LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr18 June maq. 1-11
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
  • Dihloohwana
  • 4-10 JUNE
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
mwbr18 June maq. 1-11

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

4-10 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 15-16

“Jesu o Phethahaditse Boprofeta”

(Mareka 15:3-5) Empa baprista ba ka sehloohong ba qala ho mo qosa ka dintho tse ngata. 4 Jwale Pilato a qala ho mo botsa hape, a re: “Na ha o na karabo eo o ka fanang ka yona? Bona hore na ke diqoso tse ngata hakae tseo ba o qosang ka tsona.” 5 Empa Jesu ha aa ka a araba hape, hoo Pilato a ileng a qala ho hlollwa.(Mareka 15:24) Yaba a mo kgokgothela thupeng mme a aba diaparo tsa hae tsa ka ntle ka ho lahla lotho bakeng sa tsona mabapi le hore na mang o nkang.

(Mareka 15:29, 30) Ba neng ba feta moo ba ne ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho mme ba re: “Halala! Wena ya neng a re o tla heletsa tempele mme o e hahe ka matsatsi a mararo, 30 ipholose ka ho theoha thupeng ya tlhokofatso.”

nwtsty study notes tse ho Mar 15:24, 29

ba aba diaparo tsa hae tsa ka ntle: Tlaleho e ho Joh 19:23, 24 e bua ka dintlha tse eketsehileng tseo Matheu, Mareka le Luka ba sa bueng ka tsona, jwalo ka hore masole a Baroma a ile a lahla lotho bakeng sa seaparo sa Jesu sa ka ntle le sa ka hare le hore a ile a nka diaparo tsa hae tsa ka ntle mme a di etsa “dikarolo tse nne, karolo bakeng sa lesole ka leng,” le hore ba ne ba sa batle ho arola seaparo sa hae sa ka hare, kahoo ba lahla lotho bakeng sa sona e le ho phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Pes 22:18 bo buang ka ho lahla lotho bakeng sa Mesia. E ne e le ntho e tlwaelehileng hore batho ba phethahatsang dikahlolo ba nke diaparo tsa batho ba neng ba tlo ba bolaya, ka hoo dinokwane di ne di hlobodiswa diaparo pele di ka bolawa e le hore feela ba di hlabise dihlong.

ba sisinya dihlooho: Tlwaelo ena ya ho sisinya hlooho e ne tsamaisana le mantswe a bontshang ho tella, nyatsa le ho tsheha motho. Batho ba neng ba feta ka tsela ba ne etsa sena ba sa hlokomele hore ba phethahatsa boprofeta bo tlalehilweng ho Pes 22:7.

(Mareka 15:43) ha tla Josefa wa Arimathya, setho sa Lekgotla se nang le botumo bo botle, eo le yena a neng a letetse Mmuso wa Modimo. A ba sebete ho ya ka pela Pilato mme a kopa setopo sa Jesu.

(Mareka 15:46) Ka lebaka leo a reka line ya boleng bo botle mme a mo theola, a mo phuthela ka line eo ya boleng bo botle mme a mo beha ka lebitleng le neng le fatilwe lefikeng; yaba o phikolosetsa lejwe monyakong wa lebitla la kgopotso.

nwtsty study note se ho Mar 15:43

Josefa: Ho hlakile hore Bangodi ba fapaneng ba Dikosepele ba ngotse dintlha tse sa tshwaneng ka Josefa. Matheu e leng mmokeldi wa lekgetho o re e ne le “monna. . . . ya ruileng”; Mareka e leng mongodi wa Baroma, o re e ne e le “setho sa Lekgotla se nang le botumo bo botle” eo le yena a neng a letetse Mmuso wa Modimo; Luka e leng ngaka e tsotellang, o re e ne e le “monna ya molemo le ya lokileng” ya sa kang a vouta ho tshehetsa qeto ya Lekgotla e kgahlanong le Jesu; Johanne yena o re e ne e le “morutuwa wa Jesu empa wa sephiri ka lebaka la ho tshaba Bajuda.”—Mat 27:57-60; Mar 15:43-46; Du 23:50-53; Joh 19:38-42.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mareka 15:25) Jwale e ne e se e le hora ya boraro, yaba a mo kgokgothela thupeng.

nwtsty study note se ho Mar 15:25

hora ya boraro: Ke hora ya borobong hoseng. Batho ba bang ba re tlaleho ena e ho Mareka ya hore na Jesu o kgokgothetswe nako mang ha e tshwane le e ho Joh 19:14-16 e reng “e ne e ka ba hora ya botshelela” ha Pilato a ne a nehelana ka Jesu hore bolawe. Le hoja Mangolo a sa hlalose phapang eo ka ho hlaka, re lokela ho ela hloko dintlha tse latelang: Ditlaleho tsa Dikosepele di kopanya taba ena le diketsahalo tse etsahetseng latsatsing la ho qetela la Jesu a le lefatsheng. Ditlaleho tsena ka bone ba tsona di bontsha hore baprista le baholo, ba ile ba kopana pele letsatsi le tjhaba mme ba etsa hore Jesu a iswe ho Mmusisi wa Moroma Ponse Pilato. (Mat 27:1, 2; Mar 15:1; Du 22:66–23:1; Joh 18:28) Matheu, Mareka le Luka ba tlalehile hore ha Jesu a ntse a le thupeng, lefifi le ile la aparela naha yohle, ho tloha “ka hora ya botshelela . . . ho ya fihlela ka hora ya borobong.” (Mat 27:45, 46; Mar 15:33, 34; Du 23:44) Ntho e ka re thusang tabeng ya nako ya tlhokofatso ya Jesu ke hore ba bang ba ne ba nka ho shapuwa ha hae e le karolo ya ho hlokofatswa. Ka nako e nngwe, ho shapuwa ho ne ho le hobe hoo motho a neng a ka shwa. Boemong ba Jesu, ho ne ho hlokahala hore motho e mong a mo kukise thupa ya hae ya tlhokofatso hobane o ne a shapuwe habohloko. (Du 23:26; Joh 19:17) Haeba ha Jesu a shapuwa e ne le hona ha tlhokofatso e qala, e tlameha ebe ho fetile nako pele a kgokgothelwa thupeng ya tlhokofatso. Ho thahasellisang ke hore Mat 27:26 le Mar 15:15 di bontsha hore Pilato o ile a nehelana ka Jesu hore a kgokgothelwe thupeng ka mora hore a shapuwe. Kahoo, batho ba fapaneng ba ka fana ka dinako tse sa tshwaneng tsa kahlolo, ho itshetlehile ka pono ya bona tabeng ya hore ketsahalo ena e qadile neng. Sena se ka nna sa hlalosa lebaka leo ka lona Pilato a neng a hlolletswe ha a utlwa hore Jesu o shwele kapele ka mora hore a kgokgothelwe thupeng hobane ho ya ka yena o ne a nka hore ke hona tlhokofatso ya Jesu e qalang. (Mar 15:44) Ho feta moo, bangodi ba Bibele ba ne ba atisa ho arola letsatsi ka mekgahlelo e mene, e leng ho le arola ka dihora tse tharo jwalo ka ha ha ho ne ho etsahala bosiu. Sena se hlalosa lebaka leo ka lona ho nang le hora ya boraro, hora ya botshelela le hora ya borobong ha o bala nako ho tloha hoseng ka hora ya botshelela. (Mat 20:1-5; Joh 4:6; Lik 2:15; 3:1; 10:3, 9, 30) Hape, batho ba ne ba se na diwatjhe tse ba bolellang hore ke nako mang, ke ka lebaka leo ho neng ho sebediswa mantswe a reng “e ne e ka ba” jwalo ka ha lengolo la Joh 19:14 le bontsha. (Mat 27:46; Du 23:44; Joh 4:6; Lik 10:3, 9) Ha re phethela: E ka nna yaba Mareka o ile a kenyelletsa ho shapuwa ha Jesu le ho kgokgothelwa thupeng, ha Johanne yena a ile bua feela ka ho kgokgothelwa thupeng. E ka nna yaba bangodi bana ka bobedi ba ile ba sebedisa nako ho latela hore na e ne se ntse e le nako mang, hape Johanne o sebeditse mantswe “e ne e ka ba” ha a fana ka nako. Ho latela mabaka ana, ho ka etsahala hore ke lona lebaka leo ho nang le dinako tse sa tshwaneng ha ho buuwa ka tlaleho ena. Qetellong, taba ya hore nako eo Johanne a e ngotseng ha e tshwane le eo Mareka a e ngotseng, e bontsha hore Johanne o ne a sa ngole seo Mareka a se ngotseng.

(Mareka 16:8) Kahoo ha ba tswa ba baleha lebitleng la kgopotso, etswe ba ne ba tshwerwe ke ho thothomela le boikutlo bo matla. Ha ho eo ba ileng ba mo bolella letho, ka ha ba ne ba tshaba.

nwtsty study note se ho Mar 16:8

ka ha ba ne ba tshaba: Ho latela dibuka tse fumanehang tse ngotsweng ka letsoho tsa lengolo la Mareka, Kosepele ena e qetella ka mantswe a hlahang temaneng ya 8. Ba bang ba fana ka maikutlo a hore ha ho utlwahale hore temana ya 8 e felle feela jwalo ho sena mantswe a mang a ka qetellang temana eo. Le ha ho le jwalo, maikutlo ao a fosahetse hobane tsela eo Mareka a neng a ngola ka yona e ne e le e kgutshwane e tobang taba. Hape, ditsebi tsa dilemong tsa bo 400 e leng Jerome le Eusebius di bontsha hore ditlaleho tse tshepahalang, di phethela lengolo la Mareka kgaolo ya 16 temana ya 8 ka mantswe a reng “ka ha ba ne ba tshaba.”

Ho na le dibuka tse mmalwa tse ngotsweng ka letsoho ka Segerike le diphetolelo tse ding tse qetellang temana ya 8 ka sephetho se selelele kapa se sekgutshwanyane. Sephetho se selelele (se nang le ditemana tse 12 tse eketsehileng) se fumanwa ho Codex Alexandrinus, Codex Ephraemi Syri rescriptus, le Codex Bezae Cantabrigiensis tseo kaofela ha tsona e leng tsa dilemong tsa bo 500. Se boetse se hlaha hape ho Latin Vulgate, Curetonian Syriac le Syriac Peshitta. Le ha ho le jwalo, ha se hlahe dibukeng tse ngotsweng ka letsoho tsa dilemong tsa bo 400 e leng Codex Sinaiticus le Codex Vaticanus kapa Codex Sinaiticus Syriacus ya dilemong tsa bo 400 kapa 500 kapa Sahidic Coptic e ngotsweng ka letsoho ya Mareka ya dilemong tsa bo 500. Ka ho tshwanang dibuka tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho tsa Mareka ka puo ya Searmenia le Segeorgia di qetella ka temana ya 8.

Ho na le dibuka tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho tse mmalwa le diphetolelo tse ding tse nang le sephetho se sekgutshwanyane (tse nang le ditemana tse mmalwa). Codex Regius ya dilemong tsa bo 800 e na le diphetho tseo di le pedi mme e fana ka sephetho se sekgutshwanyane pele. Diphetho tsena ka bobedi di na le molaetsa o tshwanang Dibibeleng tse ngata, le hoja molaetsa oo o hlalosa ka ho hlaka hore ha ho na bopaki bo teng ka diphetho tsena.

SEPHETHO SE SEKGUTSHWANYANE

Sephetho se sekgutshwanyane se hlahang qetellong ho Mar 16:8 ha se karolo ya Mangolo a halalelang. Se baleha tjena:

Empa ka bokgutshwanyane ba phetela ba potapotileng Petrose dintho tsohle tse neng di laetswe. Ho ekelletsa moo, ka mora dintho tsena, Jesu a romeletsa ka bona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela phatlalatso e halalelang le e ke keng ya bola ya poloko e sa feleng.

SEPHETHO SE SELELELE

Sephetho se selelele se hlahang qetellong ho Mar 16:8 ha se karolo ya Mangolo a halalelang. Se baleha tjena:

9 Ka mora hore a tsohe hoseng ka letsatsi la pele la beke a bonahala pele ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena. 10 A tsamaya mme a tlalehela ba neng ba bile mmoho le Jesu, ha ba ntse ba siame mme ba lla. 11 Empa, ha ba utlwa hore wa phela le hore o mo bone, ha ba a ka ba dumela. 12 Ho feta moo, ka mora dintho tsena a bonahala ka sebopeho se seng ho ba babedi ba bona ba neng ba tsamaya, ha ba ntse ba ya sebakeng se ka thoko; 13  yaba ba a kgutla mme ba tlalehela ba bang kaofela. Le bona ha ba a ka ba ba dumela. 14 Empa hamorao a bonahala ho ba leshome le motso o mong ha ba ntse ba otlile ka lehlakore tafoleng, mme a nyatsa ho hloka tumelo le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba neng ba mo bone ha a se a tsositswe bafung. 15 Yaba o re ho bona: “E-yang le kene lefatsheng lohle mme le bolelle popo yohle ditaba tse molemo. 16 Ya dumelang mme a kolobetswa o tla pholoha, empa ya sa dumeleng o tla ahlolwa. 17 Ho feta moo, dipontsho tsena di tla tsamaya le ba dumelang: Ba tla leleka bademona ba sebedisa lebitso la ka, ba tla bua maleme, 18 ba tla tshwara dinoha ka matsoho, mme haeba ba nwa ntho Le ha e le efe e bolaeang e ke ke ya ba ntsha kotsi ho hang. Ba tla beha matsoho hodim ’a batho ba kulang, mme ba tla fola.”

19 Kahoo, jwale, Morena Jesu, ka mora hore a bue le bona, a nkelwa lehodimong mme a dula ka letsohong le letona la Modimo. 20 Ka lebaka leo, ba tswa mme ba bolela hohle, ha Morena a ntse a sebetsa le bona mme a tshehetsa molaetsa ka dipontsho tse tsamayang le bona.

Mmalo wa Bibele

(Mareka 15:1-15) Kapelepele ha mafube a hlaha baprista ba ka sehloohong hammoho le banna ba baholo le bangodi, esita le Sanhedrine yohle, ba rerisana, mme ba tlama Jesu yaba ba a mo tsamaisa mme ba nehelana ka yena ho Pilato. 2 Kahoo Pilato a mo botsa potso: “Na o morena wa Bajuda?” Ha a mo araba a re: “Ke wena ya bolelang jwalo.” 3 Empa baprista ba ka sehloohong ba qala ho mo qosa ka dintho tse ngata. 4 Jwale Pilato a qala ho mo botsa hape, a re: “Na ha o na karabo eo o ka fanang ka yona? Bona hore na ke diqoso tse ngata hakae tseo ba o qosang ka tsona.” 5 Empa Jesu ha aa ka a araba hape, hoo Pilato a ileng a qala ho hlollwa. 6 Jwale, ho tloha moketeng o mong ho ya ho o mong o ne a ye a ba lokollele motshwaruwa a le mong, eo ba neng ba mo kopa ka matla. 7 Ka nako eo ho ne ho e na le eo ho thweng ke Barabase ditlamong hammoho le bafetohedi, bao bofetoheding ba bona ba neng ba bolaile. 8 Ka hoo bongata ba nyoloha mme ba qala ho etsa kopo e matla ho ya ka seo a neng a ye a bo etsetse sona. 9 Pilato a bo arabela, a re: “Na le batla hore ke le lokollele morena wa Bajuda?” 10 Etswe o ne a hlokomela hore baprista ba ka sehloohong ba nehelane ka yena ka lebaka la mohono. 11 Empa baprista ba ka sehloohong ba hlohlelletsa bongata hore bo etse hore ho e na le hoo, a bo lokollele Barabase. 12 Ha Pilato a boela a araba a re ho bona: “Jwale, ke tla etsang ka eo le mo bitsang morena wa Bajuda?” 13 Ba boela ba hweletsa: “Mo kgokgothele thupeng!” 14 Empa Pilato a tswela pele ho re ho bona: “Hobaneng, ke ntho efe e mpe eo a e entseng?” Ho ntse ho le jwalo ba hweletsa ka ho eketsehileng: “Mo kgokgothele thupeng!” 15 Yaba Pilato, a lakatsa ho kgotsofatsa bongata, o bo lokollela Barabase, mme, ka mora hore a etse hore Jesu a shapuwe ka sephadi, a nehelana ka yena hore a kgokgothelwe thupeng.

11-17 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 1

“Etsisa Boikokobetso ba Maria”

(Luka 1:38) Jwale Maria a re: “Bona! Lekgabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ya ka polelo ya hao.” Yaba lengeloi le tloha ho yena.

ia 149 ¶12

“Bona! Lekgabunyane la Jehova!”

Le kajeno mantswe a hae a bontshang boikokobetso le ho mamela a ntse a hopolwa ke batho bohle ba nang le tumelo. O ile a re ho Gabriele: “Bona! Lekgabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ya ka polelo ya hao.” (Luka 1:38) Lekgabunyane e ne e le lekgoba la boemo bo tlase ka ho fetisisa; bophelo ba lona bo ne bo le matleng a monga lona ka ho feletseng. Maria o ne a ikutlwa jwalo ka Monga hae, Jehova. O ne a tseba hore o matsohong a sireletsehileng, hore Jehova wa tshepahala ho ba tshepahalang ho yena, le hore o ne a tla mo hlohonolofatsa ha a ntse a etsa sohle seo a ka se kgonang ho phethahatsa boikarabelo bona bo boima.—Pes. 18:25.

(Luka 1:46-55) Yaba Maria o re: “Moya wa ka o tlotlisa Jehova, 47 mme ka boikutlo ba ka nke ke ka tlohela ho nyakallela Modimo Mopholosi wa ka; 48 hobane o tadimile boemo bo tlase ba lekgabunyane la hae. Etswe, bonang! ho tloha jwale ho ya pele meloko eohle e tla phatlalatsa hore ke thabile; 49 hobane Ya matla o nketseditse diketso tse kgolo, mme lebitso la hae le a halalela; 50 melokong e meng ka mora e meng mohau wa hae o hodima ba mo tshabang. 51 O entse ka bonatla ka letsoho la hae, o hasantse hohle ba ikgohomosang boikemisetsong ba dipelo tsa bona. 52 O theotse banna ba nang le matla diteroneng mme o phahamisitse ba tlase; 53 ba lapileng o ba kgorisitse ka botlalo ka dintho tse molemo mme ba neng ba e na le leruo o ba kgutlisitse ba se na letho. 54 O phalletse Iseraele mohlanka wa hae, ho hopola mohau, 55 feela jwalo ka ha a ile a bolella baholoholo ba rona, Abrahama le peo ya hae, ka ho sa feleng.”

ia 150-151 ¶15-16

“Bona! Lekgabunyane la Jehova!”

15 Yaba Maria le yena wa bua. Mantswe a hae a ngotswe ka hloko ka hara Lentswe la Modimo. (Bala Luka 1:46-55.) Ke polelo e telele ka ho fetisisa e tlalehilweng ka Bibeleng eo Maria a ileng a e bua mme e bontsha hore na e ne e le motho wa mofuta ofe. E bontsha kamoo a neng a e na le teboho le kananelo kateng, ha a ntse a rorisa Jehova ka hore ebe o mo hlohonolofaditse ka ho mo fa boikarabelo ba ho ba mme wa Mesia. E bontsha kamoo tumelo ya hae e neng e le matla kateng, ha a re Jehova o kokobetsa ba ikgohomosang le ba matla mme o thusa ba tlase le ba futsanehileng ba batlang ho mo sebeletsa. Hape e bontsha kamoo a neng a e na le tsebo kateng. Ho hakanngwa hore o qotsitse Mangolo a Seheberu ka makgetlo a fetang 20!

16 Ho hlakile hore Maria o ne a nahanisisa ka Lentswe la Modimo. Le ha ho le jwalo, o ile a dula a ikokobeditse, a kgetha ho hlalosa boemo ba hae a sebedisa Mangolo ho e na le hore a bue dintho tseo a iqapelang tsona. Mora ya neng a ntse a hola ka popelong ya hae, ka letsatsi le leng o ne a tla bontsha moya o tshwanang mme a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ya nthomileng.” (Joh. 7:16) Re lokela ho ipotsa dipotso tse kang tsena: ‘Na ke bontsha tlhompho ka tsela e jwalo ka Lentswe la Modimo? Kapa na ke rata ho buella dikgopolo le dithuto tsa ka?’ Karabo ya Maria e hlakile.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Luka 1:69) O re hlahiseditse lenaka la poloko ka tlung ya mohlanka wa hae Davida,

nwtsty study note se ho Lu 1:69

lenaka la poloko: Kapa “mopholosi ya matla.” Hangata ka Bibeleng, manaka a diphoofolo a emela matla kapa tlholo. (1Sa 2:1; Pes 75:4, 5, 10; 148:14) Manaka a tshwantshetsa balaodi ebang ba ne ba lokile kapa ba le kgopo hape ha ba ne ba hlola seo se ne se tshwantshetsa ho sutumetsa ka manaka. (De 33:17; Dan 7:24; 8:2-10, 20-24) Tabeng ena, polelo e reng “lenaka la poloko” e bolela Mesia ya nang le matla a ho pholosa kapa mopholosi ya matla.

(Luka 1:76) Empa ha e le wena, ngwana e monyenyane, o tla bitswa moprofeta wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa, ka ha o tla tsamaya ka pela Jehova ho lokisa ditsela tsa hae,

nwtsty study note se ho Lu 1:76

o tla tsamaya ka pela Jehova: Johanne Mokolobetsi ‘o ne a tla tsamaya ka pela Jehova’ ka kutlwisiso ya hore o ne a tla etella Jesu pele, ya neng a tla emela Ntate wa hae a be a tle ka lebitso la Ntate wa hae.—Joh 5:43; 8:29; sheba study note se latelang se buang ka Jehova temaneng ena.

Jehova: Mantswe a Zakaria a boprofeta a hlahang temaneng ena a bontsha seo Esa 40:3 le Mal 3:1 a se buang, moo lebitso la Jehova le emelwang ke ditlhaku tse nne tsa Seheberu (YHWH) le hlahang teng Mangolong a pele a Seheberu. Lebitso lena le a hlaha Mangolong a Seheberu le hoja mangolong a Segerike a ngotsweng ka letsoho e leng Kyʹri·os le hlaha e le (Morena). (Sheba study notes tse ho Lu 1:6, 16, 17; 3:4 le App. C.) Ho ekelletsa moo, ho a thahasellisa hore ebe temaneng ena, jwalo ka ho tse ding tse hlahang ho Luka kgaolo ya 1 ho Kyʹri·os, sehlakisi sa Segerike se ne se sa kenyelletswa ho Kyʹri·os moo ho neng ho lebelletswe hore lebitso lena le ka hlaha ho latela sebopeho puo, se neng se tla etsa hore Kyʹri·os e be lebitso le nepahetseng. Hona le diphetolelo tse ngata tsa Bibele tse sebedisang Jehova, Yahveh, Yahweh, יהוה (YHWH, kapa Tetragrammaton), MORENA le ADONAI sehloohong, mongolong o bo tlaseng ba leqephe kapa mongolo o bohareng e le ho supa hore ho na lebitso Jehova Modimo. Ditshupiso tse mmalwa di tshehetsa taba ena. Sheba App. C.

Mmalo wa Bibele

(Luka 1:46-66) Yaba Maria o re: “Moya wa ka o tlotlisa Jehova, 47 mme ka boikutlo ba ka nke ke ka tlohela ho nyakallela Modimo Mopholosi wa ka; 48 hobane o tadimile boemo bo tlase ba lekgabunyane la hae. Etswe, bonang! ho tloha jwale ho ya pele meloko eohle e tla phatlalatsa hore ke thabile; 49 hobane Ya matla o nketseditse diketso tse kgolo, mme lebitso la hae le a halalela; 50 melokong e meng ka mora e meng mohau wa hae o hodima ba mo tshabang. 51 O entse ka bonatla ka letsoho la hae, o hasantse hohle ba ikgohomosang boikemisetsong ba dipelo tsa bona. 52 O theotse banna ba nang le matla diteroneng mme o phahamisitse ba tlase; 53 ba lapileng o ba kgorisitse ka botlalo ka dintho tse molemo mme ba neng ba e na le leruo o ba kgutlisitse ba se na letho. 54 O phalletse Iseraele mohlanka wa hae, ho hopola mohau, 55 feela jwalo ka ha a ile a bolella baholoholo ba rona, Abrahama le peo ya hae, ka ho sa feleng.” 56 Jwale Maria a dula le yena hoo e ka bang dikgwedi tse tharo, mme a kgutlela ha habo. 57 Jwale ha fihla nako ya hore Elizabetha a belehe, mme a tswala mora. 58 Baahelani le beng ka yena ba utlwa hore Jehova o ne a hodisitse mohau wa hae ho yena, mme ba qala ho thaba le yena. 59 Yaba ka letsatsi la borobedi ba tla ho tla bolotsa ngwana e monyenyane, mme ba ne ba tlilo mo reha lebitso la ntatae, Zakaria. 60 Empa mmae a araba a re: “Tjhe, ka sebele! empa o tla rehwa Johanne.” 61 Yaba ba re ho yena: “Ha ho ya rehilweng lebitso lena hara beng ka wena.” 62 Jwale ba qala ho botsa ntatae ka dipontsho hore na o ne a batla hore a rehwe mang. 63 Yaba o kopa letlapa mme wa ngola: “Lebitso la hae ke Johanne.” Yaba kaofela ba a hlollwa. 64 Hanghang molomo wa hae wa buleha mme leleme la hae la raroloha mme a qala ho bua, a boka Modimo. 65 Tshabo ya wela bohle ba phelang tikolohong ya bona; mme dintho tsena kaofela tsa qala ho buuwa naheng yohle e dithaba ya Judea, 67 mme bohle ba ileng ba utlwa ba boloka seo ka dipelong tsa bona, ba re: “Ha e le hantle ngwana enwa e monyenyane e tla ba eng?” Etswe ka sebele letsoho la Jehova le ne le e na le yena.

18-24 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 2-3

“Bana, na le Tiisa Setswalle sa Lona le Modimo?”

(Luka 2:41, 42) Jwale batswadi ba hae ba ne ba tlwaetse ho ya Jerusalema selemo le selemo bakeng sa mokete wa paseka. 42 Ha a e ba dilemo di leshome le metso e mmedi, ba nyoloha ho ya ka tlwaelo ya mokete oo.

nwtsty study note se ho Lu 2:41

batswadi ba hae ba ne ba tlwaetse: Molao o ne o sa dumelle basadi hore ba ye moketeng wa Paseka. Le ha ho le jwalo, e ne le tlwaelo ya Maria hore a ye le Josefa moketeng ona wa selemo le selemo Jerusalema. (Ex 23:17; 34:23) Selemo le selemo ba ne ba nka leeto la dikhilomithara tse ka bang 300 ho ya le ho kgutla ba tsamaya le bana ba bona.

(Luka 2:46, 47) Jwale, ka mora matsatsi a mararo ba mo fumana ka tempeleng, a dutse hara mesuwe mme a e mamela le ho e botsa. 47 Empa bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatswa ka nako yohle ke kutlwisiso ya hae le dikarabo tsa hae.

nwtsty study notes tse ho Lu 2:46, 47

le ho e botsa: Tsela eo batho ba neng ba mo mametse ba neng ba maketse ka yona e bontsha hore dipotso tsa Jesu e ne e se tsa moshanyana feela ya neng a batla ho tseba dintho. (Lu 2:47) Lentswe la Segerike le bolelang ‘ho botsa dipotso,’ maemong a mang le ka bolela ho araba motho ka ho mo botsa potso le mokgwa wa ho hloma motho dipotso o sebediswang ka kgotla. (Mat 27:11; Mar 14:60, 61; 15:2, 4; Lik 5:27) Borahistori ba re baetapele ba bodumedi ba neng ba nkelwa hodimo ba ne ba tlwaetse ho sala tempeleng ka mora mekete e be ba a ruta. Batho ba ne ba dula pela maoto a bona e le hore ba mamele ba be ba botse dipotso.

ba ne ba makatswa ka nako yohle: Leetsi la Segerike le sebedisitsweng mona bakeng sa “makatswa” le ka bolela ho makala ho tswelang pele kapa ho etsahalang kgafetsa.

(Luka 2:51, 52) Yaba o theoha le bona o tla Nazaretha, mme a tswela pele ho ipeha tlasa bona. Hape, mmae a boloka ka hloko dipolelo tsena kaofela ka pelong ya hae. 52 Jesu a nna a hatela pele bohlaleng le kgolong ya mmele mme a amoheleha ho Modimo le ho batho.

nwtsty study note se ho Lu 2:51, 52

tswela pele ho ipeha tlasa: Kapa “ho tswela pele ho ikokobetsa kapa ho mamela.” Leetsi la Segerike le bontshang ho tswela pele, le bontsha hore ka mora hore Jesu a makatse baetapele ba bodumedi tempeleng ka tsebo eo a nang le yona ka Lentswe la Modimo, o ile a kgutlela hae mme a ikokobelletsa batswadi ba hae. Ho mamela ha Jesu ho ne ho ikgetha ho feta ha ngwana e mong le e mong, ka ha o ne a phethahatsa ka ho felletseng Molao oo Modimo a neng a o file Moshe.—Ex 20:12; Gal 4:4.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Luka 2:14) “Kganya e be ho Modimo bophahamong bo hodimo, mme kgotso e be hara batho bao a kgahlwang ke bona lefatsheng.”

nwtsty study notes tse ho Lu 2:14

mme kgotso e be hara batho bao a kgahlwang ke bona lefatsheng: Dibuka tse ding tse ngotsweng ka letsoho di na le mantswe a fetolelwang e le “kgotso lefatsheng, batho ba etsang se lokileng,” mme diphetolelo tse ding tsa Bibele di bua mantswe a tshwanang. Empa tsela eo Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetoletseng mantswe ana ka yona e itshetlehile haholo ka bopaki bo dibukeng tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho ebile e le tse tshepahalang. Tsebiso ena e ileng ya tla ka lengeloi e ne e sa bolele hore Modimo o kgahlwa ke batho bohle ho sa tsotellehe boitshwaro le diketso tsa bona. Ho e na le hoo, e bolela hore ba kgahla Modimo hobane ba e na le tumelo ya sebele ho yena le hore e be balatedi ba Mora wa hae.—Sheba study note se buang ka batho bao a kgahlwang ke bona temaneng ena.

batho bao a kgahlwang ke bona: Lentswe le reng “kgahlwang” leo lengeloi le buileng ka lona le bontsha ka ho hlaka hore ke Modimo ya kgahlwang eseng batho. Lentswe la Segerike e leng eu·do·kiʹa le ka boela la bolela “ho amohelwa.” Leetsi le tshwanang le lena e leng eu·do·keʹo le sebedisitswe ho Mat 3:17; Mar 1:11 le Lu 3:22 (sheba study notes tse ho Mat 3:17; Mar 1:11), moo Modimo a neng a bua le Mora wa hae ka mora hore a kolobotswe. Le mpa le hlalosa ho “amohela kapa ho thabiswa ke ntho e itseng.” Ka mokgwa oo a sebedisitsweng ka ona, mantswe a reng “batho bao a kgahlwang” (an·throʹpois eu·do·kiʹas) a bolela batho bao Modimo a ba amohelang hape a ka bolela “batho bao a thabiswang ke bona.” Tsebiso ena e ileng ya tla ka lengeloi e ne e sa bolele hore Modimo o kgahlwa ke batho bohle empa ke ba neng ba tla mo thabisa ka ho ba le tumelo ya sebele ho yena le hore e be balatedi ba Mora wa hae. Le hoja lentswe la Segerike e leng eu·do·kiʹa maemong a mang le ka bolela batho ba kgahlwang ke ntho e itseng (Bar 10:1; Fil 1:15), empa hangata le sebediswa bakeng sa batho ba kgahlwang ke Modimo kapa ba tsamayang tseleng ya hae e lokileng (Mat 11:26; Lu 10:21; Ef 1:5, 9; Fil 2:13; 2Th 1:11). Pes 51:18 [50:20, LXX] ho Septuagint lentswe lena le sebedisitswe e le “kamohelo” ya Modimo.

(Luka 3:23) Ho feta moo, Jesu, ha a qala mosebetsi wa hae, o ne a ka ba dilemo di mashome a mararo, mme kamoo maikutlo a neng a le kateng, e le mora wa Josefa, mora wa Heli,

wp16.3 9 ¶1-3

Na o ne o Tseba?

Ntate wa Josefa e ne e le mang?

Josefa e ne e le mmetli wa mapolanka ya dulang Nazaretha. Ke yena ya hodisitseng Jesu. Empa ntate wa Josefa e ne e le mang? Kosepele ya Matheu e re e ne e le monna e mong ya bitswang Jakobo, ha Luka yena a re Josefa e ne e le “mora wa Heli.” Ke hobaneng ha ho bonahala e ka ba bua ditaba tse sa tshwaneng?—Luka 3:23; Matheu 1:16.

Lengolo la Matheu le re: “Jakobo a tswala Josefa,” e leng mantswe ao ho ya ka Segerike a bontshang hore Jakobo e ne e le ntate wa Josefa. Ho bonahala Matheu a ne a nahanne ka leloko la Josefa, e leng lesika la borena la Davida leo ka molao Jesu e neng e le karolo ya lona hobane a hodisitswe ke Josefa.

Ka lehlakoreng le leng, lengolo la Luka le re: “Josefa, mora wa Heli.” Polelo e reng “mora wa,” e ka boela ya bolela “mokgwenyana wa.” Sena re se bona lengolong la Luka 3:27, moo Shalatiele ya tswalwang ke Jekonia, a bitswang “mora wa Neri.” (1 Likronike 3:17; Matheu 1:12) Mohlomong Shalatiele o ne a nyetse moradi wa Neri eo ho sa bolelwang lebitso la hae, ka hoo e ne e le mokgwenyana wa hae. Ka ho tshwanang Josefa e ne e le “mora” wa Heli, hobane o ne a nyetse moradi wa hae e leng Maria. Kahoo Luka o bua ka leloko la Jesu “ho ya ka nama,” e leng ho ya ka mme ya mo tswalang e leng Maria. (Baroma 1:3) Bibele e re file mahlakore a mabedi a sa tshwaneng a leloko la Jesu.

Mmalo wa Bibele

(Luka 2:1-20) Jwale matsatsing ao ha tswa molaotaelo ho Cesare Augustase wa hore lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona le ngodiswe; 2  (ngodiso ena ya pele e ile ya etsahala ha Kuirinease e ne e le mmusisi wa Syria;) 3 mme batho bohle ba qala ho tsamaya ho ya ngodiswa, e mong le e mong motseng wa habo. 4 Ka ho hlakileng, Josefa le yena o ile a tloha Galilea, motseng wa Nazaretha, a kena Judea, motseng wa Davida, o bitswang Bethlehema, kahobane e ne e le setho sa ntlo le sa lelapa la Davida, 5 hore a ngodiswe le Maria, eo a neng a mo nehilwe hore a mo nyale jwalo ka ha ho ne ho tshepisitswe, eo ka nako ena a neng a se a holetswe. 6 Ha ba ntse ba le moo, matsatsi a hore a belehe a phethahala. 7 A tswala mora wa hae, letsibolo, yaba o mo thatela ka masela mme o mo beha ka sejelong, kahobane ba ne ba se na sebaka ka kamoreng ya ho phomola. 8 Naheng yona eo ho ne ho boetse ho e na le badisa ba phelang naheng mme ba lebela mehlape ya bona bosiu. 9 Ka tshohanyetso lengeloi la Jehova la ema haufi le bona, mme kganya ya Jehova ya phatsima ho ba potapota, mme ba tshoha haholo. 10 Empa lengeloi la re ho bona: “Le se ke la tshoha, etswe, bonang! ke le bolella ditaba tse molemo tsa thabo e kgolo eo batho bohle ba tla ba le yona, 11 hobane kajeno le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena, motseng wa Davida. 12 Sena ke pontsho bakeng sa lona: le tla fumana lesea le thatetsweng ka masela mme le robetse ka sejelong.” 13 Ka tshohanyetso letshwele la lekgotla la lehodimo la eba hammoho le lengeloi leo, le rorisa Modimo mme le re: 14  “Kganya e be ho Modimo bophahamong bo hodimo, mme kgotso e be hara batho bao a kgahlwang ke bona lefatsheng.” 15 Kahoo ha mangeloi a tlohile ho bona ho kena lehodimong, badisa ba qala ho buisana ba re: “Ka sebele a re yeng Bethlehema mme re bone ntho ena e etsahetseng, eo Jehova a re tsebisitseng yona.” 16 Yaba ba tsamaya ka potlako mme ba fumana Maria hammoho le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong. 17 Ha ba le bona, ba tsebahatsa polelo eo ba neng ba e boleletswe malebana le ngwana enwa e monyenyane. 18 Bohle ba ileng ba utlwa ba hlollwa ke dintho tseo ba di bolellwang ke badisa bao, 19 empa Maria a qala ho boloka dipolelo tsena kaofela, a di nahanisisa ka pelong ya hae. 20 Jwale badisa ba kgutla, ba tlotlisa Modimo le ho mo rorisa bakeng sa dintho tsohle tseo ba ileng ba di utlwa le ho di bona, feela Jwalo ka ha ba ne ba di boleletswe.

25 JUNE–1 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG| LUKA 4-5

“Hlola Diteko Jwalo ka Jesu”

(Luka 4:1-4) Jwale Jesu, a tletse moya o halalelang, a tloha Jordane, mme moya wa mo isa lefeelleng 2 ka matsatsi a mashome a mane, ha a ntse a lekwa ke Diabolose. Ho feta moo, ha aa ka a ja letho matsatsing ao, ka hoo, ha matsatsi ao a phethehile, a ikutlwa a lapile. 3 Yaba Diabolose o re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, bolella lejwe lena hore le fetohe bohobe.” 4 Empa Jesu a mo araba: “Ho ngodilwe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”

w13 8/15 25 ¶8

Nahana Hore na o Tshwanela ho ba Motho wa Mofuta Ofe

8 Satane o ile a sebedisa leqheka le tshwanang ho leka Jesu ha a ne a le lefelleng. Ka mora hore Jesu a itime dijo ka matsatsi a 40 le masiu a 40, Satane o ile a leka Jesu ka hore a lakatse dijo. Satane o ile a re: “Haeba o mora wa Modimo, bolella lejwe lena hore le fetohe bohobe.” (Luka 4:1-3) Jesu o ne a e na le boikgethelo ba ho sebedisa matla a hae a ho etsa mehlolo hore a kgotsofatse boikutlo ba hae ba ho batla dijo kapa o ne ka kgetha hore a se ke a a sebedisa. Jesu o ne a tseba hore o ne a sa lokela ho sebedisa matla ao a hae ka mabaka a boithati. Le hoja a ne a lapile, ho kgotsofatsa tsela eo a ikutlwang ka yona ho ne ho sa tle pele ho kamano ya hae le Jehova. Jesu o ile a araba a re: “Ho ngodilwe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela ka ntho e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Jehova.’”—Luka 4:4 NW. naletsana.

(Luka 4:5-8) Ka hoo a mo isa hodimo mme ka motsotswana a mo bontsha mebuso yohle ya lefatshe leo ho ahilweng ho lona; 6 yaba Diabolose o re ho yena: “Ke tla o fa bolaodi bona bohle le kganya ya yona, hobane ke bo nehilwe, mme ke bo fa le ha e le mang eo ke lakatsang ho mo fa bona. 7 Ka hona, haeba o ka etsa ketso ya borapedi ka pela ka, e tla ba ba hao kaofela.” 8 Ha Jesu a araba a re ho yena: “Ho ngodilwe, ‘Ke Jehova Modimo wa hao eo o tla mo rapela, mme ke yena feela eo o tla mo etsetsa tshebeletso e halalelang.’”

w13 8/15 25 ¶10

Nahana Hore na o Tshwanela ho ba Motho wa Mofuta Ofe

10 Satane o ile a sebedisa boikutlo boo jwang ho Jesu? Satane o ile a “bontsha [Jesu] mebuso yohle ya lefatshe leo ho ahilweng ho lona, ka nako le motsotso; yaba Diabolose o re ho yena: ‘Ke tla o fa bolaodi bona bohle le kganya ya yona.’” (Luka 4:5, 6, NW) Jesu o ne a ke ke a kgona ho bona mebuso yohle ya lefatshe ka nako le motsotso, empa e tlameha ebe Satane o ne a nahana hore ha a bontsha Jesu mebuso eo ponong, e ne e tla mo kgahla. Satane ha aa ka a swaba hore a re: “Haeba o ka etsa ketso ya borapedi ka pela ka, e tla ba [ya] hao kaofela.” (Luka 4:7) Jesu o ne a sa batle ho ba seo Satane a neng a batla hore a be sona. O ile a araba Satane hanghang a re: “Ho ngodilwe, ‘Ke Jehova Modimo wa hao eo o tla mo rapela, mme ke yena feela eo o tla mo etsetsa tshebeletso e halalelang.’”—Luka 4:8.

(Luka 4:9-12) Jwale a mo isa ka hara Jerusalema mme a mo emisa hodima tora ya tempele yaba o re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, itihele fatshe o tloha mona; 10 etswe ho ngodilwe, ‘O tla laela mangeloi a hae malebana le wena, hore a o boloke,’ 11 mme, ‘A tla o kakasa ka matsoho, e le hore ho se ke ha e ba le nako eo ka yona leoto la hao le ka kgoptjwang ke lejwe.’” 12 Ha Jesu a araba a re ho yena: “Ho itswe, ‘O se ke wa leka Jehova Modimo wa hao.’”

nwtsty media

Tora ya Tempele

Ho ka etsahala hore ebe Satane o ile a emisa Jesu hodima “tora ya tempele [kapa “moo ho phahameng ka ho fetisisa”] yaba o mo bolella hore a itihele fatshe, empa ha ho tsebahale hore na ha e le hantle Jesu o ne a eme hokae. Ka ha lentswe “tempele” le sebedisitsweng mona le ka bolela tempele kaofela, ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a eme hukung e shebileng borwa botjhabela ba (1) tempele. Kapa ho ka etsahala hore ebe o ne eme hukung e nngwe ya tempele. Haeba Jesu a ne a ka itihela o ne a ka shwa hanghang ntle le haeba Jehova a ne a ka thibela seo ho etsahala.

w13 8/15 26 ¶12

Nahana Hore na o Tshwanela ho ba Motho wa Mofuta Ofe

12 Ho fapana le Eva, Jesu o re behetse mohlala o tsotehang haholo wa boikokobetso! Satane o ile a leka Jesu ka tsela e nngwe, empa Jesu o ile a hana ho etsa ntho e makatsang hakaalo e neng e tla leka Modimo. Boo e ka be e bile boikgohomoso bo bokaakang! Ho e na le hoo, Jesu o ile a araba ka tsela e tobileng le e hlakileng a re: “Ho itswe, ‘O se ke wa leka Jehova Modimo wa hao.’”—Bala Luka 4:9-12.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Luka 4:17) Kahoo a nehwa moqolo wa moprofeta Esaia, mme a bula moqolo oo a fumana sebaka seo ho sona ho neng ho ngodilwe:

nwtsty study note se ho Lu 4:17

moqolo wa moprofeta Esaia: Moqolo wa Lewatleng le Shweleng wa Esaia o ne o entswe ka dikgetjhana tse 17 tsa letlalo, tse etsang moqolo o bolelele ba dimithara tse 7.3 le dikholomo tse 54. Ho ka etsahala hore ebe moqolo o neng o sebediswa ka synagogeng Nazaretha o ne o lekana le ona. Ka ha dilemong tsa bo 100 ho ne ho se na dikgaolo le ditemana, e tlameha ebe Jesu o ile a batla karolo eo a neng a batla ho e bala. Taba ya hore ebe Jesu o ile a fumana karalo eo a neng a e batla eo ho yona ho ngotsweng mantswe a boprofeta, e bontsha hore o ne a tlwaelane le Lentswe la Modimo.

(Luka 4:25) Ka mohlala, kannete kea le bolella, Ho ne ho e na le bahlolohadi ba bangata Iseraele matsatsing a Elia, ha lehodimo le ne le kwetswe ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, hoo tlala e kgolo e ileng ya aparela naha yohle.

nwtsty study note se ho Lu 4:25

ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng: Ho latela lengolo la 1Ma 18:1, Elia o ile a phatlalatsa hore komello e ne e tla fela qetellong ya “selemo sa boraro.” Ba bang ba re Jesu o ne a hanyetsana le tlaleho eo e ho 1Marena. Le ha ho le jwalo, ha ho na moo Mangolo a Seheberu a bontshang hore komello e nkile dilemo tse ka tlase ho tse tharo. Mantswe a reng “selemong sa boraro” a bontsha nako eo ka yona komello e neng e tlo qala ha Elia a ne a bua le Akabe. (1Ma 17:1) Ho ka etsahala hore ebe phatlalatso ena e etsahetse nakong ya komello e neng e nka dikgwedi tse tsheletseng. Ho feta moo, komello ha e ya ka ya emisa hang feela ha Elia a bua hape le Akabe ‘selemong sa boraro,’ empa e ile ya emisa ka mora hore ho be le mollo Thabeng ya Karmele. (1Ma 18:18-45) Ka hoo, mantswe a Jesu a tlalehilweng mona, hammoho le mantswe a ngwanabo a hlahang ho Jak 5:17, a dumellana hantle le seo 1Mar 18:1 e se buang.

Mmalo wa Bibele

(Luka 4:31-44) Yaba o theohela Kapernauma, motse wa Galilea. O ne a ba ruta e le sabatha; 32 mme ba ne ba hloletswe ke tsela ya hae ya ho ruta, hobane o ne a bua ka bolaodi. 33 Jwale ka synagogeng ho ne ho e na le motho ya nang le moya, modemona ya sa hlwekang, yaba o howa ka lentswe le phahameng: 34  “Oe! Taba ya rona le wena ke efe, Jesu Monazaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke tseba hantle hore na o mang, Mohalaledi wa Modimo.” 35 Empa Jesu a mo kgalemela ka matla, a re: “Kgutsa, mme o tswe ho yena.” Kahoo, ka mora ho akgela motho eo fatshe hara bona, modemona a tswa ho yena ntle le ho mo ntsha kotsi. 36 Yaba bohle ba a makala, mme ba qala ho buisana, ba re: “Ee ke puo ya mofuta ofe, hobane ka bolaodi le ka matla o laela meya e sa hlwekang, mme ya tswa?” 37 Kahoo ditaba tse malebana le yena tsa nna tsa tswela sekgutlong se seng le se seng sa naha e potolohileng. 38 Ka mora hore a eme a tswe ka synagogeng a kena lapeng la Simone. Jwale mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke feberu e phahameng, mme ba mo etsetsa kopo ho yena. 39 Kahoo a ema a mo okametse mme a kgalemela feberu ka matla, mme ya mo tlohela. Hanghang a tsoha yaba o qala ho ba sebeletsa. 40 Empa ha letsatsi le dikela, bohle ba neng ba e na le batho ba kulang ba tshwerweng ke mafu a sa tshwaneng ba ba tlisa ho yena. O ne a ba phekola ka ho beha matsoho a hae hodima e mong le e mong wa bona. 41 Bademona le bona ba ne ba tswa ho ba bangata, ba hweletsa mme ba re: “O Mora wa Modimo.” Empa, ha a ba kgalemela ka matla, o ne a sa ba dumelle ho bua, kahobane ba ne ba tseba hore ke Kreste. 42 Le ha ho le jwalo, ha e e ba motshehare, a tswa mme a qala ho ya sebakeng se thoko. Empa bongata ba qala ho mo tsoma mme ba tswa ho ya fihla moo a neng a le teng, mme ba leka ho mo thibela ho tloha ho bona. 43 Empa a re ho bona: “Ke tla bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo le metseng e meng, hobane ke rometswe sena.” 44 Tumellanong le hoo a tswela pele ho bolela ka disynagogeng tsa Judea.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share