LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr19 September maq. 1-14
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
  • Dihloohwana
  • 2-8 SEPTEMBER
  • 9-15 SEPTEMBER
  • 16-22 SEPTEMBER
  • w13 11/1 11 ¶2-5
  • 23-29 SEPTEMBER
  • 30 SEPTEMBER–6 OCTOBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
mwbr19 September maq. 1-14

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

2-8 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAHEBERU 7–8

“Moprista wa ka ho sa Feleng ho ya ka Mokgwa wa Melkizedeke”

(Baheberu 7:1, 2) Etswe Melkizedeke enwa, morena wa Saleme, moprista wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, ya ileng a kgahlanyetsa Abrahama ha a kgutla polaong ya marena yaba wa mo hlohonolofatsa 2 le eo Abrahama a ileng a mo arolela karolo ya leshome ya dintho tsohle, pele ho tsohle, ha ho fetolelwa, ke “Morena wa Ho Loka,” jwale hape ke morena wa Saleme, ke hore, “Morena wa Kgotso.”

it-2-E 366

Melkizedeke

Morena wa Saleme ya boholoholo le “moprista wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa,” e leng Jehova. (Ge 14:18, 22) Ke moprista wa pele ya boletsweng ka Mangolong mme e bile moprista nakwana pele ho selemo sa 1933 pele ho mehla ya Kreste. Ka ha Melkizedeke ke morena wa Saleme e bolelang “Kgotso,” moapostola Pauluse o re ke “Morena wa Kgotso” mme ka lebaka la lebitso la hae o boetse o re ke “Morena wa Ho Loka.” (Heb 7:1, 2) Ho bonahala e ka motse wa boholoholo wa Saleme o ne o le moo ha morao e ileng ya eba motse wa Jerusalema. Lebitso la motse oo le ile la fetoha ya eba Jerusalema, eo ka dinako tse ding e bitswang “Saleme.”​—Pes 76:2.

Ka mora hore Abrame (Abrahama) a hlole Kedorlaomere le marena a neng a e na le yena, mopatriareka o ile a ya Kgohlong ya Shave kapa “Kgohlong ya morena.” Melkizedeke o ile “a tlisa bohobe le veine” mme a hlohonolofatsa Abrahama a re: “Abrame a hlohonolofatswe ke Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi wa lehodimo le lefatshe, mme ho bokwe Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, ya nehelaneng ka bahatelli ba hao matsohong a hao!” Ka mora moo, Abrahama o ile a fa morena eo hape e leng moprista “karolo ya leshome ya ntho e nngwe le e nngwe” ya ‘dintho tsa bohlokwa tse hapuweng,’ tseo a di fumaneng ka mora ho hlola marena ao ntweng.​—Ge 14:17-20; Heb 7:4.

(Baheberu 7:3) Ka hobane a se na ntate, a se na mme, a se na leloko, a se na tshimoloho ya matsatsi kapa qetello ya bophelo, empa a entswe ya jwalo ka Mora wa Modimo, o dula e le moprista ka ho sa feleng.

it-2-E 367 ¶4

Melkizedeke

Ke ka kutlwisiso efe Melkizedeke ‘a se nang tshimoloho ya matsatsi kapa qetello ya bophelo’?

Pauluse o ile a bua ntlha ya bohlokwa mabapi le Melkizedeke ha a re ka yena: “Ka hobane a se na ntate, a se na mme, a se na leloko, a se na tshimoloho ya matsatsi kapa qetello ya bophelo, empa a entswe ya jwalo ka Mora wa Modimo, o dula e le moprista ka ho sa feleng.” (Heb 7:3) Jwalo ka batho ba bang, Melkizedeke o ile a tswalwa a ba a hlokahala. Le ha ho le jwalo, mabitso a batswadi ba hae ha a yo ka mangolong, baholoholo ba hae le leloko leo a tswang ho lona ha ho buuwe letho ka bona, mme Mangolo ha a na dintlha mabapi le tshimoloho ya matsatsi kapa qetello ya bophelo ba hae. Ka hoo, Melkizedeke ke yena ya neng a ka tshwantshetsa Jesu Kreste hantle, eo boprista ba hae bo ke keng ba fela. Jwalo ka ha ho ne ho se na moprista ya tlileng pele ho Melkizedeke kapa ya mo hlahlamang bopristeng ba hae, ka tsela e tshwanang, ha ho a ka ha eba le moprista ya tlileng pele ho Kreste ya tshwanang le yena, mme Bibele e bontsha hore ha ho na ya tla mo hlahlama. Ho feta moo, le hoja Jesu a tswalletswe morabeng wa Juda mme a hlahetse lelokong la Davida, seo ha se a ka sa etsa hore e be moprista kapa hona hore ebe morena le moprista. Jesu o ile a ba morena le moprista ka lebaka la kano eo Jehova a ileng a e etsa ho yena.

(Baheberu 7:17) Etswe bopaking ho thwe: “O moprista ka ho sa feleng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke.”

it-2-E 366

Melkizedeke

Boprista ba Kreste bo a Tshwantshetswa. Jehova o ile a etsa kano ho “Morena” wa Davida mabapi le boprofeta ba Mesia bo ikgethang a re: “O moprista ho isa nakong e sa lekanyetswang ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke!” (Pes 110:1, 4) Pesaleme ena e buduletsweng e ile ya fa Baheberu lebaka la ho dumela hore Mesia ya tshepisitsweng e ne e tla ba moprista le morena. Lengolong la moapostola Pauluse le yang ho Baheberu, ha Pauluse a bua ka “Jesu, eo e bileng moprista ya phahameng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke ka ho sa feleng,” o ile a tlosa dipelaelo le ha e le dife mabapi le hore na ya boletsweng esale pele e ne e tla ba mang.​—Heb 6:20; 5:10; sheba COVENANT.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Baheberu 8:3) Etswe moprista e mong le e mong ya phahameng o behwa hore a nyehele dimpho le mahlabelo; ka lebaka leo ho ne ho hlokahala le ho enwa hore a be le ho hong hoo a ho nyehelang.

w00 8/15 14 ¶11

Mahlabelo a Neng a Kgahlisa Modimo

11 Moapostola Pauluse o re: “Moprista e mong le e mong ya phahameng o behwa hore a nyehele ka bobedi dimpho le mahlabelo.” (Baheberu 8:3) Hlokomela hore Pauluse o arola dinyehelo tse etswang ke moprista ya phahameng wa Iseraele ya boholoholo ka dihlopha tse pedi e leng “dimpho” le “mahlabelo” kapa “mahlabelo bakeng sa dibe.” (Baheberu 5:1) Batho ka kakaretso ba fana ka dimpho ho bontsha lerato, kananelo, mohau esita le ho ba botswalle. (Genese 32:20; Liproverbia 18:16) Ka ho tshwanang, dinyehelo tse ngata tse fanwang ka lebaka la Molao di ka tadinngwa e le “dimpho” tse fuwang Modimo bakeng sa ho batla mohau le kamohelo ya hae. Ha motho a ne a tlotse Molao ho ne ho hlokahala hore a nyehele “mahlabelo bakeng sa dibe” e le hore a lokise kamano ya hae le Modimo. Dibuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, haholoholo Exoda, Levitike le Numere, di fana ka dintlha tse ngata mabapi le mefuta e sa tshwaneng ya mahlabelo le dinyehelo. Le hoja e ka ba phephetso ho rona ho utlwisisa ka ho feletseng le ho hopola dintlha tsohle, ho hlokahala hore re ele hloko dintlha tse ding tsa bohlokwa mabapi le mefuta e sa tshwaneng ya mahlabelo.

(Baheberu 8:13) Ha a re “selekane se setjha” sa pele o se entse se felletsweng ke nako. Jwale se etswang se felletsweng ke nako le se tsofalang se haufi le ho nyamela.

it-1-E 523 ¶5

Selekane

Selekane sa Molao se ile sa ‘fellwa ke nako’ ka tsela efe?

Le ha ho le jwalo, selekane sa Molao se ile sa ‘fellwa ke nako’ ha Modimo a sebedisa moprofeta Jeremia ho phatlalatsa hore ho tla ba le selekane se setjha. (Jer 31:31-34; Heb 8:13) Ka selemo sa 33 mehleng ya Kreste. selekane sa Molao se ile sa fediswa ka lebaka la lefu la Kreste, thupeng ya tlhokofatso (Kol 2:14), mme sa nkelwa sebaka ke selekane se setjha.​—Heb 7:12; 9:15; Lik 2:1-4.

Mmalo wa Bibele

(Baheberu 7:1-17) Etswe Melkizedeke enwa, morena wa Saleme, moprista wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, ya ileng a kgahlanyetsa Abrahama ha a kgutla polaong ya marena yaba wa mo hlohonolofatsa 2 le eo Abrahama a ileng a mo arolela karolo ya leshome ya dintho tsohle, pele ho tsohle, ha ho fetolelwa, ke “Morena wa Ho Loka,” jwale hape ke morena wa Saleme, ke hore, “Morena wa Kgotso.” 3 Kahobane a se na ntate, a se na mme, a se na leloko, a se na tshimoloho ya matsatsi kapa qetello ya bophelo, empa a entswe ya jwalo ka Mora wa Modimo, o dula e le moprista ka ho sa feleng. 4 Jwale, bonang hore na monna enwa o ne a le moholo hakaakang eo Abrahama, hlooho ya lelapa, a ileng a mo fa karolo ya leshome dinthong tsa bohlokwa tse hapuweng. 5 Ke nnete, banna ba tswang ho bara ba Levi ba amohelang boemo ba bona ba boprista ba na le taelo ya ho bokella dikarolo tsa leshome ho batho ho ya ka Molao, ke hore, ho barababo bona, esita le haeba ba tswile lethekeng la Abrahama; 6 empa monna ya sa kang a lokodisa leloko la hae ho tloha ho bona o ile a nka dikarolo tsa leshome ho Abrahama mme a hlohonolofatsa ya neng a e na le ditshepiso. 7 Jwale kantle ho phehisano le ha e le efe, ya tlase o hlohonolofatswa ke e moholo. 8 Tabeng e nngwe ke batho ba shwang ba amohelang dikarolo tsa leshome, empa tabeng e nngwe ke e mong eo ho pakwang ka yena hore wa phela. 9 Haeba nka sebedisa polelo ena, ka Abrahama esita le Levi ya amohelang dikarolo tsa leshome o lefile dikarolo tsa leshome, 10 ka ha o ne a sa ntse a le lethekeng la Moholoholo wa hae ha Melkizedeke a mo kgahlanyetsa. 11 Jwale, ka sebele haeba phetheho e ne e le ka boprista ba Balevi, (ka ha ka bona e le tshobotsi ya ka mehla batho ba ile ba fuwa Molao,) ho ne ho tla ba le tlhokahalo efe e eketsehileng ya hore moprista e mong a hlahe ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke ebe ha ho thwe ke ho ya ka mokgwa wa Arone? 12 Etswe ka ha boprista bo ntse bo fetoha, ho ba le tlhokahalo ya hore le molao o fetohe. 13 Etswe monna eo mabapi le yena ho bolelwang dintho tsena e bile setho sa moloko o mong, oo ho tswa ho wona ho seng ya sebeleditseng aletareng. 14 Etswe ho hlakile haholo hore Morena wa rona o hlahile Juda, moloko oo mabapi le wona Moshe a sa kang a bua letho malebana le baprista. 15 Ho sa ntse ho hlakile ka ho eketsehileng haholo hore ka ho tshwana le Melkizedeke ho hlaha moprista e mong, 16 ya fetohileng ya jwalo, eseng ho ya ka molao wa taelo o itshetlehileng ka nama, empa ho ya ka matla a bophelo bo ke keng ba timela, 17 etswe bopaking ho thwe: “O moprista ka ho sa feleng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke.”

9-15 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAHEBERU 9-⁠10

“Seriti sa Dintho Tse Molemo Tse Tlang ho Tla”

(Baheberu 9:12-14) tjhe, ha a a ka a kena ka madi a dipodi le a dipohwana, empa o kene ka madi a hae, hang le ka ho ke keng ha phetwa sebakeng se halalelang mme a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona. 13 Etswe haeba madi a dipodi le a dipoho le molora wa kgomo ya sethole o fafatswang hodima ba silafetseng o halaletsa ho isa tekanyong ya bohlweki ba nama, 14 madi a Kreste, eo ka moya o sa feleng a ileng a inyehela ho Modimo a se na sekodi, a tla hlwekisa matswalo a rona hakaakang mesebetsing e shweleng e le hore re ka etsetsa Modimo ya phelang tshebeletso e halalelang?

it-1-E 862 ¶1

Tshwarelo

Ho latela molao oo Modimo a neng a o file setjhaba sa Iseraele, e le hore motho ya neng a sitetswe Modimo kapa a sitetswe motho a tshwarelwe dibe tsa hae, o ne a lokela ho qala ka ho lokisa phoso ya hae ho latela tsela eo Molao o neng o laetse, mme hape maemong a mangata, o ne a lokela ho hlahisa nyehelo ya madi ho Jehova. (Le 5:5–6:7) Ke ka hoo molaomotheo o neng o boletswe ke Pauluse o re: “E, hoo e batlang e le dintho tsohle di hlwekiswa ka madi ho ya ka Molao, mme ntle le hore madi a tsholohe ha ho tshwarelo e bang teng.” (Heb 9:22) Ha e le hantle, madi a diphoofolo tse nyehetsweng a ne a ke ke a kgona ho tlosa dibe tsa motho le ho mo siya ka letswalo le kgutsitseng ka ho feletseng. (Heb 10:1-4; 9:9, 13, 14) Empa selekane se setjha se boletsweng esale pele se ile sa etsa hore batho ba kgone ho tshwarelwa e le kannete, motheong wa sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo. (Jer 31:33, 34; Mat 26:28; 1Ko 11:25; Ef 1:7) Esita le ha Jesu a ntse a le lefatsheng, ka ho fodisa motho ya neng a shwele ditho, o ile a bontsha hore o na le matla a ho tshwarela dibe.​—Mat 9:2-7.

(Baheberu 9:24-26) Etswe Kreste ha a a ka a kena sebakeng se halalelang se entsweng ka matsoho, seo e leng setshwantsho sa ntho ya sebele, empa o kene lehodimong, jwale ho hlaha ka pela Modimo bakeng sa rona. 25 Le ha e le hore ke bakeng sa hore a inyehele hangata, jwalo ka ha moprista ya phahameng a kena sebakeng se halalelang selemo le selemo ka madi ao e seng a hae. 26 Ho seng jwalo, o ne a tla lokela ho utlwa bohloko hangata ho tloha ho thehweng ha lefatshe. Empa jwale o iponahaditse hang le ka ho ke keng ha phetwa qetellong ya ditsamaiso tsa dintho ho tlosa sebe ka sehlabelo sa hae.

cf 183 ¶4

“Tswela Pele o Ntatela”

4 Mangolo ha a re letho ka ho fihla ha Jesu lehodimong, ka tsela eo a ileng a amohelwa ka yona le thabo e bileng teng ha a boetse a kopana le Ntate wa hae. Le ha ho le jwalo, Bibele e ile ya senola esale pele se neng se tla etsahala nakwana ka mora hore Jesu a kgutlele lehodimong. Bajuda ba ne ba qetile dilemo tse fetang tse makgolo a 15 ba tshwara mokete o halalelang. Hang ka selemo, moprista ya phahameng o ne a kena ka Sehalaledisisong sa tempele a fafatsa madi a mahlabelo a etswang ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe ka pela areka ya selekane. Letsatsing leo, moprista ya phahameng o ne a tshwantshetsa Mesia. Jesu o ile a phetha morero oo mokete oo wa boprofeta o neng o o reretswe ha a kgutlela lehodimong mme a phetha seo hang le ka ho ke keng ha phetwa. O ile a kena tulong e hlollang ya Jehova lehodimong, sebakeng se halalelang ka ho fetisisa bokahohleng mme a hlahisa bohlokwa ba sehlabelo sa hae sa thekollo ka pela Ntate wa hae. (Baheberu 9:11, 12, 24) Na Jehova o ile a se amohela?

(Baheberu 10:1-4) Etswe ka ha Molao o na le seriti sa dintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng boleng ba sebele ba dintho tseo, le ka mohla batho ka mahlabelo a tshwanang ao ba a nyehelang ka mokgwa o tswelang pele selemo le selemo ba ke ke ba etsa hore ba atamelang e be ba phethahetseng. 2 Ho seng jwalo, na mahlabelo a ka be a sa kgaotsa ho nna a nyehelwa, hobane ba etsang tshebeletso e halalelang ba neng ba hlwekisitswe hang le ka ho ke keng ha phetwa ba ne ba ke ke ba hlola ba eba le kelohloko ya dibe? 3 Ho fapana le hoo, ka mahlabelo ana ho na le kgopotso ya dibe selemo le selemo, 4 etswe ho ke ke ha kgoneha hore madi a dipoho le a dipodi a tlose dibe.

it-2-E 602-603

Phetheho

Phetheho ya Molao oo Modimo a o Fileng Moshe. Molao oo Modimo a o fileng setjhaba sa Iseraele a sebedisa Moshe o ne o akarelletsa ho thehwa ha boprista le ho fana ka mahlabelo a fapaneng a diphoofolo. Jwalo ka ha moapostola ya buduletsweng a bontsha, le hoja Molao o ne o phethahetse hobane o tswa ho Modimo, Molao oo, boprista le mahlabelo di ne di sa kgone ho etsa hore batho ba tlasa Molao ba phethahale. (Heb 7:11, 19; 10:1) Ho e na le hore o lokolle batho sebeng le lefung, o ile wa etsa hore batho ba tsebe hore na sebe ke eng. (Bar 3:20; 7:7-13) Le ha ho le jwalo ditokisetso tsena tse halalelang di ile tsa phetha morero oo Modimo a neng a e na le wona ka tsona; Molao o ne o le jwalo ka “motataisi” ya lebisang batho ho Kreste mme ka tsela eo e le “seriti (se phethahetseng) sa dintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Gal 3:19-25; Heb 10:1) Ka hoo, ha Pauluse a bua ka ho “hloleha ha Molao, ha o ntse o fokola ka nama” (Bar 8:3), ho bonahala a bua ka ho hloleha ha moprista ya phahameng wa Mojuda (ya neng a kgethilwe ka Molao bakeng sa ho hlokomela ditokisetso tsa ho fana ka mahlabelo le ho kena Sehalaledisisong ka Letsatsi la ho Kwahela Dibe ka madi a sehlabelo) bakeng sa ho “pholosa ka ho feletseng” bao a ba sebeletsang, jwalo ka Baheberu 7:11, 18-28 e bontsha. Le hoja ho nyehela mahlabelo ka boprista ba Arone ho ne ho etsa hore batho ba be le kamano e ntle le Modimo, ha ho a ka ha ba lokolla ka ho feletseng kapa ka hohlehohle hore ba se ke ba tseba sebe. Moapostola o bua ka taba ena ha a re mahlabelo a ho kwahela dibe a ne a ke ke a “etsa hore ba atamelang e be ba phethahetseng,” e leng hore ba phethahetseng mabapi le matswalo a bona . (Heb 10:1-4; bapisa le Heb 9:9.) Moprista ya phahameng o ne a sa kgone ho fana ka thekollo e neng e hlokahala bakeng sa ho fa batho topollo ya sebele sebeng. Boprista bo tshwarellang ba Kreste le sehlabelo sa hae se sebetsang ke tsona feela tse finyellang sena.​—Heb 9:14; 10:12-22.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Baheberu 9:16, 17) Etswe moo ho nang le selekane, ho hlokahala hore ho fanwe ka lefu la moetsi wa selekane wa motho. 17 Etswe selekane se tiya ka diphofu tse shweleng, ka ha ha se sebetse ka nako le ha e le efe ha moetsi wa selekane wa motho a sa ntse a phela.

w92 3/1 31 ¶4-6

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Pauluse o ile a bolela hore lefu le a hlokahala e le hore dilekane tse entsweng pakeng tsa Modimo le batho di ka sebetsa. Selekane sa Molao ke mohlala. Moshe e ne e le mmuelli wa sona, yena ya ileng a etsa hore tumellano ena e pakeng tsa Modimo le Iseraele wa tlhaho e be teng. Ka hoo Moshe o ile a phetha karolo ya bohlokwa mme e ne e le yena motho ya sebetsanang le Baiseraele ha ba ne ba kena selekaneng sena. Ka hoo Moshe o ne a ka tadinngwa e le moetsi wa selekane sa Molao se thehilweng ke Jehova. Empa na Moshe o ile a tlamela ho tsholla madi a hae a bophelo e le hore selekane sa Molao se sebetse? Tjhe. Ho e na le hoo ho ile ha nehelanwa ka diphoofolo, madi a tsona a ne a emela madi a Moshe.​—Baheberu 9:18-22.

Ho thweng ka selekane se setjha pakeng tsa Jehova le setjhaba sa Iseraele ya moya? Jesu Kreste o ne a e na le karolo e kganyang ya ho ba mokena dipakeng, Mmuelli pakeng tsa Jehova le Iseraele ya moya. Le hoja Jehova a ile a theha selekane sena, se itshetlehile ka Jesu Kreste. Ka ntle le ho ba Mmuelli wa sona, Jesu o bile le ditshebedisano tse tobileng le bao e neng e tla ba ba pele ba ho nkelwa selekaneng sena. (Luka 22:20, 28, 29) Ho feta moo, o ne a tshwaneleha ho fana ka sehlabelo se hlokahalang se ka etsang hore selekane sena se sebetse. Sehlabelo sena e ne e se sa diphoofolo feela tjee empa e ne e le sa bophelo bo phethahetseng ba motho. Ka hoo Pauluse o ne a ka bolela hore Kreste ke moetsi wa selekane se setjha. Selekane se setjha se ile sa sebetsa ka mora hore “Kreste [a] . . . kene lehodimong, ho hlaha ka pela Modimo bakeng sa rona.”​—Baheberu 9: 12-14, 24.

Ha a bua ka Moshe le Jesu e le baetsi ba dilekane, Pauluse o ne a sa etse tlhahiso ya hore e mong wa bona o ne a ile a theha dilekane tseo, tseo ha e le hantle di neng di entswe ke Modimo. Ho fapana le hoo, batho bao ba babedi ba ne ba ameha ka mokgwa o tobileng jwalo ka babuelli tabeng ya ho theha dilekane tsena. Mme boemong bo bong le bo bong, lefu le ne le hlokahala, lefu la diphoofolo le ne le emela lefu la Moshe, mme Jesu o ile a fana ka madi a bophelo ba hae bakeng sa ba leng selekaneng se setjha.

(Baheberu 10:5-7) Ka hoo ha a kena lefatsheng o re: “‘Ha o a ka wa batla sehlabelo le nyehelo, empa o ile wa ntokisetsa mmele. 6 Ha wa ka wa amohela dinyehelo tse feletseng tsa setjheso le nyehelo ya sebe.’ 7 Jwale ka re, ‘Bona! Ke tlile (moqolong wa buka ho ngodilwe ka nna) ho etsa thato ya hao, Modimo.“‘

it-1-E 249-250

Kolobetso

Luka o re Jesu o ne a rapela ha a ne a kolobetswa. (Lu 3:21) Ho feta moo, mongodi wa lengolo le yang ho Baheberu o re ha Jesu Kreste a tla “lefatsheng” (e seng ha a ne a tswalwa mme a sa kgone ho bala le ho bua mantswe ana, empa ha a kolobetswa mme a qala tshebeletso ya hae) o ile a re ho latela Pesaleme ya 40:6-8: “Ha o a ka wa batla sehlabelo le nyehelo, empa o ile wa ntokisetsa mmele. . . . Bona, ke tlile, Moqolong wa buka ho ngodilwe ka nna . .  ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka.” (Heb 10:5-9) Jesu o hlahetse setjhabeng sa Bajuda, e leng setjhaba se neng se e na le selekane le Modimo, se bitswang selekane sa Molao. (Ex 19:​5-⁠8; Gal 4:⁠4) Ka lebaka lena, Jesu o ne a se a ntse a le selekaneng le Jehova Modimo ha a ne a ya ho Johanne bakeng sa kolobetso. Ha Jesu a ne a le moo o ne a etsa se fetang seo Molao o neng o se lebelletse ho yena. O ne a itlhahisa ho Ntate wa hae e leng Jehova e le hore a etse “thato” ya hae ka hore a fane ka mmele wa hae oo a o lokiseditsweng mme a fedise dihlabelo tsa diphoofolo tse neng di nyehelwa ho ya ka Molao. Moapostola Pauluse o re: “Ka ‘thato’ e boletsweng re halaleditswe ka ho nyehelwa ha mmele wa Jesu Kreste hang le ka ho ke keng ha phetwa.” (Heb 10:10) Thato ya Ntate bakeng sa Jesu e ne e akarelletsa mosebetsi o amanang le Mmuso, mme Jesu o ile a itlhahisa le bakeng sa tshebeletso ena. (Lu 4:43; 17:20, 21) Jehova o ile a amohela le ho anananela seo Mora wa hae a se entseng yaba o mo tlotsa ka moya o halalelang mme o re: “O Mora wa ka, ya ratwang; ke o amohetse.”​—Mar 1:9-11; Lu 3:21-23; Mat 3:13-17.

Mmalo wa Bibele

(Baheberu 9:1-14) Jwale, selekane sa pele se ne se e na le ditaelo tsa tshebeletso e halalelang le sebaka sa sona se halalelang sa lefatsheng. 2 Etswe ho ile ha hahuwa kamore ya pele ya tente eo ka ho yona ho neng ho e na le sedulwana sa lebone le tafole le pontsho ya mahobe; mme e bitswa “Sebaka se Halalelang.” 3 Empa ka mora lesira la bobedi ho ne ho e na le kamore ya tente e bitswang “Sehalaledisiso.” 4 E ne e e na le pitsa ya kgauta ya ho tjhesetsa dibano le areka ya selekane e kwahetsweng ka kgauta ho potapota ka hohle, eo ka ho yona ho neng ho e na le nkgo ya kgauta e nang le manna le molamu wa Arone o ileng wa ba le dithunthung le matlapa a selekane; 5 empa ka hodima yona ho ne ho e na le dikerubime tse kganyang tse okametseng sekwahelo sa poelano. Empa jwale ha se nako ya ho bua ka ho qaqileng malebana le dintho tsena. 6 Ka mora hore dintho tsena di hahuwe ka tsela ena, baprista ba kena ka kamoreng ya pele ya tente ka dinako tsohle ho etsa ditshebeletso tse halalelang; 7 empa ka kamoreng ya bobedi ke moprista ya phahameng feela ya kenang hang ka selemo, eseng kantle ho madi, ao a a nyehelang bakeng sa hae le bakeng sa dibe tsa ho hloka tsebo tsa batho. 8 Ka hona moya o halalelang o hlakisa hore tsela ya ho kena sebakeng se halalelang e ne e eso bonahatswe ha tente ya pele e ne e sa ntse e eme. 9 Tente ena ke papiso bakeng sa nako e behilweng e seng e fihlile, mme tumellanong le yona dimpho ha mmoho le mahlabelo di a nyehelwa. Le ha ho le jwalo, ha di kgone ho etsa hore motho ya etsang tshebeletso e halalelang a phethahale mabapi le letswalo la hae, 10 empa di amana feela le dijo le dino le dikolobetso tse sa tshwaneng. E ne e le ditlhokahalo tsa molao tse amanang le nama mme di ile tsa behwa ho fihlela nakong e behilweng ya ho otlolla dintho. 11 Le ha ho le jwalo, ha Kreste a tla e le moprista ya phahameng wa dintho tse molemo tse etsahetseng, ka tente e kgolo le e phethahetseng haholo e sa etswang ka matsoho, ke hore, eo e seng ya popo ena, 12 tjhe, ha a a ka a kena ka madi a dipodi le a dipohwana, empa o kene ka madi a hae, hang le ka ho ke keng ha phetwa sebakeng se halalelang mme a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona. 13 Etswe haeba madi a dipodi le a dipoho le molora wa kgomo ya sethole o fafatswang hodima ba silafetseng o halaletsa ho isa tekanyong ya bohlweki ba nama, 14 madi a Kreste, eo ka moya o sa feleng a ileng a inyehela ho Modimo a se na sekodi, a tla hlwekisa matswalo a rona hakaakang mesebetsing e shweleng e le hore re ka etsetsa Modimo ya phelang tshebeletso e halalelang?

16-22 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAHEBERU 11

“Ke Hobaneng ha Tumelo e le ya Bohlokwa?”

(Baheberu 11:1) Tumelo ke tebello e tiisitsweng ya dintho tseo ho nang le tshepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba dintho tsa sebele le hoja di sa bonwe.

w16.10 27 ¶6

Eba le Tumelo Ditshepisong Tsa Jehova

6 Ka Bibeleng tumelo e hlaloswa ho Baheberu 11:1. (E bale.) Tumelo e itshetlehile dinthong tse pedi tseo re sa di boneng: (1) “Dintho tseo ho nang le tshepo bakeng sa tsona,” sena se ka nna sa akarelletsa dintho tseo re di lebeletseng empa di eso phethahale, jwalo ka bofelo ba tsamaiso ena ya dintho le ho tla ha lefatshe le letjha. (2) “Dintho tsa sebele le hoja di sa bonwe.” Temaneng ena, lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bopaki bo totobetseng” le bolela “bopaki bo kgodisang” ba dintho tsa sebele tse sa bonweng, jwalo ka ho dumela hore ho na le Jehova Modimo, Jesu Kreste, mangeloi le mesebetsi e etswang ke Mmuso wa lehodimong. (Baheb. 11:3) Re ka kgodisa ba bang jwang hore tshepo ya rona ke ya sebele le hore re dumela dintho tse sa bonweng tseo ho buuwang ka tsona ka Lentsweng la Modimo? Ka mantswe a rona le diketso, ka ha ntle ho tsona tumelo ya rona e tla be e sa fella.

(Baheberu 11:6) Ho feta moo, kantle ho tumelo ho ke ke ha kgoneha ho mo kgahlisa, ka ha ya atamelang Modimo o lokela ho dumela hore o teng le hore e ba moputsi wa ba mo batlang ka tiyo.

w13 11/1 11 ¶2-5

“Moputsi wa ba mo Batlang ka Tiyo”

Motho o lokela ho etsang e le hore a kgahlise Jehova? Pauluse o ile a ngola a re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha kgoneha ho kgahlisa Modimo.’ Hlokomela hore Pauluse ha a re kantle ho tumelo ho thata ho kgahlisa Modimo. Ho e na le hoo, moapostola o re ho ke ke ha kgoneha ho etsa jwalo. Ka mantswe a mang, ho ba le tumelo ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa e le hore motho a kgahlise Modimo.

Ke tumelo ya mofuta ofe e thabisang Jehova? Tumelo ya rona ho Modimo e lokela ho akarelletsa dintho tse pedi. Ya pele, re “lokela ho dumela hore o teng.” Diphetolelo tse ding di re re lokela “ho dumela hore ke motho wa sebele.” Re ka kgahlisa Modimo jwang haeba re belaela hore o teng? Le ha ho le jwalo, tumelo ya nnete e akarelletsa se fetang seo, ka ha le bademona ba a dumela hore Jehova o teng. (Jakobo 2:19) Ho dumela hore Modimo o teng ho lokela ho bonahala ka diketso tsa rona, seo se bolela hore re bontsha tumelo ka hore re phele ka tsela e mo kgahlisang.​—Jakobo 2:20, 26.

Ya bobedi, re “lokela ho dumela hore” Modimo ke “moputsi.” Motho ya nang le tumelo ya nnete o kgodisehile ka ho feletseng hore boiteko ba hae ba ho phela ka tsela e kgahlisang Modimo, e ke ke ya eba ba lefeela. (1 Bakorinthe 15:58) Re ka kgahlisa Jehova jwang haeba re belaela hore o na le bokgoni le takatso ya ho re putsa? (Jakobo 1:17; 1 Petrose 5:7) Ha motho a re Modimo ha a tsotelle batho, ha a na kananelo ebile o lekgonatha, motho eo ha a tsebe Modimo ya ngotseng Bibele.

Jehova o putsa batho ba jwang? Pauluse o re “ba mo batlang ka tiyo.” Buka e nngwe ya bafetoledi ba Bibele e bontsha hore lentswe la Segerike le fetoletsweng e le ho ‘batla ka tiyo,’ ha le bolele “ho batla ho tseba” ka Modimo, ho e na le hoo, le bolela “borapedi” ba rona ho Modimo. Buka e nngwe e re leetsi lena la Segerike le bolela ketso e matla le boiteko bo etswang ka tiyo. Ka sebele, Jehova o putsa batho bao tumelo ya bona e ba susumelletsang ho mo etsetsa borapedi ka lerato le tjheseho tse tswang botebong ba pelo.​—Matheu 22:37.

(Baheberu 11:33-38) bao ka tumelo ba ileng ba hlola mebuso dikgohlanong, ba tlisa ho loka, ba fumana ditshepiso, ba thiba melomo ya ditau, 34 ba thiba matla a mollo, ba phonyoha bohale ba sabole, ho tloha boemong ba ho fokola ba etswa ba matla, ba fetoha ba sebete ntweng, ba qhalakanya mabotho a basele. 35 Basadi ba ile ba amohela bafu ba bona ka tsoho; empa banna ba bang ba ile ba hlokofatswa hobane ba ne ba ke ke ba amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo. 36 E, ba bang ba ile ba amohela teko ya bona ka ditshomo le ditjhapo, ho feta moo, ka ditlamo le ditjhankana. 37 Ba ile ba tlepetswa ka majwe, ba lekwa, ba sakgwa dikoto, ba shwa ka ho bolawa ka sabole, ba phaila ka matlalo a dinku, ka matlalo a dipodi, ha ba ntse ba le bohloking, ba le matshwenyehong, ba le tlasa tshwaro e mpe; 38 lefatshe le ne le sa ba tshwanele. Ba ile ba lelera mahwatateng le dithabeng le mahaheng le maphaong a lefatshe.

w16.10 23 ¶10-11

Matlafatsa Tumelo ya Hao Ditshepisong Tsa Modimo

10 Ho Baheberu kgaolo ya 11, moapostola Pauluse o bua ka diteko tseo bahlanka ba bangata ba Modimo ba sa bolelwang ka mabitso ba nnileng ba tobana le tsona. Ka mohlala, o bua ka basadi ba tumelo ba ileng ba shwelwa ke bara empa hamorao ba ba amohela ka tsoho. O boetse o bua ka bahlanka ba bang ba ileng ba hana ho “amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo.” (Baheb. 11:35) Le hoja re ke ke ra tiisa hore na Pauluse o ne a nahanne ka bomang, ba bang ba kang Nabothe le Zakaria, ba ile ba tlepetswa ka majwe hobane ba mamela Modimo mme ba etsa thato ya hae. (1 Mar. 21:3, 15; 2 Likron. 24:20, 21) Daniele le metswalle ya hae ba ne ba e na le monyetla wa ho “amohela tokollo” haeba ba ne ba ka kweneha. Empa ho e na le hoo, tumelo ya bona ho Modimo e ile ya etsa hore ba dule ba tiile, mme ba kgone ho “thiba melomo ya ditau” le ho “thiba matla a mollo.”​—Baheb. 11:33, 34; Dan. 3:16-18, 20, 28; 6: 13, 16, 21-23.

11 Baprofeta ba bang ba kang Mikaia le Jeremia “ba ile ba amohela teko ya bona ka ditshomo . . . le ditjhankana” ka lebaka la tumelo ya bona. Ha ba bang ba kang Elia, “ba ile ba lelera mahwatateng le dithabeng le mahaheng le maphaong a lefatshe.” Kaofela ha bona ba ile ba mamella diteko tseo hobane ba ne ba e na le “tebello e tiisitsweng ya dintho tseo ho nang le tshepo bakeng sa tsona.”​—Baheb. 11:1, 36-38; 1 Mar. 18:13; 22:24-27; Jer. 20:1, 2; 28:10, 11; 32:2.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Baheberu 11:4) Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Modimo sehlabelo sa bohlokwa bo boholo ho feta Kaine, e leng tumelo eo ka yona a ileng a pakwa hore o ne a lokile, Modimo a paka mabapi le dimpho tsa hae; mme ka yona, le hoja a shwele, o sa ntse a bua.

it-1-E 804 ¶5

Tumelo

Mehlala ya Kgale ya Bahlanka ba Modimo ba Nang le Tumelo. Motho e mong le e mong ya boletsweng ke Pauluse wa “leru le leholo la dipaki” (Heb 12:1) o ne a e na le motheo wa sebele bakeng sa tumelo ya hae. Ka mohlala, ha ho pelaelo hore Abele o ne a tseba ka tshepiso ya Modimo mabapi le “peo” e neng e tla kgoba “noha” hlooho. Mme o ile a bona ka ho hlaka ha polelo eo Jehova a e boletseng ho batswadi ba hae Edene e phethahala. Ka ha Adama le lelapa la hae ba ne ba le ka ntle ho Edene, ba ile ba ja bohobe ka mofufutso wa diphatla tsa bona hobane lefatshe le ne le rohakilwe mme le hlahisa meutlwa le dihlabahlabane. Ho ka etsahala hore Abele o ile a hlokomela hore Eva o na le takatso bakeng sa monna wa hae mme Adama o ne a mo laola. Ha ho pelaelo hore mme wa hae o ile a bua ka bohloko ba ho beleha. Mme hape tsela e yang serapeng sa Edene e ne e lebetswe ke dikerubime le lehare le hadimang la sabole le iphetholang. (Ge 3:​14-19, 24) Dintho tsena tsohle di ile tsa fana ka “bopaki bo totobetseng,” mme tsa tiisetsa Abele hore topollo e tla tla ka ‘peo e tshepisitsweng.’ Ka hoo, tumelo e ile ya mo susumelletsa hore ‘a nyehele ho Modimo sehlabelo,’ se ileng sa ba molemo ho feta sa Kaine.​—Heb 11:1, 4.

(Baheberu 11:5) Ka tumelo Enoke o ile a falliswa e le hore a se ke a bona lefu, mme ha a a ka a fumanwa le ha e le kae hobane Modimo o ne a mo fallisitse; ka ha pele a falliswa o ne a e na le bopaki ba hore o ne a kgahlisitse Modimo.

wp17.1 12-13

‘O ile a Kgahlisa Modimo’

Jwale ke jwang Enoke a ileng a “falliswa” e le hore a se ke a “bona lefu”? Ho ka etsahala hore Jehova o ile a fallisa Enoke ka tsela e monate mme a mo tlosa bophelong le ho mo robatsa lefung ka tsela e neng e sa mo utlwise bohloko. Empa pele ho moo, Enoke o ile a bontshwa “bopaki ba hore o ne a kgahlisitse Modimo.” Ka tsela efe? Nakwana pele a robala borokong ba hae ba ho qetela, Enoke o ile a bontshwa pono e thabisang e tswang ho Modimo, mohlomong a bontshwa lefatshe le letjha la paradeise. Ka mora ho bona pono eo e hlakileng e neng e bontsha hore Jehova o mo amohetse, Enoke o ile a robala lefung. Ha moapostola Pauluse a ne a ngola ka banna le basadi bohle ba ileng ba bontsha tumelo ho Jehova o ile a re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shwa.” (Baheberu 11:​13) Ho ka etsahala hore nakwana ka mora moo dira tsa Enoke di ile tsa sala di batlana le setopo sa hae, empa “ha a a ka a fumanwa,” ka ha Jehova o ile a pata setopo sa hae e le hore batho ba se ke ba se sebedisa hampe kapa ho se rapela.

Mmalo wa Bibele

(Baheberu 11:1-16) Tumelo ke tebello e tiisitsweng ya dintho tseo ho nang le tshepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba dintho tsa sebele le hoja di sa bonwe. 2 Etswe banna ba dinakong tsa kgale ba ile ba pakwa ka sena. 3 Ka tumelo re lemoha hore ditsamaiso tsa dintho di ile tsa hlophiswa ke lentswe la Modimo, hoo se bonwang e bileng se tswang dinthong tse sa hlaheng. 4 Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Modimo sehlabelo sa bohlokwa bo boholo ho feta Kaine, e leng tumelo eo ka yona a ileng a pakwa hore o ne a lokile, Modimo a paka mabapi le dimpho tsa hae; mme ka yona, le hoja a shwele, o sa ntse a bua. 5 Ka tumelo Enoke o ile a falliswa e le hore a se ke a bona lefu, mme ha a a ka a fumanwa le ha e le kae hobane Modimo o ne a mo fallisitse; ka ha pele a falliswa o ne a e na le bopaki ba hore o ne a kgahlisitse Modimo. 6 Ho feta moo, kantle ho tumelo ho ke ke ha kgoneha ho mo kgahlisa, ka ha ya atamelang Modimo o lokela ho dumela hore o teng le hore e ba moputsi wa ba mo batlang ka tiyo. 7 Ka tumelo Noe, ka mora ho fuwa temoso ya bomodimo ya dintho tse eso bonwe, o ile a bontsha tshabo ya bomodimo yaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ya hae; ka tumelo ena o ile a ahlola lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho yang ka tumelo. 8 Ka tumelo Abrahama, ha a bitswa, o ile a mamela ka hore a tswe ho ya kena sebakeng seo a neng a reretswe ho se amohela e le lefa; o ile a tswa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a eya teng. 9 Ka tumelo o ile a dula e le mojaki naheng ya tshepiso jwalo ka naheng esele, mme a dula ditenteng le Isaka le Jakobo, majalefa le yena a tshepiso yona eo e tshwanang. 10 Etswe o ne a letetse motse o nang le metheo ya sebele, motse oo sehahi le moetsi wa wona e leng Modimo. 11 Ka tumelo le yena Sara o ile a amohela matla a ho emola peo, esita le ha a ne a fetile tekanyo ya dilemo, ka ha o ile a nka hore ya neng a tshepisitse wa tshepahala. 12 Ka hoo hape ka monna a le mong, le yena ho tshwana le ha a shwele, ho ile ha tswalwa bana feela jwalo ka ha eka ke dinaledi tsa lehodimo ka bongata le jwalo ka lehlabathe le mathokong a lewatle, ba se nang palo. 13 Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shwa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ya ditshepiso, empa ba ile ba di bonela hole mme ba di amohela mme ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakwana naheng eo. 14 Etswe ba buang dintho tse jwalo ba fana ka bopaki ba hore ba batla ka tiyo sebaka sa bona. 15 Le ha ho le jwalo, hoja ebe ka sebele ba ne ba nnile ba hopola sebaka seo ba neng ba tlohile ho sona, ba ka be ba bile le monyetla wa ho kgutla. 16 Empa jwale ba hahamalla sebaka se molemo, ke hore, sa lehodimo. Ka hoo Modimo ha a dihlong ka bona, hore ho ipiletswe ho yena e le Modimo wa bona, etswe o ba lokiseditse motse.

23-29 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAHEBERU 12-13

“Jehova o re Laya Hobane a re Rata”

(Baheberu 12:5) empa le lebetse ka ho feletseng keletso e buang le lona le le bara: “Mora wa ka, o se ke wa nyenyefatsa tayo e tswang ho Jehova, kapa wa fellwa ke matla ha o kgalemelwa ke yena;

w12 3/15 29 ¶18

O se ke wa Tadima “Dintho Tse ka Morao”

18 Keletso e utlwisang bohloko. Ho thweng haeba re utlwiswa bohloko ke keletso e matla eo re ileng ra e fuwa? Sena se ke ke sa re utlwisa bohloko feela empa se ka boetse sa re fokodisa, sa etsa hore re ‘fellwe ke matla.’ (Baheb. 12:5) Ebang re “nyenyefatsa” tayo ka hore re se ke ra e amohela kapa re “fellwa ke matla” hobane re ile ra e amohela yaba hamorao ha re sa e mamela, ha e le hantle, ha re dumelle keletso eo hore e re tswele molemo le hore e re fetole. Ruri ho ne ho tla ba molemo ho mamela mantswe a Solomone a reng: “Tshwara tayo; o se ke wa e tlohela. E sireletse, etswe ke bophelo ba hao.” (Liprov. 4:13) Jwalo ka mokganni ya hlomphang matshwao a tsela, a re amoheleng keletso, re e sebedise mme re shebe pele.​—Liprov. 4:26, 27; bala Baheberu 12:12, 13.

(Baheberu 12:6, 7) ka ha Jehova o laya eo a mo ratang; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.” 7 Ke ka lebaka la tayo le mamellang. Modimo o sebetsana le lona jwalo ka ha a sebetsana le bara. Etswe ke mora ofe eo ntatae a sa mo layeng?

w12 7/1 21 ¶3

“Neng Kapa Neng ha le Rapela, le re, ‘Ntate’”

Ntate ya lerato o laya bana ba hae, ka ha o amehile ka hore na e tla ba batho ba mofuta ofe ka moso. (Baefese 6:4) Ntate ya jwalo o laya bana ba hae a tiile, le hoja ho se mohla a ba layang ka tsela e sehloho. Ka tsela e tshwanang, Ntate wa rona wa lehodimo a ka bona ho loketse hore ka dinako tse ding a re fe tayo. Empa ka mehla Modimo o re laya ka tsela e lerato mme ha ho mohla a re layang ka tsela e sehloho. Ho tshwana le Ntate wa hae, ha ho mohla Jesu a kileng a ba sehloho ha a laya barutuwa ba hae, esita le ha ba ne ba dieha ho nka kgato ka seo a neng a ba kgalemella sona.​—Matheu 20:20-28; Luka 22:24-30.

(Baheberu 12:11) Ke nnete, ha ho tayo eo hona jwale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; le ha ho le jwalo ka mora moo ho ba kwetlisitsweng ke yona e beha ditholwana tsa kgotso, e leng, ho loka.

w18.03 32 ¶18

“Mamelang Tayo Mme le Hlalefe”

18 Ke nnete hore ho kgalemelwa kapa ho fuwa tayo ho bohloko, empa ntho e bohloko ka ho fetisisa ke ditlamorao tsa ho hana ho kgalemelwa. (Baheb. 12:11) Nahana ka mohlala wa Kaine le wa Morena Tsedekia. Ha Modimo a bona hore Kaine o hloile Abele ebile o batla ho mo bolaya, Modimo o ile a lemosa Kaine a re: “Ke hobaneng ha o tuka ke bohale mme ke hobaneng ha sefahleho sa hao se sosobane? Haeba o fetoha hore o etse se molemo, na ho phahamiswa ho ke ke ha e ba teng? Empa haeba o sa fetohe hore o etse se molemo, sebe se laletse monyako, ebile se a o lakatsa; na o tla se laola?” (Gen. 4:6, 7) Kaine ha a a ka a mamela. O ile a bolaya Abele. Ka mora moo, Kaine o ile a hlahelwa ke ditlamorao tse bohloko haholo. (Gen. 4:11, 12) Ho mamela kgalemelo ho ne ho ke ke ha mo tlisetsa bohloko bo bokaalo.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Baheberu 12:1) Ka hoo, jwale, ka hobane re e na le leru le leholo hakaalo la dipaki le re potapotileng, le rona a re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang habonolo, mme a re matheng ka mamello peisong e behilweng ka pela rona,

w11 9/15 17-18 ¶11

Matha ka Mamello Peisong

11 ‘Leru le leholo la dipaki’ e ne e se bashebelli feela kapa batho bao ho ka bolelwang hore ba eme ka thoko, ba tlile ho tla shebella peiso feela kapa ba tlilo shebella ha semathi kapa sehlopha seo ba se ratang se hlola. Ho e na le hoo, ba ne ba e na le seabo jwalo ka dimathi peisong. Ba ile ba matha mme ba atleha ho qeta peiso. Le hoja ba se ba shwele, re ka nahana ka bona e le dimathi tse nang le boiphihlelo tse ka kgothatsang dimathi tse ntjha peisong. Nahana hore na semathi se ne se tla ikutlwa jwang haeba se ne se tseba hore se shebelletswe ke dimathi tse hlwahlwa ka ho fetisisa. Na se ne se ke ke sa susumelletseha hore se etse sohle seo se ka se kgonang kapa le ho feta? Dipaki tseo tsa mehleng ya kgale di ne di ka tiisa hore le hoja peisong eo ya tshwantshetso ho ne ho ka ba boima, motho o ne a ka hlola. Ka hoo, ka ho dula ba nahana ka mohlala wa ‘leru la dipaki,’ Bakreste ba Baheberu ba lekgolong la pele la dilemo ba ne ba ka kgothala mme ba ‘matha ka mamello peisong,’ jwalo ka ha le rona re ka etsa jwalo kajeno.

(Baheberu 13:9) Le se ke la nkwa ke dithuto tse sa tshwaneng le tse sa tlwaelehang; ka ha ho hotle hore pelo e tiiswe ke mosa o sa tshwanelang, eseng ke tse jewang, tseo ba iphathahanyang ka tsona ba sa ruang molemo.

w89 12/15 22 ¶10

Nyehela Mahlabelo a Kgahlisang Jehova

10 Ka hona ho ne ho hlokahala hore Baheberu ba qobe ho “nkwa ke dithuto tse sa tshwaneng le tse sa tlwaelehang” tsa ba dumelang Bojudeng. (Bagalata 5:1-6) Ha se ka dithuto tse jwalo empa ke ka ‘mohau wa Modimo pelo e ka tiiswang’ hore e dule e tiile nneteng. Ho bonahala eka ba bang ba ne ba pheha kgang ka dijo le mahlabelo, hobane Pauluse o boletse hore pelo ha e tiiswe “ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.” E le hore motho a fumane melemo ya ho ba le kamano e ntle le Modimo o lokela ho inehela ho yena le ho ananela thekollo, eseng ho ameha ka mokgwa o sa lokelang ka ho ja dijo tse itseng le ho boloka matsatsi a itseng. (Baroma 14:5-9) Ho feta moo, sehlabelo sa Kreste se fedisitse mosebetsi wa mahlabelo a Balevi.​—Baheberu 9:9-14; 10:5-10.

Mmalo wa Bibele

(Baheberu 12:1-17) Ka hoo, jwale, kahobane re e na le leru le leholo hakaalo la dipaki le re potapotileng, le rona a re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang habonolo, mme a re matheng ka mamello peisong e behilweng ka pela rona, 2 ha re ntse re tadimile ka hloko Moemedi ya ka Sehloohong le Mophethahatsi wa tumelo ya rona, Jesu. Ka lebaka la thabo e neng e behilwe ka pela hae o ile a mamella thupa ya tlhokofatso, a sa natse dihlong, mme o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo. 3 Ka sebele, le nahane ka hloko ka ya mameletseng puo e jwalo e hanyetsang ya baetsadibe kgahlanong le dithahasello tsa bona, e le hore le se ke la kgathala yaba le fellwa ke matla meyeng ya lona. 4 Ha le tswela pele ka ntwa ya lona kgahlanong le sebe seo, le ka mohla ha le eso hanyetse ho fihlela mading, 5 empa le lebetse ka ho feletseng keletso e buang le lona le le bara: “Mora wa ka, o se ke wa nyenyefatsa tayo e tswang ho Jehova, kapa wa fellwa ke matla ha o kgalemelwa ke yena; 6 ka ha Jehova o laya eo a mo ratang; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.” 7 Ke ka lebaka la tayo le mamellang. Modimo o sebetsana le lona jwalo ka ha a sebetsana le bara. Etswe ke mora ofe eo ntatae a sa mo layeng? 8 Empa haeba le se na tayo eo bohle ba bileng le kabelo ho yona, ka sebele le bana ba matsheo, eseng bara. 9 Ho feta moo, re ne re e na le bo ntate bao e neng e le ba nama jwalo ka rona ho re laya, mme re ne re ba fa tlhompho. Na haholo ka ho eketsehileng re ke ke ra ipeha tlasa Ntate wa bophelo ba rona ba moya mme re phele? 10 Etswe ka matsatsi a se makae ba ne ba re laya ho ya ka se neng se bonahala se le molemo ho bona, empa o etsa jwalo molemong wa rona e le hore re ka ba le kabelo kgalalelong ya hae. 11 Ke nnete, ha ho tayo eo hona jwale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; le ha ho le jwalo ka mora moo ho ba kwetlisitsweng ke yona e beha ditholwana tsa kgotso, e leng, ho loka. 12 Ka hoo otlollang matsoho a lepeletseng le mangole a tsheremang, 13 mme le nne le otlolle ditsela bakeng sa maoto a lona, e le hore se holofetseng se se ke sa ntshwa lenonyellong, empa ho e na le hoo e le hore se ka fola. 14 Phehellang kgotso le batho bohle, le kgalaletso eo kantle ho yona ho seng motho ya tla bona Morena, 15 le lebela ka hloko hore ho se ke ha eba le ya mong ya ka hlokiswang mosa o sa tshwanelang wa Modimo; e le hore ho se ke ha eba le motso o tjhefo o ka hlahang yaba o baka kgathatso le hore ba bangata ba se ke ba silafatswa ke wona; 16 e le hore ho se ke ha eba le sehlola kapa le ha e le mang ya sa ananeleng dintho tse halalelang, jwalo ka Esau, ya ileng a fana ka ditokelo tsa hae jwalo ka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng. 17 Etswe le a tseba hore ka mora moo hape ha a batla ho rua tlhohonolofatso o ile a lahlwa, ka ha, le hoja ka tiyo a ile a batla ho fetola maikutlo ka meokgo, ha a a ka a fumana sebaka sa yona.

30 SEPTEMBER–6 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JAKOBO 1–2

“Ntho e ka Lebisang Motho Sebeng le Lefung”

(Jakobo 1:14) Empa e mong le e mong o lekwa ke ho hulwa le ho ekwa ke takatso ya hae.

g17.4 14

Teko

O ba tekong haeba o utlwa o batla ntho e itseng, haholoholo haeba e le ntho e fosahetseng. Ka mohlala, a re re mohlomong o shopong mme o bona ntho e o kgahlang. Ka kelellong ya hao ho tla monahano wa hore, o ka utswa ntho ena mme wa se ke wa tshwarwa. Le ha ho le jwalo, letswalo la hao le a o kgalemela. Ka hoo, o a le mamela ebe o tlohela monahano oo. Ka tsela eo, o hlotse teko.

SEO BIBELE E SE BUANG

Haeba o kopana le teko, seo ha se bolele hore o motho ya mobe. Hobane Bibele e bontsha hore kaofela re kopana le diteko. (1 Bakorinthe 10:​13) Ntho ya bohlokwa feela ke tsela eo o sebetsanang le diteko ka yona. Ba bang ba dula ba nahana ka dintho tse fosahetseng mme ba qetelle ba inehetse tekong. Ha ba bang bona, ba tlosa menahano e fosahetseng hanghang.

“Empa e mong le e mong o lekwa ke ho hulwa le ho ekwa ke takatso ya hae.”​—Jakobo 1:14.

(Jakobo 1:15) Jwale takatso, ha e emere, e tswala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.

g17.4 14

Teko

Bibele e bontsha mehato e ka lebisang motho ho se fosahetseng. Lengolo la Jakobo 1:15 le re: “Takatso [e fosahetseng], ha e emere, e tswala sebe.” Haeba re dula re nahana ka dintho tse fosahetseng, re ka fihla boemong boo re ke keng ra kgona ho di qoba, jwalo ka ha mosadi wa moimana a ke ke a qoba ho pepa. Le ha ho le jwalo, re ka qoba ho ba makgoba a ditakatso tse fosahetseng. Re ka kgona ho di laola.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Jakobo 1:17) Mpho e nngwe le e nngwe e molemo le neo e nngwe le e nngwe e phethahetseng e tswa hodimo, ka ha e theoha ho Ntate wa masedi a lehodimo, mme ho yena ha ho phetoho ya ho reteleha ha moriti.

it-2-E 253-254

Lesedi

Jehova ke “Ntate wa masedi a lehodimo.” (Jak 1:17) Ke “Ya Fanang ka letsatsi bakeng sa lesedi motshehare, ditaelo tse hlomamisitsweng tsa kgwedi le dinaledi bakeng sa lesedi bosiu” (Jer 31:35) hape ke Mohlodi wa dithuto tse tswang Bibeleng. (2Ko 4:6) Molao wa hae, diqeto tsa hae tsa boahlodi, le lentswe la hae ke lesedi ho ba dumelang hore di ba tataise. (Pes 43:3; 119:105; Lipr 6:23; Esa 51:4) Mopesaleme o ile a re: “Ka lesedi le tswang ho wena re ka bona lesedi.” (Pes 36:9; bapisa le Pes 27:1; 43:3.) Feela jwalo ka lesedi la letsatsi le ntse le kganya ho tloha ha le tjhaba “ho fihlela motshehare o moholo,” ka tsela e tshwanang tsela ya ba lokileng e kgantshwang ke bohlale bo tswang ho Modimo e kganya ka ho eketsehileng. (Lipr 4:18) Motho ya latelang tataiso ya Jehova o tsamaya leseding la hae. (Esa 2:3-5) Ka lehlakoreng le leng, motho ya tadimang dintho ka tsela e sa hlwekang o lefifing le leholo. Jesu o ile a re: “Haeba leihlo la hao le le kgopo, mmele wohle wa hao o tla ba lefifi. Ha e le hantle haeba lesedi le ka ho wena ke lefifi, lefifi leo ke le leholo hakaakang!”​—Mat 6:23; bapisa le De 15:9; 28:54-57; Lipr 28:22; 2Pe 2:14.

(Jakobo 2:8) Jwale, haeba le itlwaetsa ho phetha molao wa borena ho ya ka lengolo: “O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata,” le etsa hantle.

it-2-E 222 ¶4

Molao

“Molao wa Borena.” “Molao wa borena” ke wa bohlokwa ebile o phahametse melao e meng jwalo ka ha morena a phahametse setjhaba sa hae. (Jak 2:8) Moelelo wa selekane sa Molao e ne e le lerato; mme taelo e reng “o rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata” (molao wa borena) e ne e le enngwe ya ditaelo tse pedi tseo Molao wohle, le Baprofeta di itshetlehileng ka tsona. (Mat 22:​37-40) Le hoja Bakreste ba se tlasa selekane sa Molao, ba tlasa selekane sa Morena Jehova le Mora wa hae e leng Morena Jesu Kreste mabapi le selekane se setjha.

Mmalo wa Bibele

(Jakobo 2:10-26) Etswe mang kapa mang ya bolokang Molao wohle empa a nka mohato o fosahetseng ntlheng e le nngwe, o fetohile motlodi kgahlanong le tsona kaofela. 11 Etswe ya ileng a re: “O se ke wa feba,” o ile a boela a re: “O se ke wa bolaya.” Jwale, haeba o sa febe empa o bolaya, o fetohile motlodi wa molao. 12 Le nne le bue ka tsela e jwalo mme le nne le etse ka tsela e jwalo jwalo ka ha ho etsa ba tla ahlolwa ke molao wa batho ba lokolohileng. 13 Etswe ya sa bontsheng mohau o tla ahlolwa ntle ho mohau. Mohau o thaba ka ho fetisisa ka tlholo ho feta kahlolo. 14 Barabeso, ho na le molemo ofe haeba e mong a re o na le tumelo empa a se na mesebetsi? Tumelo eo e ke ke ya mo pholosa, na ha ho jwalo? 15 Haeba morabo rona kapa moradi wabo rona a le boemong ba tlhobolo mme a haellwa ke dijo tse lekaneng letsatsi, 16 empa le ha ho le jwalo e mong ho lona a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso, le futhumale mme le kgore,” empa le sa ba fe tse hlokwang ke mmele ya bona, ho na le molemo ofe? 17 Ka hoo, tumelo, le yona, ha e se na mesebetsi, e shwele. 18 Le ha ho le jwalo, e mong o tla re: “O na le tumelo, mme nna ke na le mesebetsi. Mpontshe tumelo ya hao kantle le mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.” 19 O dumela hore ho na le Modimo a le mong, na ha ho jwalo? O etsa hantle. Le ha ho le jwalo bademona ba a dumela mme ba a thothomela. 20 Empa na o lakatsa ho tseba, Wena motho wa lefeela, hore tumelo kantle le mesebetsi ha e sebetse? 21 Na ha ho a ka ha bolelwa hore ntata rona Abrahama o lokile ka mesebetsi ka mora hore a nyehele mora wa hae Isaka aletareng? 22 O a bona hore tumelo ya hae e ile ya sebetsa hammoho le mesebetsi ya hae mme ka mesebetsi ya hae tumelo ya hae e ile ya etswa e phethahetseng, 23 mme lengolo le ile la phethahala le reng: “Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, mme a ballwa hoo e le ho loka,” mme a bitswa “motswalle wa Jehova.” 24 Le a bona hore motho ho tla bolelwa hore o lokile ka mesebetsi, eseng ka tumelo feela. 25 Ka mokgwa o tshwanang na le yena Rahaba wa seotswa ha ho a ka ha bolelwa hore o lokile ka mesebetsi, ka mora hore a bontshe manqosa kamohelo ya baeti le ho a ntsha ka tsela e nngwe? 26 Ka sebele, jwalo ka ha mmele o se nang moya o shwele, ka hoo le tumelo e se nang mesebetsi e shwele.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share