LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr19 March maq. 1-9
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
  • Dihloohwana
  • 4-10 MARCH
  • 11-17 MARCH
  • 18-24 MARCH
  • 25-31 MARCH
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
mwbr19 March maq. 1-9

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

4-10 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAROMA 12-14

“Ho Bontsha Lerato la Bokreste ho Bolelang?”

(Baroma 12:10) Ka lerato la bara ba motho le bontshane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontshaneng tlhompho.

it-1 55

Lerato le Mofuthu

Ditho tsohle tsa phutheho ya Bokreste di lokela ho ba le lerato la bara ba motho (ka Segerike, phi·la·del·phiʹa, ha e le hantle e bolela “ho rata moreno.”) (Bar 12:10; Heb 13:1; sheba le 1Pe 3:8.) Ka hoo, ka phuthehong ho lokela ho be le lerato le matla le jwalo ka le teng pakeng tsa ditho tsa lelapa. Le hoja ditho tsa phutheho di se ntse di bontshana lerato la bara ba motho, di lokela ho le bontsha le ho feta.—1Th 4:9, 10

Lentswe la Segerike e leng phi·loʹstor·gos, le bolelang “ho ba le lerato le mofuthu,” le sebediswa ha ho buuwa ka batho ba nang le kamano e matla. Lentswe sterʹgo le tswang ho phi·loʹstor·gos, hangata le sebediswa ha ho hlaloswa lerato le teng pakeng tsa ditho tsa lelapa. Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba be le lerato lena. (Bar 12:10) Pauluse o ile a boela a re batho ba mehleng ya bofelo e ne e tla ba “ba se nang lerato la tlhaho” (ka Segerike, aʹstor·goi) le hore batho ba jwalo ba tshwanelwa ke lefu.—2Ti 3:3; Bar 1:31, 32.

(Baroma 12:17-19) Ho se ke ha e ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho yena. Lokisetsang hore ho be le dintho tse ntle mahlong a batho bohle. 18 Haeba ho kgoneha, ho fihlela moo ho itshetlehileng ka lona, le be le kgotso le batho bohle. 19 Le se ke la iphetetsa, baratuwa, empa le fe kgalefo sebaka; ka ha ho ngodilwe: “Phetetso ke ya ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.”

w09 10/15 8 ¶3

“Le be le Kgotso le Batho Bohle”

3 Bala Baroma 12:17. Pauluse o ile a hlalosa hore ha re hanyetswa ka mabifi, ha re a lokela ho iphetetsa. Ke ha bohlokwa le ho feta hore batho ba dulang malapeng a nang le bodumedi bo sa tshwaneng ba mamele keletso ena. Molekane wa Mokreste ha a inehele tekong ya ho iphetetsa ka mantswe a seng mosa kapa ka diketso tse seng mosa. ‘Ho busetsa bobe ka bobe’ ha ho hlahise molemo wa letho. Ho e na le hoo, maikutlo a jwalo a ka mpefatsa boemo le ho feta.

w07 7/1 24-25 ¶12-13

“Ho se ke ha e ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Yena”

12 Jwale Pauluse o fana ka keletso mabapi le ka moo re lokelang ho tshwara badumedimmoho le batho ba sa dumelang, o re: “Ho se ke ha e ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho yena.” Ke ho utlwahalang hore a bue mantswe ana ho latela seo a se boletseng pejana, ha a ne a re: “Nyonyang se kgopo.” Bonneteng, motho o ne a ka bolela jwang hore o hlile o nyonya se kgopo, kapa bobe, haeba a ne a ka iphetetsa ho ba bang ka bobe? Ho etsa jwalo ho ne ho tla be ho fapane le ho ba le lerato “le se nang boikaketsi.” Jwale Pauluse o re: “Lokisetsang hore ho be le dintho tse ntle mahlong a batho bohle.” (Baroma 12:9, 17) Re ka sebedisa mantswe ao jwang?

13 Pejana, lengolong leo a ileng a le ngolla Bakorinthe, Pauluse o ile a ngola ka mahloriso ao baapostola ba neng ba tobane le ona. O ile a re: “Re fetohile sebonwang ka lebaleng la diketsahalo ho lefatshe, le ho mangeloi, le ho batho. . . . Ha re ntse re hlapaolwa, re a hlohonolofatsa; ha re ntse re hloriswa, re a mamella; ha re ntse re nyediswa, re kopa ka tiyo.” (1 Bakorinthe 4:9-13) Ka ho tshwanang, Bakreste ba nnete kajeno ba shebelletswe ke batho ba lefatshe lena. Ha batho ba re potapotileng ba bona dintho tse molemo tseo re di etsang esita le ha re ntse re tshwerwe ka leeme, ba ka nna ba thahasella molaetsa wa rona wa Bokreste.—1 Petrose 2:12.

(Baroma 12:20, 21) Empa, “haeba sera sa hao se lapile, o se fepe; haeba se nyorilwe, o se fe se nowang; etswe ka ho etsa sena o tla bokella mashala a mollo hloohong ya sona.” 21 O se ke wa itlohela hore o hlolwe ke bobe, empa o nne o hlole bobe ka botle.

w12 11/15 29 ¶13

Tshwarelanang ka Bolokolohi

13 Ka dinako tse ding o ka nna wa ikutlwa eka o ka thusa motho ya o foseditseng hore a utlwisise melao ya Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “‘Haeba sera sa hao se lapile, o se fepe; haeba se nyorilwe, o se fe se nowang; etswe ka ho etsa sena o tla bokella mashala a mollo hloohong ya sona.’ O se ke wa itlohela hore o hlolwe ke bobe, empa o nne o hlole bobe ka botle.” (Bar. 12:20, 21) Ha o le bonolo esita le haeba batho ba o halefetse, ba ka nna ba fetola maikutlo a bona mme ba ba mosa. Haeba o bontsha hore o nahanela motho ya o fosetsang, o a mo qenehela ebile o mo utlwela bohloko, o ka nna wa mo thusa hore a ithute dinnete tsa Bibele. Ho sa tsotellehe hore na motho o o tshwara jwang, diketso tsa hao tse bonolo le tse mosa di ka etsa hore a ipotse hore na ke hobaneng ha o fapane le batho ba bang.—1Pet. 2:12; 3:16.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Baroma 12:1) Ka lebaka leo ke le kopa ka tiyo ka qenehelo ya Modimo, barabeso, hore le hlahise mmele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e le tshebeletso e halalelang ka matla a lona a ho nahana.

lvs 76-77 ¶5-6

Re Lokela ho Kgetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

5 Ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang bophelong, e ama borapedi ba rona ho Jehova. Pauluse o ile a hlalosa sena, ha a ne a re: “Le hlahise mmele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo.” (Baroma 12:1) Jesu o ile a re: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.” (Mareka 12:30) Ka mehla re batla ho fa Jehova sohle seo re nang le sona. Mehleng ya kgale ha Baiseraele ba ne ba etsetsa Jehova sehlabelo ka phoofolo, ba ne ba lokela ho fana ka phoofolo e phetseng hantle. Haeba ho ne ho na le ntho e phoso ka phoofolo eo, Modimo o ne a sa amohele sehlabelo se jwalo. (Levitike 22:18-20) Ka tsela e tshwanang, ho na le maemong ao le rona Jehova a ke keng a amohela borapedi ba rona. Ebe ke afe?

6 Jehova o re ho rona: “Le halalele, hobane ke a halalela.” (1 Petrose 1:14-16; 2 Petrose 3:11) Jehova o tla amohela borapedi ba rona haeba feela bo halalela kapa bo hlwekile. (Deuteronoma 15:21) Borapedi ba rona e ke ke ya ba bo hlwekileng haeba re etsa dintho tseo Jehova a di hloileng, jwalo ka boitshwaro bo bobe, ntwa le dintho tse tsamaisanang le bodemona. (Baroma 6:12-14; 8:13) Ebile hape Jehova a ke ke a thaba haeba boithabiso ba rona bo akarelletsa dintho tse kang tsena. Sena se ka etsa hore borapedi ba rona bo se ke ba hlweka hape bo se ke ba amoheleha ho Jehova, ebile le kamano ya rona le yena e ka senyeha.

(Baroma 13:1) Moya o mong le o mong o ke o ipehe tlasa balaodi ba phahameng, ka ha ha ho na bolaodi haese ka Modimo; balaodi ba leng teng ba behilwe ke Modimo maemong a bona a lekanyeditsweng.

w08 6/15 31 ¶4

Dintlhakgolo Tsa Lengolo le Yang ho Baroma

13:1—Balaodi ba phahameng “ba behilwe ke Modimo maemong a bona a lekanyeditsweng” ka tsela efe? Ba boholong mmusong “ba behilwe ke Modimo maemong a bona a lekanyeditsweng” ka hobane Modimo o ba dumelletse ho busa mme maemong a mang Modimo o ile a bona esale pele hore ba tla busa. Sena se pakwa ke seo Bibele e ileng ya se bolela esale pele mabapi le babusi ba mmalwa.

Mmalo wa Bibele

(Baroma 13:1-14) Moya o mong le o mong o ke o ipehe tlasa balaodi ba phahameng, ka ha ha ho na bolaodi haese ka Modimo; balaodi ba leng teng ba behilwe ke Modimo maemong a bona a lekanyeditsweng. 2 Ka hona ya hanyetsang bolaodi o kgahlanong le tokisetso ya Modimo; ba leng kgahlanong le yona ba tla iphumanela kahlolo. 3 Ka ha ba busang ba tshajwa ketsong e mpe, eseng ho e molemo. Jwale, na o batla hore o se ke wa tshaba bolaodi? O nne o etse molemo, mme o tla fumana thoriso e tswang ho bona; 4 etswe ke mosebeletsi wa Modimo ho wena molemong wa hao. Empa haeba o etsa se sebe, o be tshabong: ka ha hase ntle ho morero bo jereng sabole; etswe ke mosebeletsi wa Modimo, mopheteletsi ho bontsha kgalefo ho ya tlwaetseng ho etsa se sebe. 5 Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la kgalefo eo empa hape ka lebaka la matswalo a lona. 6 Etswe ke ka lebaka leo hape le lefang makgetho; ka ha ke bahlanka ba Modimo setjhabeng bao ka mehla ba sebeletsang morero wona ona. 7 Fang bohle tse ba lokelang, ya batlang lekgetho, le mo fe lekgetho; ya batlang sethabathaba, le mo fe sethabathaba; ya batlang tshabo, le mo fe tshabo e jwalo; ya batlang tlhompho, le mo fe tlhompho e jwalo. 8 Le se ke la kolota mang kapa mang ntho le ha e le nngwe, haese ho ratana; ka ha ya ratang wa habo o phethahaditse molao. 9 Etswe molao o reng, “O se ke wa feba, O se ke wa bolaya, O se ke wa utswa, O se ke wa tjhatjheha ka mohono,” le taelo efe kapa efe e teng, e akareditswe polelong ena, e reng, “O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata.” 10 Lerato ha le hlahisetse moahelani wa motho bobe; ka hona lerato ke phethahatso ya molao. 11 Etsang sena, hape, hobane le tseba nako, hore e se e le hora ya hore le tsohe borokong, ka ha jwale poloko ya rona e haufi ho feta nakong ya ha re eba badumedi. 12 Bosiu bo se bo ile haholo; letsatsi le atametse. Ka hona a re hloboleng mesebetsi ya lefifi mme re apareng dihlomo tsa lesedi. 13 Jwalo ka motshehare a re tsamayeng ka mokgwa o hlomphehang, eseng meketeng e lerata le ho inehelleng botahwa, eseng ho kopaneleng diphate ho hanelwang le boitshwarong bo hlephileng, eseng ho qabaneng le poulelong. 14 Empa le apare Morena Jesu Kreste, mme le se ke la rera esale pele bakeng sa ditakatso tsa nama.

11-17 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAROMA 15-16

“Kopa Jehova Hore a o fe Mamello le Matshediso”

(Baroma 15:4) Etswe dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa nakong e fetileng di ile tsa ngollwa ho re laya, e le hore ka mamello ya rona le ka matshediso a tswang Mangolong re ka ba le tshepo.

w17.07 14 ¶11

“Llang le Batho ba Llang”

11 Tlaleho e buang ka bohloko boo Jesu a ileng a bo utlwa nakong ya lefu la Lazaro, ke e nngwe ya tse kgothatsang tse hlahang ka Bibeleng. Hopola hore “dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa nakong e fetileng di ile tsa ngollwa ho re laya, e le hore ka mamello ya rona le ka matshediso a tswang Mangolong re ka ba le tshepo.” (Bar. 15:4) Haeba o utlwisitswe bohloko ke lefu, le wena o ka kgathollwa ke mangolo a fanang ka matshediso jwalo ka a latelang:

▪ “Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng; o pholosa ba sithabetseng moyeng.”—Pes. 34:18,19.

▪ “Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya wa ka.”—Pes. 94:19.

▪ “E se eka Morena wa rona Jesu Kreste le Modimo Ntate, ba ileng ba re rata yaba ba fana ka matshediso a sa feleng le tshepo e molemo ka mosa o sa tshwanelang, ba ka tshedisa dipelo tsa lona le ho le tiisa.”—2 Bathes. 2:16, 17.

(Baroma 15:5) Jwale e se eka Modimo ya fanang ka mamello le matshediso a ka etsa hore hara lona le be le boikutlo ba kelello bo tshwanang le boo Kreste Jesu a neng a e na le bona,

w16.04 10 ¶5

Le be le Mamello

5 Kopa Jehova hore a o fe matla. Jehova ke “Modimo ya fanang ka mamello le matshediso.” (Bar. 15:5) Ke yena feela ya utlwisisang boemo ba rona le tsela eo re ikutlwang ka yona. Ka hoo, o tseba hantle seo re se hlokang e le hore re mamelle. Bibele e re: “O tla kgotsofatsa takatso ya ba mo tshabang, o tla utlwa mohoo wa bona o kopang thuso, mme o tla ba pholosa.” (Pes. 145:19) Empa Modimo o araba dithapelo tsa rona jwang ha re mo kopa hore a re fe matla a ho mamella?

(Baroma 15:13) E se eka Modimo ya fanang ka tshepo a ka le tlatsa thabo yohle le kgotso ka ho dumela ha lona, e le hore le ka atelwa ke tshepo ka matla a moya o halalelang.

w14 6/15 14 ¶11

“O Rate Jehova Modimo wa Hao”

11 Jehova ‘o fana ka tshepo e re tlatsang thabo le kgotso.’ (Bar. 15:13) Tshepo eo Modimo a re fang yona e re nolofalletsa ho mamella ha re lekwa tumelo. Batlotsuwa ‘ba tshepahalang esita le ho isa lefung, ba tla fuwa moqhaka wa bophelo.’ (Tšen. 2:10) Batho ba tshepahalang ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba tla fumana ditlhohonolofatso tse sa feleng Paradeiseng e tshepisitsweng. (Luka 23:43) Re lokela ho ikutlwa jwang ka ditshepiso tsee? Na ha re ikutlwe re thabile, re le kgotsong re bile re rata Mofani wa “mpho e nngwe le e nngwe e molemo le neo e nngwe le e nngwe e phethahetseng”?—Jak. 1:17.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Baroma 15:27) Ke nnete, ba kgahlilwe ho etsa jwalo, mme le ha ho le jwalo ba ne ba e na le molato ho bona; etswe haeba ditjhaba di bile le karolo dinthong tsa bona tsa moya, le tsona di na le sekoloto sa ho sebeletsa bana phatlalatsa ka dintho tsa mmele wa nama.

w89 12/1 24 ¶3

“Teko ya Bonnete ba Lerato la Hao”

Ka sebele, barababo bona ba Baditjhaba ba ne ba lokela ho susumelletseha ho ba thusa tlokotsing ya bona. Ha e le hantle, ba ne ba e na le “molato” o kgethehileng ho Bakreste ba Jerusalema. Na hase Jerusalema moo ditaba tse molemo di ileng tsa hasana ho ya ho Baditjhaba? Pauluse o ile a hlalosa: “Haeba Bakreste ba Bajuda ba arolelane matlotlo a bona a moya le Baditjhaba, Baditjhaba ba na le boikarabelo bo totobetseng ba ho etsa monehelo bakeng sa ditlhoko tsa [Bajuda] tse bonahalang.”—Baroma 15:27, The New English Bible.

(Baroma 16:25) Jwale ho ya ka le tiisang tumellanong le ditaba tse molemo tseo ke di bolelang le ho bolela ka Jesu Kreste, ho ya ka tshenolo ya sephiri se halalelang seo ho dutsweng ho kgutsitswe ka sona ka dinako tse tshwarellang halelele

it-1 858 ¶5

Ho Tseba le ho Rera Dintho Esale Pele

Mesia kapa Kreste e ne e tla ba Peo e tshepisitsweng eo batho bohle ba lokileng ba neng ba tla hlohonolofatswa ka yona. (Gal 3:8, 14) Ho ile ha buuwa ka “peo” ka lekgetlo la pele ka mora borabele bo ileng ba etsahala Edene pele Abele a tswalwa. (Ge 3:15) Ho ile ha feta dilemo tse ka bang tse 4 000 pele ho senolwa “sephiri se halalelang.” Sephiri sena se ile sa senolwa ka mora hore ho hlake hore na Mesia ke mang, e leng “peo.” Ke ka hoo “ho dutsweng ho kgutsitswe ka sona ka dinako tse tshwarellang halelele.”—Bar 16:25-27; Ef 1:8-10; 3:4-11.

Mmalo wa Bibele

(Baroma 15:1-16) Le ha ho le jwalo, rona ba matla re tshwanela ho jara mefokolo ya ba seng matla, mme re se ke ra ikgahlisa. 2 E mong le e mong wa rona a kgahlise moahelani wa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha. 3 Etswe le yena Kreste ha a a ka a ikgahlisa; empa feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Dinyediso tsa ba neng ba o nyedisa di nkwetse hodimo.” 4 Etswe dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa nakong e fetileng di ile tsa ngollwa ho re laya, e le hore ka mamello ya rona le ka matshediso a tswang Mangolong re ka ba le tshepo. 5 Jwale e se eka Modimo ya fanang ka mamello le matshediso a ka etsa hore hara lona le be le boikutlo ba kelello bo tshwanang le boo Kreste Jesu a neng a e na le bona, 6 e le hore ka tumellano le ka tlotlisa Modimo le Ntate wa Morena wa rona Jesu Kreste ka molomo o le mong. 7 Ka hona amohelanang, feela jwalo ka ha Kreste le yena a ile a re amohela, ka tebello ya kganya ho Modimo. 8 Etswe ke bolela hore ha e le hantle Kreste e bile mosebeletsi wa ba bolotseng bakeng sa nnete ya Modimo, e le ho netefatsa ditshepiso tseo A ileng a di etsetsa baholoholo ba bona, 9 le hore ditjhaba di ka tlotlisa Modimo bakeng sa mohau wa hae. Feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Ke ka lebaka leo ke tla bolela pepenene hore ke o ela hloko hara ditjhaba mme ke tla binela lebitso la hao dipina tsa thoriso.” 10 O boetse o re: “Thabang, lona ditjhaba, ha mmoho le setjhaba sa hae.” 11 O boetse o re: “Rorisang Jehova, lona ditjhaba tsohle, mme ditjhaba di ke di mo rorise.” 12 Esaia o boetse o re: “Ho tla ba le motso wa Jese, mme ho tla ba le ya emang ho busa ditjhaba; ditjhaba di tla beha tshepo ya tsona ho yena.” 13 E se eka Modimo ya fanang ka tshepo a ka le tlatsa thabo yohle le kgotso ka ho dumela ha lona, e le hore le ka atelwa ke tshepo ka matla a moya o halalelang. 14 Jwale le nna ke kgodisehile mabapi le lona, barabeso, hore le boetse le tletse molemo, ka ha le tlatsitswe tsebo yohle, le hore le ka boetse la eletsana. 15 Le ha ho le jwalo, ke le ngolla ka ho toba haholo dintlheng tse ding tse itseng, jwalo ka ha eka ke le hopotsa hape, ka lebaka la mosa o sa tshwanelang oo ke o filweng ke Modimo 16 hore ke be mohlanka wa setjhaba wa Kreste Jesu ditjhabeng, ya tshwarehileng mosebetsing o halalelang wa ditaba tse molemo tsa Modimo, e le hore nyehelo, e leng, ditjhaba tsena, e ka amoheleha, ka ha e halaleditswe ka moya o halalelang.

18-24 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 BAKORINTHE 1-3

“Ho Bolelang ho ba le Kamano e Ntle le Modimo?”

(1 Bakorinthe 2:14) Empa motho wa nama ha a amohele dintho tsa moya wa Modimo, etswe ke bowatla ho yena; mme a ke ke a di tseba, hobane di hlahlojwa ka tsela ya moya.

w18.02 19 ¶4-5

Ho Bolelang ho ba le Kamano e Ntle le Modimo?

4 Motho wa nama kapa ya se nang kamano e ntle le Modimo, o bonahala ka tsela eo a nahanang ka yona. Batho ba jwalo ba amehile haholo ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona. Pauluse o re menahano ya bona e laolwa ke moya “o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (Baef. 2:2) Moya ona o etsa hore batho ba bangata kajeno ba nahane ka ho tshwana le ho rata dintho tse tshwanang. Ba batla ho etsa dintho tse thabisang bona feela mme ha ba na taba le melao ya Modimo. Ka hoo, hangata motho wa nama o ameha ka ho fumana maruo le ho hlahella mme o rata ho lwanela dintho tseo a nahanang hore ke ditokelo tsa hae.

5 Batho ba se nang kamano e ntle le Modimo ba bonahala kang hape? Ba etsa seo Bibele e se bitsang “mesebetsi ya nama.” (Bagal. 5:19-21) Pauluse o ile a bua ka mekgwa e meng ya bona lengolong la hae la pele le yang ho phutheho ya Korinthe. Mekgwa eo e akarelletsa: ho se hlomphe tokisetso ya bohlooho, ho ba leeme, ho isa ba bang makgotleng a dinyewe, ho baka dikarohano le diqabang, esita le ho ja kapa ho nwa ka ho fetelletseng. Batho ba se nang kamano e ntle le Modimo ba inehela ha bonolo feela ha ba tobane le diteko. (Liprov. 7:21, 22) Juda o ile a re ba bang ba ne ba tla senya kamano ya bona le Modimo hoo ba neng ba tla bitswa batho “ba se nang bomoya.”—Juda 18, 19.

(1 Bakorinthe 2:15, 16) Le ha ho le jwalo, motho wa moya o hlahloba dintho tsohle, empa yena ha a hlahlojwe ke motho le ha e le ofe. 16 Etswe “ke mang ya tsebang kelello ya Jehova, e le hore a ka mo ruta?” Empa re fela re e na le kelello ya Kreste.

w18.02 19 ¶6

Ho Bolelang ho ba le Kamano e Ntle le Modimo?

6 Jwale, ho ba le kamano e ntle le Modimo ho bolelang? Ho bolela ho nka kamano eo e le ya bohlokwa haholo. Motho ya jwalo o leka ka hohle ho ba ‘moetsisi wa Modimo.’ (Baef. 5:1) Ka mantswe a mang, pele a etsa qeto le ha e le efe o batla ho tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang ka qeto eo. Modimo ke motho wa sebele ho yena. Motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o leka ka hohle hore a phele ka melao ya Jehova. (Pes. 119:33; 143:10) Ho e na le hore a amehe feela ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae, o bontsha “ditholwana tsa moya” bophelong ba hae. (Bagal. 5:22, 23) Ka hoo, motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o bitswa “motho wa moya” hobane o dumella hore moya o halalelang wa Modimo o mo tataise bophelong.

w18.02 22 ¶15

Ho Bolelang ho ba le Kamano e Ntle le Modimo?

15 Re ka etsisa Kreste jwang? Ho 1 Bakorinthe 2:16, Bibele e re re lokela ho ba le “kelello ya Kreste.” Athe Baroma 15:5 e re re lokela ho ba le “boikutlo ba kelello bo tshwanang le boo Kreste Jesu a neng a e na le bona.” Ka hoo, hore re tshwane le Kreste re lokela ho tseba botho ba hae le tsela eo a nahanang ka yona, mme re latele mohlala wa hae. Jesu o ne a etsisa Modimo mme a nka kamano ya hae le yena e le ntho ya bohlokwa. Ka hoo haeba re etsisa Jesu, re boetse re etsisa Jehova. Ke ka hoo ho leng bohlokwa hakaana hore re ithute ho nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka yona.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng (1 Bakorinthe 1:20) Monna ya bohlale o kae? Mongodi o kae? Mophehakgang wa tsamaiso ee ya dintho o kae? Na Molimo ha a a ka a etsa bohlale ba lefatshe lee bowatla?

it-2 1193 ¶1

Bohlale

Ka lebaka la bohlale ba lona, lefatshe le ile la nka tokisetso eo Modimo a neng a fana ka yona ka Kreste e le bowatla mme babusi ba lona ba ile ba “kgokgothela thupeng Morena ya kganyang” le hoja ba ne ba e na le bokgoni ba ho fana ka kahlolo. (1Ko 1:18; 2:7, 8) Empa Modimo o ile a pakahatsa bohlale ba lefatshe e le bowatla, a hlabisa banna ba bohlale dihlong ka ho sebedisa seo ba neng ba nahana hore ke “ntho e bowatla ya Modimo,” le batho bao ba neng ba nahana hore ke ‘mawatla a fokolang le a eisehang,’ ho phethahatsa morero wa hae. (1Ko 1:19-28) Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Korinthe hore “bohlale ba tsamaiso ena ya dintho [le] ba babusi ba tsamaiso ena ya dintho” bo tla fediswa, ke ka hoo molaetsa wa hae o neng o sa bue ka bohlale boo. (1Ko 2:6, 13) O ile a lemosa Bakreste ba Kolose hore ba se ke ba tshwaswa ke “filosofi [phi·lo·so·phiʹas, eo ha e le hantle e bolelang ho rata bohlale] le thetso ya lefeela ho ya ka neano ya batho.”—Kol 2:8; bapisa le ditemana 20-23.

(1 Bakorinthe 2:3-5) Ke ile ka tla ho lona ka bofokodi le ka tshabo le ka thothomelo e kgolo; 4 mme puo ya ka le seo ke ileng ka se bolela e ne e se ka mantswe a susumetsang a bohlale empa ka bopaki ba moya le matla, 5 e le hore tumelo ya lona e se ke ya eba bohlaleng ba batho, empa e be matleng a Modimo.

w08 7/15 27 ¶6

Dintlhakgolo Tsa Mangolo a Yang ho Bakorinthe

2:3-5. Ha Pauluse a ntse a paka Korinthe, e leng setsi sa filosofi ya Bagerike le sa thuto, e ka nna yaba o ne a tshwenyehile ka hore na ebe o tla kgona ho susumetsa bamamedi ba hae kapa tjhe. Le ha ho le jwalo, ha a a ka a dumella bofokodi le ha e le bofe kapa tshabo eo e ka nnang yaba o ne a e na le yona hore e mo sitise ho phetha mosebetsi wa ho bolela oo Modimo a neng a mo file ona. Ka ho tshwanang, ha re a lokela ho dumella maemo a sa tlwaelehang hore a re sitise ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Re ka kgodiseha jwalo ka Pauluse hore Jehova o tla re thusa.

Mmalo wa Bibele

(1 Bakorinthe 1:1-17) Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le morabo rona Sosthene 2 ho phutheho ya Modimo e Korinthe, ho lona ba halaleditsweng bonngweng le Kreste Jesu, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ha mmoho le bohle bao hohle ba ipiletsang lebitsong la Morena wa rona, Jesu Kreste, Morena wa bona le wa rona: 3 E se e ka le ka ba le mosa o sa tshwanelang le kgotso e tswang ho Modimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 4 Ka mehla ke leboha Modimo bakeng sa lona ka lebaka la mosa o sa tshwanelang wa Modimo oo le ileng la o fuwa ho Kreste Jesu; 5 hore nthong e nngwe le e nngwe le ruisitswe ho yena, ka bokgoni bo feletseng ba ho bua le ka tsebo e feletseng, 6 esita le jwalo ka ha bopaki bo mabapi le Kreste bo tiisitswe hara lona, 7 e le hore ho hang le se ke la haellwa mphong le ha e le efe, ha ka tabatabelo le ntse le letetse tšenolo ya Morena wa rona Jesu Kreste. 8 Hape o tla le tiisa ho isa bofelong, e le hore le ka ba ba ke keng ba qoswa ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste. 9 Modimo wa tshepahala, ya ileng a le bitsetsa hore le be le kabelo le Mora wa hae Jesu Kreste Morena wa rona. 10 Jwale ke a le eletsa, barabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e ba le dikarohano hara lona, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tshwanang le mokgweng o tshwanang wa ho nahana. 11 Etswe ke ile ka senolelwa mabapi le lona, barabeso, ke ba ntlo ya Kloe, hore ho hloka kutlwano ho teng hara lona. 12 Seo ke se bolelang ke sena, hore e mong le e mong wa lona o re: “nna ke wa Pauluse,” “Empa nna ke wa Apolose,” “Empa nna ke wa Kefase,” “Empa nna ke wa Kreste.” 13 Kreste o arohane. Pauluse ha a a ka a kgokgothellelwa lona thupeng, na ha ho jwalo? Kapa na le ile la kolobetswa ka lebitso la Pauluse? 14 Ke leboha hore ebe ha ke a ka ka kolobetsa le ya mong wa lona haese Krispase le Gaiase, 15 e le hore ho se ke ha e ba le ya mong ya ka reng le ile la kolobetswa ka lebitso la ka. 16 E, hape ke ile ka kolobetsa ba ntlo ya Setefanase. Ha e le ba bang kaofela, ha ke tsebe hore na ebe ke ile ka kolobetsa motho le ha e le mang e mong. 17 Ka ha Kreste ha a a ka a nthoma hore ke tsamaye ke kolobetsa, empa o nthomile hore ke tsamaye ke bolela ditaba tse molemo, eseng ka puo e bohlale, e le hore thupa ya tlhokofatso ya Kreste e se ke ya etswa e se nang thuso.

25-31 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG |1 BAKORINTHE 4-6

“Tomoso e Nyenyane e Bedisa Hlama Kaofela”

(1 Bakorinthe 5:1, 2) Ha e le hantle bohlola bo tlalehwa hara lona, mme bohlola bo jwalo e se bo teng le ha e le hara ditjhaba, hore monna ya itseng o na le mosadi wa ntatae. 2 Na le ikgohomositse, mme na ho e na le hoo ha le a ka la siama, e le hore motho ya entseng ketso ena a ka tloswa hara lona?

(1 Bakorinthe 5:5-8) le nehelane ka motho ya jwalo ho Satane hore ho timetswe nama, e le hore moya o ka pholoha ka letsatsi la Morena. 6 Lebaka la lona la ho ithorisa ha le letle. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e bedisa hlama kaofela? 7 Tlosang tomoso ya kgale, e le hore le ka ba hlama e ntjha, ho ya ka moo le lokolohileng tomosong. Etswe, ka sebele, Kreste paseka ya rona o entswe sehlabelo. 8 Ka lebaka leo a re bolokeng mokete ona, eseng ka tomoso ya kgale, kapa ka tomoso ya bobe le bokgopo, empa ka mahobe a sa lomoswang a botshepehi le nnete.

(1 Bakorinthe 5:13) ha Modimo a ahlola ba ka ntle? “Tlosang motho eo ya kgopo hara lona.”

it-2 230

Tomoso

Ha Moapostola Pauluse a laela Bakreste ba phutheho ya Korinthe hore ba leleke monna ya neng a itshwere hampe ka phuthehong, o ile a sebedisa papiso e tshwanang mme a re: “Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e bedisa hlama kaofela? Tlosang tomoso ya kgale, e le hore le ka ba hlama e ntjha, ho ya ka moo le lokolohileng tomosong. Etswe, ka sebele, Kreste paseka ya rona o entswe sehlabelo.” Ka mora moo, o ile a hlalosa ka ho hlaka hore na “tomoso” e bolelang. “Ka lebaka leo a re bolokeng mokete ona, eseng ka tomoso ya kgale, kapa ka tomoso ya bobe le bokgopo, empa ka mahobe a sa lomoswang a botshepehi le nnete.” ( 1Ko 5:6-8) Mona Pauluse o ne a hlalosa se bolelwang ke Mokete wa Sejuda wa Mahobe a sa Lemoswang oo ha morao o ileng wa latelwa ke mokete wa Paseka. Feela jwalo ka ha tomoso e bedisa hlama ya bohobe kaofela, phutheho yohle jwalo ka mmele e ne e ke ke ya hlweka mahlong a Jehova haeba e ne e sa tlose monna eo ya itshwereng hampe ebile a na le tshusumetso e mpe ka phuthehong. Ba ne ba lokela ho tlosa “tomoso” hara bona feela jwalo ka Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ba le tomoso matlong a bona nakong ya mokete.

it-2 869-870

Satane

Ho bolelwang ha ho thwe ho ‘nehelanwe ka motho ho Satane hore ho timetswe nama’?

Ha moapostola Pauluse a laela phutheho ya Korinthe hore e nke kgato efe kgahlanong le monna ya etsang thobalano le mosadi wa ntate wa hae o ile a re: “Le nehelane ka motho ya jwalo ho Satane hore ho timetswe nama.” (1Ko 5:5) Taelo eo e ne e le ya hore motho eo a lelekwe ka phuthehong mme ho kgaolwe setswalle le ha e le sefe le yena. (1Ko 5:13) Ho nehelana ka yena ho Satane ho ne ho tla mo ntsha ka phuthehong mme ho mo ise lefatsheng leo Satane e leng modimo le mmusi wa lona. Jwalo ka “tomoso e nyenyane” e ka ‘hlameng’, monna eo e ne e le wa “nama,” kapa ya sentseng kamano ya hae le Modimo mme ka ho mo tlosa ka phuthehong, phutheho e ne tla be e timetsa “nama” hara yona. (1Ko 5:6, 7) Ka ho tshwanang, Pauluse o ile a nehelana ka Hymenea le Alexandere ho Satane hobane ba ile ba qhelela tumelo le letswalo le letle ka thoko yaba ba senyehelwa ke tumelo jwalo ka sekepe se swahlamaneng.—1Ti 1:20.

(1 Bakorinthe 5:9-11) Lengolong la ka ke ile ka le ngolla hore le kgaotse ho itswakanya ha mmoho le dihlola, 10 ke sa bolele ka ho feletseng dihlola tsa lefatshe lena kapa batho ba meharo le bahanyapetsi kapa barapedi ba ditshwantsho. Ho seng jwalo, le ne le tla lokela ho tswa lefatsheng. 11 Empa jwale ke le ngolla hore le kgaotse ho itswakanya ha mmoho le mang kapa mang ya bitswang morabo rona eo e leng sehlola kapa motho ya meharo kapa morapedi wa ditshwantsho kapa ya ditlhapa kapa letahwa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ya jwalo.

lvs 241, dintlha tse hlahang qetellong ya buka

Ho Kgaolwa

Haeba motho a entse sebe se tebileng mme a sa se bakele le ho phela ka melao ya Jehova, ha ho kgonahale hore e nne ebe karolo ya phutheho. O lokela ho kgaolwa. Ha motho a se a kgaotswe, ha re a lokela ho itswakanya kapa ho bua le yena. (1 Bakorinthe 5:11; 2 Johanne 9-11) Tokisetso ena e sireletsa lebitso la Jehova le phutheho. (1 Bakorinthe 5:6) Ho kgaolwa ke tsela ya ho thusa mofosi ho tlohela dintho tse mpe tseo a di etsang mme a kgutlele ho Jehova.—Luka 15:17.

Kgaolo ya 3, serapa sa 19

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(1 Bakorinthe 4:9) Etswe ho nna ho bonahala Modimo a behile rona baapostola qetellong pontshong re le banna ba kgethetsweng lefu, hobane re fetohile sebonwang ka lebaleng la diketsahalo ho lefatshe, le ho mangeloi, le ho batho.

w09 5/15 24 ¶16

Mangeloi ke “Meya Bakeng sa Tshebeletso ya Setjhaba”

16 Bakreste ba thulanang le diteko ke ‘sebonwang ka lebaleng la diketsahalo ho mangeloi.’ (1 Bakor. 4:9) Mangeloi a kgotsofala haholo ha a shebelletse batho ha ba etsa diketso tse bontshang botshepehi ebile a a thaba ha moetsadibe a baka. (Luka 15:10) Mangeloi a hlokomela boitshwaro ba basadi ba Bakreste bo bontshang hore ba tshaba Modimo. Bibele e bontsha hore ‘mosadi o tshwanela ho ba le pontsho ya ho laelwa hloohong ya hae ka lebaka la mangeloi.’ (1 Bakor. 11:3, 10) Ha ho pelaelo hore mangeloi a a thaba ha a bona basadi ba Bakreste le bahlanka ba bang bohle ba Modimo ba lefatsheng, ba etsa dintho tumellanong le taolo ya puso ya Modimo le tokisetso ya bohlooho. Ho mamela ho jwalo, ho hopotsa bara bana ba Modimo ba lehodimong seo ba lokelang ho se etsa.

(1 Bakorinthe 6:3) Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? Jwale, ke hobaneng ha re sa ahlole ditaba tsa bophelo boo?

it-2 211

Molao

Molao ho Mangeloi. Le hoja mangeloi a phahametse batho, a tlasa molao le ditaelo tsa Modimo. (Heb 1:7, 14; Pes 104:4) Jehova o ile a fana ka taelo ho sera sa hae e leng Satane a ba a se behela moedi. (Job 1:12; 2:6) Ha Satane a ne a phehisana le Mikaele e leng lengeloi le ka sehloohong, Mikaele o ile a bontsha hore o hlompha Jehova jwalo ka Moahlodi ya ka Sehloohong ha a ne a re: “E se eka Jehova a ka o kgalemela ka matla.” (Juda 9 bapisa le Zak 3:2.) Jehova Modimo o behile mangeloi ohle tlasa taolo ya Jesu Kreste ya tlotlisitsweng. (Heb 1:6; 1Pe 3:22; Mat 13:41; 25:31; Fil 2:9-11) Ka hoo, lengeloi le ile la isa molaetsa ho Johanne ka taelo ya Jesu. (Tše 1:1) Le ha ho le jwalo, ho 1 Bakorinthe 6:3 moapostola Pauluse o bontsha hore barababo Kreste ba moya ba kgethetswe ho ahlola mangeloi, hobane ba tla ba le karolo ka tsela e itseng ha ho fanwa ka kahlolo kgahlanong le meya e kgopo.

Mmalo wa Bibele

(1 Bakorinthe:1-14) Na le ha e le mang wa lona ya nang le nyewe kgahlanong le e mong o iteta sefuba ho ya kgotla ka pela batho ba sa lokang, eseng ka pela bahalaledi? 2 Kapa na ha le tsebe hore bahalaledi ba tla ahlola lefatshe? Haeba le tla ahlola lefatshe, na ha le tshwanelehe ho ahlola ditaba tse sa reng letho ho hang? 3 Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? Jwale, ke hobaneng ha re sa ahlole ditaba tsa bophelo boo? 4 Jwale, haeba le e na le ditaba tsa bophelo bona tse lokelang ho ahlolwa, na ke banna ba shebelwang tlase ka phuthehong bao le ba behang hore e be baahlodi? 5 Ke bua ho le susumelletsa hore le hlajwe ke dihlong. Na ke nnete hore ha ho monna le ya mong ya bohlale hara lona ya tla kgona ho ahlola pakeng tsa barababo, 6 empa morabo motho o isa morabo kgotla, le hona ka pela ba sa dumelang? 7 Jwale, ka sebele, ho bolela ho hloleha ka ho feletseng bakeng sa lona hore ebe le a qosana. Ho e na le hoo ke hobaneng ha le sa itlohelle hore le fosetswe? Ho e na le hoo ke hobaneng ha le sa itlohelle hore le etsetswe bolotsana? 8 Ho fapana le hoo, le a fosa mme le etsa bolotsana, le hona e le ho barababo lona. 9 Kgele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua mmuso wa Modimo? Le se ke la kgeloswa. Le ha e le dihlola, kapa barapedi ba ditshwantsho, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsweng merero eo e seng ya tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, 10 kapa mashodu, kapa batho ba meharo, kapa matahwa, kapa ba ditlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua mmuso wa Modimo. 11 Le ha ho le jwalo ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona. Empa le hlatswitswe hore le hlweke, empa le halaleditswe, empa ho boletswe hore le lokile ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le ka moya wa Modimo wa rona. 12 Dintho tsohle di dumellwa ke molao bakeng sa ka; empa hase dintho tsohle tse molemo. Dintho tsohle di dumellwa ke molao bakeng sa ka; empa nke ke ka itlohella hore ke laolwe ke ntho le ha e le efe. 13 Dijo bakeng sa mpa, le mpa bakeng sa dijo; empa ka bobedi Modimo o tla di etsa lefeela. Jwale mmele hase wa bohlola, empa ke wa Morena; mme Morena ke wa mmele. 14 Empa Modimo o ile a tsosa Morena mme o tla re tsosa ho tswa lefung ka matla a hae.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share