Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
6-12 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 1-2
“Jehova o Bopa Dintho”
(Genese 1:3, 4) Modimo a re: “Lesedi le ke le be teng.” Jwale lesedi la e ba teng. 4 Ka mora moo Modimo a bona hore lesedi le molemo, mme Modimo a hlahisa karohano pakeng tsa lesedi le lefifi.
(Genese 1:6) Modimo a tswela pele ho re: “Ho ke ho be le sepakapaka pakeng tsa metsi mme ho ke ho be le karohano pakeng tsa metsi le metsi.”
(Genese 1:9) Modimo a tswela pele ho re: “Metsi a ka tlasa mahodimo a ke a bokellwe sebakeng se le seng mme ho ke ho hlahe naha e omileng.” Mme ha e ba jwalo.
(Genese 1:11) Modimo a tswela pele ho re: “Lefatshe le ke le hlahise jwang, dimela tse behang peo, difate tsa ditholwana tse behang ditholwana ho ya ka mefuta ya tsona, tseo peo ya tsona e leng ho tsona, hodima lefatshe.” Mme ha e ba jwalo.
it-1-E 527-528
Popo
Ka Letsatsi la Pele ha Modimo a ne a re, “Lesedi le ke le be teng,” ha ho potang hore lesedi le ile la phunyelletsa marung le hoja mehlodi ya lesedi leo e sa ka ya hlahella lefatsheng. Ho bonahala e ne e le ntho e neng e etsahala butlebutle, jwalo ka ha mofetoledi J. W. Watts a ile a re: “Butlebutle kganya ya e ba teng.” (Ge 1:3, A Distinctive Translation of Genesis) Modimo o ile a etsa hore ho be le karohano pakeng tsa lesedi le lefifi mme a bitsa lesedi Motshehare, empa lefifi a le bitsa Bosiu. Sena se bontsha hore lefatshe le ne le ntse le potoloha letsatsi, e le hore ho ka ba le kganya le lefifi karolong e ka botjhabela le e ka bophirimela ya lefatshe.—Ge 1:3, 4.
Ka Letsatsi la Bobedi Modimo o ile a etsa hore ho be le sepakapaka ka ho etsa karohano “pakeng tsa metsi le metsi.” Metsi a mang a ile a sala lefatsheng empa a mang a mangata a ile a phahamisetswa karolong e ka hodimo ya lefatshe mme pakeng tsa metsi ana ha e ba le sepakapaka. Modimo o ile a bitsa sepakapaka Lehodimo, empa o ne a bua ka sebaka se hodimo mona lefatsheng, jwalo ka ha Bibele e sa bontshe hore metsi a emeng ka hodima sepakapaka, a na le dinaledi le dintho tse ding tse lehodimong.—Ge 1:6-8; sheba EXPANSE.
Ka Letsatsi la Boraro Modimo o ile a sebedisa matla a hae ho bokella metsi nqa e le nngwe yaba ho hlaha naha e omileng mme Modimo a e bitsa Lefatshe. Letsatsing lona lena Modimo o ile a qala ho etsa hore ho be le jwang, dimela le difate tsa ditholwana lefatsheng mme dintho tsena ha di a ka tsa itlhahela feela kapa tsa iketsa. Dintho tsena tse tharo di ne di ka kgona ho hlahisa tse ding ho ya ka “mefuta” ya tsona.—Ge 1:9-13.
(Genese 1:14) Modimo a tswela pele ho re: “Ho ke ho be le mehlodi ya lesedi sepakapakeng sa mahodimo ho etsa karohano pakeng tsa motshehare le bosiu; mme e tla ba dipontsho le dinako tsa selemo le matsatsi le dilemo.
(Genese 1:20) Modimo a tswela pele ho re: “Metsi a ke a nyeunye boiyane ba meya e phelang mme dibopuwa tse fofang di ke di fofe hodima lefatshe sepakapakeng sa mahodimo.”
(Genese 1:24) Modimo a tswela pele ho re: “Lefatshe le ke le hlahise meya e phelang ho ya ka mefuta ya yona, phoofolo e ruuwang le phoofolo e hahabang le sebata sa lefatshe ho ya ka mofuta wa sona.” Mme ha eba jwalo.
(Genese 1:27) Modimo a bopa motho ka setshwantsho sa hae, a mo bopa ka setshwantsho sa Modimo; a ba bopa e le e motona le e motshehadi.
it-1-E 528 ¶5-8
Popo
Ke ho thahasellisang hore ebe ho Genese 1:16 ha ho a sebediswa leetsi la Seheberu e leng ba·raʼʹ, le bolelang “ho bopa.” Ho e na le hoo, ho sebedisitswe leetsi la Seheberu e leng ʽa·sahʹ le bolelang “ho etsa.” Ka ha “mahodimo” ao ho buuwang ka wona ho Genese 1:1 a akarelletsa letsatsi, kgwedi le dinaledi, sena se bontsha hore di ile tsa boptjwa pele ho Letsatsi la Bone. Ka letsatsi la bone Modimo o ile a tswela pele ho “etsa” hore dintho tsena tse lehodimong di sebetse lefatsheng le sepakapakeng. Ha Bibele e re, ‘Modimo o ile a di beha sepakapakeng sa mahodimo hore di kganye hodima lefatshe,’ sena se bontsha hore ha motho a le lefatsheng o ne a ka di bona di le sepakapakeng. Hape mehlodi eo ya lesedi e ne “e tla ba dipontsho le dinako tsa selemo le matsatsi le dilemo,” tseo ha morao di neng di tla thusa batho.—Ge 1:14.
Ka Letsatsi la Bohlano diphoofolo di ile tsa boptjwa. Modimo ha a a ka a bopa phoofolo e le nngwe hore e hlahise tse ding empa o ile a hlahisa mefuta e mengata ya diphoofolo. Bibele e re: “Modimo [o ile a] bopa diphoofolo tsa ditonanahadi tsa lewatle le moya o mong le o mong o phelang o tsamayang, tseo metsi a di hlahisitseng ka bongata ho ya ka mefuta ya tsona, le sebopuwa se seng le se seng se fofang se nang le mapheo ho ya ka mofuta wa sona.” Modimo o ne a kgotsofetse ka dintho tseo a di bopileng mme o ile a di hlohonolofatsa a re di “ngatafale.” Sena se ne se ka kgoneha hobane Modimo o di bopile di na le bokgoni ba ho ikatisa “ho ya ka mefuta ya tsona.”—Ge 1:20-23.
Ka Letsatsi la Botshelela “Modimo [o ile a] etsa dibata tsa lefatshe ho ya ka mofuta wa tsona le diphoofolo tse ruuwang ho ya ka mofuta wa tsona le phoofolo e nngwe le e nngwe e hahabang ya lefatshe ho ya ka mofuta wa yona,” mme o ne a ntse a entse mosebetsi o motle.—Ge 1:24, 25.
Qetellong ya letsatsi la botshelela Modimo o ile a bopa motho, e leng sebopuwa se phahametseng diphoofolo empa se sa phahamela mangeloi. Motho enwa o ne a entswe ka setshwantsho sa Modimo. Genese 1:27 yona ha e bua ka batho e re Modimo o ile “a ba bopa e le e motona le e motshehadi,” mme Genese 2:7-9 e re Jehova Modimo o ile a etsa motho ka lerole la lefatshe, a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya bophelo, mme motho ya e ba moya o phelang. O ile a ba le dijo mme a dula paradiseng. Jehova o ile a sebedisa lerole la lefatshe ho bopa motho mme o ile a sebedisa kgopo ya Adama ho bopa mosadi. (Ge 2:18-25) Ka mora hore Modimo a bope mosadi, batho ba ne ba ka kgona ho ikatisa.—Ge 5:1, 2.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 1:1) Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.
w15 6/1 5
Saense e o Ama Jwang?
Lefatshe le bokahohle di bile teng neng?
Borasaense ba hakanya hore lefatshe le bile teng dilemong tse ka bang dibilione tse 4 tse fetileng le hore bokahohle bo bile teng dilemong tse ka bang dibilione tse 13 ho isa ho tse 14 tse fetileng. Bibele ha e bolele hore na bokahohle bo bile teng neng. Ha ho moo e reng lefatshe le bile teng dilemong tse fetileng tse ka bang dikete tse seng kae feela. Temana e qalang ya Bibele e re: “Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.” (Genese 1:1) Polelo eo e tlwaelehileng e thusa bo rasaense ho hakanya hore na lefatshe le bile teng neng ho latela melao ya saense.
(Genese 1:26) Modimo a tswela pele ho re: “A re etse motho ka setshwantsho sa rona, ho ya ka sebopeho sa rona, mme ba laole ditlhapi tsa lewatle le dibopuwa tse fofang tsa mahodimo le diphoofolo tse ruuwang le lefatshe lohle le phoofolo e nngwe le e nngwe e hahabang lefatsheng.”
it-2-E 52
Jesu Kreste
E ne e se Mmopi. Le hoja Jesu a ile a kenya letsoho ho bopa dintho, seo ha se bolele hore ke Mmopi jwalo ka ha Ntate wa hae e le Mmopi. Matla a ho bopa a tswa ho Modimo, a sebedisa moya wa hae o halalelang kapa matla a sebetsang. (Ge 1:2; Pes 33:6) Hape ka ha Jehova ke Mohlodi wa bophelo, dintho tsohle tse phelang, tse bonahalang le tse sa bonahaleng ke tsa hae. (Pes 36:9) Mora ha se Mmopi ho e na le hoo Jehova o ile a mo sebedisa ho bopa dintho. Jesu ka boyena o ile a tlotlisa Modimo ka dintho tseo a di bopileng jwalo ka ha Mangolo wohle a bontsha hore Modimo ke Mmopi.—Mat 19:4-6; sheba CREATION.
Mmalo wa Bibele
(Genese 1:1-19) Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe. 2 Jwale lefatshe le ne le se na sebopeho ebile le se na letho mme lefifi le ne le le hodima bodiba; matla a sebetsang a Modimo a ne a e ya kwana le kwana hodima metsi. 3 Modimo a re: “Lesedi le ke le be teng.” Jwale lesedi la e ba teng. 4 Ka mora moo Modimo a bona hore lesedi le molemo, mme Modimo a hlahisa karohano pakeng tsa lesedi le lefifi. 5 Modimo a bitsa lesedi Motshehare, empa lefifi a le bitsa Bosiu. Ya e ba mantsiboya mme ya e ba hoseng, letsatsi la pele. 6 Modimo a tswela pele ho re: “Ho ke ho be le sepakapaka pakeng tsa metsi mme ho ke ho be le karohano pakeng tsa metsi le metsi.” 7 Jwale Modimo a etsa sepakapaka mme a etsa karohano pakeng tsa metsi a lokelang ho ba ka tlasa sepakapaka le metsi a lokelang ho ba ka hodima sepakapaka. Mme ha e ba jwalo. 8 Modimo a bitsa sepakapaka Lehodimo. Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, letsatsi la bobedi. 9 Modimo a tswela pele ho re: “Metsi a ka tlasa mahodimo a ke a bokellwe sebakeng se le seng mme ho ke ho hlahe naha e omileng.” Mme ha eba jwalo. 10 Modimo a bitsa naha e omileng Lefatshe, empa pokello ya metsi a e bitsa Mawatle. Ho ekelletsa moo, Modimo a bona hore ho molemo. 11 Modimo a tswela pele ho re: “Lefatshe le ke le hlahise jwang, dimela tse behang peo, difate tsa ditholwana tse behang ditholwana ho ya ka mefuta ya tsona, tseo peo ya tsona e leng ho tsona, hodima lefatshe.” Mme ha eba jwalo. 12 Lefatshe la qala ho hlahisa jwang, dimela tse behang peo ho ya ka mefuta ya tsona le difate tse behang ditholwana, tseo peo ya tsona e leng ho tsona ho ya ka mefuta ya tsona. Jwale Modimo a bona hore ho molemo. 13 Ya e ba mantsiboya mme ya e ba hoseng, letsatsi la boraro. 14 Modimo a tswela pele ho re: “Ho ke ho be le mehlodi ya lesedi sepakapakeng sa mahodimo ho etsa karohano pakeng tsa motshehare le bosiu; mme e tla ba dipontsho le dinako tsa selemo le matsatsi le dilemo. 15 E tla ba mehlodi ya lesedi sepakapakeng sa mahodimo hore e kganye hodima lefatshe.” Mme ha eba jwalo. 16 Modimo a etsa mehlodi e mmedi e meholo ya lesedi, mohlodi o moholo wa lesedi bakeng sa ho laola motshehare le mohlodi o monyenyane wa lesedi bakeng sa ho laola bosiu, le dinaledi. 17 Ka hoo Modimo a e beha sepakapakeng sa mahodimo hore e kganye hodima lefatshe, 18 le ho laola motshehare le bosiu le ho etsa karohano pakeng tsa lesedi le lefifi. Jwale Modimo a bona hore ho molemo. 19 Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, letsatsi la bone.
13-19 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 3-5
“Ditlamorao Tse Utlwisang Bohloko Tsa Leshano la Pele”
(Genese 3:1-5) Jwale noha e ne e le sedi ka ho fetisisa hara dibata tsohle tsa naha tseo Jehova Modimo a di entseng. Ka hoo ya qala ho re ho mosadi: “Na ehlile Modimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” 2 Yaba mosadi o re ho noha: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng. 3 Empa ha e le ho ja ditholwana tsa sefate se hara serapa, Modimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, tjhe, le se ke la di ama e le hore le se ke la shwa.’” 4 Yaba noha e re ho mosadi: “Ka sebele le ke ke la shwa. 5 Etswe Modimo wa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha mme le tla ba jwalo ka Modimo, le tsebe botle le bobe.”
Morero wa Jehova o Tla Phethahala!
9 Satane Diabolose o ile a sebedisa noha ho thetsa Eva hore a se ke a mamela Ntate wa hae Jehova. (Bala Genese 3:1-5; Tšen. 12:9) Satane o ile fetola mantswe a Modimo a fana ka maikutlo a hore ba ne ba sa lokela ho ja ditholwana tsa “sefate se seng le se seng se serapeng.” Ho jwalo ka ha e ka o ne a re: ‘Na o bolela hore ha le kgone ho etsa seo le se batlang?’ Ka mora moo, o ile a bua leshano le letala, a re: “Ka sebele le ke ke la shwa.” O ile a leka ho kgodisa Eva hore o ne a sa hloke ho mamela Modimo, ha a re: “Modimo o a tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha.” Satane o ile a re Jehova ha a batle ha ba eja tholwana ya sefatse seo hobane a tseba hore ba tla hlalefa. Ho feta moo, Satane o ile a etsa tshepiso ena ya bohata: “Le tla ba jwalo ka Modimo, le tsebe botle le bobe.”
(Genese 3:6) Ka lebaka leo mosadi a bona hore sefate se loketse ho jewa le hore se a lakatseha mahlong, e, sefate se ne se lakatseha ha se tadingwa. Ka hoo a qala ho kga tholwana ya sona mme a e ja. Ka mora moo a fa le monna wa hae ha a se a e na le yena mme a qala ho e ja.
w00 11/15 25-26
Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele
Na sebe sa Eva se ne se ke ke sa qojwa? Le hanyenyane. Ipehe boemong ba hae. Noha e ile ya sotha ka ho feletseng seo Modimo le Adama ba neng ba se buile. O ne o tla ikutlwa jwang haeba motho eo o sa mo tsebeng a ne a qosa motho eo o mo ratang le eo o mo tshepang ka hore ha a tshepahale? Eva a ka be a ile a arabela ka tsela e fapaneng, e bontshang ho teneha le ho halefa, esita le ho hana ho mamela. Etswe, noha e ne e le mang hore e ka belaella ho loka ha Modimo le se builweng ke monna wa hae? Ka lebaka la ho hlompha molaomotheo wa bohlooho, Eva a ka be a ile a batla keletso pele a etsa qeto le ha e le efe. Re lokela ho etsa se tshwanang ha ho ka etsahala hore re bolellwe dintho tse kgahlanong le ditaelo tseo Modimo a re fileng tsona. Empa, Eva o ile a tshepa dipolelo tsa Moleki, a lakatsa hore a iketsetse qeto ka se setle le se sebe. Ha a ntse a nahanisisa haholwanyane ka taba ena, e ile ya ipiletsa haholwanyane ho yena. O ile a etsa phoso e kaakang ka ho dula a nahana ka takatso e fosahetseng, ho e na le hore a e tlose kelellong kapa a buisane le hlooho ya lelapa ka ditaba tsee!—1 Bakorinthe 11:3; Jakobo 1:14, 15.
Adama o Mamela Lentswe la Mosadi wa Hae
Kapele Eva o ile a phehella Adama hore a kopanele le yena sebeng. Re ka hlalosa ho dumela ha hae habonolo jwang? (Genese 3:6, 17) Adama o ile a tadimana le ntwa ya hore na o tshepahala ho mang. Na o ne a tla mamela Mmopi wa hae, ya neng a mo file ntho e nngwe le e nngwe, ho akarelletsa le molekane ya ratwang, Eva? Na Adama o ne a tla batla tataiso ya Modimo mabapi le seo a neng a lokela ho se etsa nakong ye? Kapa monna o ne a tla ema le mosadi wa hae? Adama o ne a tseba hantle hore seo mosadi wa hae a neng a e na le tshepo ya hore o tla se fumana ka ho ja tholwana e hanetsweng e ne e le bohata. Moapostola Pauluse o ile a budulelwa hore a ngole tjena: “Adama ha a a ka a thetswa, empa mosadi o ile a thetswa ka ho phethahetseng mme a ba tlolong.” (1 Timothea 2:14) Ka hona, Adama o ile a kgetha ka boomo ho hanyetsa Jehova. Ho bonahala hore tshabo ya hae ya ho arohana le mosadi wa hae e ne e le kgolwanyane ho feta tumelo ya hae matleng a Modimo a ho lokisa boemo.
(Genese 3:15-19) Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosadi le pakeng tsa peo ya hao le peo ya hae. E tla o kgoba hlooho mme wena o tla e loma serethe.” 16 A re ho mosadi: “Ke tla eketsa bohloko ba boimana ba hao haholo; o tla tswala bana ka bohloko bo hlabang ba pelehi, mme o tla ba le takatso bakeng sa monna wa hao, mme o tla o laola.” 17 Yaba o re ho Adama: “Ka hobane o mametse lentswe la mosadi wa hao mme o jele tsa sefate seo ke o laetseng tjena malebana le sona, ‘O se ke wa ja tsa sona,’ lefatshe le rohakilwe ka lebaka la hao. O tla ja dihlahiswa tsa lona ka bohloko ka matsatsi wohle a bophelo ba hao. 18 Le tla o medisetsa meutlwa le dihlabahlabane, mme o tla ja dimela tsa naha. 19 O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao ho fihlela o kgutlela mobung, ka ha o ntshitswe ho wona. Etswe o lerole mme o tla kgutlela leroleng.”
w12 9/1 4 ¶2
Na Ruri Modimo o Tsotella Basadi?
Na basadi ba rohakilwe ke Modimo?
Tjhe. Ho e na le hoo “noha ya pele, e bitswang Diabolose” ke yona e ‘rohakilweng’ ke Modimo. (Tšenolo 12:9; Genese 3:14) Ha Modimo a ne a re Adama o ne a tla “laola” mosadi wa hae o ne a sa bontshe hore ho loketse hore monna a hatelle mosadi. (Genese 3:16) O ne a mpa a bolela ka diphello tse bohloko tsa sebe tse neng di tla etsahalla banyalani bao ba pele.
w04 1/1 29 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Genese—I
3:17—Lefatshe le ile la rohakwa ka tsela efe, hona e le ka nako e kae? Ho rohakwa ha lefatshe ho ne ho bolela hore ho ne ho tla ba thata haholo ho le lema. Diphello tsa lefatshe le rohakilweng, le nang le meutlwa le dihlabahlabane, di ile tsa utluwa haholo ke ditloholo tsa Adama hoo ntata Noe, Lameke, a ileng a bua ka ‘bohloko ba matsoho a rona bo bakwang ke lefatshe leo Jehova a le rohakileng.’ (Genese 5:29) Ka mora Morwallo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Noe le bara ba hae, a bolela hore morero wa Hae ke hore ba tlatse lefatshe. (Genese 9:1) Ka moo ho bonahalang ka teng, thohako eo Modimo a neng a rohakile lefatshe ka yona e ile ya fela.—Genese 13:10.
it-2-E 186
Bohloko ba Pelehi
Motho o utlwa bohloko ha a beleha. Ka mora hore Eva a etse sebe Modimo o ile a mo jwetsa hore o tla beleha ha bohloko. Hoja a ile a dula a mamela Modimo, Modimo o ne a tla tswela pele a mo hlohonolofatsa mme o ne a ke ke a beleha ha bohloko, ka ha “Tlhohonolofatso ya Jehova ya ruisa, mme ha a e phaelle ka bohloko.” (Lipr 10:22) Empa ka ha o ne a se a sa phethahala, o ne a tla beleha ha bohloko. Tumellanong le seo, Modimo o itse (hangata ha Bibele e re Modimo o tla etsa ntho e itseng, a be a dumelletse hore e etsahahale): “Ke tla eketsa bohloko ba boimana ba hao haholo; o tla tswala bana ka bohloko bo hlabang ba pelehi.” —Ge 3:16.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 4:23, 24) Ka lebaka leo Lameke a hlophisa mantswe ana bakeng sa basadi ba hae Ada le Tsilla: “Utlwang lentswe la ka, lona basadi ba Lameke; Mamelang polelo ya ka: Ke bolaile monna ka lebaka la ho nntsha leqeba, E, ka bolaya mohlankana ka lebaka la ho nkotla. 24 Haeba Kaine o tla pheteletswa ka makgetlo a supileng, Jwale Lameke o tla pheteletswa ka makgetlo a mashome a supileng le a supileng.”
it-2-E 192 ¶5
Lameke
Thothokiso eo Lameke a ileng a e etsetsa basadi ba hae (Ge 4:23, 24) e bontsha hore ho ne ho e na le pefo ka nako eo. Thothokiso eo e ne e re: “Utlwang lentswe la ka, lona basadi ba Lameke; mamelang polelo ya ka: Ke bolaile monna ka lebaka la ho nntsha leqeba, e, ka bolaya mohlankana ka lebaka la ho nkotla. Haeba Kaine o tla pheteletswa ka makgetlo a supileng, jwale Lameke o tla pheteletswa ka makgetlo a mashome a supileng le a supileng.” Ho hlakile hore Lameke o ne a itshireletsa mme a bontsha hore ha a a ka a bolaya monna ka boomo jwalo ka Kaine. Lameke o ile a bontsha hore o bolaile monna ya ileng a mo otla le ho mo ntsha leqeba ho itshireletsa. Ka hoo, thothokiso ya hae e ne e tla mo sireletsa kgahlanong le mang kapa mang ya neng a tla batla ho iphetetsa ka lebaka la ho bolaya monna ya ileng a mo hlasela.
(Genese 4:26) Setha le yena a tswallwa mora mme a mo reha lebitso la Enoshe. Ka nako eo ho ile ha qalwa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.
it-1-E 338 ¶2
Bonyefodi
Batho ba ileng ba qala “ho ipiletsa lebitsong la Jehova” mehleng ya Enoshe nakwana pele ho morwallo, ha ba a a ka ba ipiletsa lebitsong la hae ka tsela e nepahetseng. Le ha ho le jwalo nako e telele pele ho moo, Abele o ile a ipiletsa lebitsong la Modimo le halalelang. (Ge 4:26; Heb 11:4) Jwalo ka ha bangodi ba bang ba bontsha, haeba batho ba bang ba ne ba ipiletsa lebitsong la Modimo ka tsela e fosahetseng mme ba sebedisa lebitso la Jehova ho batho kapa ho ditshwantsho tse betlilweng, seo se ne se tla bontsha bonyefodi.—Sheba ENOSH, ENOS.
Mmalo wa Bibele
(Genese 4:17–5:8) Ka mora moo Kaine a kopanela diphate le mosadi wa hae yaba wa ima mme o tswala Enoke. Yaba o haha motse mme o rehella motse ka lebitso la mora wa hae Enoke. 18 Ha morao Enoke a tswallwa Irade. Irade a tswala Mehujaele, Mehujaele a tswala Methushaele, mme Methushaele a tswala Lameke. 19 Lameke a inkela basadi ba babedi. Lebitso la wa pele e ne e le Ada mme lebitso la wa bobedi e ne e le Tsilla. 20 Ka mora nako Ada a tswala Jabale. Ya eba mothehi wa ba dulang ditenteng le ba nang le diphoofolo tse ruilweng. 21 Lebitso la morabo e ne e le Jubale. Ya eba mothehi wa bohle ba tshwarang harepa le phala. 22 Ha e le Tsilla, le yena o ile a tswala Tubale-kaine, setei sa mofuta o mong le o mong wa sesebediswa sa koporo le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-kaine e ne e le Naama. 23 Ka lebaka leo Lameke a hlophisa mantswe ana bakeng sa basadi ba hae Ada le Tsilla: “Utlwang lentswe la ka, lona basadi ba Lameke; Mamelang polelo ya ka: Ke bolaile monna ka lebaka la ho nntsha leqeba, E, ka bolaya mohlankana ka lebaka la ho nkotla. 24 Haeba Kaine o tla pheteletswa ka makgetlo a supileng, jwale Lameke o tla pheteletswa ka makgetlo a mashome a supileng le a supileng.” 25 Adama a boela a kopanela diphate le mosadi wa hae ka hoo a tswala mora yaba o mo reha lebitso la Setha, hobane, jwalo ka ha a boletse: “Modimo o mpehetse peo e nngwe sebakeng sa Abele, hobane Kaine o mo bolaile.” 26 Setha le yena a tswallwa mora mme a mo reha lebitso la Enoshe. Ka nako eo ho ile ha qalwa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.
5 Ena ke buka ya histori ya Adama. Letsatsing leo Modimo a bopileng Adama ka lona o ile a mo etsa ka sebopeho sa Modimo. 2 A ba bopa e le e motona le e motshehadi. Ka mora moo a ba hlohonolofatsa yaba o ba reha lebitso la Motho letsatsing leo ba bopilweng ka lona. 3 Adama a tswela pele ho phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo. Jwale a tswala mora ya tshwanang le yena, ka setshwantsho sa hae, yaba o mo reha lebitso la Setha. 4 Matsatsi a Adama ka mora ho tswala Setha e bile dilemo tse makgolo a robedi. Kgabareng a tswala bara le baradi. 5 Ka hoo matsatsi ohle a Adama ao a a phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a mararo yaba wa shwa. 6 Setha a tswela pele ho phela dilemo tse lekgolo le metso e mehlano. Jwale a tswala Enoshe. 7 Ka mora ho tswala Enoshe, Setha a tswela pele ho phela dilemo tse makgolo a robedi le metso e supileng. Kgabareng a tswala bara le baradi. 8 Ka hoo matsatsi ohle a Setha e bile dilemo tse makgolo a robong le leshome le metso e mmedi yaba wa shwa.
20-26 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 6-8
“O ile a Fela a Etsa Jwalo”
(Genese 6:9) Ena ke histori ya Noe. Noe e ne e le motho ya lokileng. O ne a se na molato hara batho ba mehleng ya hae. Noe o ne a tsamaya le Modimo wa nnete.
(Genese 6:13) Ka mora moo Modimo a re ho Noe: “Bofelo ba nama yohle bo fihlile ka pela ka, hobane lefatshe le tletse pefo ka lebaka la bona; mme bona! ke tla ba fedisa ha mmoho le lefatshe.
Etsisa Tumelo ya Noe, Daniele le Jobo
4 Mathata ao Noe a ileng a tobana le wona. Mehleng ya ntatemoholo wa Noe e leng Enoke, batho ba ne ba fetohetse Modimo ka ho felletseng. Ba ne ba bile ba bua ‘dintho tse tshosang’ kgahlanong le Jehova. (Juda 14, 15) Pefo e ne e ntse e ata. Ha e le hantle, mehleng ya Noe, “lefatshe le ne le tletse pefo.” Mangeloi a kgopo a ile a iphetola batho, a nyala basadi mme a tswala bana ba dinatla ba neng ba rata ntwa. (Gen. 6:2-4, 11, 12) Empa Noe o ne a sa tshwane le batho ba mehleng eo. Bibele e re Noe o ile a “fumana kamohelo mahlong a Jehova. . . . O ne a se na molato hara batho ba mehleng ya hae. Noe o ne a tsamaya le Modimo wa nnete.”—Gen. 6:8, 9.
(Genese 6:14-16) Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntshang boroku. O tla etsa diphaposi ka arekeng, mme o e kwahele ka sekontiri ka hare le ka ntle. 15 O tla e etsa ka mokgwa ona: bolelele ba areka e be ditswe tse makgolo a mararo, bophara ba yona e be ditswe tse mashome a mahlano, mme bophahamo ba yona e be ditswe tse mashome a mararo. 16 O tla etsetsa areka tsohar [marulelo; kapa, fensetere], mme o tla e phetha ho isa tekanyong ya setswe ho ya hodimo, o tla beha monyako wa areka lehlakoreng la yona; mme o tla e etsa e e na le mokato o ka tlase, mokato wa bobedi le mokato wa boraro.
w13 4/1 14 ¶1
O ne a Tsamaya le Modimo wa Nnete
Mosebetsi ona o ile wa nka dilemo tse mashome, mohlomong dilemo tse 40 ho isa ho tse 50. Ba ne ba lokela ho rema difate, ho di hula, ho etsa dipalo ho di betla le ho di kopanya. Areka e ne e lokela ho ba le mekato e meraro, diphaposi tse ngata le monyako lehlakoreng. Ho hlakile hore ho ne ho e na le difensetere hodimo, ha mmoho le marulelo a phahamisitsweng hare a ditsweng hanyenyane ka sekontiri e le hore metsi a phalle.—Genese 6:14-16.
(Genesis 6:22) Yaba Noe o etsa ho ya ka sohle seo Modimo a mo laetseng sona. A fela a etsa jwalo.
w11 9/15 18 ¶13
Matha ka Mamello Peisong
13 Keng e ileng ya thusa bahlanka baa ba Jehova hore ba mamelle mme ba atlehe peisong? Hlokomela seo Pauluse a ileng a se ngola ka Noe. (Bala Baheberu 11:7.) Noe o ne a ‘e so ka a bona’ “morwallo wa metsi hodima lefatshe [o neng o tla] fedisa nama yohle.” (Gen. 6:17) E ne e le ntho eo ho hang e e so ka e etsahala, e neng e sa lebellwa. Ho ntse ho le jwalo, Noe ha a a ka a nka hore ke ntho e neng e ke ke ya kgoneha kapa ya etsahala. Hobaneng? Hobane o ne a e na le tumelo ya hore Jehova o tla etsa sohle seo a boletseng hore o tla se etsa. Noe ha a a ka a nka hore seo a neng a koptjwa hore a se etse se ne se le boima. Ho e na le hoo, o ile “a fela a etsa jwalo.” (Gen. 6:22) Ha re nahana ka sohle seo Noe a neng a tlameha ho se etsa, e leng ho haha areka, ho bokella diphoofolo, ho bokella dijo ka arekeng bakeng sa batho le diphoofolo, ho bolela molaetsa o lemosang batho le ho thusa lelapa la hae hore le dule le e na le kamano e ntle le Modimo, re hlokomela hore ho “etsa jwalo” e ne e se mosebetsi o bonolo. Le ha ho le jwalo, tumelo ya Noe le mamello ya hae di ile tsa etsa hore yena le ba lelapa la hae ba fumane bophelo ba be ba hlohonolofatswe.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 7:2) Ho phoofolo e nngwe le e nngwe e hlwekileng o inkele tse supileng, e tona le molekane wa yona; mme ho phoofolo e nngwe le e nngwe e sa hlwekang e be tse pedi feela, e tona le molekane wa yona;
w04 1/1 29 ¶7
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Genese—I
7:2—Ke eng se neng se sebediswa e le motheo wa ho kgetholla diphoofolo tse hlwekileng le tse sa hlwekang? Ka moo ho bonahalang ka teng, motheo wa ho kgetholla e ne e le tshebediso ya mahlabelo borapeding eseng hore na ke phoofolo efe e neng e ka jewa le hore na ke efe e neng e ke ke ya jewa. Pele ho Morwallo batho ba ne ba sa je nama ya diphoofolo. Hore ho na le dijo tse “hlwekileng” le tse “sa hlwekang” ho ile ha hlaha ka Molao wa Moshe, mme ha fela ha o fediswa. (Liketso 10:9-16; Baefese 2:15) Ka moo ho bonahalang ka teng, Noe o ne a tseba hore na ke eng se neng se tshwaneleha bakeng sa ho etsa sehlabelo borapeding ba Jehova. Hang feela ha a tswa ka arekeng, o ile “a qala ho hahela Jehova aletare le ho nka tse ding tsa diphoofolo tsohle tse hlwekileng le tse ding tsa dibopuwa tsohle tse fofang tse hlwekileng mme a nyehela dinyehelo tsa setjheso aletareng.”—Genese 8:20.
(Genese 7:11) Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa bophelo ba Noe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka letsatsi lena mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha mme dikgoro tsa morwallo tsa mahodimo tsa buleha.
w04 1/1 30 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Genese—I
7:11—Metsi a ileng a baka Morwallo wa lefatshe lohle a ne a tswa hokae? Nakong ya bobedi ya popo, kapa ‘letsatsing’ la bobedi ha ho etswa “sepakapaka” hodima lefatshe, ho ne ho e na le metsi “ka tlasa sepakapaka” le metsi “ka hodima sepakapaka.” (Genese 1:6, 7) Metsi a ‘ka tlase’ e ne e le a seng a ntse a le lefatsheng. Metsi a ‘ka hodimo’ e ne e le mouwane o mongata o neng o lepeletse hodimo ka hodima lefatshe, o entse “bodiba bo boholo.” Metsi ana a ile a theohela lefatsheng mehleng ya Noe.
Mmalo wa Bibele
(Genese 6:1-16) Eitse ha batho ba qala ho eketseha hodima lefatshe mme ba tswallwa baradi, 2 jwale bara ba Modimo wa nnete ba qala ho hlokomela baradi ba batho, hore ba batle; yaba ba inkela basadi, e leng, bohle bao ba ba kgethileng. 3 Ka mora moo Jehova a re: “Moya wa ka o ke ke wa sebetsa ho motho ka nako e sa lekanyetswang ka ha ebile ke nama. Ka lebaka leo matsatsi a hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.” 4 Banefilime ba ne ba le teng lefatsheng matsatsing ao, le ka mora moo, ha bara ba Modimo wa nnete ba tswela pele ho kopanela diphate le baradi ba batho mme ba ba tswalla bara, e ne e le banna ba kgale ba matla, ba tummeng. 5 Ka lebaka leo Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatsheng mme tshekamelo yohle ya menahano ya pelo ya hae e mpe feela ka dinako tsohle. 6 Jehova a ikutlwa a swabile hore ebe o entse batho lefatsheng, mme pelo ya hae ya utlwa bohloko. 7 Ka hoo Jehova a re: “Ke tla fedisa batho bao ke ba bopileng hodima lefatshe, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo e ruuwang, ho ya ho phoofolo e hahabang le ho ya ho sebopuwa se fofang sa mahodimo, ka hobane ke swabile hore ebe ke di entse.” 8 Empa Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova. 9 Ena ke histori ya Noe. Noe e ne e le motho ya lokileng. O ne a se na molato hara batho ba mehleng ya hae. Noe o ne a tsamaya le Modimo wa nnete. 10 Ka mora nako Noe a tswala bara ba bararo, Sema, Kama le Jafeta. 11 Lefatshe le ne le senyehile mahlong a Modimo wa nnete mme lefatshe le ne le tletse pefo. 12 Ka hoo Modimo a bona lefatshe mme, bonang! le ne le senyehile, hobane nama yohle e ne e sentse tsela ya yona lefatsheng. 13 Ka mora moo Modimo a re ho Noe: “Bofelo ba nama yohle bo fihlile ka pela ka, hobane lefatshe le tletse pefo ka lebaka la bona; mme bona! ke tla ba fedisa ha mmoho le lefatshe. 14 Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntshang boroku. O tla etsa diphaposi ka arekeng, mme o e kwahele ka sekontiri ka hare le ka ntle. 15 O tla e etsa ka mokgwa ona: bolelele ba areka e be ditswe tse makgolo a mararo, bophara ba yona e be ditswe tse mashome a mahlano, mme bophahamo ba yona e be ditswe tse mashome a mararo. 16 O tla etsetsa areka tsohar [marulelo; kapa, fensetere], mme o tla e phetha ho isa tekanyong ya setswe ho ya hodimo, o tla beha monyako wa areka lehlakoreng la yona; mme o tla e etsa e e na le mokato o ka tlase, mokato wa bobedi le mokato wa boraro.
27 JANUARY–2 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 9-11
“Lefatshe Lohle le ile la Tswela Pele le e na le Puo e le Nngwe”
(Genese 11:1-4) Jwale lefatshe lohle la tswela pele le e na le puo e le nngwe le pokello e le nngwe ya mantswe. 2 Eitse ha ba le leetong le yang nqa botjhabela ba qetella ba fumane thota naheng ya Shinare, mme ba dula teng. 3 Yaba ba qala ho buisana, ba re: “Tloong! A re etseng ditene mme re di bese ka ho di tjhesa.” Ka hoo setene ya e ba lejwe la bona, empa sekontiri se thata ya e ba seretse sa bona. 4 Jwale ba re: “Tloong! A re ikaheleng motse le tora eo tlhoro ya yona e leng mahodimong, mme re iketsetseng lebitso le tummeng, esere ra hasanngwa lefatsheng lohle.”
it-1-E 239
Babylona e Moholo
Babylona ya Boholoholo. Motse wa Babylona e moholo o Thoteng ya Shinare o ile wa ahwa ka nako e le nngwe le Tora ya Babele. (Ge 11:2-9) Batho ba neng ba aha tora ena le motse ona ha ba a a ka ba di aha ho tlotlisa lebitso la Modimo empa ba ne ba batla ho ‘iketsetsa lebitso le tummeng.’ Ditora tsena tse fumanehang dithakong tsa Babylona ya boholoholo le Mesopotamia di bontsha hore e ka nna yaba e ne e le tsa bodumedi. Taba ya hore Jehova Modimo o ile a heletsa moaho wa tempele eo e bontsha ka ho hlaka hore e ne e le ya bodumedi ba bohata. Lebitso la motse oo la Seheberu, e leng Babele le bolela “Pherekano,” la Sumeria (Ka-dingir-ra) le la Seakkade (Bab-ilu) ka bobedi a bolela “Heke ya Modimo.” Ka hoo batho ba motse oo ba ile ba fetola lebitso leo e le hore ba se ke ba bontsha hore motse oo o ahlotswe ke Modimo empa lebitso le letjha leo ba ileng ba le kgetha le ne le ntse le bontsha hore motse oo ke wa bodumedi ba bohata.
it-2-E 202 ¶2
Puo
Tlaleho ya Genese e re bolella ka batho ba mehleng ya Noe ka mora morwallo ba sa kang ba mamela seo Modimo a ileng a se bolella Noe le bara ba hae. (Ge 9:1) Ho e na le hore ‘ba ate ba tlale lefatshe,’ ba ile ba kgetha ho dula nqa e le nngwe sebakeng seo ha morao se ileng sa bitswa Thota ya Shinare e Mesopotamia. Ka hoo sebaka seo se ile sa tsebahala e le sa bodumedi, se nang le tora ya bodumedi.—Ge 11:2-4.
(Genese 11:6-8) Ka mora moo Jehova a re: “Bonang! Ke setjhaba se le seng ebile bohle ba na le puo e le nngwe, mme sena ke seo ba qalang ho se etsa. Jwale ha ho letho leo ba ka hopolang ho le etsa leo ba ke keng ba le fihlela. 7 Tloong jwale! A re theoheng mme re ferekanye puo ya bona e le hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.” 8 Tumellanong le hoo Jehova a ba hasanya lefatsheng lohle ho tloha moo, mme butlebutle ba tlohela ho haha motse.
it-2-E 202 ¶3
Puo
Modimo ya Matla Ohle o ile a senya morero wa bona ka ho ferekanya puo ya bona. Sena se ile sa etsa hore ba se ke ba kgona ho sebedisana mmoho ho phetha morero wa bona mme ba ile ba hasana lefatsheng lohle. Hape se ne se tla ba sitisa hore ba sebedise bohlale le tsebo ya bona ho etsa dintho tseo ba di batlang kgahlanong le morero wa Modimo. (Bapisa le Moe 7:29; De 32:5.) Le hoja ho ferekanya puo ho ile ha arohanya batho ho ile ha ba tswela molemo hobane ho ile ha ba thusa hore ba se ke ba etsa dintho tse tla ba ntsha kotsi. (Ge 11:5-9; bapisa le Esa 8:9, 10.) Ha re sheba dintho tse itseng tseo batho ba di entseng mehleng ya rona ka lebaka la tsebo ya bona eo ba e sebedisang hampe, re hlokomela seo Modimo a ileng a re se tla etsahala haeba mosebetsi wa ho haha Babele o ne o ka tlohellwa hore o tswele pele.
(Genese 11:9) Ke ka lebaka leo o rehilweng lebitso la Babele, ka hobane Jehova o ile a ferekanya puo ya lefatshe lohle moo, mme Jehova a ba hasanya lefatsheng lohle ho tloha moo.
it-2-E 472
Ditjhaba
Ka ha batho ba ne ba se ba arohane ka dipuo, ba ile ba iqapela ditso, mekgwa, ditlwaelo, le bodumedi mme ba bang le ba bang ba ne ba etsa dintho ka tsela ya bona. (Le 18:3) Ka ha batho bana ba ne ba arohile ho Modimo, ba ile ba iketsetsa ditshwantsho tse betlilweng tse ngata tsa medimo ya bona.—De 12:30; 2Ma 17:29, 33.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 9:20-22) Jwale Noe a qala ho ba sehwai mme a lema serapa sa morara. 21 A qala ho nwa veine mme a tahwa, ka hoo a ikapola ka hara tente ya hae. 22 Ha morao Kama ntata Kanana a bona bofeela ba ntatae mme a ya bolella barababo ba babedi ka ntle.
(Genese 9:24, 25) Qetellong Noe a hlaphohelwa veineng ya hae mme a tseba seo mora wa hae e monyenyane a mo entseng sona. 25 Yaba o re:“Kanana a rohakwe. E ke e be lekgoba le tlaasetlaase la barababo.”
it-1-E 1023 ¶4
Kama
Ho ka etsahala hore Kanana o ne a le teng ketsahalong ena mme ntate wa hae e leng Kama ha a a ka a mo kgalemela. Kapa Noe o ile a bona esale pele hore mokgwa ona o mobe wa Kama, oo ho ka etsahalang hore mora wa hae Kanana o ne a se a ntse a na le wona, o ne o tla tshwaetsa ditloholo tsa Kanana. Thohako ena e ile ya qala ho phethahala ha Baiseraele ba buang Searame ba busa Bakanana. Bakanana ba sa kang ba fediswa (ka mohlala, Bagibeone [Jos 9]) e ile ya eba makgoba a Iseraele. Thohako ena e ile ya boela ya phethahala dilemo tse ngata ha morao, ha ditloholo tsa Kanana di buswa ke mebuso ya lefatshe ya Medo-Persia, Greece, le Roma.
(Genese 10:9, 10) O ile a iponahatsa e le setsomi se matla se hanyetsang Jehova. Ke ka lebaka leo ho nang le polelo e reng: “Feela jwalo ka Nimrode setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” 10 Mmuso wa hae o ile wa simoloha Babele le Ereke le Akade le Kalene, naheng ya Shinare.
it-2-E 503
Nimrode
Mmuso wa Nimrode o ile wa qala ho busa motse wa Babele, Ereke, Akade, Kalene ha mmoho le metse yohle ya naha ya Shinare. (Ge 10:10) Ka hoo ho ka etsahala hore ke yena ya ileng a re motse wa Babele ha mmoho le tora ya wona di hahwe. Sena se dumellana le seo Josephus wa Mojuda a ileng a se bua ha a re: “Hanyane hanyane Nimrode o ile a fetola mmuso wa hae hore e be o hatellang mme o ne a nka hore a ka etsa hore batho ba se ke ba tshaba Modimo ka ho etsa hore ba dule ba tshepa matla a hae. Nimrode o ne a ikemiseditse ho iphethetsa ho Modimo ka lebaka la baholoholo ba hae ba fedisitsweng, ka hoo haeba Modimo a ne a ka fedisa lefatshe ka morwallo hape, o ne a tla haha tora e neng e ke ke ya kwahelwa ke metsi. Batho ba ne ba batla ho mamela Nimrode hobane ba ne ba nka hore ho ikokobelletsa Modimo ke bokgoba, ka hoo ba ile ba haha tora mme e ile ya phahama ka pele ho feta ka moo ho neng ho lebelletswe ka teng.”—Jewish Antiquities, I, 114, 115 (iv, 2, 3).
Mmalo wa Bibele
(Genese 10:6-32) Bara ba Kama e ne e le Kushe le Mizraime le Pute le Kanana. 7 Bara ba Kushe e ne e le Seba le Havila le Sabta le Rama le Sabteka. Bara ba Rama e ne e le Sheba le Dedane. 8 Yaba Kushe o tswala Nimrode. Ke yena wa pele wa ho ba matla lefatsheng. 9 O ile a iponahatsa e le setsomi se matla se hanyetsang Jehova. Ke ka lebaka leo ho nang le polelo e reng: “Feela Jwalo ka Nimrode setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” 10 Mmuso wa hae o ile wa simoloha Babele le Ereke le Akade le Kalene, naheng ya Shinare. 11 Ho tloha naheng eo a ya Assyria mme a haha Ninive le Rehobothe-Ire le Kala 12 le Resene pakeng tsa Ninive le Kala: ona ke motse o moholo. 13 Mizraime a tswala Dudime le Anamime le Lehabime le Naftuhime 14 le Patrusime le Kasduhime (bao Bafidista ba tsoileng Hara bona) le Kaftorime. 15 Kanana a tswala Sidone letsibolo la hae le Hethe 16 le Mojebuse le Mwamore le Mogirgashe 17 le Moheve le Mwarke le Mosine 18 le Mwarvade le Mozemare le Mohamathe; mme ka mora moo malapa a Mokanana a hasana. 19 Ka hoo moedi wa Mokanana wa e-ba ho tloha Sidone ho ya fihla Gerare, haufi le Gaza, ho ya fihla Sodoma le Gomora le Adma le Zeboime, haufi le Lasha. 20 Bana e ne e le bara ba Kama ho ya ka malapa a bona, ho ya ka dipuo tsa bona, dinaheng tsa bona, ka ditjhaba tsa bona. 21 Sema, Moholoholo wa bara bohle ba Ebere, mor’abo Jafeta e moholo, le yena a tswallwa bana. 22 Bara ba Sema e ne e le Elame le Asshure le Arpakshade le Dude le Arame. 23 Bara ba Arame e ne e le Utse le Hule le Gethere le Mashe. 24 Arpakshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere. 25 Ebere a tswallwa bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane lefatshe le ile la arolwa matsatsing a hae; mme lebitso la mor’abo e ne e le Jokthane. 26 Jokthane a tswala Almodade le Shelefe le Hazaremavethe le Jera 27 le Hadorame le Uzale le Dikla 28 le Obale le Abimaele le Sheba 29 le Ofire le Havila le Jobabe; bana bohle e ne e le bara ba Jokthane. 30 Sebaka sa bona sa bodulo sa nama ho tloha Mesha ho ya fihla Sefare, sebaka se dithaba sa Botjhabela. 31 Bana e ne e le bara ba Sema ho ya ka malapa a bona, ho ya ka dipuo tsa bona, dinaheng tsa bona, ho ya ka ditjhaba tsa bona. 32 Ana ke malapa a bara ba Noe ho ya ka masika a bona, ka ditjhaba tsa bona, mme ditjhaba tse ileng tsa hasanngwa lefatsheng ka mora morwallo di tswa ho bona.