Ka ho le letshehadi: Diphallelo tse ileng tsa romelwa ho barababo rona ba Jeremane ka 1946, di tswa Switzerland; ka ho le letona: Ho hahwa Holo ya Mmuso e ileng ya senngwa ke tsunami ka 2011, Japane
KAROLO YA BOTSHELELA
Ho Tshehetsa Mmuso—Ho Haha Dibaka Tsa Borapedi le ho Fana ka Thuso Nakong ya Dikoduwa
O KENA ka Holong ya Mmuso mme ekare ke sebaka seo o sa se tsebeng. O rata mohaho ona haholo. E ka nna yaba o hopola dintho tse thabisang tse ileng tsa etsahala ha o ne o thusa ho haha holo ena dilemong tse mmalwa tse fetileng. Empa o motlotlo le ho feta hona jwale hobane Holo eo ya Mmuso e se e le sebaka se thusang batho ba anngweng ke koduwa. Ka mora hore morwallo o bake tshenyo e kgolo sebakeng sa heno, hanghang Komiti ya Lekala e ile ya lokisetsa hore batho ba anngweng ke koduwa ba fumane dijo, diaparo, metsi a hlwekileng le ho thuswa ka ditsela tse ding. Diphallelo di hlophisitswe hantle. Ha bara le baradibabo rona ba ntse ba fihla mme ba fumana seo ba se hlokang, ba bangata ba bona ba ntse ba phumula meokgo ya thabo.
Jesu o ile a bolela hore lerato e ne e tla ba ntho e ka sehloohong e kgethollang balatedi ba hae. (Joh. 13:34, 35) Karolong ena, re tla ithuta kamoo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa nna tsa bontshana lerato la Bokreste kateng ha di haha mehaho ya tsona leha di thusana dinakong tsa dikoduwa. Lerato lena ke bopaki bo matla ba hore re batho tlasa Mmuso wa Jesu.