Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
1-7 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 1-3
“Mmuso wa Mahodimo o Atametse”
(Matheu 3:1, 2) Matsatsing ao Johanne Mokolobetsi a tla a bolela lefeelleng la Judea, 2 a re: “Bakang, ka ha mmuso wa mahodimo o atametse.”
nwtsty study notes tse ho Mat 3:1, 2
boboledi: Lentswe lena la Segerike le bolela “ho phatlalatsa jwalo ka moromuwa.” Le hatisa mokgwa wa ho phatlalatsa: haholoholo sebakeng se pepenene ho e na le ho bua le sehlopha sa batho.
Mmuso: Lentswe lena la Segerike e leng ba·si·leiʹa le hlaha ka lekgetlo la pele temaneng ena, le bua ka puso ya borena, sebaka le batho ba tlasa puso ya morena. Le hlaha ka makgetlo a 162 Mangolong a Bakreste a Segerike, le fumanwa ka makgetlo a 55 tlalehong ya Matheu mme hangata le bua ka puso ya Modimo e lehodimong. Matheu o sebedisa lentswe lena ka makgetlo a mangata hoo Kosepele ya hae e ka bitswang Kosepele ya Mmuso.
Mmuso wa mahodimo: Polelo ena e hlaha ka makgetlo a ka bang 30 mme e hlaha feela Kosepeleng ya Matheu. Kosepele ya Mareka le ya Luka di sebedisitse polelo e tshwanang e leng “Mmuso wa Modimo”, e leng se bontshang hore “Mmuso wa Modimo” o thehilwe lehodimong ebile o busa o le hona teng.—Mat 21:43; Mar 1:15; Lu 4:43; Dan 2:44; 2Ti 4:18.
o atametse: Mmuso wa mahodimo o ne o atametse ka kutlwisiso ya hore Mmusi wa nakong e tlang wa Mmuso wa mahodimo o ne a tla hlahella haufinyane.
nwtsty media
Diaparo Tseo Johanne Mokolobetsi a Neng a di Apara le Tsela eo a Neng a Shebahala ka Yona
Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele a se tlamme ka lebanta la letlalo le neng le ka sebediswa ho nka dintho tse nyenyane. Moprofeta Elia le yena o ne a apara diaparo tse tshwanang. (2Ma 1:8) Seaparo se entsweng ka boya ba kamele se thata mme hangata se ne se aparwa ke batho ba kojwana di mahetleng. Ho fapana le hoo, seaparo se bonolo se entsweng ka siliki kapa ka linene se ne se aparwa ke batho ba ruileng. (Mat 11:7-9) Hobane Johanne e ne e le Monazari, ho ka etsahala hore ha ho mohla a kileng a kuta moriri wa hae. Tsela eo a neng a apara ka yona le eo a neng a shebahala ka yona, e ne e bontsha ka ho hlaka hore o ne a itekanya mesikaro, a inehetse ka ho felletseng ho etsa thato ya Modimo.
Ditsie
Jwalo ka ha le sebediswa ka Bibeleng, lentswe “ditsie” le ka bua ka mefutafuta ya marutle a nang le manaka a makgutshwane, haholoholo marutle a fallang e le sehlopha. Ho latela patlisiso e entsweng Jerusalema, ditsie tsa lehwatateng di na le protheini e ngata. Mehleng ena ha di jowa dintshwa hlooho, maoto, mapheo le dikahare. Karolo e setseng e leng sefuba, e jowa e le tala kapa e phehuwe. Dikokonyana tsena ho thwe di latsweha jwalo ka lekgala hape di na le protheini e ngata.
Mahe a Dinotshi a Naheng
Setshwantshong ho bontshwa ntlo e hahuweng ke dinotshi tsa naheng (1) le kgekge ya dinotshi (2). E ka nna yaba mahe a dinotshi ao Johanne a a jeleng a entswe ke dinotshi tsa naheng tse tsejwang ka hore ke Apis mellifera syriaca, tsa sebakeng seo. Dinotshi tsena di kotsi, di kgona ho phela lehwatateng le tjhesang la Juda empa ha ho kgonehe hore motho a ka di ruwa. Le ha ho le jwalo, ho tloha dilemong tsa bo 900, batho ba neng ba phela Iseraele ba ne boloka dinotshi ka hara disilindara tsa letsopa. Matlo a mangata a dinotshi a neng a setse a ile a fumanwa ka hara toropo eo hona jwale e tsejwang e le Tel Rehov, e Phuleng ya Jordane. Mahe ao a dinotshi a entswe ke dinotshi tseo ho ka etsahalang hore di tswa sebakeng seo hona jwale se tsejwang e le Turkey.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
nwtsty study note se ho Mat 1:3
Tamare: Mosadi wa pele ho ba bahlano bao Matheu a buileng ka bona lelokong la Mesia. Ba bang ba bane ke Rahaba le Ruthe, bao e seng Baiseraele (temana ya 5); Bathe-sheba, “mosadi wa Uria” (temana ya 6); le Maria (temana ya 16). Basadi bana ba na le ho hong hoo ba ikgethang ka hona tseleng eo e mong le e mong wa bona e ileng ya e ba moholoholo wa Jesu.
nwtsty study note se ho Mat 3:11
kolobetsa: Kapa “ho qwediswa.” Lentswe la Segerike e leng ba·ptiʹzo le bolela “ho qwediswa.” Dibibele tse ding di bontsha hore kolobetso e bolela ho kena ka mmele kaofela ka metsing. Hona le nako eo ka yona Johanne a neng kolobetsa Phuleng ya Jordane pela Salime “hobane ho ne ho e na le metsi a mangata moo.” (Joh 3:23) Ha Filipi a ne a kolobetsa leqhalaha la Moethiopia, ka bobedi ba ile ba “ba theohela ka metsing.” (Lik 8:38) Lentswe leo la Segerike le ile la sebediswa ho Septuagint lengolong la 2Mar 5:14 ha ho hlaloswa hore Naamane o ile a “itahlela ka hara Jordane ka makgetlo a supileng.”
Mmalo wa Bibele
8-14 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 4-5
“Seo re ka Ithutang Sona Thutong ya Jesu ya Thabeng”
nwtsty study note se ho Mat 5:3
Ho thaba: Ha ho bolele feela ho nyakalla ha pelo, jwalo ka ha motho a ka ba le nako e monate. Ho e na le hoo, e bua ka motho ya hlohonolofatswang ke Modimo le ho thabela ho amohelwa ke yena. Lentswe lena le boetse le sebediswa ho hlalosa thabo eo Modimo le Jesu ba nang le yona lehodimong.—1Ti 1:11; 6:15.
ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya: Mantswe ana a Segerike e leng “ba elang hloko,” a bolela “ba futsanehileng (ba hlokang kapa ba kopang),” temana ena e buwa ka batho ba elellwang hore ho na le seo ba se hlokang. Ho boetse ho sebediswa lentswe le tshwanang ho Luka 16:20, 22 ha ho buwa ka Lazaro wa “mokopakopa”. Polelwana ena ya Segerike eo bafetoledi ba bang ba reng ke “ba futsanehileng moyeng” e fana ka mohopolo wa batho ba elellwang e le kannete hore ba lokela ho ba le kamano e ntle le Modimo le hore ba a mo hloka bophelong ba bona.
nwtsty study note se ho Mat 5:7
mohau: Lentswe lena la Bibele e leng “mohau” ha le bue feela ka ho tshwarela kapa ho se fane ka kahlolo. Hangata le hlalosa boikutlo ba ho thusa motho bo susumetswang ke lerato le qenehelo.
nwtsty study note se ho Mat 5:9
ba phehellang kgotso: Ha se hore feela bana le kgotso empa ba leka ho etsa hore e be teng moo e leng siyo.
w07 12/1 17
Ruta Ngwana wa Hao ho Bopa Kgotso
Batswadi ba Bakreste ba leka ka hohle ho kwetlisa bana ba bona hore ba ‘batle kgotso mme ba e phehelle.’ (1 Petrose 3:11) Thabo eo motho a bopang kgotso a bang le yona e mo thusa hore a se ke a ba le dipelaelo, kgalefo le lehloyo.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
nwtsty study note se ho Mat 4:9
ketso ya borapedi: Leetsi la Segerike le ka boelang la bolela “ho rapela” mona le sebediswa e le lekgathe le fetileng, e leng se botshang ketso ya ka nakwana. Hore ebe Diabolose o ile a re ‘nketsetse ketso ya borapedi’ ho Jesu, seo se bontsha hore Diabolose o ne a sa kope Jesu hore a dule a mo rapela, empa o ne a ipatlela feela “ketso ya borapedi” ya ka nako eo.
nwtsty study note se ho Mat 4:23
ruta . . . bolela: Ho ruta ho fapane le ho bolela hobane tijthere ha e bue feela empa e ya laya, e ya hlalosa, e ya susumetsa mme e fana le ka bopaki.
Mmalo wa Bibele
15-21 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 6-7
“Le Nne le Batle Mmuso Pele”
Monyetla wa Thapelo
12 Ke dintho dife tse lokelang ho tla pele dithapelong tsa rona? Ke Jehova le thato ya hae. Re lokela ho mo leboha ho tswa pelong ka dintho tsohle tseo a re etseditseng tsona. (1 Likronike 29:10-13) Re tseba sena hobane ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a ruta barutuwa ba hae ho rapela. (Bala Matheu 6:9-13.) O ile a ba ruta hore ba lokela ho qala ka ho rapella hore lebitso la Modimo le halaletswe. Jesu o ile a boela a re re lokela ho rapella hore Mmuso wa Modimo o tle le hore thato ya hae e etsahale lefatsheng. Jesu o ile a re re ka rapella ditlhoko tsa rona tsa botho ka mora ho rapella dintho tsena tsa bohlokwa. Ha re beha thato ya Jehova pele dithapelong tsa rona, re bontsha ka ho hlaka hore na keng e tlang pele bophelong ba rona.
nwtsty study note se ho Mat 6:24
lekgoba: Leetsi la Segerike le bolelang ho sebetsa jwalo ka lekgoba le bolela motho ya nang le monghadi a le mong. Mona Jesu o ne a hlalosa hore Mokreste a ke ke a rata Modimo ka pelo e felletseng empa hape a ntse a sehlela maruo ka lehlakoreng le leng.
nwtsty study note se ho Mat 6:33
Le nne le . . . batle: Leetsi la Segerike le bontsha hore ke ketso e tswelang pele mme hape le ka hlaloswa e le ho “Tswela pele ho batla.” Balatedi ba nnete ba Jesu ba ke ke ba batla Mmuso ka nakwana e be ba fetela dintho tse ding. Ho e na le hoo, e lokela ho ba ntho ya pele e tlang bophelong ba bona.
Mmuso: Dibuka tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho tsa Segerike di re “Mmuso wa Modimo.”
ha hae: E bua ka Modimo, “Ntata lona wa lehodimo” ho Matheu 6:32.
ho loka: Ba batlang ho loka ha Modimo ba dula ba ikemiseditse ho mamela melao ya hae. Thuto ena e ile ya hanana le ya Bafarisi, ba neng ba etelletsa ho loka ha bona pele.—Mat 5:20.
w16.07 12 ¶18
Le Batle Mmuso, Eseng Dintho Tse Ding
18 Bala Matheu 6:33. Balatedi ba Jesu ba lokela ho beha Mmuso wa Modimo pele bophelong ba bona. Jesu o ile a re ha re etsa jwalo, “dintho tsena tse ding tsohle [re] tla di ekeletswa.” Ke hobaneng ha a ne a tjho jwalo? Temaneng ya 32 o ile a re: “Ntata lona wa lehodimo wa tseba hore le hloka dintho tsena tsohle,” e leng dijo, diaparo le bodulo. Jehova a ka kgona ho re fa dintho tsena le pele re hlokomela hore re a di hloka. (Bafil. 4:19) O a tseba hore na ke seaparo sefe sa rona se mothating wa ho fela. O a tseba hore na re hloka dijo dife le hore na re hloka bodulo bo jwang, ho latela boholo ba malapa a rona. Jehova o tla etsa hore re fumane dintho tseo re hlileng re di hlokang.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
w14 5/15 14-15 ¶14-16
Bonahatsa Mekgwa e Metle ha o le Tshimong
14 Nka hore ka letsatsi le leng motho o wa o letsetsa, empa ha o utlwe hore na ke mang. Ha o mo tsebe, empa o se a o botsa hore na o rata dijo tsa mofuta ofe. O wa ipotsa hore na motho eo ke mang le hore na o batlang. Ka botho o ka nna wa bua le yena ho se hokae, empa wa leka ho kgaotsa moqoqo. Ka lehlakoreng le leng, nka hore motho eo o wa o bolella hore na ke yena mang, mme o wa itlhalosa hore o sebetsa lefapheng la phepo le hore o na le boitsebiso ba bohlokwa. Mohlomong o ne o ka batla ho mo mamela. Re a thaba ha motho a toba taba empa hape a bua le rona ka tsela e bontshang ho nahanela. Rona re ka bontsha jwang hore re nahanela batho bao re buang le bona tshimong?
15 Dibakeng tse ngata re lokela ho hlakisetsa monga ntlo hore na re mo etetse ka lebaka lefe. Ke nnete hore re tshwere boitsebiso ba bohlokwa boo monga ntlo a sa bo tsebeng, empa a re re mohlomong ha re a itsebisa, ebe re se re qala feela ka ho mo botsa potso, re re: “Haeba o ne o e na le matla a ho rarolla mathata a lefatshe, o ne o ka rarolla afe?” Ke nnete hore ha re botsa potso eo morero wa rona ke ho batla ho tseba seo monga ntlo a se nahanang, ebe ka mora moo re mo lebisa Bibeleng. Le ha ho le jwalo, monga ntlo a ka nna a ipotsa a re: ‘Motho enwa ke mang, hona ke hobaneng ha a mpotsa potso ee? O batlang?’ Kahoo re lokela ho etsa hore monga ntlo a phutholohe. (Bafil. 2:3, 4) Re ka etsa see jwang?
16 Molebedi e mong ya tsamayang o fumane tsela e atlehang ya ho buisana le beng ba matlo. Ka mora hore a dumedise, o bontsha monga ntlo pampitshana ya Na o Kile wa Ipotsa Dipotso Tsee? ebe o re: “Re ntse re di fa motho e mong le e mong sebakeng sena. E araba dipotso tse tsheletseng tseo batho ba bangata ba ipotsang tsona. Ya hao ke ena.” Mora eo wabo rona o re batho ba a phutholoha hang ha ba tseba lebaka leo o ba etetseng ka lona. Ka mora moo, ho ba bonolo ho qoqa le bona. Jwale ebe o botsa monga ntlo, o re: “Na o kile wa ipotsa e nngwe ya dipotso tsee?” Haeba monga ntlo a kgetha e nngwe ya tsona, o mo phetlela pampitshana ebe ba tshohla seo Bibele e se buang ka taba eo. Haeba monga ntlo a sa kgethe potso, yena o kgetha e nngwe ebe o tswela pele ka moqoqo a sa mo hlabise dihlong. Ho na le ditsela tse ngata tsa ho qadisa moqoqo. Dibakeng tse ding beng ba matlo ba ka nna ba lebella hore re etse dintho tse ding tse itseng pele re bolela seo re tlileng ka sona. Ntlha ya bohlokwa ke hore re lokela ho fetoha le maemo e le hore re bue le batho ba tshimong ya rona ka tsela eo ba e thabelang.
nwtsty study notes tse ho Mat 7:28, 29
ba ile ba hlollwa: Leetsi la Segerike le sebedisitsweng mona le ka hlaloswa e le “ho ameha maikutlo.” Leetsi lena le bontsha hore letshwele leo ha le ya ka la lebala mantswe a Jesu.
tsela ya hae ya ho ruta: Polelwana ena e bontsha tsela eo Jesu a neng a ruta ka yona, mekgwa e fapaneng eo a neng a e sebedisa, e neng e akaralletsa dintho tseo a neng a di ruta le ditaelo tsohle tseo a neng a fana ka tsona Thutong ya Thabeng.
eseng jwalo ka bangodi ba bona: Jesu o ne a sa qotse bafarisi jwalo ka batho ba nang le matla ha a bua, jwalo ka ha e ne le tlwaelo ya bangdi ho etsa jwalo, ho e na le hoo o ne a bua jwalo ka moedi wa Jehova, jwalo ka motho ya nang le matla, a thehile dithuto tsa Hae lentsweng la Modimo.—Joh 7:16.
Mmalo wa Bibele
22-28 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 8-9
“Jesu o ne a Rata Batho”
nwtsty study note se ho Mat 8:3
a mo ama: Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ne o laela balepera hore ba dule hole le batho e le hore ba se ke ba ba tshwaetsa. (Le 13:45, 46; Nu 5:1-4) Le ha ho le jwalo, Baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ile ba eketsa melao e meng. Ka mohlala, ba ne re motho o ne a lokela ho ema bohole ba dimithara tse 1.8 le motho ya nang le lepera, empa ha ho na le moya, o ne a lokela ho ema bohole ba dimithara tse 45. Melao ena e ne e etsa hore batho ba nang le lepera ba tshwarwe hampe. Ka tlwaelo batho ba ne ba buella borabi ba neng ipatela balepera le ba neng ba ba otla ka majwe e le hore ba dulella hole le bona. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a etsa ntho eo Bajuda ba neng ba e nka e le ntho e mpe ka ho fetisisa, ya hore a tshware molepera ya neng a le mahlomoleng ka lebaka la maemo a hae. O ne a ka nna a mo fodisa ka ho bua feela empa o ile a bona ho hlokahala hore a mo tshware ka letsoho.—Mat 8:5-12.
ke a batla: Ha se feela hore Jesu o ile a susumetswa ke kopo ya monna eo, empa hape o ile a ikutlwa a na le takatso e matla ya ho mo thusa, e seng ho pheta molao.
nwtsty study note se ho Mat 9:10
ho dula: Kapa ho ‘otla ka lehlakore tafoleng.’ Ho otla ka lehlakore tafoleng le motho ho bontsha botswalle boo o nang le bona le yena. Ke kahoo, o neng o ke ke wa bona Bajuda ba otlile ka lehlakore tafoleng le batho bao e neng e se Bajuda kapa hona ho ja le bona.
babokelli ba lekgetho: Bajuda ba bangata ba ne ba bokellela Baroma ba boholong lekgetho. Batho ba ne ba hloile Bajuda ba jwalo, eseng hobane feela ba ne ba sebedisana le Baroma empa le hore ba ne ba eketsa tjhelete ya lekgetho. Bajuda baa ba neng ba bokella lekgetho ba ne ba hloillwe ke Bajuda ba bang, ba ne ba bile ba ba nka ba ba nka jwalo ka baetsadibe le diotswa.—Mat 11:19; 21:32.
nwtsty study note se ho Mat 9:36
a bo hauhela: Leetsi la Segerike e leng splag·khniʹzo·mai le sebedisitsweng mona le tsamaisana le lentswe “mala” (splagʹkhna), e leng se bontshang boikutlo bo tebileng, bo hlahang ka hare ho motho. Ke le leng la mantswe a matla a hlalosang ho ba le mohau.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
w02 8/15 13 ¶16
“Ke le Behetse Mohlala”
16 Ka mokgwa o tshwanang, ha molaodi wa lebotho eo mohlomong e neng e le Moditjhaba wa Moroma a atamela mme a kopa Jesu hore a fodise lekgoba le kulang, Jesu o ne a tseba hore lesole leo le na le diphoso. Ho ka etsahala hore ebe molaodi wa lebotho mehleng eo o ne a tlwaetse ho etsa pefo, tshollo ya madi le borapedi ba bohata. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a lebisa tlhokomelo ho se setle, e leng tumelo ya monna enwa. (Matheu 8:5-13) Hamorao ha Jesu a ne a bua le sesenyi se neng se leketlile thupeng ya tlhokofatso haufi le yena, Jesu ha a ka a kgalemela monna enwa bakeng sa diketso tsa hae tse fetileng tsa bonokwane empa o ile a mo kgothatsa ka hore a be le tshepo bakeng sa bokamoso. (Luka 23:43) Jesu o ne a tseba hantle hore ho sheba diphoso tsa ba bang ho ne ho ka ba nyahamisa. Ha ho pelaelo hore boiteko ba hae ba ho batla se setle ho ba bang bo ile ba kgothalletsa ba bangata hore ba ntlafatse.
jy 70 ¶6
Ke hobaneng ha Barutuwa ba Jesu ba ne ba sa Itime Dijo?
Jesu o ne a thusa balatedi ba Johanne Mokolobetsi hore ba elellwe hore ha ho na motho ya neng a lokela ho lebella balatedi ba Jesu hore ba phele ho latela mekgwa ya kgale ya Tsamaiso ya Bodumedi ya Sejuda jwalo ka ho itima dijo. Jesu o ne a sa tlela ho lokisa kapa ho lelefatsa tsela ya kgale ya ho rapela, e neng e lokelwa ke hore e fediswe. Borapedi boo Jesu a neng a bo kgothalletsa ha se bo neng bo tshwana le ba Tsamaiso ya Bodumedi ya Sejuda le ditlwaelo tsa teng. O ne a sa tlela ho beha seaparo se setjha hodima sa kgale, kapa hona ho tshela veine e ntjha ka hara lekuka la kgale.
Mmalo wa Bibele
29 JANUARY–4 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 10-11
“Jesu o ne a Kgatholla Batho”
nwtsty study notes tse ho Mat 10:29, 30
dirobele: Lentswe la Segerike e leng strou·thiʹon ke nyenyefatso e bolelang nonyana e nyane, empa hangata le buwa ka dirobele, e leng dinonyana tse theko e tlaase tse rekwang bakeng sa dijo.
di rekiswa ka tjhelete ya tshepe ya bohlokwa bo bonyenyane: Ha e le hantle ke tjhelete e bitswang “assarion,” e neng e le mokgolo oo motho a neng a o fumana ka mora hore a sebetse metsotso e 45. (Sheba App. B14.) Lekgetlong lena, ha Jesu a ne a le leetong la hae la boraro Galilea, o ile a re dirobele tse pedi di ka rekwa ka assarion. Selemo ka mora moo, nakong eo a neng a bolela ditaba tse molemo Judea, Jesu o ile a re dirobele tse hlano di ka rekwa ka assarion tse pedi. (Lu 12:6) Ha re bapisa ditlaleho tsena, re a hlokomela hore dirobele di ne di le theko e tlaase hoo ha motho a ne a reka tse nne o ne a fumana ya bohlano mahala.
moriri wa dihlooho tsa lona o badilwe kaofela: Moriri wa hlooho ya motho o ka feta 100 000. Ho tseba ha Jehova ka dintho tse nyane hakaalo, ho re bontsha hore o nka molatedi e mong le e mong wa Kreste e le wa bohlokwa.
nwtsty media
Serobele
Dirobele e ne le dinonyana tse theko e tlaase ho dinonyana tse neng di rekiswa bakeng sa dijo. Tse pedi tsa tsona di ne di ka rekwa ka tjhelete eo motho a neng a e kgola ha a sebeditse metsotso e 45. Lentswe la Segerike le ka boela la sebediswa ha ho buwa ka dinonyana tse nyane, tse akarelletsang serobele se ruuwang hae e leng (Passer domesticus biblicus) le serobele sa Spanish (Passer hispaniolensis), tse ntseng di le ngata Iseraele.
nwtsty study note se ho Mat 11:28
ba imetsweng: Bana bao Jesu a buang ka bona ke ba “imetsweng” ke matshwenyeho le ho sehla ka thata. Ho bona ho sebeletsa Jehova ho fetohile morwalo, ka lebaka la melao ya batho e ileng ya kenngwa molaong oo Modimo a neng a o file Moshe. (Mat 23:4) Esita le Sabatha e neng e etseditswe ho ba kgatholla, e ne e se e le morwalo.—Ex 23:12; Mar 2:23-28; Lu 6:1-11.
ke tla le kgatholla: Lentswe la Segerike le sebedisitsweng bakeng sa lentswe “kgatholla” le ka bolela ho phomola (Mat 26:45; Mar 6:31) kapa ho imollwa ho sehleng ka thata, e le hore motho a ka kgatholoha le ho ba matla hape. (2Ko 7:13; Flm 7) Ha e le hantle ho amohela “joko” ya Jesu (Mat 11:29) ho akarelletsa ho etsa tshebeletso, eseng ho phomola. Leetsi la Segerike leo Jesu a le sebedisitseng mona, le fetisa molaetsa o fanang ka matla ho batho ba imetsweng hore ba lakatse ho nka joko ya hae e bobebe.
nwtsty study note se ho Mat 11:29
Jarang joko ya ka: Jesu o sebedisitse lentswe “joko” ka tsela ya tshwantshetso e le ha a fetisa boikutlo ba ho ikokobelletsa bolaodi le tataiso. Haeba Jesu a ne a nahanne ka joko tse pedi, e leng eo Modimo a e behileng hodima hae, kahoo le yena o ne a tla mema barutuwa ba hae ho jara joko ena le yena mme a ba tataise. Ka mantswe a mang o ne a re: “Kenang le nna tlasa joko ya ka.” Haeba joko ena ke eo Jesu a e behang ho ba bang, jwale ba ne ba tla lokela ho ikokobelletsa bolaodi ba Kreste le tataiso ya hae jwalo ka barutuwa ba hae.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
jy 96 ¶2-3
Johanne o batla ho Utlwa ho Tswa ho Jesu
Na potso eo ha e makatse? Johanne ke monna ya inehetseng, ya ileng a kolobetsa Jesu hoo e ka bang dilemo tse pedi tse fetileng, a ba a bona moya wa Modimo o theohela ho Jesu le ho utlwa lentswe la Modimo ha a amohela Jesu. Ha re na mabaka a ho dumela hore tumelo ya Johanne e ne e se e fokola. Ho seng jwalo, Jesu o ne a ke ke a bua hantle hakaana ka yena, jwalo ka ha a etsa lekgetlong lena. Empa jwale haeba Johanne a sena dipelaelo, ke hobaneng ha a botsa potso ee mabapi le Jesu?
E ka nna ya ba Johanne o ne a batla ho utlwa ho tswa ho Jesu ka ho toba hore ke yena Mesia. Sena se ne se tla matlafatsa tumelo ya hae ha a ntse a nyahame teronkong. Ha e le hantle potso ya Johanne e na le moelelo o utlwahalang. O ne a tlwaelane le boprofeta ba Bibele bo bontshang hore Motlotsuwa wa Modimo e ne e tla ba morena le molopolli. Le ha ho jwalo, dikgwedi tse ngata ka mora hore Jesu a kolobetswe, Johanne o ile a kwallwa teronkong. Ka lebaka leo, Johanne o ne a botsa hore na ebe ho na le ya tlang ka mora Jesu, ya neng a tla phethahatsa tsohle tse neng di boletswe hore Mesia o ne a tla di phethahatsa.
jy 98 ¶1-2
Ho Madimabe Moloko Ona o sa Mameleng
Jesu o ne a rata Johanne Mokolobetsi haholo, empa batho ba bangata ba ne ba ikutlwa jwang ka yena? “Moloko oo,” Jesu o re, “O jwalo ka bana ba banyenyane ba dutseng dimmarakeng ba hweletsang balekane ba bona ba bapalang le bona ba re, ‘Re ile ra le letsetsa lekodilo, empa ha le a ka la tjeka; re ile ra bokolla, empa ha le a ka la ikotla ka ho sarelwa.’ ”—Matheu 11:16, 17.
Jesu o ne a bolelang? O ne a hlakisa ntlha ena: “Johanne o tlile a sa je a sa nwe, empa le ha ho le jwalo batho ba re, ‘O na le modemona.’ Mora motho o ile a fela a tla a ja a nwa, ho ntse ho le jwalo batho ba re, ‘Bonang! Motho wa monyollo le ya ineheletseng ho nwa veine, motswalle wa babokeli ba lekgetho le baetsadibe.’ ” (Matheu 11:18, 19) Ka lehlakoreng le leng, Johanne o ne a phela bophelo bo seng mabothobotho ka ha e ne e le Monazari, a bile a sa nwe veine, leha ho le jwalo moloko ona o re o na le modemona. (Numere 6:2, 3; Luka 1:15) Ha ka lehlakoreng le leng, Jesu a ne a phela jwalo ka batho ba bang. O ja le ho nwa ka tsela e itekanetseng, empa o qoswa ka ho ja le ho nwa ho tlola. Kannete ho thata ho kgotsofatsa batho.