka qala ho utloa lentsoe la ea buang.

w07 7/1 11 ¶6

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—I

1:4-28—Koloi ea leholimo e tšoantšetsa eng? Koloi ena e tšoantšetsa karolo ea leholimong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova e entsoeng ka libōpuoa tsa moea tse tšepahalang. Li fuoa matla ke moea oa Jehova o halalelang. Mopalami oa koloi, ea tšoantšetsang Jehova, o khanya ka tsela e ke keng ea hlalosoa. Mookoli o tsotehang o bontša hore o na le khutso.

(Ezekiele 4:1-7) “Uena, mor’a motho, u inkele setene, u se behe ka pel’a hao ’me u betle motse holim’a sona, Jerusalema. 2 U o thibelle le ho haha lerako le o thibellang ’me u o qhobele ’mōtōmōtō le ho hloma liahelo khahlanong le oona le ho beha likofuto tsa ho heletsa lerako ho o pota-pota ka hohle. 3 Ha e le uena, u inkele pane ea tšepe, ’me u e behe e le lerako la tšepe pakeng tsa hao le motse, u lebise sefahleho sa hao khahlanong le oona, ’me o tla thibelloa, ’me u o lika-liketse. Ke pontšo ho ba ntlo ea Iseraele. 4 “Ha e le uena, u robale ka lehlakore le letšehali, ’me u behe phoso ea ba ntlo ea Iseraele ho lona. Ka palo ea matsatsi ao u tla robala ka lona u tla jara phoso ea bona. 5 Ke tla u fa lilemo tsa phoso ea bona tseo palo ea tsona e leng matsatsi a makholo a mararo le mashome a robong, ’me u jare phoso ea ba ntlo ea Iseraele. 6 U tla a phetha. “U tla robala ka lehlakore le letona ka lekhetlo la bobeli, ’me u jare phoso ea ntlo ea Juda ka matsatsi a mashome a mane. Ke u file letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo. 7 U tla lebisa sefahleho sa hao ho thibelloeng ha Jerusalema, letsoho la hao le hlobotse, ’me u profete khahlanong le eona.

w07 7/1 12 ¶4

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—I

4:1-17—Na Ezekiele o hlile a etsa se neng se tšoantšetsa ho thibelloa ha Jerusalema hoo e neng e le hona ho tla tla? Taba ea hore Ezekiele o ile a kōpa hore a mpe a sebelise libeso lisele bakeng sa ho apeha le taba ea hore Jehova o ile a amohela kōpo ea hae e bontša hore ehlile moprofeta o ile a etsa se neng se tšoantšetsa ketsahalo eo. O ne a tla robala ka lehlakore le letšehali ho tšoantšetsa lilemo tse 390 tsa phoso ea ’muso oa meloko e leshome—ho tloha qalong ea oona ka 997 B.C.E. ho fihlela ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. O ne a tla robala ka lehlakore le letona ho tšoantšetsa lilemo tse 40 tsa sebe sa Juda, ena e ne e le nako ea ho tloha ha Jeremia a khethoa ho ba moprofeta ka 647 B.C.E. ho fihlela ka 607 B.C.E. Ka matsatsi ana ’ohle a 430 Ezekiele o ne a phela ka lijo tse nyenyane le metsi a manyenyane haholo, ka tsela ea boprofeta sena se ne se bontša hore nakong eo Jerusalema e thibeletsoeng, ho tla ba le tlala e khōlō.

’Malo oa Bibele

(Ezekiele 1:1-14) Joale eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka khoeli ea bone, ka letsatsi la bohlano la khoeli, ha ke ntse ke le har’a batho ba isitsoeng kholehong nōkeng ea Kebare, maholimo a buleha ’me ka qala ho bona lipono tsa Molimo. 2 Ka letsatsi la bohlano la khoeli, ke hore, ka selemo sa bohlano sa ho isoa kholehong ha Morena Jojakine, 3 lentsoe la Jehova la hlaha ka ho khetheha ho Ezekiele mora oa moprista Buzi naheng ea Bakalde haufi le nōka ea Kebare, ’me letsoho la Jehova la e-ba holim’a hae sebakeng seo. 4 Ka qala ho talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le moea o matla oa sefefo o hlahang leboea, leru le leholo le mollo o tšoelimang, ’me le ne le benya ka hohle, bohareng ba oona ho ne ho e-na le ho hong ho shebahalang joaloka motsoako oa khauta le silevera, bohareng ba mollo. 5 Bohareng ba oona ho ne ho e-na le sebōpeho sa libōpuoa tse phelang tse ’nè, ’me li ne li shebahala tjena: li ne li tšoana le motho oa lefatše. 6 Se seng le se seng se ne se e-na le lifahleho tse ’nè, ’me se seng le se seng sa tsona se ne se e-na le mapheo a mane. 7 Maoto a tsona e ne e le maoto a otlolohileng, ’me bohato ba maoto a tsona bo ne bo tšoana le bohato ba leoto la namane; a ne a phatsima joaloka koporo e bentšitsoeng. 8 Ka tlas’a mapheo a tsona mahlakoreng a tsona a mane ho ne ho e-na le matsoho a motho, ’me ka bone ba tsona li ne li e-na le lifahleho le mapheo. 9 Mapheo a tsona a ne a kopane. Ha li ntse li tsamaea li ne li sa thinye; se seng le se seng se ne se leba pele ka ho toba. 10 Ha e le sebōpeho sa lifahleho tsa tsona, ka bone ba tsona li ne li e-na le sefahleho sa motho se nang le sefahleho sa tau ka lehlakoreng le letona, ’me ka bone ba tsona li ne li e-na le sefahleho sa poho ka lehlakoreng le letšehali; ka bone ba tsona li ne li boetse li e-na le sefahleho sa ntsu. 11 Ke tsela eo lifahleho tsa tsona li neng li le ka eona. Mapheo a tsona a ne a phukalletse holimo. Se seng le se seng se ne se e-na le a mabeli a thetsaneng, ’me a mabeli a ne a koahetse ’mele ea tsona. 12 Se seng le se seng se ne se leba pele ka ho toba. Kae kapa kae moo moea o neng o sekamela ho ea teng, li ne li e-ea teng. Ha li ntse li tsamaea li ne li sa thinye. 13 Ha e le sebōpeho sa libōpuoa tse phelang, ponahalo ea tsona e ne e tšoana le mashala a tukang a mollo. Ho hong ho bonahalang joaloka lirumula ho ne ho ea pele le morao pakeng tsa libōpuoa tse phelang, mollo o ne o khanya, ’me mollong ho ne ho tsoa lehalima. 14 Libōpuoa tse phelang li ne li tsamaea ’me li khutla joaloka ponahalo ea lehalima.

26 JUNE–2 JULY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EZEKIELE 6-10

“Na U Tla Tšoaeloa ho Pholoha?”

(Ezekiele 9:1, 2) A hoeletsa ka lentsoe le phahameng moo ke ntseng ke utloa, a re: “E-reng ba lebisang tlhokomelo ea bona motseng ba atamele, e mong le e mong a nkile sebetsa sa hae letsohong bakeng sa ho tlisa pheliso!” 2 Bonang! Ho ne ho e-na le banna ba tšeletseng ba tsoang ka nģ’a heke e ka holimo e shebileng ka leboea, e mong le e mong a nkile sebetsa sa ho thuhakanya letsohong; ’me ho ne ho e-na le monna e mong har’a bona ea apereng line, eo lethekeng la hae a nang le lenaka la enke la mongoli, eaba baa kena ’me ba ema thōko ho aletare ea koporo.

w16.06 31-32

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ponong ea Ezekiele, monna ea nang le lenaka la enke la mongoli le banna ba tšeletseng ba nkileng libetsa tsa ho thuhakanya ba tšoantšetsa eng?

▪ Ba tšoantšetsa makhotla a leholimo a ileng a sebetsa nakong eo ho neng ho timetsoa Jerusalema le a tla sebetsa ha ho timetsoa lefatše lena le khopo la Satane ka Armagedone. Mona ho ntlafatsoa tsela eo re neng re utloisisa pono ena ka eona. Hobane’ng?

Pele ho 607 B.C.E., Jehova o ile a bontša Ezekiele ka pono se tla etsahala Jerusalema pele e timetsoa. Ponong eo, Ezekiele o ile a bona ho etsahala lintho tse ngata tse mpe. A ntan’o bona banna ba tšeletseng, e mong le e mong oa bona “a nkile sebetsa sa ho thuhakanya letsohong.” Ho ne ho boetse ho e-na le monna ea “apereng line,” ea nkileng “lenaka la enke la mongoli.” (Ezekiele 8:6-12; 9:2, 3) Monna enoa o ile a laeloa hore a pholletse har’a motse ’me a ‘tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa motseng oo.’ Ka mora moo, banna ba tšeletseng ba nang le libetsa ba ile ba laeloa hore ba bolaee bohle ba se nang letšoao motseng oo. (Ezekiele 9:4-7) Re ithuta’ng ponong ee, hona monna ea nang le lenaka la enke la mongoli ke mang?

Ezekiele o ile a bona pono ena ka selemo sa 612 B.C.E. Boprofeta bona bo ile ba qala ho phethahala lilemo tse hlano hamorao, ha Jehova a lumella lebotho la Bababylona hore le timetse Jerusalema. Ka tsela ena, Jehova o ile a sebelisa Bababylona ho otla sechaba sa hae se sa mo mameleng. (Jeremia 25:9, 15-18) Empa ho ile ha etsahala’ng ka Bajuda ba lokileng, ba neng ba sa thabele bobe bo etsoang motseng oo? Jehova o ile a ba pholosa.

Ponong eo, Ezekiele ha aa ka a tšoaea motho leha e le ofe kapa a ba le seabo ha ho timetsoa motse. Ho e-na le hoo, ke mangeloi a ileng a etella pele ho timetsoeng ha Jerusalema. Kahoo, boprofeta bona bo re fa monyetla oa ho bona se etsahalang leholimong. Jehova o ile a laela mangeloi a hae hore a timetse batho ba khopo ’me a pholose ba lokileng.

Boprofeta bona bo tla boela bo phethahale nakong e tlang. Pele re ne re re monna ea nang le lenaka la enke la mongoli o tšoantšetsa batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng. Re ne re boetse re re batho ba tšoaeloa pholoho ha ba mamela litaba tse molemo tseo re li rutang. Empa morao tjena, ho ’nile ha totobala hore re lokela ho fetola tsela eo re hlalosang boprofeta bona ka eona. Ho Matheu 25:31-33 re ithutile hore ke Jesu feela ea ahlolang batho. O tla ba ahlola nakong ea matšoenyeho a maholo. Ka nako eo, ba ahlotsoeng e le linku ba tla pholoha, ’me ba ahlotsoeng e le lipōli ba tla timetsoa.

Joale, re ithuta’ng ponong ea Ezekiele? Re ithuta lintlha tse hlano tse latelang:

(1) Pele Jerusalema e timetsoa, Ezekiele, Jeremia le Esaia, ba ile ba lemosa batho ka se tla etsahala. Ba ne ba tšoana le balebeli. Kajeno, Jehova o sebelisa barab’abo rōna ba batlotsuoa ba seng bakae ho ruta batho le ho ba lemosa pele matšoenyeho a maholo a qala. Ha e le hantle, bahlanka bohle ba Molimo, e leng balateli ba Kreste, ba kopanela mosebetsing oona oa bohlokoa.—Matheu 24:45-47.

(2) Ezekiele ha aa ka a tšoaea batho ba tla pholoha. Le batho ba Molimo kajeno ha ba tšoaee batho ba tla pholoha. Ba bolella batho litaba tse molemo ’me ba ba lemosa ka se tla etsahala. Mangeloi a kenya letsoho mosebetsing ona oa boboleli o etsoang lefatše ka bophara.—Tšenolo 14:6.

(3) Batho ba ileng ba pholoha mehleng ea Ezekiele, ba ne ba sa behoa letšoao la sebele liphatleng. Le kajeno ba tla pholoha ha baa na letšoao la sebele liphatleng. Batho ba lokela ho etsa’ng e le hore ba pholohe matšoenyeho a maholo? Ba lokela ho ithuta ho etsisa Kreste, ba inehele ho Molimo, ’me ba tšehetse barab’abo Kreste ka ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 25:35-40) Ba tla tšoauoa nakong ea matšoenyeho a maholo, ka mantsoe a mang ba tla pholoha.

(4) Monna ea nang le lenaka la enke o tšoantšetsa Jesu. Nakong ea matšoenyeho a maholo, Jesu o tla tšoaea bongata boholo ’me a bo ahlole e le linku. Bo tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Matheu 25:34, 46.

(5) Kajeno banna ba tšeletseng ba nkileng libetsa tsa ho thuhakanya ba emela mabotho a leholimo a eteletsoeng pele ke Jesu. Ba tla silakanya lichaba ’me ba felise bokhopo bohle.—Ezekiele 10:2, 6, 7; Tšenolo 19:11-21.

Seo re ithutang sona ponong ena se re kholisa hore ha Jehova a timetsa batho ba khopo, o pholosa ba lokileng. (2 Petrose 2:9; 3:9) Re boetse re ithutile hore mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa haholo mehleng ena. Motho e mong le e mong o lokela ho lemosoa pele bofelo bo fihla!—Matheu 24:14.

(Ezekiele 9:3, 4) Ha e le khanya ea Molimo oa Iseraele, ea tlosoa ka holim’a likerubime moo e neng e le teng ea isoa monyako oa ntlo, ’me a qala ho hoeletsa monna ea apereng line, eo lethekeng la hae a nang le lenaka la enke la mongoli. 4 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Pholletsa har’a motse, har’a Jerusalema, u tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa har’a eona.”

(Ezekiele 9:5-7) A re ho bana ba bang moo ke ntseng ke utloa: “Pholletsang le motse ka mor’a hae ’me le bolaee. Mahlo a lōna a se ke a utloela bohloko, ho hang le se ke la ba le qenehelo. 6 Le lokela ho bolaea monna-moholo, mohlankana le moroetsana le ngoana e monyenyane le basali—le ba felise. Empa le se ke la atamela ho motho leha e le ofe ea nang le letšoao, ’me le lokela ho qala ka sehalalelo sa ka.” Kahoo ba qala ka banna-baholo ba neng ba le ka pel’a ntlo. 7 A eketsa ka ho re ho bona: “Silafatsang ntlo ’me le tlatse mabala ka ba bolailoeng. E-eang!” Ba tsoa ’me ba bolaea ba leng motseng.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Ezekiele 7:19) “‘Ba tla lahlela silevera ea bona literateng, ’me khauta ea bona e tla fetoha ntho e nyonyehang. Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova. Ba ke ke ba khotsofatsa meea ea bona, ’me ba ke ke ba tlatsa mala a bona, etsoe e fetohile khopiso e bakang phoso ea bona.

w09 9/15 23 ¶10

Bohlokoa bo Fetisisang ba Thuto ea Molimo

10 Ke Jehova feela ea ka re thusang ho lokisetsa bokamoso hobane o tseba se tla tloha se etsahala. Ke eena ea rerang hore na bokamoso ba batho e tla ba bofe. (Esa. 46:9, 10) Boprofeta ba Bibele bo bolela hore “letsatsi le leholo la Jehova le haufi.” (Sof. 1:14) Mabapi le letsatsi leo, mantsoe a Liproverbia 11:4 a tla phethahala ha e re: “Lintho tsa bohlokoa e tla ba tse se nang molemo letsatsing la khalefo, empa ho loka ho tla lopolla lefung.” Ha ho fihla nako ea hore Jehova a ahlole lefatše la Satane, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e tla ba hore Molimo a re amohele. Chelete e tla be e se na thuso. Ha e le hantle, Ezekiele 7:19 e re: “Ba tla lahlela silevera ea bona literateng, ’me khauta ea bona e tla fetoha ntho e nyonyehang.” Ho tseba sena esale pele ho ka re thusa hore re etse liqeto tse bohlale hona joale.

(Ezekiele 8:12) A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bone seo ba hōlileng ba ntlo ea Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong likamoreng tse ka hare tsa setšoantšo sa hae? Etsoe ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohetse naha.’”

w11 4/15 26 ¶14

Na U Lumella Moea oa Molimo Hore o U Tataise?

14 Ha re e-na le tumelo ea sebele, re tla nka Jehova Molimo e le motho oa sebele. Haeba re sa nke Molimo e le motho oa sebele, ho ka ba bonolo hore re oele boitšoarong bo bobe. Nahana ka se ileng sa etsahala har’a batho ba Molimo ba boholo-holo. Jehova o ile a senolela moprofeta Ezekiele hore batho ba ne ba etsa lintho tse manyala sephiring, a re: “Mor’a motho, na u bone seo ba hōlileng ba ntlo ea Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong likamoreng tse ka hare tsa setšoantšo sa hae? Etsoe ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohetse naha.’” (Ezek. 8:12) Na u hlokometse hore na bothata boo bo ne bo bakiloe ke’ng? Ba ne ba sa lumele hore Jehova o ne a bona seo ba se etsang. Ba ne ba sa nke Jehova e le motho oa sebele.

’Malo oa Bibele

(Ezekiele 8:1-12) Ka selemo sa botšelela, ka khoeli ea botšelela, ka letsatsi la bohlano la khoeli, ke ne ke lutse ka tlung ea ka ’me banna ba baholo ba Juda ba ne ba lutse ka pel’a ka, ha letsoho la ’Musi Morena Jehova le theohela holim’a ka moo. 2 Ka qala ho talima, ’me, bonang! sebōpeho se tšoanang le ponahalo ea mollo; ho tloha ponahalong ea letheka la hae esita le ho ea tlaase ho ne ho e-na le mollo, ’me ho tloha lethekeng la hae ho ea holimo ho ne ho e-na le ho hong ho bonahalang joaloka khanya, e kang ho phatsima ha motsoako oa khauta le silevera. 3 Joale a otlolla setšoantšo sa letsoho a nkuka ka sehlotho, ’me moea oa nkukela pakeng tsa lefatše le maholimo oa ntlisa Jerusalema liponong tsa Molimo, monyakong oa heke e ka hare e shebileng ka nģ’a leboea, moo sebaka sa bolulo e leng sa tšoantšetso ea poulelo e susumelletsang poulelong. 4 Bonang! Khanya ea Molimo oa Iseraele e ne e le moo, joaloka ponahalo eo ke e boneng thoteng. 5 A re ho ’na: “Mor’a motho, ka kōpo, phahamisetsa mahlo ka nģ’a leboea.” Kahoo ka phahamisetsa mahlo nģ’a leboea, ’me, bonang! ka leboea ho heke ea aletare ho ne ho e-na le tšoantšetso ena ea poulelo monyako. 6 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, na ua bona hore ke lintho life tse khōlō tse manyala tseo ba li etsang, lintho tseo ba ntlo ea Iseraele ba li etsang mona bakeng sa hore ke be hōle le sehalalelo sa ka? Leha ho le joalo u sa tla boela u bone lintho tse khōlō tse manyala.” 7 Tumellanong le hoo a ntlisa monyakong oa lebala, eaba ke qala ho talima, ’me, bonang! lesoba le itseng leboteng. 8 Joale a re ho ’na: “Mor’a motho, ka kōpo, phunya lebota.” Butle-butle ka phunya lebota, ’me bonang! ho ne ho e-na le monyako o itseng. 9 A eketsa ka ho re ho ’na: “Kena ’me u bone lintho tse mpe tse manyala tseo ba li etsang mona.” 10 Kahoo ka kena eaba ke qala ho talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le setšoantšo se seng le se seng sa lihahabi le liphoofolo tse nyonyehang, le litšoantšo tsohle tse rapeloang tse nyonyehang tsa ntlo ea Iseraele, setšoantšo se betliloe ho pota-pota lebota ka hohle. 11 Banna ba mashome a supileng ba ba hōlileng ba ntlo ea Iseraele, ba ne ba eme ka pel’a tsona, ’me Jazania mora oa Shafane a eme ka har’a bona, e mong le e mong a nkile pitsa ea ho chesetsa libano letsohong, ’me monko o monate oa leru la libano o ne o nyoloha. 12 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bone seo ba hōlileng ba ntlo ea Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong likamoreng tse ka hare tsa setšoantšo sa hae? Etsoe ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohetse naha.’”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share