LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr18 December maq. 1-12
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
  • Dihloohwana
  • 3-9 DECEMBER
  • 10-16 DECEMBER
  • 17-23 DECEMBER
  • 24-30 DECEMBER
  • 31 DECEMBER–6 JANUARY
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
mwbr18 December maq. 1-12

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

3-9 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 9-11

“Mohlorisi ya Sehloho o Fetoha Paki e Tjhesehang”

(Liketso 9:1, 2) Empa Saule, a sa ntse a tletse tshokelo le polao kgahlanong le barutuwa ba Morena, a ya ho moprista ya phahameng 2 mme a mo kopa mangolo a yang disynagogeng tsa Damaseka, e le hore le ha e le bafe bao a neng a ba fumana bao e neng e le ba Tsela Eo, banna le basadi, a ka ba tlisa ba tlamilwe Jerusalema.

bt 60 ¶1-2

Phutheho “e ile ya Kena Nakong ya Kgotso”

Banna ba sehloho ba atamela Damaseka moo ba rerileng ho etsa bokgopo! Ba tla ntsha barutuwa ba Jesu malapeng ka ntshwe di sa fohlwa, ba ba tlame, ba ba hulanyetse Jerusalema ka mokgwa o se nang seriti ho ya ahlolwa ke lekgotla la Sanhedrine.

2 Saule, moetapele wa sehlopha sena o se a ntse a le madi matsohong. Nakwana pele ho mona, o ne a thabetse ho bona ha bomphato ba hae ba tjhesehelang bodumedi jwalo ka yena ba tlepetsa Setefane ka majwe, eo e neng e le morutuwa wa Jesu ya inehetseng. (Liketso 7:57–8:1) Ka ha Saule ha a a kgotsofalla ho hlorisa balatedi ba Jesu ba dulang Jerusalema, o hlohlelletsa hore ba hloriswe le dibakeng tse ding. O batla ho fiela lequlwana lena le morusu le bitswang “Tsela Eo.”—Liketso 9:1, 2; sheba lebokose la sehlooho se reng “Matla ao Saule a Neng a e na le ona Damaseka,” leqepheng la 61.

(Liketso 9:15, 16) Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane monna enwa ke sejana se kgethilweng ho nna hore se jare lebitso la ka ho ya ditjhabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele. 16 Etswe ke tla mo bontsha ka ho hlaka hore na ke dintho tse ngata hakae tseo a tla utlwiswa bohloko ke tsona bakeng sa lebitso la ka.”

w16.06 7 ¶4

Jehova ke Sebopi sa Rona

4 Jehova ha a shebe batho ka tsela eo re ba shebang ka yona. Empa o hlahloba dipelo mme o sheba seo motho a leng sona ka hare. (Bala 1 Samuele 16:7b.) Jehova o ile a bontsha sena ha a ne a theha phutheho ya Bokreste. O ile a bitsa batho ba bangata bao boholo ba bona ba neng ba nkwa ba se na thuso, hore ba tle ho yena le ho Mora wa hae. (Johanne 6:44) Ka mohlala, e mong wa bona, e ne e le Mofarisi ya bitswang Saule, e leng “monyefodi le mohlorisi le monna wa monyedisi.” (1 Tim. 1:13) Ha Jehova a hlahloba pelo ya Saule ha a a ka a mo bona e le letsopa le se nang thuso. (Lipr. 17:3) Ho e na le hoo, Jehova o ile a bona hore Saule a ka bopeha hore e be “sejana se kgethilweng” se tla bolela ditaba tse molemo “ditjhabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.” (Liketso 9:15) Jehova o ile a boela a kgetha ba bang ba neng ba bonahala hore a ka ba sebedisa bakeng sa mesebetsi “e hlomphehang,” bao pele e neng e le matahwa, batho ba boitshwaro bo bobe le mashodu. (Bar. 9:21; 1Ko 6:9-11) Ha ba ntse ba ithuta Bibele, tumelo ya bona ho Jehova e ile ya matlafala mme seo se ile sa etsa hore ho be bonolo hore a ba bope.

(Liketso 9:20-22) mme kapelepele ka disynagogeng a qala ho bolela Jesu, hore Enwa ke Mora wa Modimo. 21 Empa bohle ba mo utlwang ba makala mme ba ne ba re: “Na eo hase yena monna ya ileng a ripitla ba leng Jerusalema ba ipiletsang lebitsong lee, le ya neng a tlile moo ka wona morero oo, e le hore a ka ba isa ba tlamilwe ho baprista ba ka sehloohong?” 22 Empa Saule a nna a tswela pele ho fumana matla ka ho eketsehileng mme o ne a tsietsa Bajuda ba neng ba dula Damaseka ha a ntse a paka ka mabaka a utlwahalang hore enwa ke Kreste.

bt 64 ¶15

Phutheho “e ile ya Kena Nakong ya Kgotso”

15 Na o ka inahanela ka moo bongata bo ileng ba makala, ba tshoha ba ba ba halefa ka teng ha Saule a qala ho bolela ka Jesu ka disynagogeng? Bo ile ba re: “Na eo hase yena monna ya ileng a ripitla ba leng Jerusalema ba ipiletsang lebitsong lee?” (Liketso 9:21) Ha Saule a hlalosa lebaka leo a fetotseng tsela eo a neng a ikutlwa ka yona ka Jesu, o ile “a paka ka mabaka a utlwahalang hore enwa ke Kreste.” (Liketso 9:22) Empa hase batho bohle ba kgodiswang ke mabaka a utlwahalang. A ke ke a fetola monahano wa batho ba sa batleng ho fetoha ka lebaka la boikgohomoso kapa ba tsitlellang maikutlo a bona ka lebaka la meetlo. Le ha ho le jwalo, Saule ha a a ka a tela.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Liketso 9:4) yaba o wela fatshe mme o utlwa lentswe le re ho yena: “Saule, Saule, o ntlhorisetsang?”

bt 60-61 ¶5-6

Phutheho “e ile ya Kena Nakong ya Kgotso”

5 Ha Jesu a emisa Saule tseleng e yang Damaseka, Ha a a ka a re: “O hlorisetsang barutuwa ba ka?” Empa o ile a re: “O ntlhorisetsang?” (Liketso 9:4) Ka sebele, Jesu o utlwa bohloko boo balatedi ba hae ba bo utlwang ha ba hlahelwa ke diteko.—Mat. 25:34-40, 45.

6 Haeba o ntse o hatellwa ka lebaka la ho dumela ho Kreste, kgodiseha hore Jehova le Jesu ba tseba seo. (Mat. 10:22, 28-31) Mohlomong teko eo e ke ke ya tloha hona jwale. Hopola hore Jesu o ile a bona ka moo Saule a neng a kentse letsoho ka teng lefung la Setefane, a ba a bona ha Saule a ntsha barutuwa ba tshepahalang ka ntshwe di sa fohlwa matlong a bona Jerusalema. (Liketso 8:3) Le ha ho le jwalo, Jesu ha a a ka a etsa letho ka nako eo. Empa, Jehova o ile a sebedisa Kreste ho matlafatsa Setefane le barutuwa ba bang hore ba dule ba tshepahala.

(Liketso 10:6) Monna enwa o ntse a dula e le moeti ha Simone ya itseng, mosuhi wa matlalo, ya nang le ntlo pela lewatle.”

nwtsty study note se ho Lik 10:6

Simone, mosuhi wa matlalo: Mosuhi wa matlalo o ne a sebetsa ka makoko a diphoofolo mme o ne a sebedisa esiti ho tlosa boya, nama e saletseng letlalong kapa marufa. Ebe ka mora moo o inela lekoko ka hara moroko e le hore a tle a kgone ho etsa dintho tse fapaneng tse entsweng ka letlalo. Mosebetsi wa ho suha makoko o ne o nkga hampe mme o ne o hloka metsi a mangata, ke ka hoo Simone a neng a dula pela lewatle, leo ho ka etsahalang hore le ne le le ka thoko ho Jopa. Ho latela Molao wa Moshe, motho ya neng a sebetsa ka diphoofolo tse shweleng o ne a nkwa a sa hlweka. (Le 5:2; 11:39) Ka hoo, Bajuda ba bangata ba ne ba kgella batho ba suhang matlalo fatshe mme ba ne ba tsilatsila ho dula le bona. Buka ya Talmud e ile ya re motho ya suhang matlalo o ne a etsa mosebetsi wa boemo bo tlase ho feta motho ya neng a phutha bolokwe. Le ha ho le jwalo, Petrose ha a ka a dumella hore kgethollo e etse hore a se ke a dula le Simone. Taba ya hore ebe Petrose o ne a e na le maikutlo a matle, e ile ya mo thusa hore a kgone ho phetha kabelo e neng e larile ka pele, e leng ya hore a etele Moditjhaba. Bangodi ba bang ba nahana hore lentswe la Segerike bakeng sa “mosuhi wa matlalo” (byr·seusʹ) ke fane ya Simone.

Mmalo wa Bibele

(Liketso 9:10-22) Damaseka ho ne ho e na le morutuwa ya itseng ya bitswang Ananiase, yaba Morena o re ho yena ponong: “Ananiase!” A re: “Ke nna enwa, Morena.” 11 Morena a re ho yena: “Ema, o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng, mme ntlong ya Judase o batle monna ya bitswang Saule, ya tswang Tarsase. Etswe, bona! o a rapela, 12 mme ponong o bone monna ya bitswang Ananiase a kena mme a beha matsoho hodima hae e le hore a ka boela a bona.” 13 Empa Ananiase a araba: “Morena, ke utlwile ho ba bangata mabapi le monna enwa, hore na ke dintho tse ngata hakae tse mpe tseo a di entseng ho bahalaledi ba hao Jerusalema. 14 Bona! o na le matla a tswang ho baprista ba ka sehloohong a ho kenya ditlamong bohle ba ipiletsang lebitsong la hao.” 15 Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane monna enwa ke sejana se kgethilweng ho nna hore se jare lebitso la ka ho ya ditjhabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele. 16 Etswe ke tla mo bontsha ka ho hlaka hore na ke dintho tse ngata hakae tseo a tla utlwiswa bohloko ke tsona bakeng sa lebitso la ka.” 17 Ka hoo Ananiase a tloha mme a kena ka tlung, yaba o beha matsoho hodima hae mme o re: “Saule, moreso, Morena, e leng Jesu ya ileng a bonahala ho wena tseleng eo o neng o tla ka yona, o nthomile, e le hore o ka boela wa bona mme wa tlala moya o halalelang.” 18 Kapelepele mahlong a hae ha wa se neng se shebahala jwalo ka makgakgapha, yaba o boetse wa bona; a ema mme a kolobetswa, 19 yaba o ja dijo mme o fumana matla. A kgona ho ba hammoho le barutuwa matsatsi a itseng Damaseka, 20 mme kapelepele ka disynagogeng a qala ho bolela Jesu, hore Enwa ke Mora wa Modimo. 21 Empa bohle ba mo utlwang ba makala mme ba ne ba re: “Na eo hase yena monna ya ileng a ripitla ba leng Jerusalema ba ipiletsang lebitsong lee, le ya neng a tlile moo ka ona morero oo, e le hore a ka ba isa ba tlamilwe ho baprista ba ka sehloohong?” 22 Empa Saule a nna a tswela pele ho fumana matla ka ho eketsehileng mme o ne a tsietsa Bajuda ba neng ba dula Damaseka ha a ntse a paka ka mabaka a utlwahalang hore enwa ke Kreste.

10-16 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 12-14

“Barnabase le Pauluse ba Etsa Barutuwa Dibakeng Tse Hole”

(Liketso 13:2, 3) Ha ba ntse ba sebeletsa Jehova phatlalatsa mme ba itima dijo, moya o halalelang wa re: “Hara batho bohle mpeheleng Barnabase le Saule ka thoko bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng ona.” 3 Jwale ba itima dijo mme ba rapela yaba ba beha matsoho hodima bona mme ba ba tlohela hore ba tsamaye.

bt 86 ¶4

“Ba Tlala Thabo le Moea o Halalelang”

4 Empa ke hobaneng ha ka ho kgetheha moya o halalelang o ile wa laela hore Barnabase le Saule ba behellwe ka thoko “bakeng sa mosebetsi”? (Liketso 13:2) Bibele ha e bolele lebaka .Empa seo re se tsebang ke hore moya o halalelang o ile wa laela hore banna bana ba kgethwe. Ha ho se bontshang hore baprofeta ba Antioke le mesuwe ya teng ba ile ba hanyetsa qeto eo. Ho e na le hoo, ba ile ba tshehetsa qeto eo ka ho feletseng. O ka inahanela hore na Barnabase le Saule ba ile ba ikutlwa jwang ha barababo bona ba Bakreste ba sa ba honohele, ho e na le hoo “ba itima dijo mme ba rapela yaba ba beha matsoho hodima bona mme ba ba tlohela hore ba tsamaye.” (Liketso 13:3) Le rona re lokela ho tshehetsa ba fuwang mesebetsi e itseng ka phuthehong ya Bokreste, ho akarelletsa banna ba kgethetsweng hore e be balebedi ba phutheho. Ho e na le ho ba honohela, re lokela ho ‘ba ela hloko haholo ka lerato ho feta ka moo ho tlwaelehileng ka lebaka la mosebetsi wa bona.’—1 Bathes. 5:13.

(Liketso 13:12) Jwale motsamaisi wa profinse, ha a bona se neng se etsahetse, ya e ba modumedi, ka ha o ne a hloletswe ke thuto ya Jehova.

(Liketso 13:48) Ha bao ba ditjhaba ba utlwa sena, ba qala ho thaba le ho tlotlisa lentswe la Jehova, mme bohle ba neng ba e na le tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ya e ba badumedi.

(Liketso 14:1) Jwale Ikoniamo ba kena hammoho ka synagogeng ya Bajuda mme ba bua ka mokgwa oo ka ona letshwele le leholo la Bajuda hammoho le Bagerike le ileng la fetoha badumedi.

bt 95 ¶5

“Ba Bua ka Sebete ka Matla a Tswang ho Jehova”

5 Pauluse le Barnabase ba ile ba fihla Ikoniamo, moo batho ba neng ba tshwareletse setsong sa Bagerike, e leng o mong wa metse ya bohlokwa ka ho fetisisa provenseng ya Roma ya Galatia. Bajuda ba nang le tshusumetso le basokolohi ba bangata bao e seng Bajuda ba ne ba dula motseng oo. Jwalo ka ha Pauluse le Barnabase ba ne ba tlwaetse, ba ile ba kena ka synagogeng mme ba qala ho bolela ditaba tse molemo. (Liketso 13:5, 14) Ba ile ba “bua ka mokgwa oo ka ona letshwele le leholo la Bajuda ha mmoho le Bagerike le ileng la fetoha badumedi.”—Liketso 14:1.

(Liketso 14:21, 22) Ka mora ho bolella motse oo ditaba tse molemo le ho etsa barutuwa ba bangata, ba kgutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke, 22 ba matlafatsa meya ya barutuwa, ba ba kgothalletsa ho dula tumelong mme ba re: “Re tla kena mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.”

w14 9/15 13 ¶4-5

Sebeletsa Modimo ka Botshepehi ho sa Tsotellehe “Matshwenyeho a Mangata”

4 Ka mora hore ba etele Derbe, Pauluse le Barnabase ba ile “ba kgutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke, ba matlafatsa meya ya barutuwa, ba ba kgothalletsa ho dula tumelong mme ba re: ‘Re tla kena mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.’” (Liketso 14:21, 22) Mohlomong mantswe ao a ka utlwahala a makatsa. Etswe ho bolellwa hore o tla tobana le “matshwenyeho a mangata” ho ka nna ha utlwahala ho nyahamisa, ho e na le ho kgothatsa. Le ha ho le jwalo, ke jwang Pauluse le Barnabase ba ileng “ba matlafatsa . . . barutuwa” ka molaetsa o reng ba tla tlelwa ke matshwenyeho a mangata?

5 Re ka fumana karabo ha re hlahlobisisa mantswe a Pauluse. Ha a a ka a re: “Re lokela ho mamella matshwenyeho a mangata.” Ho e na le hoo, o ile a re: ‘Re lokela ho kena mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.’ Ka hoo Pauluse o ile a matlafatsa barutuwa bao ka ho totobatsa diphello tse ntle tse tliswang ke ho tshepahala. Moputso wa bona e ne e le wa sebele. Ha e le hantle, Jesu o ile a re: “Ya mameletseng ho fihlela bofelong ke yena ya tla pholoha.”—Mat. 10:22.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Liketso 12:21-23) Empa ka letsatsi le behilweng Heroda a apara diaparo tsa borena yaba o dula setulong sa kahlolo mme o qala ho ba fa puo ya phatlalatsa. 22 Yaba batho ba bokaneng ba qala ho howa: “Ke lentswe la modimo, eseng la motho!” 23 Hanghang lengeloi la Jehova la mo otla, hobane ha a a ka a tlotlisa Modimo; a jewa ke diboko mme a shwa.

w08 5/15 32 ¶7

Dintlha Kgolo Tsa Buka ya Liketso

12:21-23; 14:14-18. Heroda o ile a amohela tlotla e neng e lokela ho fuwa Modimo feela. Seo se ne se fapane hakaakang le se ileng sa etswa ke Pauluse le Barnabase bao hanghang ba ileng ba hana ho fuwa tlotla le thoriso tse neng di sa ba tshwanela! Ha re a lokela ho batla ho fuwa tlotla bakeng sa eng kapa eng eo re ka e finyellang tshebeletsong ya Jehova.

(Liketso 13:9) Saule, eo hape e leng Pauluse, ha a tlala moya o halalelang, a mo tadima ka hloko

nwtsty study notes se ho Lik 13:9

Saule, eo hape e leng Pauluse: Ho tloha ka nako eo, Saule o boetse o bitswa Pauluse. Moapostola enwa e ne e le Moheberu ka tswalo hape e le moahi wa Roma. (Lik. 22:27, 28; Fil. 3:5) Ka hoo, ho ka etsahala hore o ne a e na le lebitso la Seheberu e leng Saule le la Seroma e leng Pauluse. Ho ne ho tlwaelehile hore ka nako eo, Bajuda ba dulang ka thoko ho Iseraele ba be le mabitso a mabedi. (Lik. 12:12; 13:1) Ba bang ba leloko la Pauluse ba ne ba na le mabitso a Seroma le a Segerike. (Ro 16:7, 21) Jwalo ka “moapostola ho ditjhaba,” Pauluse o ile a laelwa hore a bolelle Bajuda ditaba tse molemo. (Bar. 11:13) O ile a kgetha ho sebedisa lebitso la hae la Seroma mohlomong a nahana hore le loketse. (Lik. 9:15; Ga 2:7, 8) Batho ba bang ba re o ile a sebedisa lebitso la hae la Seroma hobane a batla ho tlotla Sergiase Pauluse empa seo ha se nnete hobane Pauluse o ile a nna a le sebedisa le ka mora hore a tlohe Cyprase. Ba bang ba re Pauluse ha a ka a sebedisa lebitso la hae la Seheberu hobane tsela eo le bitswang ka yona ka Segerike le ka utlwahala eka ke lentswe la Segerike le buang ka motho ya ikgantshang ha a tsamaya (kapa phoofolo).—Sheba study note se ho Lik. 7:58.

Pauluse: Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lebitso Pauʹlos, le tswang Selatineng e leng Paulus, le bolela “Ntho e nyane,” mme le sebedisitswe ka makgetlo a 157 ha ho buuwa ka moapostola Pauluse la ba la sebediswa hanngwe ha ho buuwa ka motsamaisi wa porofense e leng Sergiase Pauluse.—Lik. 13:7.

Mmalo wa Bibele

(Lik 12:1-17) Hoo e ka bang ka nako eo Morena Heroda a sebedisa matsoho a hae ho sotla ba bang ba phutheho. 2 A bolaya Jakobo morabo Johanne ka sabole. 3 Ka ha o ile a bona hore ho ne ho kgahlisa Bajuda, a tswela pele ho tshwara le Petrose. (Ao e ne e le matsatsi a mahobe a sa lomoswang.) 4 Ha a mo tshwara, a mo kenya tjhankaneng, a nehelana ka yena ho dihlopha tse nne tse fapanyetsanang se seng le se seng e le sa masole a mane hore di mo lebele, ka ha o ne a rerile ho mo hlahisa bakeng sa batho ka mora paseka. 5 Ka lebaka leo Petrose o ne a ntse a bolokilwe tjhankaneng; empa phutheho e ne e ntse e mo rapella ka matla ho Modimo. 6 Jwale ha Heroda a le haufi le ho mo hlahisa, bosiung boo Petrose o ne a robetse a tlamilwe ka diketane tse pedi pakeng tsa masole a mabedi, mme balebedi ka pela monyako ba ne ba lebetse tjhankana. 7 Empa, bonang! lengeloi la Jehova la ema haufi, mme lesedi la kganya ka seleng ya tjhankana. Ha le otla Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: “Tsoha kapele!” Diketane tsa hae tsa wa matsohong a hae. 8 Lengeloi la re ho yena: “Itlame mme o fase meqathatso ya hao.” A etsa jwalo. Qetellong la re ho yena: “Apara seaparo sa hao sa ka ntle mme o nne o ntatele.” 9 A tswa mme a nna a le latela, empa o ne a sa tsebe hore se neng se etsahala ka lengeloi e ne e le ntho ya sebele. Ha e le hantle, o ile a nahana hore o ne a bona pono. 10 Ha ba feta lesole la pele la molebedi le la bobedi ba fihla hekeng ya tshepe e lebang motseng, mme ya ipula. Ka mora hore ba tswe ba theosa ka seterata se seng, yaba kapelepele lengeloi le tloha ho yena. 11 Ha Petrose a hlaphohelwa, a re: “Jwale ke a tseba hore Jehova o ile a romela lengeloi la hae mme a ntopolla letsohong la Heroda le ho sohle seo batho ba Bajuda ba neng ba se lebeletse.” 12 Ka mora hore a ho nahane, a ya ntlong ya Maria mme wa Johanne ya neng a boetse a rehilwe Mareka, moo ba bangata ba neng ba bokane mme ba rapela. 13 Ha a kokota monyako wa tsela ya heke, lekgabunyane le bitswang Roda la tla ho arabela pitso eo, 14 mme, ha le hlokomela lentswe la Petrose, ka lebaka la thabo la se ke la bula heke, empa la mathela ka tlung yaba le tlaleha hore Petrose o ne a eme ka pela tsela ya heke. 15 Ba re ho lona: “Wa hlanya.” Empa a nna a tswela pele ho tiisa ka matla hore ho ne ho le jwalo. Ba qala ho re: “Ke lengeloi la hae.” 16 Empa Petrose a dula moo a ntse a kokota. Ha ba bula, ba mo bona mme ba makala. 17 Empa a ba etsetsa pontsho ka letsoho hore ba kgutse mme a ba bolella ka ho qaqileng ka moo Jehova a ileng a mo ntsha tjhankaneng, yaba o re: “Tlalehelang Jakobo le barababo rona dintho tsena.” Yaba wa tswa mme o ya sebakeng se seng.

17-23 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 15-16

“Qeto e Entsweng ka Tumellano e Thehilweng Lentsweng la Modimo”

(Liketso 15:1, 2) Banna ba itseng ba theoha Judea mme ba qala ho ruta barababo rona: “Ntle le hore le bolle ho ya ka tlwaelo ya Moshe, le ke ke la pholoha.” 2 Empa ha ho bile le ho hloka kutlwano le ho phehisana ho hoholo ha Pauluse le Barnabase le bona, ba lokisetsa hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba itseng ba bona ba nyolohele ho baapostola le banna ba baholo Jerusalema mabapi le phehisano ena.

bt 102-103 ¶8

‘Ha e ba le ho Hloka Kutlwano ho Hoholo’

8 Luka o ile a tswela pele a re: “Ha ho bile le ho hloka kutlwano le ho phehisana ho hoholo ha Pauluse le Barnabase le bona [‘banna bao ba itseng’], [baholo] ba lokisetsa hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba itseng ba bona ba nyolohele ho baapostola le banna ba baholo Jerusalema mabapi le phehisano ena.” (Liketso 15:2) “Ho hloka kutlwano le ho phehisana” ho ne ho bontsha hore dihlopha ka bobedi di tsitlelletse maikutlong a tsona, mme phutheho ya Antioke e ne e sa kgone ho rarolla bothata bona. Molemong wa kgotso le bonngwe, ka bohlale phutheho e ile ya lokisetsa hore potso eo e iswe ho “baapostola le banna ba baholo Jerusalema,” bao e neng e le ditho tsa sehlopha se busang. Re ka ithutang mohlaleng wa baholo ba Antioke?

(Liketso 15:13-20) Ka mora hore ba kgaotse ho bua, Jakobo a araba, a re: “Banna, barabeso, nkutlweng. 14 Symeone o phetile ka ho phethahetseng ka moo ka lekgetlo la pele Modimo a ileng a lebisa tlhokomelo ya hae ditjhabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae. 15 Mantswe a Baprofeta a dumellana le sena, feela jwalo ka ha ho ngodilwe, 16  ‘Ka mora dintho tsena ke tla kgutla mme ke tsosolose lephephe la Davida le weleng; ke tla tsosolosa dithako tsa lona mme ke le emise hape, 17 e le hore batho ba setseng ba ka batla Jehova ka tiyo, ha mmoho le batho ba ditjhaba tsohle, batho ba bitswang ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, ya etsang dintho tsena, 18 tse tsejwang ho tloha kgale.’ 19 Ka hoo qeto ya ka ke ho se kgathatse ba tswang ditjhabeng ba retelehelang ho Modimo, 20 empa ho ba ngolla hore ba ile dintho tse silafaditsweng ke ditshwantsho tse rapelwang le bohlola le se fenethilweng le madi.

w12 1/15 5 ¶6-7

Bakreste ba Nnete ba Hlompha Lentswe la Modimo

6 Ditemana tse ileng tsa thusa ho rarolla taba eo ke Amose 9:11, 12. Jwalo ka ha e qotsitswe ho Liketso 15:16, 17, e re: “Ke tla kgutla mme ke tsosolose lephephe la Davida le weleng; ke tla tsosolosa dithako tsa lona mme ke le emise hape, e le hore batho ba setseng ba ka batla Jehova ka tiyo, ha mmoho le batho ba ditjhaba tsohle, batho ba bitswang ka lebitso la ka, ho bolela Jehova.”

7 Le ha ho le jwalo, motho e mong a ka nna a re, ‘Temana eo ha e re Baditjhaba ba batlang ho ba Bakreste ba lokela ho bolla’. Seo ke nnete; empa e tlameha ebe Bakreste ba Bajuda ba ile ba utlwisisa ntlha ya lengolo leo. Ba ne ba sa nke Baditjhaba ba bolotseng e le “batho ba ditjhaba” empa ba ne ba ba nka e le barababo bona. (Ex. 12:48, 49) Ka mohlala, ho latela phetolelo ya Septuagint ya Bagster, Esthere 8:17 e re: “Baditjhaba ba bangata ba ile ba bolla, mme ya eba Bajuda.” Ka hoo, ha Mangolo a ne a bolela esale pele hore masala a ntlo ya Iseraele (Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng) ha mmoho le “batho ba ditjhaba” (Baditjhaba ba sa bollang) e ne e tla ba setjhaba se le seng se kgethetsweng lebitso la Modimo, molaetsa o ne o hlakile. Ho ne ho sa hlokahale hore Baditjhaba ba batlang ho ba Bakreste ba bolle.

(Liketso 15:28, 29) Etswe moya o halalelang le rona re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa morwalo o eketsehileng, ha e se dintho tsena tse hlokahalang, 29 hore le nne le ile dintho tse hlabetsweng ditshwantsho tse rapelwang le madi le dintho tse fenethilweng le bohlola. Haeba le phema dintho tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lona!”

(Liketso 16:4, 5) Jwale ha ba ntse ba tsamaya ho pholletsa le metse, melaotaelo e neng e etseditswe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka yona ho ba leng moo hore ba e boloke. 5 Ka hona, ka sebele, diphutheho tsa tswela pele ho tiiswa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.

bt 123 ¶18

‘Ho Matlafatsa Diphutheho’

18 Pauluse le Timothea ba ile ba sebetsa ha mmoho ka dilemo tse ngata. Ka ha e ne e le basebeletsi ba tsamayang, ba ile ba rongwa ke sehlopha se busang hore ba phethe mesebetsi e fapaneng. Bibele e re: “Ha ba ntse ba tsamaya ho pholletsa le metse, melao-taelo e neng e etseditswe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka yona ho ba leng moo hore ba e boloke.” (Liketso 16:4) Ho hlakile hore diphutheho di ile tsa latela tataiso e tswang ho baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema. Ka lebaka la boikokobetso bo jwalo, “diphutheho [di ile] tsa tswela pele ho tiiswa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Liketso 16:5.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Liketso 16:6-9) Ho feta moo, ba pholletsa le Frigia le naha ya Galatia, hobane ba ne ba hanetswe ke moya o halalelang ho bolela lentswe seterekeng sa Asia. 7 Ho ekelletsa moo, ha ba fihla tlaase Mysia ba etsa boiteko ba ho kena Bithynia, empa moya wa Jesu wa se ke wa ba dumella. 8 Ka hoo ba feta Mysia mme ba theohela Troase. 9 Bosiu pono ya bonahala ho Pauluse: monna ya itseng wa Macedonia o ne a eme mme a mo kopa ka tiyo a re: “Tshelela Macedonia mme o re thuse.”

w12 1/15 10 ¶8

Ithute ho Dula o Lebetse ho Baapostola ba Jesu

8 Re ka ithutang tlalehong ee? Hlokomela hore moya wa Modimo o ile wa kenella feela ka mora hore Pauluse a kene tseleng e yang Asia. Hape, ke feela ka mora hore Pauluse a atamele haufi le Bithynia moo Jesu a ileng a kenella. Qetellong, ke feela ka mora hore Pauluse a fihle Troase moo Jesu a ileng a mo bolella hore a ye Macedonia. Ka ha Jesu ke Hlooho ya phutheho, a ka nna a re tataisa ka tsela e tshwanang kajeno. (Bakol. 1:18) Ka mohlala, e ka nna yaba o ntse o nahana ka ho ba pulamadiboho kapa ka ho ya moo ho nang tlhokahalo. Empa ho ka nna ha etsahala hore ebe ke feela ka mora hore o nke bohato ba ho finyella sepheo sa hao moo Jesu a tla o tataisa ka moya wa Modimo. Ka mohlala: Mokganni a ka isa koloi ya hae ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi ha feela koloi e tsamaya. Ka tsela e tshwanang, Jesu a ka re tataisa hore re eketse tshebeletso ya rona ha feela re etsa ho hong mme re ikakgela ka setotswana hore re finyelle sepheo sa rona.

(Liketso 16:37) Empa Pauluse a re ho bona: “Ba re shapile phatlalatsa re sa ahlolwa, banna bao e leng Baroma, mme ba re lahlela tjhankaneng; mme na jwale ba re ntsha ka sephiri? Tjhe, ka sebele! empa ba ke ba itlise mme ba re ntshe.”

nwtsty study note se ho Lik. 16:37

Baroma: E leng baahi ba Roma. Pauluse le Silase e ne e le baahi ba Roma. Molao wa Roma o ne o bontsha hore dinyewe tsa baahi ba yona di lokela ho tshwarwa ka tsela e nepahetseng mme ha ba a lokela ho fumana kotlo phatlalatsa ba sa ahlolwa. Molao wa Roma o ne o file batho ditokelo le menyetla e itseng. Moahi wa Roma o ne a tlanngwa ke molao wa Roma eseng wa motse. Ha a qoswa o ne a ka dumela hore nyewe ya hae e tshwarwe ho ya ka molao wa motse empa o ne a ntse a na le tokelo ya hore lekgotla la Roma le utlwe taba ya hae. Haeba a ne a ka tlola molao ka tsela e itseng, o ne a e na le tokelo ya ho hlaha ka pela moemphara. Moapostola Pauluse o ile a paka ka hohlehohle Mmusong wa Roma. O ile a sebedisa ditokelo tsa hae jwalo ka moahi wa Roma ka makgetlo a mararo. La pele ke ha a ne a le Filipi mme a bolella bomastrata ba Filipi hore ba hateketse ditokelo tsa hae ka ho mo shapa.—Bakeng sa makgetlo a mang a mabedi sheba study notes tse ho Lik. 22:25; 25:11.

Mmalo wa Bibele

(Lik. 16:25-40) Empa hoo e ka bang hara bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela mme ba rorisa Modimo ka pina; e, batshwaruwa ba ne ba ba utlwa. 26 Ka tshohanyetso tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya e ba teng, hoo metheo ya teronko e ileng ya sisinyeha. Ho feta moo, hanghang menyako yohle ya buleha, mme ditlamo tsa bohle tsa lokoloha. 27 Molebedi wa teronko, ha a tsoha borokong mme a bona menyako ya tjhankana e bulehile, a tsomula sabole ya hae mme o ne a le haufi le ho ipolaya, a nahana hore batshwaruwa ba ne ba phonyohile. 28 Empa Pauluse a hweletsa ka lentswe le phahameng, a re: “O se ke wa intsha kotsi, etswe kaofela re teng mona!” 29 Ka hoo a kopa mabone yaba o tlolela ka hare mme, a ntse a thothomela, a itihela fatshe ka pela Pauluse le Silase. 30 A ba tlisa ka ntle mme a re: “Bahlomphehi, ke etseng hore ke pholohe?” 31 Ba re: “Dumela ho Morena Jesu mme o tla pholoha, wena le ba ntlo ya hao.” 32 Ba mo bolella lentswe la Jehova ha mmoho le bohle ba ka tlung ya hae. 33 A ba nka ka hora eo ya bosiu yaba o ba hlatswa metopa; mme, kaofela, yena le ba ntlo ya hae ba kolobetswa ntle ho tieho. 34 A ba kenya ka tlung ya hae mme a beha tafole ka pela bona, mme a thaba haholo le bohle ba ntlo ya hae ka ha jwale o ne a dumetse Modimo. 35 Ha e e ba motshehare, bo mastrata ba setjhaba ba roma makosetabole hore a re: “Lokollang batho bao.” 36 Ka hoo molebedi wa teronko a tlalehela Pauluse mantswe a bona: “Bomastrata ba setjhaba ba romile banna e le hore lona ba babedi le ka lokollwa. Ka hona, jwale, tswang mme le tsamaye ka kgotso.” 37 Empa Pauluse a re ho bona: “Ba re shapile phatlalatsa re sa ahlolwa, banna bao e leng Baroma, mme ba re lahlela tjhankaneng; mme na jwale ba re ntsha ka sephiri? Tjhe, ka sebele! empa ba ke ba itlise mme ba re ntshe.” 38 Ka hoo makosetabole a tlalehela bo mastrata ba setjhaba dipolelo tsena. Ba tshoha ha ba utlwa hore banna bao ke Baroma. 39 Ka lebaka leo ba tla mme ba ba kopa mme, ka mora ho ba ntsha, ba ba kopa hore ba tlohe motseng oo. 40 Empa ba tswa tjhankaneng yaba ba ya lapeng la Lydia, mme ha ba bona barababo rona ba ba kgothatsa yaba ba a tloha.

24-30 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 17-18

“Etsisa Moapostola Pauluse ha o Bolela le ha o Ruta”

(Liketso 17:2, 3) Ka hoo ho ya ka tlwaelo ya Pauluse a kena ka hare ho ya ho bona, mme ka disabatha tse tharo a behelana mabaka le bona ka Mangolo, 3 a hlalosa le ho paka ka ditshupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utlwe bohloko le hore a tsohe bafung, mme a re: “Enwa ke yena Kreste, Jesu enwa eo ke mo phatlalatsang ho lona.”

nwtsty study notes tse ho Lik. 17:2, 3

a behelana mabaka: Pauluse ha a ka a bolela ditaba tse molemo feela empa o ile a di hlalosa mme a fana ka bopaki bo tswang Mangolong a boduletsweng a Seheberu. Ha a ka a bala Mangolo feela empa o ile a a hlalosa mme a etsa bonnete ba hore bamamedi ba hae ba a a utlwisisa. Leetsi la Segerike e leng di·a·leʹgo·mai le hlaloswa e le ho “ho qoqa kapa ho buisana” le batho ba bang. Lentswe lena la Segerike le boetse le hlaha ho Lik. 17:17; 18:4, 19; 19:8, 9; 20:7, 9.

ho paka ka ditshupiso: Lentswe lena la Segerike le bolela “ho beha ntho e itseng pela e nngwe.” Sena se ka bolela hore Pauluse o ile a bapisa boprofeta bo Mangolong a Seheberu bo buang ka Mesia le dintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Jesu, ho bontsha ka moo Jesu a ileng a phethahatsa boprofeta boo ka teng.

(Liketso 17:17) Ka lebaka leo a qala ho behelana mabaka ka synagogeng le Bajuda le batho ba bang ba neng ba rapela Modimo le ba neng ba e ba teng mmarakeng letsatsi le leng le le leng.

nwtsty study note se ho Lik. 17:17

mmarakeng: Mmaraka wa Athene (e leng a·go·raʹ ka Segerike) o ka leboya bophirimela ho Acropolis mme o boholo ba dihektara tse ka bang 5. Mmaraka ona e ne e se feela sebaka seo ho rekwang le ho rekiswa ho sona. Ke moo dintho tse amanang le moruo, dipolotiki le meetlo ya batho di neng di fumaneha teng. Baathene ba ne ba thabela ho kopana sebakeng sena e le hore ba buisane ka dintho tsa bohlokwa.

(Lik. 17:22, 23) Jwale Pauluse a ema ka hara Areopago mme a re: “Banna ba Athene, ke a bona hore dinthong tsohle le bonahala le ineheletse tshabo ya medimo ho feta ka moo ba bang ba ineheletseng yona ka teng. 23 Ka mohlala, ha ke feta mme ke shebisisa ka hloko dintho tsa lona tse hlomphuwang ka borapedi ke ile ka boela ka fumana aletare eo ho yona ho neng ho ngotswe ‘Ho Modimo ya sa Tsejweng.’ Ka hona seo ka ho se tsebe le se fang boinehelo ba bomodimo, sena ke a se phatlalatsa ho lona.

nwtsty study note se ho Lik. 17:22, 23

Ho Modimo ya sa Tsejweng: Mantswe a Segereki a reng A·gnoʹstoi the·oiʹ e ne e le karolo ya mantswe a neng a ngotswe aletareng e Athene. Baathene ba ne ba bontsha hore ba tshaba medimo ya bona ka ho e ahela ditempele le dialetare tse ngata, ba ne ba aha dialetare bakeng sa medimo e sa bonahaleng e kang Botumo, Boikokobetso, Matla, Kgodiso le Qenehelo. Ba ile ba ahela “Modimo ya sa Tsejweng” aletare hobane ba ne ba tshaba hore mohlomong a ke ke a ba amohela haeba ba sa mo etsetse yona. Ka ho aha aletare eo, ba ne ba dumela hore hona le Modimo eo ba sa tsebeng letho ka yena. Ka bohlale Pauluse o ile a sebedisa aletere ena ho tsebisa Baathene ka Modimo wa Nnete eo ba neng ba sa mo tsebe.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Lik 18:18) Le ha ho le jwalo, ka mora hore a dule matsatsi a mangata ka ho eketsehileng, Pauluse a re barababo rona ba sale hantle mme a qala ho tloha ka sekepe ho ya Syria, mme Prisilla le Akuila ba e na le yena, ka ha o ne a kutile moriri wa hlooho ya hae Senkrea, ka ha a ne a e na le boitlamo.

w08 5/15 32 ¶5

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Liketso

18:18—Pauluse o ile a etsa boitlamo bofe? Ditsebi tse ding di bolela hore Pauluse o ne a entse boitlamo ba ho ba Monazari. (Num. 6:1-21) Le ha ho le jwalo, Bibele ha e bolele hore na boitlamo ba Pauluse e ne e le bofe. Ho feta moo, Mangolo ha a re letho ka hore na Pauluse o ne a entse boitlamo bona pele kapa ka mora hore a sokolohe le hore na e ne e le hona a itlamang kapa a qetellang boitlamo ba hae. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ho etsa boitlamo bo jwalo e ne e se sebe.

(Liketso 18:21) empa a re ba sale hantle yaba o a ba bolella: “Ke tla boela ke kgutlela ho lona, haeba Jehova a rata.” Yaba o tloha Efese ka sekepe

nwtsty study note se ho Lik. 18:21

haeba Jehova a rata: Polelo ena e hatisa bohlokwa ba ho nahana ka thato ya Modimo ha re rera kapa re etsa eng kapa eng. Moapostola Pauluse o ne a dula a hopola molaomotheo ona. (1Ko 4:19; 16:7; Heb. 6:3) Morutuwa Jakobo o ile a kgothalletsa babadi hore ba re: “Haeba Jehova a rata, re tla phela mme re etse sena kapa sane.” (Jak. 4:15) Motho e mong le e mong ya reng “Haeba Jehova a rata” ha a lokela ho bua mantswe ao feela empa o lokela ho leka ho phela tumellanong le thato ya Jehova. Ha se ka mehla re ka buang mantswe ana ka molomo empa re ka a bua ka pelong.—Sheba study notes tse ho Lik. 21:14; 1Ko 4:19; Jak. 4:15 le App. C.

Mmalo wa Bibele

(Lik. 17:1-15) Jwale ba pholletsa le Amfipolise le Apolonia mme ba tla Thesalonika, moo ho neng ho e na le synagoge ya Bajuda. 2 Ka hoo ho ya ka tlwaelo ya Pauluse a kena ka hare ho ya ho bona, mme ka disabatha tse tharo a behelana mabaka le bona ka Mangolo, 3 a hlalosa le ho paka ka ditshupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utlwe bohloko le hore a tsohe bafung, mme a re: “Enwa ke yena Kreste, Jesu enwa eo ke mo phatlalatsang ho lona.” 4 Ka lebaka leo ba bang ba bona ya e ba badumedi mme ba ikopanya le Pauluse le Silase, mme letshwele le leholo la Bagerike ba neng ba rapela Modimo le basadi ba bangata ba ka sehloohong ba etsa jwalo. 5 Empa Bajuda, ka ho ba le poulelo, ba inkela banna ba itseng ba kgopo ho ba sollang mmarakeng mme ba etsa mokgopi yaba ba qala ho baka moferefere motseng. Ba hlasela ntlo ya Jasone mme ba qala ho batla hore ba tliswe ho mahoohoo ao. 6 Ha ba sa ba fumane ba hulela Jasone le barababo rona ba itseng ho babusi ba motse, ba hweletsa: “Banna bana ba ferekantseng lefatshe leo ho ahilweng ho lona ba teng le mona, 7 mme Jasone o ba amohetse ka kamohelo e mofuthu ya baeti. Banna bana bohle ba etsa ho hanyetsanang le melaotaelo ya Cesare, ba re ho na le morena e mong, Jesu.” 8 Ka sebele ba ferekantse bongata le babusi ba motse ha ba utlwa dintho tsena; 9 ka mora ho nka tjhelete e lekaneng ya tebeletso ho Jasone le ba bang ba ba tlohela hore ba tsamaye. 10 Kapelepele bosiu barababo rona ba romela Pauluse ha mmoho le Silase Berea, mme ha ba fihla, ba kena ka synagogeng ya Bajuda. 11 Jwale Baberea ba ne ba e na le dikelello tse bulehileng ho feta ba Thesalonika, ka ha ba ile ba amohela lentswe ka tabatabelo e kgolo ya kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na dintho tsena di jwalo kapa tjhe. 12 Ka hona ba bangata ba bona ya e ba badumedi, mme ha e ba jwalo le ka basadi ba bangata ba Bagerike le banna ba nang le botumo bo botle. 13 Empa ha Bajuda ba tswang Thesalonika ba utlwa hore lentswe la Modimo le ne le phatlalatswa Berea ke Pauluse, ba tla le hona teng ho tla susumetsa le ho ferekanya matshwele. 14 Jwale kapelepele barababo rona ba romela Pauluse hore a tsamaye ho ya fihla lewatleng; empa Silase ha mmoho le Timothea ba sala moo. 15 Le ha ho le jwalo, ba tsamaisang Pauluse ba mo fihlisa Athene mme, ka mora ho amohela taelo ya hore Silase le Timothea ba tle ho yena kapele ka moo ho ka kgonehang, ba tloha.

31 DECEMBER–6 JANUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 19-20

“Ikeleng Hloko Mme le Ele Hloko le Mohlape Ohle”

(Lik. 20:28) Ikeleng hloko mme le ele hloko le mohlape ohle, oo moya o halalelang o le behileng balebedi hara ona, hore le dise phutheho ya Modimo, eo a e rekileng ka madi a Mora wa hae.

w11 6/15 20-21 ¶5

“Disang Mohlape wa Modimo o Tlhokomelong ya Lona”

5 Moapostola o ile a re banna ba baholo ba lokela ho ‘disa mohlape wa Modimo o tlhokomelong ya bona.’ E ne e le habohlokwa haholo hore ba elellwe hore mohlape ke wa Jehova le Jesu Kreste. Baholo ba ne ba lokela ho ikarabella ka tsela eo ka yona ba disang dinku tsa Modimo. A re re motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo o kopa hore o sale le bana ba hae ha a le siyo. Na o ne o ke ke wa ba hlokomela hantle le ho ba fepa? Haeba ngwana e mong a ne a ka kula, na o ne o ke ke wa mo isa ngakeng? Ka ho tshwanang, baholo ba lokela ho ‘disa phutheho ya Modimo, eo a e rekileng ka madi a Mora wa hae.’ (Liketso 20:28) Ba dula ba hopola hore nku e nngwe le e nngwe e rekilwe ka madi a bohlokwa a Kreste Jesu. Ka ha baholo ba tla ikarabella, ba fepa mohlape, ba a o sireletsa ba bile ba a o hlokomela.

(Liketso 20:31) “Ka hona dulang le fadimehile, mme le hopole hore ka dilemo tse tharo, bosiu le motshehare, ha ke a ka ka kgaotsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo.

w13 1/15 31 ¶15

Baholo ba Bakreste,‘Basebetsimmoho Bakeng sa Thabo ya Rona’

15 Ho ba modisa ho hloka hore motho a sebetse ka thata. Ka ha baholo ba tshwenyeha ka dinku tsa Modimo, ka dinako tse ding ha ba robale empa ba qeta bosiu bohle ba di rapella kapa ba di thusa. (2 Bakor. 11:27, 28) Ho ntse ho le jwalo, jwalo ka Pauluse baholo ba jara boikarabelo ba bona ka botlalo ba bile ba thabile. Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a re: “Ka nyakallo e kgolo ke tla sebedisa le ho sebediswa ka ho feletseng bakeng sa meya ya lona.” (2 Bakor. 12:15) Ka sebele, ka lebaka la lerato leo Pauluse a neng a rata bara babo ka lona, o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang e le hore a ba matlafatse. (Bala 2 Bakorinthe 2:4; Bafil. 2:17; 1 Bathes. 2:8) Ke ka lebaka leo bara babo ba neng ba mo rata hakana!—Lik. 20:31-38.

(Liketso 20:35) Ke le bontshitse dinthong tsohle hore ka ho sebetsa ka tsela ena le thuse ba fokolang, mme le hopole mantswe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.’”

bt 172 ¶20

“Ke Hlwekile Mading a Batho Bohle”

20 Bophelo ba Pauluse bo ne bo fapane hole le ba batho ba neng ba tla hanyapetsa mohlape hamorao. O ne a itshebetsa e le hore e se ke ya e-ba morwalo phuthehong. O ne a sa rera ho ithuisa ka dintho tseo a neng a di etsetsa badumedimmoho le yena. Pauluse o ile a phehella baholo ba Efese hore ba rate ho itela. O ile a re ho bona: “Le thuse ba fokolang, mme le hopole mantswe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.’”—Liketso 20:35.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Liketso 19:9) Empa ha ba bang ba tswela pele ho ithatafatsa le ho se dumele, ba bua hampe ka Tsela Eo ka pela letshwele, a tloha ho bona mme a arola barutuwa ho bona, letsatsi le leng le le leng a fana ka dipuo ka holong ya sekolo ya Tyranase.

bt 161 ¶11

Ho “Hola le ho Hlola” ho sa Tsotellehe Kganyetso

11 Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a bolela ditaba tse molemo holong eo ya sekolo letsatsi le leng le le leng hoo e ka bang ho tloha ka 11:00 hoseng ho fihlela hoo e ka bang ka 4:00 thapama. (Liketso 19:9, NW, mongolo o botlaseng ba leqephe) Mohlomong ka nako eo ho ne ho thotse ebile ho tjhesa haholo ka ha ba bangata ba ne ba kgaoditse ho sebetsa e le hore ba je le hore ba phomole. Nahana feela hore haeba Pauluse a ne a ka phathahana jwalo ka dilemo tse pedi, o ne a ka qeta dihora tse fetang 3 000 a ruta. Lena ke lebaka le leng le entseng hore ebe lentswe la Jehova le ile la nna la hola la ba la hlola. Pauluse o ne a kgothetse a bile a fetoha le maemo. O ile a fetola kemiso ya hae e le hore a ka kgona ho thusa batho ba motseng oo. Phello e bile efe? ‘Bohle ba ahileng seterekeng sa Asia ba ile ba utlwa lentswe la Morena, Bajuda le Bagerike.’ (Liketso 19:10) Ruri o ile a paka ka ho phethahetseng!

(Liketso 19:19) Ka sebele, ba bangata ba neng ba sebedisa tsebo ya boselamose ba bokella dibuka tsa bona mme ba di tjhesa ka pela bohle. Ba kopanya theko ya tsona mme ba fumana di ka rekwa ka dikotwana tsa silevera tse dikete tse mashome a mahlano.

bt 162-163 ¶15

Ho “Hola le ho Hlola” ho sa Tsotellehe Kganyetso

15 Ho hlabiswa dihlong hona ha bara ba Skeva ho ile ha etsa hore batho ba bangata ba tshabe Modimo, e leng se ileng sa etsa hore ba bangata e be badumedi mme ba kgaotse ho sebedisana le meya. Boselamose bo ne bo atile haholo Efese. Ho ne ho tlwaelehile hore batho ba loye ba bang, ba rwale ho itshireletsa dinthong tsa boloi, ba be ba ba betse ka dipolelo tsa boloi tseo hangata di neng di ngotswe. Jwale Baefese ba bangata ba ile ba susumelletseha ho ntsha dibuka tsa bona tsa boselamose yaba ba di tjhesa phatlalatsa le hoja ho hlakile hore di ne di tura haholo. Luka o re: “Ka hoo ka tsela e matla lentswe la Jehova la nna la hola le ho hlola.” (Liketso 19:17-20) E bile bopaki bo babatsehang hakaakang ba hore nnete e hlola leshano le bademona! Batho bao ba tshepahalang ba re behetse mohlala o motle kajeno. Le rona re phela lefatsheng leo ho lona batho ba bangata ba sebedisanang le meya. Haeba re ka fumana hore re na le ntho e amanang le meya, re lokela ho etsisa Baefese ka hore re e lahle hanghang! A re tsamaeleng hole le mekgwa e nyonyehang jwalo, ho sa tsotellehe hore na re tla lahlehelwa hakae.

Mmalo wa Bibele

(Liketso 19:1-20) Nakong ya diketsahalo tsena, ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse a pholletsa le dikarolo tse ka hare ho naha mme a theohela Efese, yaba o fumana barutuwa ba itseng; 2 a re ho bona: “Na le ile la amohela moya o halalelang ha le e ba badumedi?” Ba re ho yena: “Ka sebele, le ka mohla ha re e so utlwe hore na ho na le moya o halalelang kapa tjhe.” 3 Yaba o re: “Jwale, le ile la kolobetswa ka eng?” Ba re: “Ka kolobetso ya Johanne.” 4 Pauluse a re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetso tshwantshetsong ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang ka mora hae, ke hore, ho Jesu.” 5 Ha ba utlwa sena, ba kolobetswa ka lebitso la Morena Jesu. 6 Ha Pauluse a beha matsoho hodima bona, moya o halalelang wa theohela hodima bona, mme ba qala ho bua maleme le ho profeta. 7 Kaofela, ho ne ho e na le banna ba ka bang leshome le metso e mmedi. 8 Ha a kena ka synagogeng, a bua ka sebete ka dikgwedi tse tharo, a fana ka dipuo mme a sebedisa tshusumetso malebana le mmuso wa Modimo. 9 Empa ha ba bang ba tswela pele ho ithatafatsa le ho se dumele, ba bua hampe ka Tsela Eo ka pela letshwele, a tloha ho bona mme a arola barutuwa ho bona, letsatsi le leng le le leng a fana ka dipuo ka holong ya sekolo ya Tyranase. 10 Sena sa etsahala ka dilemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng seterekeng sa Asia ba ileng ba utlwa lentswe la Morena, Bajuda le Bagerike. 11 Modimo a nna a etsa mesebetsi e matla e fetang e tlwaelehileng ka matsoho a Pauluse, 12 hoo le masela le diforeskoto di neng di nkwa mmeleng wa hae ho iswa ho batho ba kulang, mme mafu a ba tlohela, le meya e kgopo e tswa. 13 Empa ba bang ba Bajuda ba sollang ba neng ba tlwaetse ho leleka bademona le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu mabapi le ba nang le meya e kgopo, ba re: “Ke le laela ka tiyo ka Jesu eo Pauluse a mo bolelang.” 14 Jwale ho ne ho e na le bara ba supileng ba Skeva ya itseng, moprista ya ka sehloohong wa Mojuda, ba etsang sena. 15 Empa ha moya o kgopo o araba wa re ho bona: “Ke tseba Jesu mme ke tlwaelane le Pauluse; empa lona le bomang?” 16 Yaba motho eo moya o kgopo o neng o le ho yena o tlolela hodima bona, wa ba fekisa e mong ka mora e mong, mme wa ba hlola, hoo ba ileng ba baleha ba hlobotse mme ba tswile maqeba ho tswa ntlong eo. 17 Sena sa tsejwa ke bohle, Bajuda le Bagerike ba neng ba dula Efese; mme tshabo ya ba wela kaofela, mme lebitso la Morena Jesu la tswela pele ho tlotliswa. 18 Ba bangata ba bao e neng e bile badumedi ba ne ba tla ebe ba bolela le ho tlaleha ditlwaelo tsa bona pepenene. 19 Ka sebele, ba bangata ba neng ba sebedisa tsebo ya boselamose ba bokella dibuka tsa bona mme ba di tjhesa ka pela bohle. Ba kopanya theko ya tsona mme ba fumana di ka rekwa ka dikotwana tsa silevera tse dikete tse mashome a mahlano. 20 Ka hoo ka tsela e matla lentswe la Jehova la nna la hola le ho hlola.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share