Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
4-10 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 JOHANNE 1-5
“Le se ke la Rata Lefatshe Kapa Dintho Tse Lefatsheng”
(1 Johanne 2:15, 16) Le se ke la rata lefatshe kapa dintho tse lefatsheng. Haeba le ha e le mang a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ho yena; 16 hobane ntho e nngwe le e nngwe e lefatsheng takatso ya nama le takatso ya mahlo le pontsho ya mponeng ya mokgwa wa motho wa boiphediso ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatsheng.
w05 1/1 10 ¶13
Kgomarelang Mohlala o Behilweng ke Jesu
13 Batho ba bang ba ka nna ba nahana hore ha se ntho e nngwe le e nngwe e lefatsheng e fosahetseng. Le haeba ho jwalo, ho ka ba bonolo hore lefatshe le dintho tsa lona tse kgahlang, le re sitise ho sebeletsa Jehova. Ebile ha ho letho leo lefatshe le fanang ka lona le reretsweng ho re atametsa ho Modimo. Ka hoo, re tla be re le kotsing haeba re ka ba le lerato la dintho tse lefatsheng, esita le haeba e le dintho tseo e ka nnang yaba ha di phoso ka bo tsona. (1 Timothea 6:9, 10) Ntle ho moo, nnete ke hore dintho tse ngata tsa lefatshe di mpe mme di ka re silafatsa. Haeba re shebella dibaesekopo kapa mananeo a thelevishene a kgothalletsang pefo, lerato la dintho tse bonahalang, kapa boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano, dintho tsena di ka bonahala di amoheleha yaba di a re leka. Haeba re tlwaelana le batho ba amehileng haholo ka ho ntlafatsa mekgwa ya bona ya bophelo kapa ka ho batla menyetla ya kgwebo, le rona re ka qetella re nka dintho tseo e le tsa bohlokwa haholo.—Matheu 6:24; 1 Bakorinthe 15:33.
(1 Johanne 2:17) Ho feta moo, lefatshe le a feta mme ho jwalo le ka takatso ya lona, empa ya etsang thato ya Modimo o hlola ka ho sa feleng.
w13 8/15 27 ¶18
Nahana Hore na o Tshwanela ho ba Motho wa Mofuta Ofe
18 Ntho e nngwe e re thusang hore re hane “dintho tse lefatsheng” ke hore re dule re hopola mantswe ana a Johanne a buduletsweng: “Lefatshe le a feta mme ho jwalo le ka takatso ya lona, empa ya etsang thato ya Modimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Tsamaiso ya Satane e bonahala eka ke ya sebele ebile e tla hlola ka ho sa feleng. Le ha ho le jwalo, ka letsatsi le leng e tla fela. Ha ho letho leo lefatshe la Satane le ka re fang lona le tla tshwarella ka ho sa feleng. Ho hopola seo ho tla re thusa hore re se ke ra qhekellwa ke Diabolose.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(1 Johanne 2:7, 8) Baratuwa, ha ke le ngolle taelo e ntjha, empa taelo ya kgale eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo ena ya kgale ke lentswe leo le ileng la le utlwa. 8 Hape, ke le ngolla taelo e ntjha, taba ya nnete ho yena le ho lona, hobane lefifi le a feta mme lesedi la nnete le se le ntse le kganya.
w13 9/15 10 ¶14
Dikgopotso Tsa Jehova di a Tshepahala
14 Mangolo a Segerike a Bakreste a na le dikgopotso tse ngata tsa ka moo re ka bontshanang lerato ka teng. Jesu o ile a re taelo ya bobedi e kgolo ka ho fetisisa ke hore motho a ‘rate moahelani wa hae jwalo ka ha a ithata.’ (Mat. 22:39) Ka ho tshwanang, morabo Jesu e leng Jakobo o ile a re lerato ke “molao wa borena.” (Jak. 2:8) Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Baratuwa, ha ke le ngolle taelo e ntjha, empa taelo ya kgale eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong.” (1 Johanne 2:7, 8) Johanne o ne a bolelang ha a bua ka “taelo ya kgale”? O ne a bua ka taelo ya ho rata batho ba bang. Taelo eo e ne e le ya “kgale” ka ha Jesu o ne a fane ka yona dilemo tse mashome pejana, “ho tloha tshimolohong.” Empa e ne e boetse e le “ntjha” ka kutlwisiso ya hore e ne e hloka hore barutuwa ba be le lerato le bontshang boitelo le neng le ka nna la ba thusa maemong a matjha ao ba neng ba tla tobana le wona. Ka ha re barutuwa ba Kreste, na ha re ananele ditemoso tse re thusang hore re qobe ho bontsha moya wa boithati o atileng haholo lefatsheng kajeno, o ka re sitisang ho bontsha lerato ho baahisani?
(1 Johanne 5:16, 17) Haeba le ha e le mang a re hedi! mme a bona morabo a etsa sebe se sa tliseng lefu, o tla kopa, mme o tla fana ka bophelo ho yena, e, ho ba sa etseng sebe e le hore ba itlisetse lefu. Ho na le sebe se tlisang lefu. Ha ke mo bolelle hore a etse kopo malebana le sebe seo. 17 Ho se loke hohle ke sebe; le ha ho le jwalo ho na le sebe se sa tliseng lefu.
it-1-E 862 ¶5
Tshwarelo
Ke ntho e ntle ho rapella hore Modimo a tshwarele batho ba bang esita le ho rapella phutheho kaofela. Moshe o ile a rapella setjhaba sa Iseraele, a bolela sebe sa sona yaba o se kopela tshwarelo, mme Jehova o ile a utlwa thapelo ya hae. (Nu 14:19, 20) Hape, ha Solomone a nehela tempele, o ile a rapela Jehova hore a tshwarele batho ba hae ha ba etsa dibe ebile ba kgaotsa ho etsa se fosahetseng. (1Ma 8:30, 33-40, 46-52) Esdrase o ile a bolela phatlalatsa dibe tsa Bajuda ba neng ba kgutletse naheng ya habo bona bakeng sa bona. Thapelo ya hae e tswang botebong ba pelo le kgothatso ya hae di ile tsa etsa hore batho ba nke kgato e le hore Jehova a ba tshwarele. (Esd 9:13–10:4, 10-19, 44) Jakobo o ile a kgothalletsa hore motho eo kamano ya hae le Modimo e senyehileng a bitse banna ba baholo ba phutheho e le hore ba mo rapelle mme “haeba a entse dibe, o tla tshwarelwa.” (Jak 5:14-16) Le ha ho le jwalo, ho na le “sebe se tlisang lefu,” e leng sebe se etswang ka boomo kgahlanong le moya o halalelang, mme sebe seo ha se tshwarelwe. Mokreste ha a lokela ho rapella batho ba etsang sebe sena.—1Jo 5:16; Mat 12:31; Heb 10:26, 27; sheba SIN, I; SPIRIT.
Mmalo wa Bibele
(1 Johanne 1:1–2:6) Se neng se le teng ho tloha tshimolohong, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se shebileng ka hloko mme matsoho a rona a se ama, malebana le lentswe la bophelo, 2 (e, bophelo bo ile ba bonahatswa, mme re bone mme re paka le ho le tlalehela bophelo bo sa feleng bo neng bo le ho Ntate le bo ileng ba bonahatswa ho rona,) 3 re boetse re le tlalehela seo re se boneng le seo re se utlwileng e le hore le lona le ka ba le kabelo le rona. Ho feta moo, kabelo ena ya rona e ho Ntate le ho Mora wa hae Jesu Kreste. 4 Ka hoo re ngola dintho tsena e le hore thabo ya rona e ka ba ka tekanyo e tletseng. 5 Ona ke molaetsa oo re o utlwileng ho yena mme re le tsebisa wona, hore Modimo ke lesedi mme ha ho na lefifi ho hang bonngweng le yena. 6 Haeba re re: “Re na le kabelo le yena,” le ha ho le jwalo re tswela pele ho tsamaya lefifing, re bua leshano mme ha re sebedise nnete. 7 Le ha ho le jwalo, haeba re tsamaya leseding jwalo ka ha yena a le leseding, re fela re abelana, mme madi a Mora wa hae Jesu a re hlwekisa sebeng sohle. 8 Haeba re re: “Ha re na sebe,” re a ithetsa mme nnete ha e yo ho rona. 9 Haeba re bolela dibe tsa rona, wa tshepahala mme o lokile hore a re tshwarele dibe tsa rona le ho re hlwekisa ho se lokeng hohle. 10 Haeba re re: “Ha re a etsa sebe,” re mo etsa ya leshano, mme lentswe la hae ha le yo ho rona.
2 Bana ba ka ba banyenyane, ke le ngolla dintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Le ha ho le jwalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ya lokileng. 2 Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa dibe tsa rona, empa le ha ho le jwalo eseng bakeng sa tsa rona feela empa le bakeng sa tsa lefatshe lohle. 3 Ka sena re na le tsebo ya hore re a mo tseba, e leng, haeba re tswela pele ho boloka ditaelo tsa hae. 4 Ya reng: “Ke a mo tseba,” le ha ho le jwalo a sa boloke ditaelo tsa hae, o leshano, mme nnete ha e yo ho motho enwa. 5 Empa mang kapa mang ya felang a boloka lentswe la hae, ka nnete ho motho enwa lerato la Modimo le entswe le phethahetseng. Ka sena re na le tsebo ya hore re bonngweng le yena. 6 Ya reng o dula bonngweng le yena o tlamehile hore a tswele pele ho tsamaya feela jwalo ka ha eo a ile a tsamaya.
11-17 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 JOHANNE 1–JUDA
“Re Lokela ho Lwanela ho Dula Nneteng”
(Juda 3) Baratuwa, le hoja ke ne ke etsa boiteko bo bong le bo bong ba ho le ngolla ka poloko eo re nang le yona bohle, ke ile ka fumana ho hlokahala ho le ngolla ho le eletsa hore le lwane ntwa e thata bakeng sa tumelo eo hang le ka ho ke keng ha phetwa ho ileng ha nehelanwa ka yona ho bahalaledi.
w04 9/15 11-12 ¶8-9
“Le Tswele Pele ho Fumana Matla Moreneng”
8 Re tseba merero ya Satane hobane Mangolo a senola maqiti a hae a ka sehloohong. (2 Bakorinthe 2:11) Diabolose o ile a hlasela monna ya lokileng Jobo ka mathata a maholo a moruo, ka mafu a baratuwa ba hae, ka kganyetso e tswang ka lapeng, ka ho opelwa le ka hore metswalle ya hae ya bohata e mo tshwaye diphoso ntle ho lebaka. Jobo o ile a nyahama mme a nahana hore Modimo o mo furaletse. (Jobo 10:1, 2) Le hoja kajeno Satane a ke ke a baka dikgathatso tsena ka ho toba, mathata a mofuta ona a ama Bakreste ba bangata, mme Diabolose a ka a sebedisa molemong wa hae.
9 Dintho tse ka senyang kamano ya rona le Modimo di atile haholo nakong ena ya bofelo. Re phela lefatsheng le hahamallang dintho tse bonahalang ho feta ho batla ho sebeletsa Modimo. Nako le nako metjha ya ditaba e bontsha ho etsa thobalano ho sa dumellwang ka molao e le mohlodi wa thabo eseng wa masisapelo. Mme batho ba bangata ‘ba rata menyaka ho e na le ho rata Modimo.’ (2 Timothea 3:1-5) Haeba re sa “lwane ntwa e thata bakeng sa tumelo,” empa re nahana ka tsela ena, kamano ya rona le Modimo e ka senyeha.—Juda 3.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Juda 4) Lebaka la ka ke hore batho ba itseng ba kene ka sekgukgu bao e leng kgale ba kgethetswe kahlolo ena ke Mangolo, batho ba se nang bomodimo, ba fetolang mosa o sa tshwanelang wa Modimo wa rona boikemelo bakeng sa boitshwaro bo hlephileng le ba se nang nnete ho eo e leng yena feela Monghadi le Morena wa rona, Jesu Kreste.
(Juda 12) Ke mafika a patilweng ka tlasa metsi meketeng ya lona ya lerato ha ba ntse ba keteka le lona, ke badisa ba iphepang ntle ho tshabo; ke maru a se nang metsi a iswang kwana le kwana ke meya; ke difate qetellong ya lehwetla, empa tse se nang ditholwana, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;
it-2-E 279
Mekete ya Lerato
Bibele ha e hlalose mekete ena ya lerato le hore na e ne e tshwarwa hangata hakae. (Juda 12) Morena Jesu Kreste kapa baapostola ba hae ba ne ba sa laela hore mekete ena e tshwarwe mme ho hlakile hore ha ya lokela ho tadinngwa e le setlamo hore e ketekwe. Batho ba bang ba re Bakreste ba ruileng ba ne ba tshwara mekete ena mme ba mema badumedimmoho le bona ba futsanehileng ho yona. Bana ba se nang bontate, bahlolohadi, barui, le mafutsana ba ne ba bokana tafoleng e nang le matletsetletse mme ba thabela botswalle.
it-2-E 816
Lefika
Ho bonahala lentswe le leng la Segerike e leng, spi·lasʹ, le bolela lefika kapa mafika a patehileng ka tlasa metsi. Juda o sebedisitse lentswe lena ho tshwantshetsa banna ba itseng ba keneng ka phuthehong ya Bokreste ka sekgukgu ba e na le merero e mebe. Jwalo ka ha mafika a patehileng a ne a ka hlahisetsa dikepe kotsi, ka ho tshwanang banna bana ba ne ba ka hlahisetsa batho ba bang kotsi ka phuthehong. Juda o re ka banna bana: “Ke mafika a patilweng ka tlasa metsi meketeng ya lona ya lerato ha ba ntse ba keteka le lona.”—Juda 12.
(Juda 14, 15) E, wa bosupa ka tlhahlamano ho tloha ho Adama, Enoke, o ile a profeta le ka bona, ha a re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka dimiriade tsa hae tse halalelang, 15 ho phethisa kahlolo kgahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomodimo ba molato malebana le diketso tsohle tsa bona tse se nang bomodimo tseo ba ileng ba di etsa ka tsela e se nang bomodimo, le malebana le dintho tsohle tse tshosang tseo baetsadibe ba se nang bomodimo ba ileng ba di bua kgahlanong le yena.”
‘‘O ile a Kgahlisa Modimo’’
Boprofeta ba Enoke bo ne bo reng? Bo ne bo re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka dimiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo kgahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomodimo ba molato malebana le diketso tsohle tsa bona tse se nang bomodimo tseo ba ileng ba di etsa ka tsela e se nang bomodimo, le malebana le dintho tsohle tse tshosang tseo baetsadibe ba se nang bomodimo ba ileng ba di bua kgahlanong le yena.” (Juda 14, 15) O tla hlokomela hore mona, Enoke o bua ka dintho tseo a neng a profeta ka tsona jwalo ka ha eka di se di etsahetse. Ena ke tsela eo boprofeta bo bongata bo ileng ba latela ka mora moo, bo ileng ba ngolwa ka yona. Ho tloha ka nako eo, boprofeta bo ile ba bua ka dintho tseo Modimo a tla di phethahatsa jwalo ka ha eka di se di ntse di phethahetse.—Esaia 46:10.
“O ile a Kgahlisa Modimo”
Tumelo ya Enoke e ka re thusa ho itlhahloba hore na re tadima lefatshe leo re phelang ho lona ka tsela eo Modimo a le tadimang ka yona. Molaetsa wa kahlolo oo Enoke a neng a o bolela o ntse o sebetsa le mehleng ena, ha o wa siuwa ke nako. Jehova o ile a fela a phethahatsa mantswe ao a neng a a buile ka moprofeta wa hae Enoke, yaba o tlisa Morwallo lefatsheng mehleng ya Noe. Empa seo e ne e se letho ha se bapiswa le seo Modimo a tla se etsa lefatsheng haufinyane ho batho ba sa mo mameleng. (Matheu 24:38, 39; 2 Petrose 2:4-6) Feela jwalo ka mehleng eo, le kajeno Modimo le mangeloi a hae ba se ba ntse ba itokiseditse ho ahlola lefatshe lena la batho ba sa mameleng. E mong le e mong o lokela ho nka ka ho teba keletso ya Enoke mme a bolelle ba bang molaetsa oo. Ho ka etsahala hore beng ka rona ba re fetohele. Ka dinako tse ding re ka ikutlwa eka re lahlilwe kgerehlwa. Jehova ha a a ka a lahla Enoke, mme le wena a ke ke a o lahla haeba o dula o tshepahala.
Mmalo wa Bibele
(2 Johanne 1-13) Monna e moholo, ho mofumahadi ya kgethilweng le ho bana ba hae, bao ke ba ratang kannete, eseng nna feela, empa le bohle ba tsebang nnete, 2 ka lebaka la nnete e dulang ho rona, mme e tla ba le rona ka ho sa feleng. 3 Ho rona ho tla ba le mosa o sa tshwanelang, mohau le kgotso e tswang ho Modimo Ntate le ho Jesu Kreste Mora wa Ntate, ka nnete le lerato. 4 Ke thaba haholo hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, feela Jwalo ka ha re ile ra amohela taelo e tswang ho Ntate. 5 Ka hoo jwale ke a o kopa, mofumahadi, Jwalo ka motho ya o ngollang, eseng taelo e ntjha, empa eo re bileng le yona ho tloha tshimolohong, ya hore re ratane. 6 Sena ke seo lerato le se bolelang, hore re tswele pele ho tsamaya ho ya ka ditaelo tsa hae. Ena ke taelo, feela Jwalo ka ha le utlwile ho tloha tshimolohong, hore le lokela ho tswela pele ho tsamaya ka yona. 7 Etswe bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, batho ba sa boleleng Jesu Kreste e le ya tlang ka nama. Enwa ke mothetsi le mohanyetsi wa Kreste. 8 Itlhokomeleng, hore le se ke la lahlehelwa ke dintho tseo re sebeleditseng ho di hlahisa, empa hore le ka fumana moputso o tletseng. 9 E mong le e mong ya iketelletsang pele mme a sa dule thutong ya Kreste ha a na Modimo. Ya dulang thutong ena ke yena ya nang le Ntate le Mora. 10 Haeba le ha e le mang a tla ho lona mme a sa tlise thuto ena, le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lona kapa la mo dumedisa. 11 Etswe ya mo dumedisang o kopanela mesebetsing ya hae e kgopo. 12 Le hoja ke e na le dintho tse ngata tseo nka le ngollang tsona, ha ke lakatse ho etsa jwalo ka pampiri le enke, empa ke tshepa ho tla ho lona le ho bua le lona difahleho di tadimane, e le hore thabo ya lona e ka ba ka tekanyo e tletseng. 13 Bana ba moradieno, mokgethwa, ba o romela ditumediso.
18-24 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 1-3
“Ke Tseba Diketso Tsa Hao”
(Tšenolo 1:20) Ha e le sephiri se halalelang sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng: Dinaledi tse supileng di bolela mangeloi a diphutheho tse supileng, mme didulwana tsa mabone tse supileng di bolela diphutheho tse supileng.
w12 10/15 14 ¶8
O Bontsha Moya wa Mofuta Ofe?
8 Re ka qoba ho ba le maikutlo a jwalo haeba re hopola hore ka Bibeleng ho bolelwa hore “ka letsohong la hae le letona [Jesu] o ne a e na le dinaledi tse supileng.” “Dinaledi” tseo di emela balebedi ba tlotsitsweng ha mmoho le balebedi bohle ba phutheho. Jesu a ka tataisa “dinaledi” tse ka letsohong la hae ka tsela efe kapa efe eo a bonang e hlokahala. (Tšen. 1:16, 20) Ka hoo, ka ha Jesu ke Hlooho ya phutheho ya Bokreste, ke yena ya laolang dihlopha tsohle tsa baholo. Haeba e mong sehlopheng sa baholo a hloka ho kgalemelwa, Jesu eo “mahlo a hae a [leng] jwalo ka lelakabe la mollo,” o tla tiisa hore sena se phethwa ka nako ya Hae le ka tsela ya hae. (Tšen. 1:14) Pele seo se etsahala, re lokela ho dula re hlompha ba kgethilweng ke moya ka ha Pauluse o ile a ngola a re: “Mamelang ba etellang pele hara lona mme le ipehe tlase, ka ha ba dula ba lebetse meya ya lona jwalo ka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho fehelwa, ka ha sena se ne se tla ba kotsi ho lona.”—Baheb. 13:17.
(Tšenolo 2:1, 2) “Ngolla lengeloi la phutheho e Efese o re: Tsena ke dintho tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, 2 ‘Ke tseba diketso tsa hao, le mosebetsi le mamello ya hao, le hore ha o mamelle batho ba babe, le hore o leka ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme o ile wa ba fumana e le ba leshano.
w12 4/15 29 ¶11
Jehova o re Sireletsa Bakeng sa Poloko
11 Ponong e tlalehilweng ho Tšenolo kgaolo ya 2 le ya 3, Jesu Kreste ya tlotlisitsweng o hlahloba diphutheho tse supileng tsa Asia Minor. Ponong ena Kreste o bua ka dintho tse neng di etsahala ebile o bua ka batho ba itseng ka ho kgetheha. Maemong a mang o boetse o bolela batho ka mabitso, o fana ka pabatso e loketseng kapa keletso. See se bontshang? Ha pono eo e phethahatswa, diphutheho tse supileng di emela Bakreste ba tlotsitsweng, ka mora 1914, mme keletso e fuwang diphutheho tseo tse supileng e sebetsa le ho diphutheho tsohle tsa batho ba Modimo lefatsheng lohle kajeno. Ka hoo, ho loketse hore re fihlele qeto ya hore Jehova o sebedisa Mora wa hae ho tataisa batho ba hae. Re ka etsa jwang hore tataiso eo e re tswele molemo?
w01 1/15 20-21 ¶20
Kgema le Mokgatlo wa Jehova
20 Ho kgema le mokgatlo wa Jehova o tswelang pele ho hloka hore re hlokomele karolo eo Modimo a e abetseng Jesu Kreste ya ho ba “hlooho ya phutheho.” (Baefese 5:22, 23) Re lokela hore re boele re hlokomele Esaia 55:4, moo re bolellwang sena: “Bonang! [nna Jehova] ke fane ka yena e le paki ho ditjhaba, e le moetapele le molaodi wa ditjhaba.” Ka sebele Jesu o tseba ho etella pele. O tseba dinku tsa hae le diketso tsa tsona. Ha e le hantle, ha a ne a hlahloba diphutheho tse supileng tsa Asia Minor, ka makgetlo a mahlano o ile a re: “Ke tseba diketso tsa hao.” (Tšenolo 2:2, 19; 3:1, 8, 15) Jesu o boetse o tseba seo re se hlokang, jwalo ka ha Ntate wa hae, Jehova, a se tseba. Pele a bua ka Thapelo ya Mohlala, Jesu o ile a re: “Modimo Ntata lona wa tseba hore na ke dintho dife tseo le di hlokang le pele le mo kopa.”—Matheu 6:8-13.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tšenolo 1:7) Bonang! O tla ka maru, mme leihlo le leng le le leng le tla mo bona, le ba mo hlabileng; mme meloko yohle ya lefatshe e tla ikotla ka ho sarelwa ka lebaka la hae. E, Amen.
Mmuso wa Modimo o Fedisa Dira Tsa Wona
10 Ho phatlalatsa kahlolo. Dira tsa Mmuso wa Modimo di tla qobelleha ho bona ketsahalo e tla di hlokofatsa le ho feta. Jesu o re: “Ba tla bona Mora motho a tla ka maru ka matla a maholo le kganya.” (Mareka 13:26) Dimakatso tsena tse matla di tla bontsha hore Jesu o se a fihlile ho tla ahlola. Karolong e nngwe ya boprofeta boo e mabapi le matsatsi a ho qetela, Jesu o re fa dintlha tse eketsehileng ka kahlolo e tla phatlalatswa ka nako eo. Re fumana dintlha tseo papisong ya dinku le dipodi. (Bala Matheu 25:31-33, 46.) Batshehetsi ba tshepahalang ba Mmuso wa Modimo ba tla ahlolwa jwalo ka “dinku” mme ba tla ‘phahamisa dihlooho tsa bona,’ ba hlokomela hore “topollo ya [bona] e ya atamela.” (Luka 21:28) Le ha ho le jwalo, bahanyetsi ba Mmuso ba tla ahlolwa jwalo ka “dipodi” mme ba tla “ikotla ka ho sarelwa” hobane ba elellwa hore ba letetswe ke ‘phediso e sa feleng.’—Mat. 24:30; Tšen. 1:7.
(Tšenolo 2:7) Ya nang le tsebe a ke a utlwe seo moya o se bolellang diphutheho: Ya hlolang ke tla mo neha ho ja sefate sa bophelo, se paradeiseng ya Modimo.’
w09 1/15 31 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Tšenolo—I
2:7—‘Paradeise ya Modimo’ ke eng? Ka ha mantswe ana a lebisitswe ho Bakreste ba tlotsitsweng, e tlameha ebe mona paradeise e bolela sebaka sa paradeise sa lehodimong moo Modimo ka boyena a leng teng. Batlotsuwa ba tshepahalang ba tla putswa ka ho ja “sefate sa bophelo.” Ba tla amohela ho se shwe.—1 Bakor. 15:53.
Mmalo wa Bibele
(Tšenolo 1:1-11) Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Modimo a ileng a mo fa yona, ho bontsha makgoba a hae dintho tse tla etsahala haufinyane. O ile a roma lengeloi la hae mme a e hlahisa ka dipontsho ka lona ho lekgoba la hae Johanne, 2 ya ileng a paka lentswe leo Modimo a faneng ka lona le bopaki boo Jesu Kreste a faneng ka bona, esita le dintho tsohle tseo a ileng a di bona. 3 Ho thaba ya ballang hodimo le ba utlwang mantswe a boprofeta bona, le ba bolokang dintho tse ngotsweng ho bona; etswe nako e behilweng e haufi. 4 Johanne ho diphutheho tse supileng tse seterekeng sa Asia: E se eka le ka ba le mosa o sa tshwanelang le kgotso e tswang ho “Ya teng le ya neng a le teng le ya tlang,” le e tswang ho meya e supileng e ka pela terone ya hae, 5 le e tswang ho Jesu Kreste, “Paki e Tshepahalang,” “Letsibolo ho tswa bafung,” le “Mmusi wa marena a lefatshe.” Ho ya re ratang le ya ileng a re lokolla dibeng tsa rona ka madi a hae 6 mme a etsa hore re be mmuso, baprista ho Modimo le Ntatae e, ho yena e be kganya le bonatla ka ho sa feleng. Amen. 7 Bonang! O tla ka maru, mme leihlo le leng le le leng le tla mo bona, le ba mo hlabileng; mme meloko yohle ya lefatshe e tla ikotla ka ho sarelwa ka lebaka la hae. E, Amen. 8 “Ke nna Alfa le Omega,” ho bolela Jehova Modimo, “Ya teng le ya neng a le teng le ya tlang, Ya Matla ohle.” 9 nna Johanne, morabo lona le ya kopanelang le lona matshwenyehong le mmusong le mamellong ha mmoho le Jesu, ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitswang Patmose ka lebaka la ho bua ka Modimo le ho paka ka Jesu. 10 Ka pudulelo ke ile ka ba letsatsing la Morena, mme ka mora ka ka utlwa lentswe le matla le jwalo ka la terompeta, 11 le re: “Seo o se bonang o se ngole moqolong mme o se romele diphuthehong tse supileng, e Efese le e Smyrna le e Pergame le e Thyatire le e Sarda le e Filadelfia le e Laodisia.”
25 NOVEMBER–1 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 4-6
“Bapalami ba Bane ba Dipere”
(Tšenolo 6:2) Ka tadima, mme, bonang! pere e tshweu; ya e palameng o ne a e na le seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le hore a phethe tlholo ya hae.
Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?
Mopalami wa pere e tshweu ke mang? Buka ya Bibele ya Tshenolo, e re hlalosetsa ka ho hlaka hore ke: “Lentswe la Modimo.” (Tšenolo 19:11-13) Ka hobane Jesu Kreste o sebetsa e le mmuelli wa Modimo, tlotla eo e mo tshwanetse. (Johanne 1:1, 14) Ho ekelletsa moo, o bitswa “Morena wa marena le Kgosi ya dikgosi” mme hape o hlaloswa e le ya ‘Tshepahalang le ya nang le Nnete.’ (Tšenolo 19:11, 16) Ho hlakile hore o na le matla a ho ba morena wa masole, mme ha a sebedise matla ao hampe kapa hona ho hatella ba bang. Le ha ho le jwalo, dipotso di a sala.
wp17.3 4 ¶5
Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?
Bapalami ba dipere ba ile ba qala ho di palama neng? Ela hloko hore mopalami wa pele e leng Jesu, o qadile ho palama pere ha a amohela moqhaka. (Tšenolo 6:2) Jesu o ile a rweswa moqhaka jwalo ka Morena lehodimong neng? Ha e ya ka ya eba morena hanghang kamora hore a tsosetswe lehodimong. Bibele e bontsha hore o ile a tlameha ho leta. (Baheberu 10:12, 13) Jesu o ile a etsa hore balatedi ba hae ba lemohe hore na nako ya hae ya ho leta e ne e tla fela neng le hore na o ne a tla qala ho busa lehodimong neng. O ile a ba bolella hore ha a qala ho busa, maemo a lefatshe, a ne a tla mpefala le ho feta. Ho ne ho tlaba le dintwa, kgaello ya dijo le mafu a sewa. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11) Hang feela kamora hore Ntwa ya Pele ya Lefatshe e qhome ka 1914, ho ile ha hlaka hore nako eo e fihlile, nako e bohloko, eo Bibele e e bitsang “matsatsi a ho qetela.”—2 Timothea 3:1-5.
(Tšenolo 6:4-6) E nngwe ya tswa, pere e mmala wa mollo; ya e palameng a nehwa hore a tlose kgotso lefatsheng e le hore ba ka bolayana; mme a fuwa sabole e kgolo. 5 Ha e bula tiiso ya boraro, ka utlwa Sebopuwa se phelang sa boraro se re: “Tloo!” Ka tadima, mme, bonang! pere e ntsho; ya dutseng hodima yona o ne a tshwere sekala letsohong. 6 Ka utlwa lentswe le jwalo ka ha eka le hara dibopuwa tse phelang tse nne le re: “Lithara ya koro ka denari, le dilithara tse tharo tsa harese ka denari; mme o se ke wa senya oli ya mohlware le veine.”
Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?
Mopalami enwa o tshwantshetsa ntwa. Hlokomela hore o tlosa kgotso, e seng fela ho batho ba itseng empa lefatsheng lohle. Ka 1914, ntwa e ile ya qhoma lefatsheng lohle ka lekgetlo la pele historing. E ile ya latelwa ke ntwa ya bobedi ya lefatshe, e ileng ya hla ya ba e mahlomafubedu. Dipatlisiso tse entsweng, di supa hore ho hlokahetse batho ba ka fetang dimilione tse 100 ka lebaka la dintwa ho tloha ka 1914! Mahlatsipa a mang ona, a ile a tswa dikotsi tse tshabehang.
wp17.3 5 ¶4-5
Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?
“Ka tadima, mme, bonang! pere e ntsho; ya dutseng hodima yona o ne a tshwere sekala letsohong. Ka utlwa lentswe le jwalo ka ha eka le hara dibopuwa tse phelang tse nne le re: ‘Lithara ya koro ka denari, le dilithara tse tharo tsa harese ka denari; mme o se ke wa senya oli ya mohlware le veine.’”—Tšenolo 6:5, 6.
Mopalami enwa yena o tshwantshetsa tlala. Mehleng ya Johanne, motho o ne a ka reka lithara ya koro ka denari, e leng moputso wa letsatsi. (Matheu 20:2) Denari e ne e boetse e ka reka dilithara tse tharo tsa harese, mme harese e ne e e na le boleng bo tlaase ha e bapiswa le koro. O se o ka inahanela hore na e tlameha ebe ho ne ho le thata hakae ho hlokomela lelapa ka dijo tse fokolang hakaalo. Batho ba ne ba hlokomediswa hore ba baballe dijo tseo ba di sebedisang ka mehla, jwalo ka oli ya mohlware le veine.
(Tšenolo 6:8) Ka tadima, mme, bonang! pere e botala bo bosehla; mme lebitso la ya e palameng e ne e le Lefu. Hadese e ne e mo latela haufiufi. Tsa fuwa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore di bolaye ka sabole e telele le ka kgaello ya dijo le ka lefu la sewa le bolayang le ka dibatana tsa lefatshe.
wp17.3 5 ¶8-10
Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?
Mopalami wa bone, o tshwantshetsa lefu le bang teng ka lebaka la lefu la sewa le mabaka a mang. Nakwana ka mora selemo sa 1914, mokakallane wa Spain, o ile wa bolaya batho ba dimilione tse mashome. Ho ka etsahala hore ebe batho ba dimilione tse ka bang 500 ba ile ba fumana tshwaetso.
Empa mokakallane oo wa Spain, e ne e le dinyane. Ditsebi di hakanya hore batho ba dimilione tse makgolo, ba bolailwe ke bolwetse ba makgopho dilemong tsa bo 1900. Ho fihlela lena le hodimo, batho ba dimilione ba bolawa ke AIDS, lefuba le malaria, ho sa tsotellehe boiteko bo etswang ke dingaka.
Ditlamorao di a tshwana, batho ba a hlokahala ka lebaka la dintwa, tlala le mafu a sewa. Batho ha ba sa na tshepo ka bophelo ka ha Mabitla a tletse jwale.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tšenolo 4:4) Ho potapota terone ho na le diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tsena ka bona ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba apere diaparo tsa ka ntle tse tshweu, mme ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.
(Tšenolo 4:6) Ka pela terone ho na le ho jwalo ka lewatle le kang kgalase le jwalo ka kristale. Hara terone le ho pota terone ho na le dibopuwa tse phelang tse nne tse tletseng mahlo ka pele le ka morao.
re 76-77 ¶8
Kganya e Tsotehang ya Terone ya Lehodimo ya Jehova
8 Johanne o ne a tseba hore baprista ba ne ba kgethetswe ho sebeletsa tabernakeleng ya boholoholo. Ka hoo e ka nna yaba o ile a makatswa ke ha a bona seo jwale a se hlalosang: “Ho potapota terone ho na le diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tsena ka bona ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba apere diaparo tsa ka ntle tse tshweu, mme ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.” (Tšenolo 4:4) E, ho e na le baprista, ho na le baholo ba 24, ba dutseng diteroneng mme ba rwetse meqhaka jwalo ka marena. Baholo bana ke bomang? Ke batlotsuwa ba phutheho ya Bokreste, ba tsositsweng le ba dutseng boemong boo Jehova a ba tshepisitseng bona lehodimong. Re tseba see jwang?
re 80 ¶19
Kganya e Tsotehang ya Terone ya Lehodimo ya Jehova
19 Dibopuwa tsee di tshwantshetsa eng? Pono e tlalehilweng ke moprofeta e mong, e leng Ezekiele, e re thusa ho fumana karabo. Ezekiele o ile a bona Jehova a dutse teroneng ya koloi ya lehodimo, e neng e e na le dibopuwa tse phelang tse nang le ditshobotsi tse tshwanang le tse hlalositsweng ke Johanne. (Ezekiele 1:5-11, 22-28) Hamorao, Ezekiele o ile a boela a bona terone eo ya koloi ha mmoho le dibopuwa tse phelang. Le ha ho le jwalo, lekgetlong lena o ile a re dibopuwa tse phelang e ne e le dikerubime. (Ezekiele 10:9-15) Dibopuwa tse phelang tse nne tseo Johanne a di bonang e tlameha ebe di emela dikerubime tse ngata tsa Modimo, e leng dibopuwa tsa boemo bo phahameng mokgatlong wa Hae o hlophisitsweng o lehodimong. Johanne o ne a ke ke a ho nka e le ho sa tlwaelehang ho bona dikerubime di le haufiufi le Jehova jwalo, ka ha tokisetsong ya boholoholo ya tabernakele, dikerubime tse pedi tsa kgauta di ne di le hodima sekwahelo sa areka ya selekane, e neng e emela terone ya Jehova. Pakeng tsa dikerubime tsena, lentswe la Jehova le ne le ntsha ditaelo tse yang ho setjhaba.—Exoda 25:22; Pesaleme ya 80:1.
(Tšenolo 5:5) Empa e mong wa baholo o re ho nna: “Kgaotsa ho lla. Bona! Tau ya moloko wa Juda, motso wa Davida, e hlotse e le hore e bule moqolo le ditiiso tsa wona tse supileng.”
cf 36 ¶5-6
“Bona! Tau ya Moloko wa Juda”
5 Tau e atisa ho amahanngwa le sebete. Na o kile wa tjamelana le tau e tona e hodileng? Haeba o se o kile wa tjamelana le yona, ho ka etsahala hore ebe ho ne ho e na le ntho dipakeng e o sirelleditseng, mohlomong terata e kampetseng sebaka seo tau e bolokilweng ho sona. Le ha ho le jwalo, phihlelo eo e ka ba e tshosang. Ha o ntse o shebile sebata sena sa setonanahadi se matla, mme le sona se o kentse mahlo, ho thata ho nahana hore ho na le mohla tau e ka balehang ntho le ha e le efe. Bibele e bua ka “tau, e matla ka ho fetisisa hara diphoofolo le e sa kgutleng ka pela mang kapa mang.” (Liproverbia 30:30) Kreste le yena o sebete ka tsela e tshwanang le eo.
6 A re tshohleng ditsela tse tharo tseo ka tsona Jesu a ileng a bonahatsa sebete se kang sa tau: ha a sireletsa nnete, ha a emela toka le ha a tobana le kganyetso. Le rona re tla bona hore e mong le e mong wa rona ebang o sebete ka tlhaho kapa tjhe a ka etsisa Jesu tabeng ya ho bonahatsa sebete.
Mmalo wa Bibele
(Tšenolo 4:1-11) Ka mora dintho tsena ka tadima, mme, bonang! monyako o bulehileng lehodimong, mme lentswe la pele leo ke ileng ka le utlwa le ne le le jwalo ka la terompeta, le bua le nna, le re: “Nyolohela mona, mme ke tla o bontsha dintho tse tla etsahala.” 2 Ka mora dintho tsena kapelepele ka ba matleng a moya: bonang! terone e ne e le boemong ba yona lehodimong, mme ho na le ya dutseng teroneng. 3 Ya dutseng, ka ponahalo, o jwalo ka lejwe la jaspere le lejwe la bohlokwa le mmala o mofubedu, mme ho potapota terone ho na le mookodi o jwalo ka emeralde ka ponahalo. 4 Ho potapota terone ho na le diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tsena ka bona ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba apere diaparo tsa ka ntle tse tshweu, mme ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona. 5 Teroneng ho tswa mahadima le mantswe le diaduma; mme ho na le mabone a supileng a mollo a tukang ka pela terone, mme a bolela meya e supileng ya Modimo. 6 Ka pela terone ho na le ho jwalo ka lewatle le kang kgalase le jwalo ka kristale. Hara terone le ho pota terone ho na le dibopuwa tse phelang tse nne tse tletseng mahlo ka pele le ka morao. 7 Sebopuwa se phelang sa pele se jwalo ka tau, mme Sebopuwa se phelang sa bobedi se jwalo ka pohwana, mme Sebopuwa se phelang sa boraro se na le sefahleho se jwalo ka sa motho, mme Sebopuwa se phelang sa bone se jwalo ka ntsu e fofang. 8 Ha e le dibopuwa tse phelang tse nne, se seng le se seng sa tsona se na le mapheo a tsheletseng; ho di potapota le ka tlase di tletse mahlo. Bosiu le motshehare ha di phomole ha di ntse di re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela Jehova Modimo, ya Matla ohle, ya neng a le teng le ya teng le ya tlang.” 9 Neng kapa neng ha dibopuwa tse phelang di fana ka thoriso le tlhompho le diteboho ho Ya dutseng teroneng, Ya phelang ka ho sa feleng le ka mehla, 10 baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe ka pela Ya dutseng teroneng mme ba rapela Ya phelang ka ho sa feleng le ka mehla, mme ba lahlela meqhaka ya bona ka pela terone, ba re: 11 “Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle, mme ka lebaka la thato ya hao di ile tsa e ba teng mme tsa boptjwa.”