Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
3-9 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAGALATA 4–6
“Seo ‘Ketsahalo e Tshwantshetsang’ e se Bolelang ho Rona”
(Bagalata 4:24, 25) Dintho tsena ke ketsahalo e tshwantshetsang; etswe basadi bana ba bolela dilekane tse pedi, sa Thabeng ya Sinai, se hlahisang bana ba bokgoba, seo hape e leng Hagare. 25 Jwale Hagare enwa o bolela Sinai, thaba e Arabia, mme o tshwana le Jerusalema kajeno, ka ha o bokgobeng le bana ba hae.
it-1-E 1018 ¶2
Hagare
Ho ya ka moapostola Pauluse, Hagare eo ho builweng ka yena ketsahalong e tshwantshetsang o emela setjhaba sa Iseraele mme se ne se tlameletswe ho Jehova ka selekane sa Molao se ileng sa thehwa Thabeng ya Sinai, e leng selekane se ileng sa tsebahatsa “bana ba bokgoba.” Ka ha setjhaba seo e ne e le baetsadibe, se ne se sa kgone ho mamela melao ya selekane seo. Baiseraele ha ba a a ka ba lokoloha tlasa selekane seo empa ba ile ba ahlolwa e le ba tshwanelwang ke lefu, ke ka ka hoo e neng e le makgoba. (Joh 8:34; Bar 8:1-3) Jerusalema ya mehleng ya Pauluse e tshwana le Hagare. Jerusalema, e leng motsemoholo e emela mokgatlo wa Iseraele ya sebele mme e ile ya iphumana e le bokgobeng le bana ba yona. Le ha ho le jwalo, Bakreste ba tlotsitsweng ke bana ba “Jerusalema wa hodimo,” e leng mosadi wa Modimo wa tshwantshetso. Jwalo ka Sara, e leng mosadi ya lokolohileng Jerusalema ena ha e so ka e eba bokgobeng. Empa jwalo ka ha Isaka a ile a hloriswa ke Ishmaele, le bana ba “Jerusalema wa hodimo,” ba ileng ba lokollwa ke Mora, ba ile ba hloriswa ke bana ba bokgoba ba Jerusalema. Le ha ho le jwalo, Hagare le mora wa hae ba ile ba lelekwa, e leng se emelang ho lahlwa ha setjhaba sa Israele ke Jehova.—Gal 4:21-31; sheba le Joh 8:31-40.
(Bagalata 4:26, 27) Empa Jerusalema wa hodimo o lokolohile, mme ke mma rona. 27 Ka ha ho ngodilwe: “Thaba, wena nyopa e sa beleheng; tlerola mme o hweletse haholo, wena mosadi ya se nang bohloko ba pelehi; etswe bana ba mosadi ya lahlilweng ba bangata ho feta ba ya nang le monna.”
w14 10/15 10 ¶11
Eba le Tumelo e sa Thekeseleng Mmusong
11 Le hoja selekane sa Abrahama se ile sa phethahala ha ditloholo tsa Abrahama di rua Naha e Tshepisitsweng, Mangolo a bontsha hore se boetse se phethahala ka kutlwisiso ya moya. (Bagal. 4:22-25) Jwalo ka ha moapostola Pauluse a hlalositse ho phethahala ha selekane sena ka tsela e eketsehileng a le tlasa pudulelo, karolo e ka sehloohong ya peo ya Abrahama ke Kreste, mme karolo ya bobedi ke Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsweng ka moya. (Bagal. 3:16, 29; Tšen. 5:9, 10; 14:1, 4) Mosadi ya hlahisang peo ke “Jerusalema wa hodimo”—e leng karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Modimo, e entsweng ka dibopuwa tsa moya tse tshepahalang. (Bagal. 4:26, 31) Jwalo ka ha selekane sa Abrahama se tshepisitse, peo ya mosadi e ne e tla tlisetsa batho ditlhohonolofatso.
(Bagalata 4:28-31) Jwale rona, barabeso, re bana ba tshepiso jwalo ka ha ho ne ho le jwalo ka Isaka. 29 Empa feela jwalo ka ha nakong eo ya neng a tswetswe ka mokgwa wa nama a ile a qala ho hlorisa ya neng a tswetswe ka mokgwa wa moya, ho jwalo le hona jwale. 30 Le ha ho le jwalo, Lengolo le reng? “Leleka lekgabunyane le mora wa lona, Ka ha ho hang mora wa lekgabunyane e ke ke ya eba mojalefa le mora wa mosadi ya lokolohileng.” 31 Ka lebaka leo, barabeso, ha re bana ba lekgabunyane, empa re bana ba mosadi ya lokolohileng.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Bagalata 4:6) Jwale ka hobane le bara, Modimo o rometse moya wa Mora wa hae ka dipelong tsa rona mme o a hweletsa: “Abba, Ntate!”
w09 4/1 13
Re o Lome Tsebe?
Ke hobaneng ha Jesu a ile a bitsa Jehova “Abba, Ntate” ha a rapela?
Lebitso la Searame ʼab·baʼʹ le ka bolela “ntate” kapa “Oho Ntate.” Makgetlong a mararo ao lebitso lena le hlahang ho ona ka Mangolong, le hlaha e le karolo ya thapelo mme le sebediswa ha ho buuwa ka Ntate wa lehodimo, e leng Jehova. Lebitso lee ke la bohlokwa hakae?
The International Standard Bible Encyclopedia, e re: “Ha batho ba ne ba iqoqela feela mehleng ya Jesu, lentswe ʼabbāʼ le ne le sebediswa ke bana ha ba bitsa bo ntatabona ka tsela e bontshang hore ba na le kamano e haufiufi le bona ebile ba a ba hlompha.” E ne e le tsela e monate eo bana ba bitsang bo ntate ka yona ebile e le le leng la mantswe ao bana ba a bitsang ha ba qala ho ithuta ho bua. Jesu o ile a bitsa Ntate wa hae ka tsela eo, nakong eo a neng a mo rapela ka tiyo. Ha a le serapeng sa Gethesemane, dihora tse seng kae feela pele a e shwa, Jesu o ile a bitsa Jehova ka mantswe ana, “Abba, Ntate” ha a rapela.—Mareka 14:36.
Buka e boletsweng ka hodimo ya ho etsa dipatlisiso e tswela pele ho re: “Ka sebele hase ntho e tlwaelehileng ho bona ho sebedisitswe ʼAbbāʼ ha ho buuwa ka Modimo dibukeng tsa Sejuda tsa mehleng ya Bagerike le Baroma mme ha ho potang hore lebaka la seo ke hobane ho ne ho tla bonahala e le mokgwa o se nang tlhompho wa ho bua le Modimo.” Le ha ho le jwalo, “Jesu . . . o ile a mo bitsa ka tsela eo ha a rapela e le ho bontsha ka tsela e sa tobang hore O ne a tiile ha a re o na le kamano e haufiufi le Modimo.” Mangolo a mang a mabedi moo “Abba” e hlahang teng a ngotsweng ke moapostola Pauluse, a bontsha hore Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo le bona ba ne ba bitsa Modimo ka tsela eo ha ba mo rapela.—Baroma 8:15; Bagalata 4:6.
(Bagalata 6:17) Ho tloha jwale ho ya pele ho se ke ha e ba le ya nkgathatsang, ka ha mmeleng wa ka ke jere matshwao a ho tjheswa ka tshepe a lekgoba la Jesu.
w10 11/1 15
Re o Lome Tsebe?
Moapostola Pauluse o ne a bua ka eng ha a ne a re mmeleng wa hae o jere “matshwao a ho tjheswa ka tshepe a lekgoba la Jesu”?—Bagalata 6:17.
▪ E ka nna yaba bamamedi ba Pauluse ba lekgolong la pele la dilemo ba ne ba utlwisisa mantswe ana a hae ka ditsela tse fapafapaneng. Ka mohlala, mehleng ya boholoholo tshepe e tjhesang e ne e sebedisetswa ho tshwaya batshwaruwa ba ntwa, mashodu a tempeleng le makgoba a balehileng. E ne e le sekgobo ha motho a tshwailwe ka mabaka a jwalo.
Le ha ho le jwalo, ha se ka mehla ho ba le letshwao la ho tjheswa ka tshepe ho neng ho nkwa e le sekgobo. Batho ba bangata ba mehleng ya boholoholo ba ne ba le sebedisa ho bontsha hore ke ba morabe o itseng kapa ba sehlopha se itseng sa bodumedi. Ka mohlala, ho latela Theological Dictionary of the New Testament, “Basyria ba ne ba bontsha hore ba inehetse ho medimo ya bona Hadad le Atargatis ka ho tshwauwa ka tshepe e tjhesang lenonyeletsong la letsoho kapa molaleng . . . Motho ya inehetseng ho Dionysus o ne a tshwauwa lekgasi la sefate sa ivy.”
Bahlalosi ba bangata ba mehleng ena ba nahana hore Pauluse o ne a bua ka mabadi a mmeleng wa hae ao a ileng a ba le wona diketsahalong tse fapafapaneng ha a ne a otlwa ha e ntse e le moromuwa wa Mokreste. (2 Bakorinthe 11:23-27) Le ha ho le jwalo, mohlomong Pauluse o ne a bolela hore mokgwa wa hae wa ho phela, eseng hakaalo mabadi a mmeleng wa hae, e ne e le ona o neng o mo kgetholla e le Mokreste.
Mmalo wa Bibele
(Bagalata 4:1-20) Jwale ke re hafeela mojalefa e sa le ngwana ho hang ha a a fapana le lekgoba, le hoja e le morena wa dintho tsohle, 2 empa o tlasa banna ba ikarabellang le tlasa batsamaisi ho fihlela ka letsatsi leo ntatae a le behileng esale pele. 3 Ka ho tshwanang le rona, ha re ne re le bana, re ile ra tswela pele re entswe makgoba ke dintho tsa motheo tsa lefatshe. 4 Empa ha tekanyo e feletseng ya nako e fihla, Modimo o ile a romela Mora wa hae, ya tswileng ho mosadi le ya bileng tlasa molao, 5 e le hore ka theko a ka lokolla ba tlasa molao, e le hore le rona re ka amohela ho nkelwa ka lapeng re le bara. 6 Jwale ka hobane le bara, Modimo o rometse moya wa Mora wa hae ka dipelong tsa rona mme wa hweletsa: “Abba, Ntate!” 7 Ka hoo, jwale, ha o sa le lekgoba empa o mora; mme haeba o mora, o boetse o mojalefa ka Modimo. 8 Le ha ho le jwalo, ha le ne le sa tsebe Modimo, jwale le ile la ba makgoba a bao ka tlhaho e seng medimo. 9 Empa ka ha jwale le tseba Modimo, kapa ho e na le hoo ka ha jwale le tsejwa ke Modimo, ho tla jwang hore le kgutlele hape dinthong tse fokolang le tse futsanehileng tsa motheo mme le batle ho ba makgoba a tsona hape? 10 Le boloka ka hloko matsatsi le dikgwedi le dinako le dilemo. 11 Ke tshohile ka lebaka la lona, hore ka tsela e itseng ke sehlile ntle ho morero mabapi le lona. 12 Barabeso, ke a le kopa, Le be ka moo ke leng ka teng, hobane le nna ke ne ke le ka moo le leng ka teng. Ha le a mphosetsa ka letho. 13 Empa le a tseba hore ke ile ka le bolella ditaba tse molemo ka lekgetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng. 14 Seo e neng e le teko ho lona nameng ya ka, ha le a ka la se eisa kapa la se tshwela ka mathe ka ho nyonya; empa le ile la nkamohela jwalo ka lengeloi la Modimo, jwalo ka Kreste Jesu. 15 Jwale, e kae thabo eo le neng le e na le yona? Etswe ke a le pakela hore, hoja ho ne ho kgoneha, le ka be le hontse mahlo a lona yaba le mpha wona. 16 Jwale, he, na ke fetohile sera sa lona hobane ke le bolella nnete? 17 Ba le batla ka tjheseho, eseng ka tsela e ntle, empa ba batla ho le arohanya le nna, e le hore le ka ba batla ka tjheseho. 18 Le ha ho le jwalo, ho hotle hore le batlwe ka tjheseho ho se setle ka dinako tsohle, eseng feela ha ke le teng ho lona, 19 bana ba ka ba banyenyane, bao ke boetseng ke leng bohlokong ba pelehi ke bona ho fihlela Kreste a boptjwa ho lona. 20 Empa ke ne nka lakatsa ho ba teng ho lona hona jwale le ho bua ka tsela e fapaneng, hobane ke tsielehile ka lebaka la lona.
10-16 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAEFESE 1–3
“Tsamaiso ya Jehova le Seo e se Phethang”
(Baefese 1:8, 9) O ile a etsa hore sena se re atele ka bohlale bohle le kelello e ntle, 9 ka hore o ile a re tsebisa sephiri se halalelang sa thato ya hae. Ke ho ya ka ho kgahlwa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho yena
it-2-E 837 ¶4
Sephiri se Halalelang
Mmuso wa Mesia. Pauluse o ile a senola hore na sephiri se halalelang sa Kreste ke eng mangolong a hae. Ho Baefese 1:9-11 o bua ka hore Modimo o ile a etsa hore “sephiri se halalelang” sa thato ya hae se tsebahale, ha a re: “Ke ho ya ka ho kgahlwa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho yena bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ya dinako tse behilweng, e leng, ho bokella dintho tsohle hape ho Kreste, dintho tse mahodimong le dintho tse lefatsheng. E, ho yena, eo re ileng ra boela ra abelwa ho ba majalefa bonngweng le yena, ka hore re ile ra kgethwa esale pele ho ya ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ho ya ka tsela eo thato ya hae e rerang ka yona.” “Sephiri [sena] se halalelang” se akarelletsa mmuso, e leng Mmuso wa Modimo wa Bomesia. “Dintho tse mahodimong,” tseo Pauluse a buang ka tsona ke bao e tla bang majalefammoho le Kreste Mmusong wa lehodimo. “Dintho tse lefatsheng” e tla ba bafo ba bona. Jesu o ile a hlalosetsa barutuwa ba hae hore sephiri se halalelang se amana le Mmuso ha a ne a re ho bona: “Le neilwe sephiri se halalelang sa mmuso wa Modimo.”—Mar 4:11.
(Baefese 1:10) bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ya dinako tse behilweng, e leng, ho bokella dintho tsohle hape ho Kreste, dintho tse mahodimong le dintho tse lefatsheng. E, ho yena,
w12 7/15 27-28 ¶3-4
Jehova o Bokella Lelapa la Hae
3 Moshe o ile a bolella Baiseraele a re: “Jehova Modimo wa rona ke Jehova a le mong.” (Deut. 6:4) Diketso tsa Jehova le morero wa hae di a dumellana. Ka hoo, “tekanyong e feletseng ya dinako tse behilweng,” Modimo o ile a theha “tsamaiso” e leng tokisetso ya ho momahanya dibopuwa tsa hae tsohle tse lehodimong le tse lefatsheng. (Bala Baefese 1:8-10.) Tsamaiso ena e tla phethahatsa morero wa yona ka mekgahlelo e mmedi. Mokgahlelong wa pele, Modimo o lokisetsa phutheho ya batlotsuwa hore e tle e phele lehodimong moo e tla tswela pele e sebetsa e etelletswe pele ke Jesu Kreste. Mokgahlelo ona o ile wa qala ka Pentekonta ya 33 C.E. ha Jehova a ne a qala ho bokella batho ba neng ba tla busa le Kreste lehodimong. (Lik. 2:1-4) Ka ha ho boletswe hore batlotsuwa ba lokile mme ba loketse ho phela ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Kreste, ba a tseba hore ba nketswe ka lapeng e le “bana ba Modimo.”—Bar. 3:23, 24; 5:1; 8:15-17.
4 Mokgahlelo wa bobedi o lokisetsa batho ba tla phela Paradeiseng lefatsheng tlasa Mmuso wa Kreste wa Bomesia. Karolo ya pele ya sehlopha sena ke ba “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9, 13-17; 21:1-5) Nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete, ba tla ba le batho ba dibilione ba tla tsoswa bafung. (Tšen. 20:12, 13) Nahana feela hore na tsoho e tla re fa menyetla e mengata hakaakang ya ho bontsha hore re momahane! Qetellong ya dilemo tse sekete, “dintho tse lefatsheng” di tla lekwa ka lekgetlo la ho qetela. Batho ba tla tshepahala ba tla nkelwa ka lapeng e le “bana ba Modimo” ba lefatsheng.—Bar. 8:21; Tšen. 20:7, 8.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baefese 3:13) Ka lebaka leo ke le kopa hore le se ke la tela ka lebaka la matshwenyeho ana a ka molemong wa lona, ka ha a bolela kganya bakeng sa lona.
w13 2/15 28 ¶15
O se ke wa Dumella Letho ho o Sitisa ho Finyella Kganya
15 Ho ba le mamello ha re etsa thato ya Jehova ho thusa batho ba bang hore ba finyelle kganya. Ha Pauluse a ngolla phutheho ya Efese o ile a re: “Ke le kopa hore le se ke la tela ka lebaka la matshwenyeho ana a ka molemong wa lona, ka ha a bolela kganya bakeng sa lona.” (Baef. 3:13) Matshwenyeho a Pauluse a ne “a bolela kganya” bakeng sa Baefese ka tsela efe? Ka hore ebe Pauluse o ne a ikemiseditse ho tswela pele a sebeletsa bara babo ho sa tsotellehe matshwenyeho, o ile a bontsha Baefese hore tlotla eo ba neng ba e na le yona hobane e le Bakreste e ne e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa. Haeba Pauluse a ne a ile a tela ha a thulana le matshwenyeho, seo se ka be se ile sa fana ka maikutlo a hore kamano ya bona le Jehova, tshebeletso ya bona le tshepo ya bona e ne e se dintho tsa bohlokwa. Ho mamella ha Pauluse ho ile ha phahamisa Bokreste, ha bontsha hore motho o lokela ho itella ho ba morutuwa.
(Baefese 3:19) le ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo, e le hore le ka tlala botlalo bohle boo Modimo a fanang ka bona.
cl 299 ¶21
“Ho Tseba Lerato la Kreste”
21 Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ho tseba” le bolela ho tseba “ka tsela e tobileng, ka phihlelo.” Ha re bontsha lerato ka tsela eo Jesu a le bontshitseng ka yona—ka ho hloka boithati re itella ba bang, re ba qenehela ditlhokong tsa bona, re ba tshwarela ho tswa pelong—jwale re ka utlwisisa hantle maikutlo a hae. Ka tsela ena, re ba le phihlelo ya “ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo.” Le ka mohla a re se keng ra lebala hore ha re etsisa Kreste ka ho eketsehileng, re tla atamela haholwanyane ho eo Jesu a neng a mo etsisa ka ho phethahetseng, e leng Modimo wa rona ya lerato, Jehova.
Mmalo wa Bibele
(Baefese 1:1-14) Pauluse, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ho bahalaledi ba leng Efese le ba tshepahalang bonngweng le Kreste Jesu: 2 E se eka le ka ba le mosa o sa tshwanelang le kgotso e tswang ho Modimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 3 Ho bokwe Modimo le Ntate wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ka ha o re hlohonolofaditse ka tlhohonolofatso e nngwe le e nngwe ya moya dibakeng tsa lehodimo bonngweng le Kreste, 4 feela Jwalo ka ha a ile a re kgetha bonngweng le yena pele lefatshe le thehwa, e le hore re ka halalela mme ra hloka sekodi ka pela hae leratong. 5 Etswe o ile a re kgetha esale pele hore re nkelwe ka lapeng re le bara ho yena ka Jesu Kreste, ho ya ka ho kgahlwa ha thato ya hae, 6 thorisong ya mosa wa hae o sa tshwanelang o kganyang oo ka mosa a ileng a re neha wona ka moratuwa wa hae. 7 Ka yena re na le tokollo ka thekollo ka madi a eo, e, tshwarelo ya ditshito tsa rona, ho ya ka maruo a mosa wa hae o sa tshwanelang. 8 O ile a etsa hore sena se re atele ka bohlale bohle le kelello e ntle, 9 ka hore o ile a re tsebisa sephiri se halalelang sa thato ya hae. Ke ho ya ka ho kgahlwa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho yena 10 bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ya dinako tse behilweng, e leng, ho bokella dintho tsohle hape ho Kreste, dintho tse mahodimong le dintho tse lefatsheng. E, ho yena, 11 eo re ileng ra boela ra abelwa ho ba majalefa bonngweng le yena, ka hore re ile ra kgethwa esale pele ho ya ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ho ya ka tsela eo thato ya hae e rerang ka yona, 12 e le hore re sebeletse thoriso ya kganya ya hae, rona bao re bileng ba pele ba ho ba le tshepo ho Kreste. 13 Empa le lona le ile la ba le tshepo ho yena ka mora hore le utlwe lentswe la nnete, ditaba tse molemo tse mabapi le poloko ya lona. Ka yena hape, ka mora hore le dumele, le ile la tiiswa ka moya o halalelang o tshepisitsweng, 14 oo e leng pontsho esale pele ya lefa la rona, ka morero wa ho lokolla ka thekollo letlotlo [la Modimo], thorisong ya hae e kganyang.
17-23 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAEFESE 4-6
“Aparang Dihlomo Tse Feletseng Tsa Ntwa Tse Tswang ho Modimo”
(Baefese 6:11-13) Aparang dihlomo tse feletseng tsa ntwa tse tswang ho Modimo e le hore le ka kgona ho ema le tiile kgahlanong le maqiti a Diabolose; 12 hobane ha re lwane le nama le madi, empa re lwana le mebuso, le balaodi, le babusi ba lefatshe ba lefifi lena, le makgotla a moya a kgopo a leng dibakeng tsa lehodimo. 13 Ka lebaka lena nkang dihlomo tse feletseng tsa ntwa tse tswang ho Modimo, e le hore le ka kgona ho hanyetsa ka letsatsi le kgopo mme, ka mora hore le etse dintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.
Batjha—Emang le Tiile Kgahlanong le Diabolose
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a tshwantsha bophelo ba rona ba Bokreste le ba lesole le ntweng. Ke nnete hore ha re lwane ntwa ya nama empa re lwana ya moya. Ho ntse ho le jwalo, dira tsa rona ke tsa sebele. Satane le mademona a hae, ke bahlabani ba nang le bokgoni le boiphihlelo ba ntwa. Ha re habanya mahlo feela, re ka nna ra bona eka re ke ke ra o besa wa tuka. Ho bonahala eka batjha ba Bakreste ka ho kgetheha, ke bona ba ka hlaselehang habonolo. Jwale ba ka hlola makgotla ana a moya a nang le matla a fetang a batho jwang? Ntlha ke hore, batjha ba ka hlola, ha e le hantle ba se ntse ba hlotse! Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane ba ‘tswela pele ho fumana matla Moreneng.’ Empa ba etsa ho fetang feela ho kopa matla ho Modimo. Ba se ba apere dihlomo tsa ntwa. Jwalo ka masole a kwetlileng hantle bakeng sa se larileng ka pele, ba ‘apare dihlomo tse felletseng tsa ntwa tse tswang ho Modimo.’—Bala Baefese 6:10-12.
(Baefese 6:14, 15) Ka hona, le eme le tiile, matheka a lona a tlamilwe ka hohle ka nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba ya ho loka, 15 le maoto a lona a rwetse dihlomo tsa ditaba tse molemo tsa kgotso.
Batjha—Emang le Tiile Kgahlanong le Diabolose
4 Ka ho tshwanang, nnete eo re ithutang yona Lentsweng la Modimo, e re sireletsa mashanong a kotsi a rutwang. (Joh. 8:31, 32; 1 Joh. 4:1) Hape ha re rata nnete eo, re tla nolofallwa ke ho apara “tshireletso ya sefuba,” e leng ho phela ka melaomotheo ya Modimo e lokileng. (Pes. 111:7, 8; 1 Joh. 5:3) Ho ekelletsa moo, ha re utlwisisa nnete e ka Lentsweng la Modimo hantle, re tla kgona ho emela tumelo ya rona ho ba re hanyetsang.—1 Pet. 3:15.
7 Ke ho loketseng hakaakang hore ebe ho sebedisitswe papiso ena, ho bontsha ka moo Jehova a sireletsang pelo ya rona ya tshwantshetso ka teng! (Liprov. 4:23) Ha lesole le ne le ka nka tshireletso ya sefuba eo e seng ya tshepe, le ne le ka lemala hampempe la ba la shwa. Ka tsela e tshwanang, le rona ha re a lokela hore le ka mohla re qhelele ditekanyetso tsa Jehova tse lokileng ka thoko. Hobane hohang ha re na matla a ho itshireletsa. (Liprov. 3:5, 6) Ka lebaka leo, re lokela ho dula re etsa bonnete ba hore ditshepe tsa rona tsa tshwantshetso, di ntse di tiile mme di sireleditse dipelo tsa rona.
10 Feela jwalo ka ha dieta tse neng di rwalwa ke masole a Roma di ne di a thusa ha a le ntweng, dieta tsa tshwantshetso tseo Bakreste ba di rwalang, di ba thusa hore ba bolele molaetsa wa kgotso. (Esa. 52:7; Bar. 10:15) Le ha ho le jwalo, re ntse re hloka ho ba sebete e le hore re sebedise monyetla o hlahang. Bo, ya dilemo di 20 o re: “Ke ne ke tshaba ebile ke swabela ho bolella baithutimmoho le nna ka Jehova. Ha ke hetla morao, ha ke utlwisise hore na keng e neng e etsa hore ke be boi jwalo. Hona jwale ke thabile hore ebe ha ke sa tshaba ho bolella dithaka tsa ka ka Jehova.”
(Baefese 6:16, 17) Ka hodima dintho tsohle, le nke thebe e kgolo ya tumelo, eo ka yona le tla kgona ho tima metsu yohle e tukang ya ya kgopo. 17 Hape, le amohele helmete ya poloko, le sabole ya moya, ke hore, lentswe la Modimo,
Batjha—Emang le Tiile Kgahlanong le Diabolose
13 E meng ya “metsu e tukang” eo Satane a ka o hlaselang ka yona, ke mashano a buuwang ka Jehova. A akarelletsa la hore Jehova ha a na taba le wena le hore ha a o rate. Ida, ya dilemo di 19, o sokodiswa ke ho ikutlwa a se na thuso. O di beha tjena: “Hangata ke ne ke utlwa eka Jehova o hole le nna le hore ha a batle ho ba Motswalle wa ka.” Jwale ebe o thuswa ke eng? O re: “Diboka di matlafatsa tumelo ya ka. O ne o tla fumana ke ile feela dibokeng ke kgutle ke sa araba, hobane ke nahana hore ha ho na motho ya batlang ho utlwa hore na ke ntse ke reng. Empa dintho di fetohile jwale, ke se ke ya dibokeng ke lokiseditse mme ke leka ho fana ka karabo tse pedi kapa tse tharo. Ke nnete hore ho thata empa ke a thaba ha ke arabile. Bara le baradibabo rona le bona ba a nkgothatsa. Hona jwale ke kgutla dibokeng ke thabile, ke kgodisehile hore Jehova o a nrata.”
16 Feela jwalo ka ha helmete e sireletsa boko ba lesole, “tshepo ya poloko” e sireletsa kelello, e leng bokgoni ba rona ba ho nahana. (1 Bathes. 5:8; Liprov. 3:21) Tshepo e re thusa ho lebisa tlhokomelo ditshepisong tsa Modimo le ho ba le pono e nepahetseng ka dintho. (Pes. 27:1, 14; Lik. 24:15) Empa haeba re hlile re batla hore “helmete” ya rona e re sebeletse, re tlameha ho e rwala hloohong e seng re tsamaye re e tshwere ka letsoho.
20 Pauluse o ile a tshwantsha Bibele le sabole eo Jehova a re fileng yona. Empa re lokela ho ithuta ho e sebedisa ka boqhetseke ha re emela tumelo ya rona le ha re itlhahlobisisa. (2 Bakor. 10:4, 5; 2 Tim. 2:15) O ka ntlafatsa bokgoni ba hao jwang? Sebastian ya dilemo di 21 o re: “Ke tlwaetse ho ngola temana e le nngwe ho tswa kgaolong e nngwe le e nngwe ya Bibele. Ke ingolla lethathamo la ditemana tseo ke di ratang haholo. Ka tsela eo, ke kgona ho utlwisisa hore na Jehova o nahana ka tsela efe.” Daniel eo re buileng ka yena pejana, yena o re: “Ha ke ntse ke bala Bibele, ke inkela ditemana tseo ke nahanang hore di tla thusa batho ha ke le tshimong. Ke hlokometse hore batho ba arabela hantle ha ba bona hore ehlile o rata Bibele, le hore o etsa sohle ho ba thusa hore ba e utlwisise.”
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baefese 4:30) Hape, le se ke la swabisa moya o halalelang wa Modimo, oo le tiisitsweng ka wona bakeng sa letsatsi la ho lokollwa ka thekollo.
it-1-E 1128 ¶3
Kgalalelo
Moya o halalelang. Jehova o laola moya o halalelang kapa matla a hae a sebetsang. Moya o halalelang o phethahatsa morero wa hae ka mehla. O hlwekile, o a halalela ebile Modimo o o sebedisa ha molemo. Ka hoo o bitswa “moya o halalelang” le “moya wa kgalalelo.” (Pes 51:11; Lu 11:13; Bar 1:4; Ef 1:13) Moya o halalelang o thusa motho hore a halalele kapa a hlweke. Diketso tse sa hlwekang kapa tse fosahetseng di ka sitisa kapa tsa “swabisa” moya oo. (Ef 4:30) Le hoja moya o halalelang e se motho, taba ya hore o ka ‘swaba,’ e bontsha hore Modimo o ikutlwa jwang. Diketso tse mpe di ka “tima mollo wa moya.” (1Th 5:19) Haeba motho a tswela pele ka diketso tse mpe, a ka ‘utlwisa moya wa Modimo o halalelang bohloko,’ mme seo se ka etsa hore Modimo a fetohe sera ho motho eo ya rabelang. (Esa 63:10) Motho ya swabisang moya o halalelang a ka ya boholeng ba ho o nyefola, e leng sebe seo Jesu Kreste a itseng se ke ke sa tshwarelwa tsamaisong ya hona jwale ya dintho esita le e tlang.—Mat 12:31, 32; Mar 3:28-30; sheba SPIRIT.
(Baefese 5:5) Etswe sena le a se tseba, le se hlokomela e le lona, hore ha ho sehlola kapa motho ya sa hlwekang kapa motho ya meharo—e leng ho bolelang ho ba morapedi wa ditshwantsho—ya nang le lefa le ha e le lefe mmusong wa Kreste le wa Modimo.
it-1-E 1006 ¶2
Meharo
E Bonahala ka Diketso. Diketso tsa motho di bonahatsa takatso e fosahetseng eo a nang le yona mme meharo e bonahala ka ho hlaka diketsong tseo. Mongodi wa Bibele e leng Jakobo, o bontsha hore takatso e fosahetseng ha e emere e tswala sebe. (Jak 1:14, 15) Ka hoo, motho ya meharo a ka bonahala ka diketso tsa hae. Moapostola Pauluse o ile a bontsha hore motho ya meharo ke morapedi wa ditshwantsho. (Ef 5:5) Ka lebaka la meharo, motho ya jwalo o fetola dintho tseo a di lakatsang modimo wa hae, ka hoo o di nka e le tsa bohlokwa ho feta ho sebeletsa Mmopi le ho mo rapela.—Bar 1:24, 25.
Mmalo wa Bibele
(Baefese 4:17-32) Ka hona, sena ke a se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaya feela jwalo ka ha ditjhaba le tsona di tsamaya ho se ruiseng molemo ha dikelello tsa tsona, 18 ha di ntse di le lefifing dikelellong, mme di arohile bophelong ba Modimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha dipelo tsa tsona. 19 E le tse feletsweng ke kutlo yohle ya boitshwaro, di ineheletse boitshwaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hlweke ha mofuta o mong le o mong ka meharo. 20 Empa ha le a ithuta Kreste a le jwalo, 21 ka sebele, hafeela le ile la mo utlwa mme la rutwa ho sebediswa yena, feela jwalo ka ha nnete e le ho Jesu, 22 e le hore le lahle botho ba kgale bo dumellanang le tsela ya lona ya pele ya boitshwaro le bo ntseng bo bodiswa ho ya ka ditakatso tsa bona tse thetsang; 23 empa hore le ntjhafale matleng a susumetsang dikelello tsa lona, 24 le hore le apare botho bo botjha bo ileng ba boptjwa ho ya ka thato ya Modimo ho lokeng ha nnete le botshepehing. 25 Ka lebaka leo, ka ha jwale le lahlile leshano, e mong le e mong wa lona a bue nnete le moahelani wa hae, hobane re ditho ba bang tsa ba bang. 26 Halefang, le ha ho le jwalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le halefile, 27 hape le se ke la dumella Diabolose sebaka. 28 Ya utswang a se ke a hlola a utswa, empa ho e na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ya hlokang. 29 Polelo e bodileng e se ke ya tswa melomong ya lona, empa ho tswe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha ka moo tlhokahalo e ka bang ka teng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utlwang. 30 Hape, le se ke la swabisa moya o halalelang wa Modimo, oo le tiisitsweng ka wona bakeng sa letsatsi la ho lokollwa ka thekollo. 31 Lehloyo le nang le lonya le bohale le kgalefo le ho tleroha le puo e nyefolang di ke di tloswe tsohle ho lona ha mmoho le bobe bohle. 32 Empa le bontshane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tshwarelane ka bolokolohi feela jwalo ka ha Modimo le yena ka Kreste a ile a le tshwarela ka bolokolohi.
24-30 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAFILIPI 1-4
“Le se ke la Tshwenyeha ka Letho”
(Bafilipi 4:6) Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi hammoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo;
‘Kgotso e Tswang ho Modimo e Feta Monahano Wohle’
10 Re ka thuswa keng hore re se tshwenyehe ka letho mme re fumane ‘kgotso e tswang ho Modimo’? Mantswe a Pauluse ho Bafilipi a bontsha hore pheko ya ho tshwenyeha ke thapelo. Ka hoo, haeba re ikutlwa re tshwenyehile re lokela ho rapela. (Bala 1 Petrose 5:6, 7.) Rapela Jehova, o kgodisehile hore o a o tsotella. Bontsha hore o ananela dintho tseo a o etseditseng tsona ka ho akarelletsa “le diteboho” thapelong ya hao. Re tla tshepa Jehova le ho feta ha re hopola hore o kgona ho re fa “ka ho fetisisang ho feta dintho tsohle tseo re di kopang kapa [tseo] re di nahanang.”—Baef. 3:20.
(Bafilipi 4:7) mme kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.
‘Kgotso e Tswang ho Modimo e Feta Monahano Wohle’
7 Ha lengolo la Pauluse le ballwa phutheho Filipi, ha ho pelaelo hore ba ile ba hopola dintho tse neng di mo hlahetse. Ba ile ba hopola le ka moo Jehova a ileng a sebetsana le boemo ka tsela eo ba neng ba sa e lebella. Ke thuto efe eo Pauluse a neng a ba ruta yona? Ha e le hantle o ne a re: ‘Le se ke la tshwenyeha. Rapelang, mme le tla fumana kgotso e tswang ho Modimo.’ Ela hloko hore kgotso e tswang ho Modimo e feta “monahano wohle.” Seo se bolelang? Bafetoledi ba bang ba beha mantswe ao tjena: “Kgotso e tswang ho Modimo e feta ditoro tsa rona” kapa hore “e feta merero yohle ya batho.” Ka mantswe a mang, Pauluse o ne a re kgotso e tswang ho Modimo e matla ho feta ka moo re ka nahanang ka teng. Ka hoo, le hoja ho ya ka pono ya rona re ka bona eka mathata a rona ha a na tharollo, Jehova yena o dula a na le tharollo ebile o kgona le ho rarolla mathata a rona ka tsela eo re sa e lebellang.—Bala 2 Petrose 2:9.
‘Kgotso e Tswang ho Modimo e Feta Monahano Wohle’
16 Ho ba le phello efe ha re fumana kgotso e tswang ho Modimo, “e fetang monahano wohle”? Mangolo a araba ka hore kgotso eo ‘e tla lebela dipelo tsa rona le matla a rona a kelello ka Kreste Jesu.’ (Bafil. 4:7) Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le ho “lebela” mona, le ne le sebediswa sesoleng ha ho buuwa ka sehlopha sa masole se neng se fuwe boikarabelo ba ho sireletsa motse. Motse wa Filipi o ne o lebelwa ke sehlopha se jwalo sa masole. Baahi ba motse oo ba ne ba robala ba lokolohile bosiu, ba ikutlwa ba sireletsehile hobane ba tseba hore masole a ba shebile. Ka ho tshwanang, ha re na le kgotso e tswang ho Modimo, dipelo le dikelello tsa rona di dula di kgutsitse, di sireletsehile. Re a tseba hore Jehova o a re rata le hore o batla re atlehe. (1 Pet. 5:10) Ho tseba seo ho re thusa hore re se ke ra tshwenyeha ho tlola kapa ra nyahama
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Bafilipi 2:17) Ho sa tsotellehe seo, esita le haeba ke ntse ke tshollwa jwaloka nyehelo ya seno hodima sehlabelo le tshebeletso ya phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho eona, kea nyakalla mme ke thaba le lona kaofela.
it-2-E 528 ¶5
Dinyehelo
Dinyehelo tsa seno. Ha Baiseraele ba ne ba fana ka dinyehelo tsa seno ba ne ba fana le ka dinyehelo tse ding tse ngata, haholo ka mora hore ba dule Naheng e Tshepisitsweng. (Nu 15:2, 5, 8-10) Di ne di akarelletsa veine (“jwala bo tahang”) mme e ne e tshollwa aletareng. (Nu 28:7, 14; bapisa le Ex 30:9; Nu 15:10.) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Filipi mme a re: “le haeba ke ntse ke tshollwa jwalo ka nyehelo ya seno hodima sehlabelo le tshebeletso ya phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho yona, ke a nyakalla.” Mona moapostola Pauluse o sebedisitse nyehelo ya seno ka tsela ya tshwantshetso, ho bontsha ka moo a neng a ikemiseditse etsa eng kapa eng ho thusa Bakrestemmoho le yena. (Fil 2:17) Nakwana pele ho lefu la hae o ile a ngolla Timothea mme a re: “ke se ke ntse ke tshollwa jwalo ka nyehelo ya seno, mme nako e loketseng ya ho lokollwa ha ka e haufi.”—2Ti 4:6.
(Bafilipi 3:11) ho bona haeba ka mokgwa le ha e le ofe nka fihlela tsoho ya pejana bafung.
w07 1/1 26-27 ¶5
‘Tsoho ya Pele’—E Ntse e Tswela Pele!
5 Jwale, ditho tse tlotsitsweng tsa “Iseraele ya Modimo” di lokela ho ba le Morena Jesu Kreste kganyeng ya lehodimo, moo di “tla ba le Morena kamehla.” (Bagalata 6:16; 1 Bathesalonika 4:17) Ketsahalo eo e bitswa “tsoho ya pejana” kapa ‘tsoho ya pele.’ (Bafilipi 3:10, 11; Tšenolo 20:6) Ha tsoho eo e se e phethilwe, e tla be e le nako ya hore batho ba dimilione ba tsosetswe lefatsheng ba e na le tshepo ya ho fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng. Ka hoo, ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho ya phela lehodimong kapa lefatsheng, re thahasella haholo ho tseba ka ‘tsoho ya pele.’ Ke tsoho ya mofuta ofe? E etsahala neng?
Mmalo wa Bibele
(Bafilipi 4:10-23) Ke thaba haholo Moreneng hore jwale qetellong le tsosolositse ho nahana ha lona molemong wa ka, hoo ka sebele le neng le nahana ka hona, empa la hloka monyetla. 11 Eseng hore ke bua mabapi le ho ba ya hlokang, ka ha maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona, ke ithutile ho kgotsofala. 12 Ka sebele ke tseba ho haellwa ke dijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e nngwe le e nngwe le maemong ohle ke ithutile sephiri sa ho kgora ha mmoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka. 13 Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla. 14 Le ha ho le jwalo, le entse hantle ka ho kopanela le nna matshwenyehong a ka. 15 Ha e le hantle, lona Bafilipi, hape le a tseba hore qalong ya ho bolela ditaba tse molemo, ha ke tloha Macedonia, ha ho phutheho e ileng ya nka karolo le nna tabeng ya ho fana le ho amohela, ha e se lona le le bang; 16 hobane, esita le Thesalonika, le ile la nthomella ho hong hang le ka lekgetlo la bobedi bakeng sa seo ke se hlokang. 17 Eseng hore ke batla mpho ka tiyo, empa hore ka tiyo ke batla ditholwana tse tlisang kekeletso e kgolo tlalehong ya lona. 18 Le ha ho le jwalo, ke na le dintho tsohle ka botlalo mme ke na le ho hongata haholo. Ke tletse, ka ha jwale ke amohetse ho Epafroditase dintho tse tswang ho lona, monko o lephoka le monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang haholo ho Modimo. 19 Ka mora moo, Modimo wa ka o tla fana ka botlalo ka sohle seo le se hlokang ho isa tekanyong ya maruo a hae kganyeng ka Kreste Jesu. 20 Jwale ho Modimo le Ntata rona e be kganya ka ho sa feleng le ka mehla. Amen. 21 Ntumedisetseng mohalaledi e mong le e mong ya bonngweng le Kreste Jesu. Barabeso ba nang le nna ba le romela ditumediso. 22 Bahalaledi bohle, empa haholoholo ba ntlo ya Cesare, ba le romela ditumediso. 23 Mosa o sa tshwanelang wa Morena Jesu Kreste o be le moya oo le o bontshang.