PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ke Jehova ya re Rutileng ho Hodisa Bana ba Rona
Ke eng seo batswadi ba ka ithutang sona ho Ntate wa bona Jehova, se ka ba thusang ho hodisa bana ka katleho? Shebellang video e reng Ke Jehova ya re Rutileng ho Hodisa Bana ba Rona ebe ka mora moo le araba dipotso tse latelang ka morabo rona Abilio le moradiwabo rona Ulla Amorim:
Tsela eo ba hodisitsweng ka yona e ba thusitse jwang hore ba hodise bana ba bona?
Ke dintho dife tse thabisang tseo bana ba bona ba di hopolang?
Morabo rona Abilio le moradiwabo rona Ulla ba sebedisitse Deuteronoma 6:6, 7 jwang?
Ke hobaneng ha ba sa ka ba behela bana ba bona melao feela?
Ba thusitse bana ba bona jwang hore ba etse diqeto tse bohlale bophelong?
Ba ile ba kgothalletsa bana ba bona ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng le hoja ba ne ba ka lahlehelwa ke eng? (bt 178 ¶19)