PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ba Kwetlise Hore ba Sebeletse Jehova ba sa Kgaotse
Ho na le mehlala e bontshang hore bahweletsi ba batjha ba kwetlisitsweng ho tloha qalong hore ba bolele ditaba tse molemo ka tjheseho e ba bahweletsi ba sebetsang ka thata. (Lipr 22:6; Fil 3:16) Dikeletso tse latelang di tla o thusa hore o thuse moithuti hore a kwetlisehe bakeng sa tshimo:
Hang feela ha moithuti wa hao e se e le mohweletsi, qala ho mo kwetlisa. (km 8/15 1) Mo bontshe bohlokwa ba hore a nke karolo tshimong beke e nngwe le e nngwe. (Fil 1:10) Bua hantle ka tshimo eo le e sebetsang. (Fil 4:8) Mo kgothalletse hore a sebetse le molebedi wa setsi le bahweletsi ba bang e le hore a tle a rue molemo ho bona.—Lipr 1:5; km 10/12 6 ¶3
Ka mora hore moithuti wa hao a kolobetswe, o se ke wa emisa ho mo kgothatsa le ho mo thusa hore a ntlafatse tshimong haholoholo haeba a so ka a qeta ho bala buka ya “Ipoloke Leratong la Modimo.”—km 12/13 7
Sebedisa kenyelletso e bonolo ha o sebetsa le mohweletsi ya motjha tshimong. Ka mora hore a bue, mo babatse. Fana ka dikeletso tse sebetsang tse tla mo thusa hore a ntlafatse.—km 5/10 7