LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • kr kgao. 17 maq. 182-191
  • Ho Kwetlisa Basebetsi ba Mmuso

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Kwetlisa Basebetsi ba Mmuso
  • Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ‘Feela Jwalokaha Ntate a Nthutile Kea Bua’
  • Ho Kwetlisa Basebetsi ho ba Baevangedi
  • Ho Kwetlisa Barababo Rona ho Etsa Mesebetsi e Kgethehileng
  • Dipaki Tsa Jehova di Kwetliswa Jwang Bakeng sa Tshebeletso ya Tsona?
    Dipotso Tse Botswang Hangata ka Dipaki Tsa Jehova
  • Hahamalla Thuto ya Modimo
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Sekolo sa Matjhaba sa Gileade
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
Mmuso wa Modimo o a Busa!
kr kgao. 17 maq. 182-191

KGAOLO YA 17

Ho Kwetlisa Basebetsi ba Mmuso

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Kamoo dikolo tsa puso ya Modimo di kwetlisang basebetsi ba Mmuso ho phetha dikabelo tsa bona

1-3. Jesu o ile a atolosa mosebetsi wa boboledi jwang, hona re ka ipotsa dipotso dife?

JESU o ile a qeta dilemo tse pedi a bolela Galilea. (Bala Matheu 9:35-38.) O ile a etela metse le metsana e mengata, a ruta ka disynagogeng mme a bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso. Hohle moo a neng a bolela teng, letshwele le ne le mo latela. Jesu o ile a hlokomela hore “kotulo e kgolo” mme ho hlokahala basebetsi ba bangata.

2 Jesu o ile a lokisetsa ho atolosa mosebetsi wa boboledi. Jwang? Ka hore a romele baapostola ba hae ba 12 hore ba ‘bolele Mmuso wa Modimo.’ (Luka 9:1, 2) E ka nna yaba baapostola ba ile ba ipotsa hore na ba tla etsa mosebetsi ona jwang. Kaha Ntate wa hae wa lehodimo o ile a mo kwetlisa, ka lerato Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae pele a ba roma.

3 Re ka ipotsa dipotso tse mmalwa: Ntate wa Jesu o ile a mo kwetlisa jwang? Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae jwang? Na kajeno Morena wa Mmuso wa Modimo o kwetlisa balatedi ba hae hore ba etse tshebeletso ya bona? Haeba ho jwalo, o etsa seo jwang?

‘Feela Jwalokaha Ntate a Nthutile Kea Bua’

4. Ntate wa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae?

4 Jesu o ne a tseba hantle hore o rutilwe ke Ntate wa hae. Nakong ya tshebeletso ya hae, Jesu o ile a re: “Feela jwalokaha Ntate a nthutile ke bua dintho tsena.” (Joh. 8:28) Ntate wa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae? Ho hlakile hore Mora enwa wa Modimo wa letsibolo o ile a qala ho kwetliswa ka mora hore a bopuwe. (Bakol. 1:15) Mora o ile a ba lehlakoreng la Ntate wa hae, ka dilemo tse se nang palo, a shebile ka hloko a bile a mametse ha a ntse a rupelwa ke ‘Morupedi e Moholo.’ (Esa. 30:20) Ka lebaka leo, Mora o ile a fumana thuto e ke keng ya bapiswa le efe kapa efe ka makgabane, mesebetsi le merero ya Ntate wa hae.

5. Ntate o ile a fa Mora ditaelo dife mabapi le mosebetsi oo a neng a tla o etsa lefatsheng?

5 Ka nako e loketseng, Jehova o ile a ruta Mora wa hae ka tshebeletso eo a neng a tla e etsa lefatsheng. Nahana ka boprofeta bo hlalosang kamano e pakeng tsa Morupedi e Moholo le Mora wa hae wa letsibolo. (Bala Esaia 50:4, 5.) Boprofeta bo bolela hore Jehova o ne a tsosa Mora wa hae “hoseng ho hong le ho hong.” Papiso ena e bua ka mosuwe ya tsosang moithuti esale hoseng e le hore a mo rute. Buka e nngwe e hlalosang Bibele, e re: “Jehova . . . o ruta [Jesu] jwalokaha mosuwe a ruta ngwana sekolong mme o mo ruta seo a lokelang ho se ruta le hore na o lokela ho etsa mosebetsi wa boboledi jwang.” “Sekolong” seo sa lehodimo, Jehova o ile a ruta Mora wa hae ‘seo a tla se bolela le seo a tla se bua.’ (Joh. 12:49) Ntate o ile a boela a fa Mora wa hae ditaelo tsa hore o lokela ho ruta jwang.a Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a etsa kamoo a neng a kwetlisitswe kateng, eseng feela ka ho etsa tshebeletso ya hae empa hape le ka ho kwetlisa balatedi ba hae hore ba phethe tshebeletso ya bona.

6, 7. (a) Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae jwang, hona e ile ya ba hlomella hore ba etseng? (b) Mehleng ya rona, Jesu o entse bonnete ba hore balatedi ba hae ba fumana kwetliso ya mofuta ofe?

6 Jwalokaha ho boletswe qalong, Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae jwang? Ho latela Matheu kgaolo ya 10, o ile a ba fa ditaelo tse tobileng mabapi le tshebeletso ya tshimo, ho akarelletsa tse latelang: ba lokela ho bolela hokae (temana ya 5, 6), ba lokela ho bolela molaetsa ofe (temana ya 7), bohlokwa ba ho tshepa Jehova (temana ya 9, 10), ba lokela ho bua le batho jwang (temana ya 11-13), ba lokela ho etsang ha batho ba sa ba amohele (temana ya 14, 15), le hore ba lokela ho etsang ha ba hloriswa (temana ya 16-23).b Kwetliso e hlakileng eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae, e ile ya ba hlomella hore ba etelle pele mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo mehleng eo.

7 Ho etsahalang mehleng ya rona? Jesu, Morena wa Mmuso wa Modimo o file balatedi ba hae mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa, e leng wa ho bolela “ditaba tsena tse molemo tsa mmuso . . . lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle.” (Mat. 24:14) Na Morena wa rona o re kwetliseditse ho etsa mosebetsi oo wa bohlokwa? Ka sebele, ho jwalo! A le lehodimong, Morena o entse bonnete ba hore balatedi ba hae ba fumana kwetliso mabapi le ho etsa mosebetsi wa boboledi le ho phetha boikarabelo bo kgethehileng ka phuthehong.

Ho Kwetlisa Basebetsi ho ba Baevangedi

8, 9. (a) Morero o ka sehloohong wa Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo e ne e le ofe? (b) Diboka tsa hara beke di o thusitse jwang?

8 Ho tloha kgale mokgatlo wa Jehova o ile wa nna wa sebedisa dikopano le diboka tsa phutheho, tse kang Seboka sa Tshebeletso, ho kwetlisa batho ba Modimo hore ba phethe tshebeletso ya bona. Leha ho le jwalo, ho tloha dilemong tsa bo 1940, barababo rona ba etellang pele ntlokgolo ba ile ba qala ho lokisetsa hore ho be le dikolo tse mmalwa bakeng sa ho kwetlisa batho ba Modimo.

9 Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo. Jwalokaha re bone kgaolong e fetileng, sekolo sena se ile sa qala ka 1943. Na morero wa sekolo see e ne e le feela ho kwetlisa baithuti hore ba be le bokgoni ba ho fana ka dipuo dibokeng? Tjhe. Morero wa sekolo sena o ka sehloohong e ne e le ho kwetlisa batho ba Modimo ho sebedisa mpho ya ho bua e le hore ba rorise Jehova tshebeletsong. (Pes. 150:6) Sekolo sena se ile sa hlomella bara le baradibabo rona ba ingodisitseng ho sona hore ebe basebetsi ba Mmuso ba atlehang le ho feta. Hona jwale thupelo eo e fumanwa dibokeng tsa hara beke.

10, 11. Ke bomang ba ka yang Sekolong sa Gileade, hona morero wa sekolo see ke ofe?

10 Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se ile sa qala ka Mantaha wa la 1, February, 1943. Qalong, se ne se kwetlisa bo pulamadiboho, le batho ba bang ba tshebeletsong ya nako e tletseng e le hore e ilo ba baromuwa dinaheng tse ding. Empa ho tloha ka October 2011, ho se ho kwetliswa feela batho ba seng ba ntse ba le tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng, ba kang bo pulamadiboho ba kgethehileng, balebedi ba tsamayang le basadi ba bona, Basebeletsi ba Bethele le baromuwa ba tshimong ba sa kang ba ya sekolong sena.

11 Morero wa se rutwang Sekolong sa Gileade ke ofe? Morupedi wa sekolo sena eo e leng kgale a di bona o re: “Ke ho matlafatsa tumelo ya baithuti ka ho ba kgothalletsa hore ba ithute Lentswe la Modimo ka botlalo le ho ba thusa ho ba le makgabane a hlokahalang a tla ba thusa ha ba tobana le mathata dikabelong tsa bona. Hape, morero o ka sehloohong wa sekolo sena ke ho etsa hore baithuti ba be le takatso e matla ya ho etsa mosebetsi wa boevangedi.”—Baef. 4:11.

12, 13. Sekolo sa Gileade se kgathile tema efe mosebetsing wa boboledi o etswang lefatsheng lohle? Fana ka mohlala.

12 Sekolo sa Gileade se kgathile tema efe mosebetsing wa boboledi o etswang lefatsheng lohle? Ho tloha ka 1943, batho ba fetang 8 500 ba ile ba kwetliswa sekolong senac mme baromuwa ba kwetlisitsweng ho sona ba sebeleditse dinaheng tse ka hodimo ho 170. Baromuwa ba sebedisa thupelo ya bona hamolemo ka ho ikakgela ka setotswana mosebetsing wa boboledi le ho kwetlisa ba bang hore ba etse se tshwanang. Dinaheng tse ngata, baromuwa ba ile ba etella pele mosebetsi dikarolong tse neng di e na le baboledi ba Mmuso ba fokolang.

13 Nahana ka se ileng sa etsahala Japane, moo mosebetsi wa boboledi o ileng wa kgaotsa nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Ka August 1949, ho ne ho e na le baboledi ba ka tlase ho ba leshome. Leha ho le jwalo, ha selemo seo se fela, ho ne ho e na le baromuwa ba 13 ba tswang Gileade ba neng ba phathahane ka mosebetsi wa boboledi Japane. Ba bang ba bangata ba ile ba latela. Qalong, baromuwa ba ne ba sebetsa haholo ditoropong tse kgolo, empa hamorao, ba ile ba ya metseng e meng. Ka tjheseho baromuwa ba ile ba kgothalletsa batho ba neng ba ithuta le bona le ba bang hore ba nke bopulamadiboho. Boiteko ba baromuwa bo ile ba etsa hore ho be le diphello tse molemo. Hona jwale, ho na le baboledi ba Mmuso ba ka hodimo ho 216 000 Japane mme ba ka etsang diphesente tse 40 ba bona, ke bo pulamadiboho!d

14. Dikolo tse hlophiswang ke Mokhatlo di fana ka bopaki bofe bo matla? (Sheba le lebokose le reng, “Dikolo Tse Kwetlisang Basebeletsi ba Mmuso,” leqepheng la 188.)

14 Dikolo tse ding tse hlophiswang ke Mokgatlo. Sekolo sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho, Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste le Sekolo sa Bibele sa Barababo rona ba Masoha; dikolo tsena di thusitse bohle ba ileng ba kwetliswa ho tsona hore ba hole moyeng le hore ba etelle pele ka tjheseho mosebetsing wa boevangedi.e Dikolo tsena tsohle ke bopaki bo matla ba hore Morena wa rona o hlomeletse balatedi ba hae hore ba phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.—2 Tim. 4:5.

Ho Kwetlisa Barababo Rona ho Etsa Mesebetsi e Kgethehileng

15. Banna ba etellang pele ba etsisa Jesu jwang?

15 Na o sa hopola boprofeta ba Esaia bo buang ka hore Modimo o ile a ruta Jesu? “Sekolong” seo sa lehodimong Mora o ile a ithuta hore ‘ka lentswe a tsebe ho araba ya kgathetseng.’ (Esa. 50:4) Jesu o ile a sebedisa thuto eo hobane ha a ne a le lefatsheng o ne a kgatholla batho “ba sehlang le ba imetsweng.” (Mat. 11:28-30) Banna ba etellang pele, ba etsisa Jesu ka hore ba kgatholle bara le baradibabo bona. Ka lebaka leo, dikolo tseo di ile tsa nna tsa thusa barababo rona hore ba be le bokgoni ba ho sebeletsa badumedimmoho le bona.

16, 17. Morero wa Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso ke ofe? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

16 Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso. Sekolo sena se ile sa qala ka la 9 March, 1959, South Lansing, New York. Balebedi ba tsamayang hammoho le bahlanka ba phutheho ba ile ba memelwa ho ba teng sekolong sena se neng se nka kgwedi. Hamorao, dithuto tse neng di tshwarwa ka Senyesemane feela, di ile tsa fetolelwa dipuong tse ding mme butlebutle, barababo rona lefatsheng lohle ba ile ba fumana kwetliso sekolong sena.f

Morabo rona Lloyd Barry o ruta Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso, Japane ka 1970

17 Ha Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1962 e bua ka morero wa Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso, e ile ya re: “Kaha re dula re phathahane, molebedi wa phutheho ya Dipaki Tsa Jehova e lokela ho ba monna ya kgonang ho hlophisa bophelo ba hae e le hore a hlokomele batho bohle ka phuthehong le ho etsa hore ba thabe. Ka nako e tshwanang ha aa lokela ho hlokomela phutheho ho feta ba lelapa la hae empa o lokela ho hlaphohelwa kelellong. Bahlanka ba phutheho lefatsheng lohle ba fumane monyetla o babatsehang hakaakang wa hore ba be teng Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso, e le hore ba fumane kwetliso e tla ba thusa ho etsa dintho tseo Bibele e reng balebedi ba lokela ho di etsa!”—1 Tim. 3:1-7; Tite 1:5-9.

18. Batho ba Modimo ba rua molemo jwang Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso?

18 Batho ba Modimo kaofela ba ruile molemo Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso. Jwang? Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona sekolong ba kgatholla badumedimmoho le bona, jwalokaha Jesu a ne a etsa. Na ha o thabe ha moholo kapa mohlanka ya sebeletsang a o etela, a bua le wena ka mosa a bile a o mamela ka hloko ha o bua le yena? (1 Bathes. 5:11) Ruri banna ba jwalo ba tlisa thabo diphuthehong tseo ba leng ho tsona!

19. Komiti ya Thuto e hlokomela dikolo dife tse ding, hona dikolo tseo di etseditsweng?

19 Dikolo tse ding tsa puso ya Modimo. Komiti ya Thuto ya Sehlopha se Busang e hlokomela dikolo tse kwetlisang barababo rona ba etellang pele ka mokgatlong. Dikolo tseo di etseditswe ho thusa barababo rona ba etellang pele, ba kang baholo ba phutheho, balebedi ba tsamayang le ditho tsa Komiti ya Lekala, ho phetha boikarabelo ba bona bo bongata ka katleho. Thupelo e thehilweng Bibeleng e fanwang dikolong tsena e thusa barababo rona hore ba dule ba e na le kamano e ntle le Modimo le hore ba sebedise melaomotheo ya Mangolo ha ba sebedisana le mohlape wa bohlokwa oo Jehova a ba fileng boikarabelo ba hore ba o hlokomele.—1 Pet. 5:1-3

Tlelase ya pele ya Sekolo sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi Malawi, ka 2007

20. Ke hobaneng ha Jesu a ne a ka bolela hore kaofela ha rona re “rutwa ke Jehova,” hona o ikemiseditse ho etsang?

20 Ha ho pelaelo hore Morena wa Mmuso wa Modimo o entse bonnete ba hore balatedi ba hae ba kwetliswa ka ho feletseng. Kwetliso ena e tswa ho Jehova, ya ileng a kwetlisa Mora wa hae mme Mora wa hae yena a kwetlisa balatedi ba hae. Ke kahoo Jesu a neng a ka bolela hore kaofela ha rona re “rutwa ke Jehova.” (Joh. 6:45; Esa. 54:13) A re ikemisetseng ho rua molemo ka ho feletseng ha Morena wa rona a re kwetlisa. Hape, re lokela ho hopola hore morero o ka sehloohong wa kwetliso ena ke ho re thusa hore re be le kamano e matla le Jehova le ho phetha tshebeletso ya rona ka botlalo.

a Re tseba jwang hore Ntate o rutile Mora hore a rute jwang? Nahana ka sena: Ha Jesu a ne a sebedisa dipapiso tse ngata ha a ruta, o ne a phethahatsa boprofeta bo ileng ba ngolwa dilemo tse makgolo pele a tswalwa. (Pes. 78:2; Mat. 13:34, 35) Ho hlakile hore Mongodi wa boprofeta boo, Jehova, o ne a se a ntse a tseba hore Mora wa hae o ne a tla ruta a sebedisa dipapiso.—2 Tim. 3:16, 17.

b Dikgwedi hamorao, Jesu o ile “a kgetha ba bang ba mashome a supileng mme a ba romela ka bobedi” hore ba ilo bolela. O ile a boela a ba kwetlisa.—Luka 10:1-16.

c Baithuti ba bang ba ile Sekolong sa Gileade ka makgetlo a fetang le le leng.

d E le hore o fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na baromuwa ba tswang Gileade ba ile ba kgatha tema jwang dinaheng tse ding, sheba kgaolo ya 23 ya buka ya Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.

e Dikolo tse pedi tse qetellang di nketswe sebaka ke Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso.

f Hona jwale baholo bohle ba ka kwetliswa Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso se tshwarwang ka mora dilemo tse mmalwa hape se tshwarwa ka dinako tse fapaneng. Ho tloha ka 1984 bahlanka ba sebeletsang ba ile ba kwetliswa sekolong sena.

Mmuso ke wa Sebele Hakae ho Wena?

  • Ntate wa Jesu o ile a mo kwetlisa jwang?

  • Morena o kwetlisitse balatedi ba hae jwang hore e be baevangedi?

  • Barababo rona ba ile ba kwetliswa jwang hore ba phethe boikarabelo ba bona?

  • O ka bontsha jwang hore o ananela kwetliso eo Morena a fanang ka yona?

DIKOLO TSE KWETLISANG BASEBELETSI BA MMUSO

BOPHELO LE TSHEBELETSO YA RONA YA BOKRESTE

Morero: Ho kwetlisa bahweletsi hore e be baboledi le mesuwe ya ditaba tse molemo e atlehang.

Nako: Se tshwarwa beke le beke.

Sebaka: Holong ya Mmuso.

Ditshwaneleho: Bahweletsi bohle hammoho le batho ba bang ba kopanelang le phutheho kamehla, ba dumellanang le dithuto tsa Bibele mme bophelo ba bona bo dumellana le melaomotheo ya Bokreste. E le hore o ngodiswe, bua le molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona ya Bokreste.

Melemo: Diboka tsa hara beke di re ruta ho etsa dipatlisiso le ho bua ka tsela e hlakileng. Ho ena le ho nahana feela hore na o ka ntlafatsa hokae, re boetse re ithuta ho mamela batho ba bang e le hore re ka tseba ho ba thusa.

Arnie, eo e leng kgale e le molebedi ya tsamayang, o re: “Ke hotse ke le lehwelya mme ke thatafallwa ho sheba batho ka mahlong. Diboka tsena di nthusitse ho ba sebete. Ka thuso ya Jehova, sekolo sena se nthutile mekgwa ya ho hema le ya ho tsepamisa mehopolo. Ke motlotlo haholo hore ebe ke kgona ho rorisa Modimo ka phuthehong le tshebeletsong ya ka.”

SEKOLO SA BAHOLO BA PHUTHEHOg

Morero: Ho thusa baholo hore ba hole moyeng le ho ba thusa ho jara boikarabelo ba bona ka phuthehong.

Nako: Matsatsi a mahlano.

Sebaka: Se kgethwa ke ofisi ya lekala mme ka tlwaelo se tshwarelwa Holong ya Mmuso kapa Holong ya Kopano eo bongata bo ka fihlang ho yona habonolo.

Ditshwaneleho: Baholo ba tshwanelehang ba mengwa ke ofisi ya lekala.

Melemo: Hlokomela tse ding tsa dintlha tsa barababo rona ba neng ba le tlelaseng ya bo 92 sekolong sa Patterson, New York, U.S.A.:

“Ke ruile molemo haholo sekolong sena, se nthusitse hore ke itlhahlobe hore na nka hlokomela dinku tsa Jehova jwang.”

“Ke tla boloka boitsebiso bona bophelo bohle ba ka.”

SEKOLO SA TSHEBELETSO SA BOPULAMADIBOHO

Morero: Ho thusa bo pulamadiboho hore ba ‘phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.’—2 Tim. 4:5.

Nako: Matsatsi a tsheletseng.

Sebaka: Se kgethwa ke ofisi ya lekala, hangata e ba Holo ya Mmuso e haufi.

Ditshwaneleho: Ho ya bahweletsi ba qetileng selemo e le bo pulamadiboho mme ba mengwa ke molebedi wa potoloho. Bo pulamadiboho ba bang ba kgale ba seng ba qetile dilemo tse hlano ba kgutlile sekolong seo ba ka nna ba mengwa hape.

Melemo: Lily o re: “Sekolo sena se nthusitse ho sebetsana ka katleho le diphephetso tseo ke kopanang le tsona tshebeletsong le bophelong ba ka. Tsela ya ka ya ho ithuta, ya ho ruta le tsela eo ke sebedisang Bibele ka yona e ntlafetse haholo. Ke boemong bo botle ba ho thusa ba bang, ba ho tshehetsa baholo le ba ho kenya letsoho kgolong ya phutheho.”

Brenda, ya seng a ile sekolong seo ka makgetlo a mabedi, o re: “Sekolo sena se nthusitse ho utlwisisa dintho tsa moya haholwanyane, se matlafaditse tumelo ya ka sa ba sa nthusa ho lebisa tlhokomelo ho thuseng ba bang. Ruri, Jehova o fana ka seatla se bulehileng!”

SEKOLO SA BA SA TSWA FIHLA BETHELE

Morero: Sekolo sena se reretswe ho thusa ba fihlang Bethele hore ba atlehe tshebeletsong ya bona.

Nako: Se tshwarwa matsatsi a mane mme letsatsi ka leng se nka dihora tse nne.

Sebaka: Bethele.

Ditshwaneleho: Ho ya ditho tsa lelapa la Bethele tsa nako e tletseng kapa tse ithaopetseng ho sebeletsa Bethele ka nako e etsang selemo kapa ho feta.

Melemo: Demetrius, ya ileng a ya sekolong sena ka bo 1980, o re: “Thupelo ena e ile ya ntlafatsa tsela eo ke neng ke ithuta ka yona mme ya ntlhomella bakeng sa tshebeletso ya nako e telele ya Bethele. Barupedi, lenaneo la thuto le dikeletso tseo ke ileng ka di fumana, di ile tsa nkgodisa hore Jehova o amehile ka nna ka botebo le hore o batla hore ke atlehe tshebeletsong ya Bethele.”

SEKOLO SA BAEVANGEDI BA MMUSOh

Morero: Ke ho fa ba tshebeletsong ya nako e tletseng (banyalani le bara le baradibabo rona ba masoha) thupelo e kgethehileng e le hore ba ka sebediswa haholwanyane ke Jehova le mokgatlo wa hae. Boholo ba batho ba tswang sekolong sena ba tla abelwa ho ya sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo naheng ya habo bona. Ba ntseng ba le ka tlasa dilemo tse 50 ba ka nna ba sebeletsa e le bo pulamadiboho ba kgethehileng ba nakwana e le hore ba qale mosebetsi wa boboledi le ho o hodisa dibakeng tse ka thoko.

Nako: Dikgwedi tse pedi.

Sebaka: Se kgethwa ke ofisi ya lekala, hangata e ba Holong ya Mmuso kapa ya Dikopano.

Bara le baradibabo rona ba rua molemo kwetlisong ya puso ya Modimo

Ditshwaneleho: Ba dilemo tse pakeng tsa 23 le 65, ba tshebeletsong ya nako e tletseng, ba bile ba phetse hantle mme maemo a bona a ba dumella ho ya moo ho nang le tlhokahalo ya baboledi ba eketsehileng ba bile ba na le boikutlo ba hore “Ke nna enwa! Roma nna!” ba ka nna ba mengwa. (Esa. 6:8) Bara le baradibabo rona ba masoha hammoho le banyalani ba lokela hore ba be ba se ba qetile dilemo tse pedi tse latellanang ba le tshebeletsong ya nako e tletseng. Banyalani ba lokela hore ba be ba se ba qetile bonyane dilemo tse pedi ba nyalane. Barababo rona ba lokela ho ba baholo kapa bahlanka ba sebeletsang, bonyane ka dilemo tse pedi tse latellanang. Haeba sekolo sena se teng tshimong ya lekala la habo lona, ho tla ba le seboka se tla tshwarelwa kopanong ya setereke se tla hlalosa boitsebiso bona ho batho ba thabelang ho ya ho sona.

Melemo: Ho ile ha nna ha amohelwa mangolo a kgothatsang a tswang ho batho ba tswang Sekolong sa Bibele sa Barababo rona ba Masoha le ba tswang Sekolong sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste. Ka 2013, Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto ya ho kopanya dikolo tseo tse pedi mme sa bitswa Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso. Melemo ya sekolo sena e tla fumanwa ke bo pulamadiboho ba bangata ba tshepahalang, ho akarelletsa le baradibabo rona ba masoha.

SEKOLO SA BIBELE SA GILEADE SA WATCHTOWER

Morero: Ba tswang sekolong sena ba ka nna ba abelwa ho ba balebedi ba tsamayang, baromuwa kapa ditho tsa Bethele. Ha ba sebedisa seo ba ithutileng sona hantle ba ka thusa ho matlafatsa le ho laola dintho tshimong kapa lekaleng.

Nako: Dikgwedi tse hlano.

Sebaka: Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York.

Tlelase ya Gileade—Patterson, New York

Ditshwaneleho: Ho ya banyalani le bara le baradibabo rona ba masoha ba seng ba ntse ba le tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng. Baromuwa ba tshimong ba neng ba e so ye Gileade le bo pulamadiboho ba kgethehileng, ditho tsa Bethele kapa balebedi ba tsamayang le basadi ba bona ba ka nna ba kopuwa ke Komiti ya Lekala ya habo bona hore ba ngodise. Ba kopang ba lokela ho tseba ho bua Senyesemane le ho se ngola.

Melemo: Lade le Monique, e leng banyalani ba United States ba neng ba se ba qetile dilemo tse ngata ba le tshebeletsong, ba ile ba bua se latelang:

Lade o re: “Sekolo sa Gileade se ile sa re hlomella hore re ye hohle lefatsheng, re mene dihempe mme re sebetse le barababo rona.”

Monique o phaella ka ho re: “Ke thabela tshebeletso haholo ha ke sebedisa dintho tseo ke ithutileng tsona Lentsweng la Modimo. Ke nka thabo eo e le pontsho ya hore Jehova o a nthata.”

SEKOLO SA TSHEBELETSO SA MMUSO

Morero: Ke ho kwetlisa balebedi ba tsamayang, baholo le bahlanka ba sebeletsang hore ba phethe mesebetsi ya bona le ho jara boikarabelo ba mokgatlo. (Lik. 20:28) Ho ithutwa ka dintho tse amanang le maemo a kajeno, mekgwa le maemo a tshohanyetso a diphutheho. Sekolo sena se tshwarwa ka mora dilemo tse seng kae, ho ya ka qeto ya Sehlopha se Busang.

Nako: Dilemong tsa morao tjena sekolo sena se ile sa nna sa tshwarwa ka dinako tse fapaneng.

Sebaka: Hangata e ba Holong ya Mmuso kapa Holong ya Kopano e haufi.

Ditshwaneleho: Molebedi wa potoloho o mema baholo le bahlanka ba sebeletsang. Ofisi ya lekala e mema balebedi ba tsamayang.

Melemo: “Le hoja sekolo sena se le se kgutshwanyane, se kgothalletsa baholo hore ba dule ba thabile le hore ba tswele pele tshebeletsong ya Jehova ka tsela e laolehileng. Baholo ba batjha le bao e leng kgale e le baholo ba ithuta ho alosa mohlape ka katleho le hore ba kopane ka ho loketseng mokgweng o tshwanang wa ho nahana.”—Quinn.

“Kwetliso ena e etsa hore re utlwisise dintho tsa moya haholo, e re lemosa ka dikotsi tse ka re hlahelang ebile e re fa ditlhahiso tse ka re thusang ho hlokomela mohlape.”—Michael.

SEKOLO SA BALEBEDI BA POTOLOHO LE BASADI BA BONAi

Morero: Ho thusa balebedi ba potoloho hore ba atlehe haholo ha ba sebeletsa diphutheho le hore ba ‘sebetse ka thata ho bueng le ho ruteng’ mme ba dise ba tlhokomelong ya bona.—1 Tim. 5:17; 1 Pet. 5:2, 3.

Nako: Kgwedi e le nngwe.

Sebaka: Se kgethwa ke ofisi ya lekala.

Ditshwaneleho: Ofisi ya lekala e mema balebedi ba potoloho le basadi ba bona.

Melemo: “Re ile ra thuswa ho utlwisisa hore Jesu ke hlooho ya mokgatlo. Re ile ra hlokomela hore ho hlokahala hore re kgothatse bara le baradibabo rona bao re ba sebeletsang le hore re matlafatse bonngwe ba phutheho e nngwe le e nngwe. Thupelo eo e ile ya hatisa dikelellong tsa rona hore le hoja ka dinako tse ding molebedi ya tsamayang a fana ka keletso le kgalemelo, ntho e ka sehloohong eo a lokelang ho e etsa, ke hore a thuse barababo rona hore ba hlokomele hore Jehova o a ba rata.”—Joel le Connie, tlelaseng ya pele ya 1999.

SEKOLO SA BARABABO RONA BA KOMITI YA LEKALA LE BASADI BA BONA

Morero: Ho thusa ba sebeletsang Komiting ya Lekala hore ba be le bokgoni ba ho hlokomela malapa a Bethele, ho sebetsana le ditaba tsa diphutheho le ho okamela dipotoloho tse tshimong ya habo bona.—Luka 12:48b.

Nako: Dikgwedi tse pedi.

Sebaka: Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York.

Ditshwaneleho: Komiti ya Tshebeletso ya Sehlopha se Busang ke yona e memang ditho tsa Komiti ya Lekala kapa ya Naha le basadi ba bona.

Melemo: Lowell le Cara ba ne ba le tlelaseng ya bo 25. Hona jwale ba sebeletsa naheng ya Nigeria.

Lowell o re: “Ke ile ka hopotswa hore ho sa tsotellehe hore na ke phathahane hakae kapa hore na ke fuwe mosebetsi ofe, ntho e hlokahalang hore motho a kgahlise Jehova, ke hore a etse dintho ka tsela eo A reng di etswe ka yona.”

Cara o hopola ntlha eo a ileng a ithuta yona sekolong seo, o re: “Haeba ke sa kgone ho hlalosa taba ka tsela e bonolo, ke lokela ho ithuta yona haholwanyane pele ke leka ho e ruta ba bang.”

g Sekolo sena ha se e so be teng dinaheng tse ding.

h Sekolo sena ha se e so be teng dinaheng tse ding.

i Sekolo sena ha se e so be teng dinaheng tse ding.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share