Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
4-10 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 18-19
“Dula o Itshwere Hantle”
Re ka Itshireletsa Jwang Kgahlanong le Maraba a Satane?
Ha Jehova a bolella Baiseraele ka boitshwaro bo bobe ba ditjhaba tse ba potolohileng, o ile a re: “Le se ke la etsa ka tsela eo naha ya Kanana, eo ke le isang ho yona, e etsang ka yona . . Naha ha ya hlweka, mme ke tla e tlisetsa kotlo bakeng sa phoso ya yona.” Ho Modimo ya halalelang wa Iseraele, tsela eo Bakanana ba neng ba itshwere ka yona e ne e le mpe hoo a ileng a bona le naha eo ba dulang ho yona e sa hlweka.—Lev. 18:3, 25.
Jehova o Tataisa Batho ba Hae
13 Marena ao a tshepahalang a ne a fapane hole le baetapele ba ditjhaba tse ding ba neng ba tataiswa ke bohlale bo fokolang ba batho. Tlasa puso ya Bakanana, batho ba ne ba etsa dintho tse mpe tse akareletsang, ho kopanela diphate le batho ba amanang le bona, ba bong bo tshwanang, ba robala le diphoofolo, mme ba etsa mahlabelo ka bana ebile ba rapela ditshwantsho. (Lev. 18:6, 21-25) Ho feta moo, baetapele ba Bababylona le Baegepeta ba ne ba sa latele melao ya bohlweki eo Modimo a neng a e file Baiseraele (Num. 19:13) Ho fapana le hoo, batho ba Modimo ba ile ba bona ka moo baetapele ba tshepahalang ba ileng ba ba behela mohlala ka teng, wa ho ba le kamano e ntle le Modimo, ho itshwara hantle le ho mamela melao ya bohlweki. Ho hlakile hore ba ne ba tataiswa ke Jehova.
w14 7/1 7 ¶2
Seo Modimo a Tla se Etsa ka Dintho Tse Bohloko
Ho tla etsahalang ka batho bao ka manganga ba hanang ho fetola tsela eo ba phelang ka yona mme ba ntse ba tswela pele ho etsa dintho tse bohloko? Nahana ka tshepiso ena e hlakileng: “Ba lokileng ke bona ba tla dula lefatsheng, mme ba sa tshwaweng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba kgopo, ba tla fediswa lefatsheng; ha e le ba bolotsana, ba tla tloswa ho lona.” (Liprovebia 2:21, 22) Tshusumetso ya batho ba kgopo e tla be e fedile. Maemong ao a re nang le kgotso, butlebutle batho ba mamelang ba tla lokoloha ho se phethahaleng hoo re ho futsitseng.—Baroma 6:17, 18; 8:21.
Matlotlo a Patilweng
w06 6/15 22 ¶11
“Molao wa Hao ke o Rata Hakaakang!”
11 Karolo ya bobedi ya Molao wa Moshe e neng e bontsha hore Modimo o amehile ka boiketlo ba batho ba hae, ke tokelo ya ho kgwahlapisa. Jehova o ne a laetse hore ha molemi wa Moiseraele a kotula dijalo tsa tshimo ya hae, o lokela ho dumella bahloki hore ba kgwahlapise seo bakotudi ba se siileng. Balemi ba ne ba sa lokela ho kotudisisa mathoko a masimo a bona, ebile ba ne ba sa lokela ho bokella merara e setseng kapa mehlwaare e setseng. Mangata a dijothollo a neng a lebetswe masimong a ne a sa lokela ho latwa. Tokisetso ena e ne e bontsha lerato bakeng sa mafutsana, bajaki, dikgutsana le basadi ba bahlolohadi. Ho ke ke ha latolwa hore ba ne ba lokela ho sebetsa ka thata ha ba kgwahlapisa, empa ha ba ne ba kgwahlapisa, ba ne ba ka qoba ho kopa.—Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 24:19-22; Pesaleme ya 37:25.
11-17 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 20-21
“Jehova o Arotse Bahlanka ba Hae Lefatsheng”
w04 10/15 11 ¶12
Na Paradeise e Tla Hle e be Teng?
12 Ho ntse ho le jwalo, ho na le ntho e nngwe eo re sa lokelang ho e hlokomoloha. Modimo o ile a re ho Baiseraele: “Le boloke taelo yohle eo ke le laelang yona kajeno, e le hore le be matla mme ruri le kene le rue naha eo le tshelang ho ya e rua.” (Deuteronoma 11:8) Ho Levitike 20:22, 24, ho buuwa ka naha yona eo tjena: “Le boloke ditaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsweng le diqeto tsohle tsa ka tsa boahlodi mme le di phethe, hore naha eo ke le tlisang hore le dule ho yona e se ke ya le hlatsa. Ka hoo ke itse ho lona: ‘Le tla rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona hore le e rue, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.’” E, ho rua Naha e Tshepisitsweng ho ne ho itshetlehile ka ho ba le kamano e ntle le Jehova Modimo. Ka lebaka la hore Baiseraele ha ba a ka ba mamela Modimo, o ile a dumella Bababylona hore ba ba hape mme ba ba tlose sebakeng seo ba neng ba dula ho sona.
it-1-E 1199
Lefa
Ntho le ha e le efe ya motho ya hlokahetseng e fuwang mojalefa kapa motho ya mo hlahlamang kapa eo baholoholo ba hae ba mo fang yona e le lefa. Leetsi la Seheberu le sebedisitsweng mona ke na·chalʹ (eo hape e bitswang na·chalahʹ). Le akarelletsa ho fana kapa ho fumana lefa ho tswa ho motho eo o mo hlahlamang. (Nu 26:55; Eze 46:18) Ka dinako tse ding leetsi ya·rashʹ le sebediswa ha ho buuwa ka mojalefa ya hlahlamang motho ya itseng empa hangata le sebediswa ha motho eo e seng mohlahlami a fumana lefa. (Ge 15:3; Le 20:24) Le boetse le bolela ho lwantsha motho e le ho mo leleka e le hore o fumane lefa. (De 2:12; 31:3) Mantswe a Segerike a buang ka lefa a amana le lentswe kleʹros, eo qalong e neng e bolela “lotho” ya boela ya bolela “ho arolelana” mme qetellong ya bolela “lefa.”—Mat 27:35; Lik 1:17; 26:18.
it-1-E 317 ¶2
Dinonyana
Ka mora Morwallo, Noe o ile a nyehela diphoofolo le “dibopuwa tse fofang tse hlwekileng.” (Ge 8:18-20) Ka mora moo, Modimo o ile a dumella batho hore ba ka ja dinonyana ha feela ba sa je madi a tsona. (Ge 9:1-4; bapisa le Le 7:26; 17:13.) Ka nako eo ha motho a ne a etsa sehlabelo ka nonyana e itseng mme Jehova a e amohela seo se ne se bontsha hore nonyana eo e hlwekile. Tlaleho ya Bibele e bontsha hore ha ho tluwa tabeng ya ho ja dinonyana, ha ho nonyana e neng e nkuwa e sa “hlweka” ho fihlela Molao wa Moshe o ba teng. (Le 11:13-19, 46, 47; 20:25; De 14:11-20) Bibele ha e hlalose hore na ke dintho dife tse neng di bontsha hore dinonyana tse itseng ‘ha di a hlweka.’ Le hoja bongata ba dinonyana tse neng di sa hlweka e ne e le tse jang nama le tse jang diphoofolo tse shweleng, ha se kaofela ha tsona tse neng di sa hlweka. (Sheba HOOPOE.) Modimo o ile a bontsha Petrose ponong hore molao ona o fedisitswe ha a ne a theha selekane se setjha.—Lik 10:9-15.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 563
Ho Itsheha
Molao wa Modimo o ne o hanela hore motho a itshehe bakeng sa motho ya hlokahetseng. (Le 19:28; 21:5; De 14:1) Lebaka e ne e le hore Iseraele e ne e le setjhaba se halalelang ho Jehova ebile e le thepa ya hae e kgethehileng. (De 14:2) Ka hoo, Baiseraele ba ne ba lokela ho qoba ka hohle ho etsa borapedi ba ditshwantsho. Ka ha Baiseraele ba ne ba utlwisisa hantle boemo ba bafu le hore ho na le tshepo ya tsoho ba ne ba sa lokela ho itsheha ha ba llela motho ya hlokahetseng. (Da 12:13; Heb 11:19) Hape ha ba mamela molao oo ba ne ba tla bontsha hore ba hlompha mmele eo Modimo a ba fileng yona.
18-24 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 22-23
“Mekete eo Baiseraele ba Neng ba e Keteka e Bolelang ho Rona?”
it-1-E 826-827
Mokete wa Mahobe a sa Lomoswang
Letsatsi la pele la Mokete wa Mahobe a sa Lomoswang e ne e le kopano e halalelang hape e le sabatha. Ka letsatsi la bobedi ka Nisane 16, ngata ya ditholwana tsa pele tsa harese e kotutsweng e neng e butswa pele Palestine e ne e tliswa ho moprista. Pele ho mokete oo ba ne ba sa lokela ho ja bohobe, dijo tse sa tswa kotulwa kapa dijo tse hadikilweng. Moprista o ne a nyehela ditholwana tsa pele ho Jehova ka hore a nke ngata ya harese mme a e tsokele kwana le kwana, o ne a boetse a nka pheleu e nyane e phetseng hantle e selemong sa yona sa pele e le nyehelo ya setjheso ho Jehova. Hape o ne a e nyehela le phofo e thumisehileng e kolobisitsweng ka oli le nyehelo ya seno. (Le 23:6-14) Ho ne ho se na taelo ya hore harese kapa phofo ya yona e tjhesetswe hodima aletare empa ka mora moo baprista ba ile ba etsa jwalo. E ne e se setjhaba feela se neng se etsa nyehelo ena empa malapa kapa motho ka bomong ba ne ba ka kgona ho etsa nyehelo ena ho leboha Jehova nakong ena ya mokete ka dimpho tseo ba neng ba na le tsona.—Ex 23:19; De 26:1, 2; sheba FIRSTFRUITS.
Ke Hobaneng ha mahobe a sa lomoswang a ne a le bohlokwa? Kgetlong lena Baiseraele ba ile ba ja mahobe a sa lomoswang ho latela ditaelo tseo Jehova a neng a di file Moshe jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Exoda 12:14-20, tse neng di akarelletsa molao o tobileng temaneng ya 19 o reng: “Ka matsatsi a supileng ho se ke ha fumanwa hlama e bodila ka matlung a lona.” Ho Deuteronoma 16:3 mahobe a sa lomoswang a bitswa “bohobe ba mahloreho” mme e ne e le sehopotso selemo se seng le se seng hore Bajuda ba ile ba tswa Egepeta ba tatile (hobane ba ne ba se na nako ya ho bidisa tlhama ya bona [Ex 12:34]). Ka hoo sena se ne se ba hopotsa nako e bohloko eo ba neng ba phela tlasa yona botlamuweng mme Jehova o ile a pholosa Iseraele feela jwalo ka ha a ile a ba bolella, “hore ka matsatsi ohle a bophelo ba hao o hopole letsatsi leo o tswileng naheng ya Egepeta ka lona.” Moketeng wa pele ho e meraro eo Baiseraele ba neng ba e keteka ba ne ba lokela ho ananela tokoloho eo Jehova a ba fileng yona le ho hlokomela hore Jehova ke Molopolli wa bona.—De 16:16.
it-2-E 598 ¶2
Pentekonta
Ditholwana tsa pele tsa koro di ne di sebediswa ka tsela e fapaneng le ditholwana tsa harese. Dikarolo tse pedi tsa leshome tsa efa ya phofo e thumisehileng (4.4 L) di ne di lokela ho apehwa di lomositswe hore e be mahobe a mabedi. A ne a lokela ‘ho tswa dibakeng tsa bona tsa bodulo, e leng se bolelang hore mahobe ana a ne a lokela ho tshwana le ao batho ba neng ba iketsetsa ona ka mehla eseng a tshwanang le a neng a etswa bakeng sa tshebeletso e halalelang. (Le 23:17) Bohobe bona bo ne bo fanwa ha ho etswa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya sebe ha mmoho le sehlabelo se kopanetsweng le dikonyana tse pedi tse tona. Moprista o ne a tsokela kwana le kwana mahobe le dikonyana ka pela Jehova ka hore a behe matsoho a hae tlasa mahobe le dikotwana tsa dikonyana mme a di tsokele kwana le kwana e le pontsho ya ntho e halalelang ka pela Jehova. Ka mora hore mahobe le dikonyana di nyehelwe e ne e ba tsa moprista hore a ka di ja e le sehlabelo se kopanetsweng.—Le 23:18-20.
w14 5/15 29 ¶11
Na o Hatela Pele le Mokgatlo wa Jehova?
11 Mokgatlo wa Jehova o re tswela molemo ha o re phehella hore re mamele keletso ya moapostola Pauluse e reng: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona, jwalo ka ha ba bang ba e na le tlwaelo eo, empa re kgothatsana, mme re etsa jwalo haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Mekete le dikopano tse neng di tshwarwa selemo le selemo di ne di matlafatsa tumelo ya Baiseraele. Ho feta moo, diketsahalo tseo tse kang Mokete o kgethehileng wa Maphephe wa mehleng ya Nehemia e ne e le tse thabisang. (Ex. 23:15, 16; Neh. 8:9-18) Re rua molemo ka tsela e tshwanang ha re le dibokeng le dikopanong tse nyenyane le tse kgolo. A re sebediseng ka botlalo ditokisetso tsena e le hore re imatlafatse tumelong mme re thabe.—Tite 2:2.
Matlotlo a Patilweng
Dula o Tshepahala!
3 Bahlanka ba Modimo ba bontsha botshepehi jwang? Ka hore ba mo rate ka pelo yohle mme ba inehele ho yena ka ho felletseng. Hape ba ka etsa sena ka hore ba nahane ka thato ya hae pele ba etsa diqeto. Ela hloko ka moo lentswe lena botshepehi le sebedisitsweng ka teng ka Bibeleng. Bibele e hlalosa “botshepehi” e le ntho e felletseng le e phetseng hantle. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba fa Jehova diphoofolo e le mahlabelo, Molao o ne o re e lokela ho ba tse phetseng hantle. (Lev. 22:21, 22) Ba ne ba sa lokela ho fana ka phoofolo e neng e se na leoto, tsebe, leihlo kapa e neng e kula. Jehova o ne a batla hore phoofolo eo e be e felletseng le e phetseng hantle. (Mal. 1:6-9) Jwale re a hlokomela hore na ke hobaneng ha Jehova a batla hore re be batho ba tshepahalang. Etswe le rona ha re ilo reka ntho e itseng, e bang ke tholwana, buka kapa thulusi e itseng, ha re batle e nang le masobasoba kapa e haellang. Re batla e felletseng le e ntseng e le hantle. Ka ho tshwanang, Jehova o batla hore re mo rate re be re mo tshepahalle ka ho felletseng.
25-31 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 24-25
“Selemo sa Jubile le Tokoloho ya Nakong e Tlang”
it-1-E 871
Tokoloho
Modimo wa Tokoloho. Jehova ke Modimo wa tokoloho. O ile a lokolla setjhaba sa Iseraele bokgobeng Egepeta. O ile a se bolella hore haeba se mamela melao ya hae se tla fumana tokoloho. (De 15:4, 5) Davida o ile a bua ka “ho se be matshwenyehong” ka hara ditora tsa bodulo tsa Jerusalema. (Pes 122:6, 7) Le ha ho le jwalo, Molao o ne o dumela hore haeba motho a ne a futsanehile o ne a ka kgona ho ithekisa hore e be lekgoba e le hore yena le lelapa la hae ba fumane dintho tseo ba di hlokang. Empa Molao o ne o re ka selemo sa bosupa lekgoba la Moheberu le ne le lokela ho lokollwa. (Ex 21:2) Ka Jubile (e neng e ba ka selemo sa bo 50), ho ne ho phatlalatswa tokoloho ho baahi bohle ba naha. Lekgoba le leng le le leng la Moheberu le ne le lokollwa mme le ne le kgutlela setsheng sa lona.—Le 25:10-19.
it-1-E 1200 ¶2
Lefa
Ka ha setsha se ne se lokela ho ba sa lelapa le le leng molokong o mong ka mora o mong, se ne se sa lokela ho rekisetswa batho ba bang. Ha e le hantle, ho rekiswa ha setsha ho ne ho bolela hore Moiseraele o ne a kadima motho eo a mo kolotang setsha sa hae e le hore a fumane tjhelete eo a mo kolotang yona dijalong tseo se tla di hlahisa. Tjhelete eo setsha se neng se rekiswa ka yona e ne e theoha selemo le selemo ha dilemo di ntse di atamela Jubile, e leng ka nako eo ditsha kaofela di neng di kgutlela ho beng ba tsona haeba se ne se sa rekollwa pele ho Jubile. (Le 25:13, 15, 23, 24) Sena se ne se akarelletsa matlo a metsana a se nang lerako le a potolohileng a neng a nkuwa e le karolo ya tshimo ya naha. Tabeng ya ntlo e neng e le motseng o potolohilweng ke lerako, motho ya e rekisitseng o ne a na le tokelo ya ho e reka hape ho fihlela selemong seo a e rekisitseng ka sona se feela. Boemong ba matlo a neng a le metseng ya Balevi, tokelo ya thekollo e ne e tswela pele ka ho sa feleng hobane Balevi ba ne ba se na lefa la naha.—Le 25:29-34.
it-2-E 122-123
Jubile
Haeba molao wa Jubile o ne o latelwa o ne o thusa setjhaba hore se qobe masisa pelo ao re a bonang dinaheng tse ngata kajeno moo o fumanang hore batho ba bang ba ruile haholo mme ba bang ba futsanehile haholo. Molao ona wa Jubile o ne o matlafatsa setjhaba hobane ho ne ho ke ke ha ba le motho ya sotlehileng haholo ka lebaka la maemo a mabe a moruo empa kaofela ba ne ba ka kgona ho sebedisa ditalenta tsa bona le bokgoni ba bona setjhabeng. Jehova o ne a hlohonolofatsa setjhaba ha se lemme ebile o ne a se ruta, haeba se ne se mamela se ne se tla thabela ho buswa ke Jehova le ho fumana ditlhohonolofatso.—Esa 33:22.
Matlotlo a Patilweng
w09 9/1 22 ¶4
Haeba o Utlwisitswe Bohloko
Haeba Moiseraele a ne a lwantsha Moiseraele e mong mme a mo ntsha leihlo, Molao o ne o re a fuwe kotlo e mo loketseng. Empa motho ya neng a utlwisitswe bohloko e ne e se yena ya lokelang ho inkela molao matsohong ka hore a iphetetse ho motho ya mo utlwisitseng bohloko kapa ho ba lelapa la hae. Molao o ne o re a ise taba ho batho ba loketseng ba etellang pele e leng baahlodi ba neng ba kgethilwe e le hore taba e sebetswe ka tsela e nepahetseng. Ho tseba hore motho ya entseng ketso e kgopo kapa e sehloho ka boomo o ne a tla fuwa kotlo ka ho etswa seo a se entseng e mong, e ne e thibela batho ho iphetetsa. Empa ho na le mabaka a mang.
1-7 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 26-27
“O ka Fumana Ditlhohonolofatso Tsa Jehova Jwang?”
w08 4/15 4 ¶8
Hana “Dintho Tsa Lefeela”
8 Ke jwang “Maruo” a ka fetohang modimo? Ka mohlala, nahana ka lejwe le hara naha ya Iseraele ya boholoholo. Lejwe leo le ne le ka sebedisetswa ho haha ntlo kapa lebota. Ka lehlakoreng le leng, haeba le ne le ka emiswa e le “tshiya e halalelang” kapa “setshwantsho,” le ne le fetoha kgopiso ho batho ba Jehova. (Lev. 26:1) Ka ho tshwanang, tjhelete ya hlokahala ebile ho na le tsela e loketseng ya ho e sebedisa. Re a e hloka e le hore re iphedise, ebile re ka e sebedisa ha molemo tshebeletsong ya Jehova. (Moek. 7:12; Luka 16:9) Empa haeba re etelletsa taba ya ho hahamalla tjhelete ka pele ho tshebeletso ya rona ya Bokreste, ha e le hantle, tjhelete, e fetoha modimo wa rona. (Bala 1 Timothea 6:9, 10.) Lefatsheng lena, leo ho lona batho ba nkang ho hahamalla maruo e le yona ntho ya bohlokwa, re lokela ho tiisa hore re ba le pono e lekalekaneng ka taba ena.—1 Tim. 6:17-19.
it-1-E 223 ¶3
Ho Hlolla
Moshe o ile a etsa dintho tse hlollang (moh·raʼʹ ka Seheberu) ka pela Baiseraele ka lebaka la tsela eo Jehova a ileng a mo sebedisa ka yona. (De 34:10, 12; Ex 19:9) Batho ba neng ba na le tumelo ba ile ba hlompha bolaodi ba Moshe ka tsela e hlollang. Ba ile ba hlokomela hore Modimo o sebedisa Moshe ho bua le bona. Hape, Baiseraele ba ne ba lokela ho hlompha sehalalelo sa Jehova. (Le 19:30; 26:2) Taba ena e bolela hore ba ne ba lokela ho hlompha sehalalelo sa Jehova ka tsela e kgethehileng, ba mo etsetse borapedi ka tsela eo a e laetseng ba be ba itshware ka tsela e dumellanang le ditaelo tsa hae.
w91 3/1 17 ¶10
“Kgotso ya Modimo” e ke e Lebele Pelo ya Hao
10 Jehova o ile a bolella setjhaba: “Haeba le tswela pele ho tsamaya ditaelong tsa ka tse hlomamisitsweng mme le boloka ditaelo tsa ka mme le di phetha, ka sebele ke tla boela ke le fe dipula ka nako ya tsona e tshwanetseng, mme naha e tla fana ka dihlahiswa tsa yona, mme sefate sa naha se tla fana ka ditholwana tsa sona. Ke tla tlisa kgotso naheng, mme le tla robala, ho se ya etsang hore le thothomele; ke tla fedisa sebata se kotsi naheng, mme sabole e ke ke ya feta naheng ya lona. Ke tla tsamaya hara lona ke be Modimo wa lona, mme le tla ba setjhaba sa ka.” (Levitike 26:3, 4, 6, 12) Iseraele e ne e ka ba le kgotso hobane e ne e sireletsehile direng tsa yona, e na le maruo le kamano e haufi le Jehova. Empa sena se ne se tla itshetleha ka hore e kgomarele Molao wa Jehova.—Pesaleme ea 119:165.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 617
Lefu la Sewa
Le ne le Tliswa ke ho se Mamele Melao ya Modimo. Baiseraele ba ile ba hlokomediswa hore haeba ba sa boloke selekane seo ba nang le sona le Modimo, o tla ‘romella lefu la sewa hara bona.’ (Le 26:14-16, 23-25; De 28:15, 21, 22) Ka Bibeleng, ho amahanngwa tlhohonolofatso ya Modimo le ho phela hantle mmeleng le ho ba le setswalle se tiileng le yena (De 7:12, 15; Pes 103:1-3; Lipr 3:1, 2, 7, 8; 4:21, 22; Tše 21:1-4), athe sebe le ho se phethahale ho amahanngwa le ho kula. (Ex 15:26; De 28:58-61; Esa 53:4, 5; Mat 9:2-6, 12; Joh 5:14) Ka hoo, le hoja maemong a mang Jehova ka boyena a ile a otla batho ka mafu a itseng hanghang, jwalo ka ha a ile a otla Miriame, Uzia le Gehazi ka lepera (Nu 12:10; 2Likr 26:16-21; 2Ma 5:25-27), maemong a mangata mafu a sa phekoleheng kapa mafu a sewa a ne a ba teng ka lebaka la ho se mamele melao ya Jehova. Ba ne ba mpa ba kotula seo ba se jetseng, ba ne ba utlwa bohloko ka lebaka la dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa. (Gal 6:7, 8) Moapostola Pauluse o ile a re batho ba nang le ditakatso tse fetelletseng tsa ho etsa thobalano ‘Modimo o ba nehelletse ho se hlweke, e le hore mmele ya bona e ka hlompholleha hara bona . . . ba amohela ka ho bona puseletso e feletseng, e neng e loketse bakeng sa diphoso tsa bona.’—Bar 1:24-27.
8-14 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 1-2
“Jehova o Hlophisa Batho ba Hae”
w94 12/1 9 ¶4
Sebaka se Loketseng Borapedi ba Jehova Bophelong ba Rona
4 Haeba o ne o ka bona Iseraele e hlomme ditente lefeelleng ka moo nonyana e fofang e neng e ka e bona ka teng, o ka be o ile wa bona eng? Ditente tse ngata, empa di hlonngwe ka mokgwa o hlophisehileng tseo ho tsona mohlomong ho dulang batho ba dimilione tse tharo kapa ho feta, di hlophisitswe ka dihlopha tsa meloko e meraro ka leboya, borwa, botjhabela le bophirimela. Ha o nyarela haufinyane, o ne o tla boela o bone tlhophiso e nngwe haufi le karolo e hare ya kampo. Ditenteng tsena tse arotsweng ka dihlopha tse nne tse nyenyane ho ne ho dula malapa a leloko la Levi. Bohareng ba kampo ena, sebakeng se arotsweng ka lesela, ho ne ho e na le mohaho o ikgethang. E ne e le “tente ya pokano,” kapa tabernakele, eo Baiseraele “ba masene” ba neng ba e hahile ho latela polane ya Jehova.—Numere 1:52, 53; 2:3, 10, 17, 18, 25; Exoda 35:10.
it-1-E 397 ¶4
Diahelo
Baiseraele ba ne ba le bangata haholo. Batho ba neng ba ngodisitswe e ne e le banna ba ntwa ba 603 550 ho akarelletsa le basadi le bana. Ho ne ho boetse ho na le ba hodileng, ba holofetseng, Balevi ba 22 000 le “sehlopha se seholo se tswakaneng” sa baditjhaba. Mohlomong batho bao kaofela ba ne ba le ka hodimo ho 3 000 000. (Ex 12:38, 44; Nu 3:21-34, 39) Ha ho tsebahale hantle hore na setjhabahadi se se kaalo se ne se dula sebakeng se seholo hakae hobane batho ba hakanya ka ditsela tse fapaneng haholo. Ha Baiseraele ba hloma diahelo tsa bona mabapa le Jeriko, dithoteng tsa lehwatata la Moabe ho hlaloswa hore e ne e le “ho tloha Bethe-jeshimothe ho ya Abele-shitime”.—Nu 33:49.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 764
Ho Ngodisa
Ha ho ne ho ngodiswa, ho ne ho ngolwa lebitso la motho, ba ntlo ya hae le leloko leo a tswang ho lona. Ho ngodisa hona e ne e se feela taba ya ho bala setjhaba. Ka Bibeleng, ho ngodisa setjhaba ho ne ho etswa ka mabaka a fapaneng jwalo ka ho patala lekgetho, mesebetsi ya sesole kapa haeba motho e ne e le Molevi, e ne e le bakeng sa mesebetsi eo a lokelang ho e etsa sehalalelong.
15-21 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 3-4
“Mosebetsi wa Balevi”
it-2-E 683 ¶3
Moprista
Tlasa Selekane sa Molao. Ha Baiseraele ba ne ba le bokgobeng Egepeta, Jehova o ile a halaletsa bara bohle ba matsibolo bakeng sa hae, nakong eo a neng a bolaya matsibolo a Baegepeta ka kotlo ya leshome. (Ex 12:29; Nu 3:13) Matsibolo ana e ne e le a Jehova mme a ne a tla mo etsetsa tshebeletso e kgethehileng. Modimo a ka be a ile a kgetha hore bara bana ba matsibolo ebe baprista kapa bahlokomedi ba sehalalelo empa o ile a kgetha bara ba leloko la Levi hore e be bona ba etsang mosebetsi ona. Ka lebaka lena, o ile a dumella setjhaba hore se sebedise bara ba Balevi ho e na le bara ba matsibolo ba meloko e 12 ya Baiseraele bohle (bana ba bara ba Josefa e leng Efraime le Manase ba ile ba balwa e le meloko e mmedi). Ha ho ntse ho balwa setjhaba, ho ile ha fumanwa hore ntle ho bara ba Levi, ho na le bara ba 273 bao e seng Balevi ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Modimo o ile a re ho patalwe dishekele tse hlano (e leng R192.52) bakeng sa mora e mong le e mong ho bao ba 273. Tjhelete eo e ne e fuwa Arone le bara ba hae. (Nu 3:11-16, 40-51) Pele ho moo, Jehova o ne a behile bara ba lelapa la Arone ya tswang lelokong la Levi hore ba sebeletse e le baprista ba Israele.—Nu 1:1; 3:6-10.
it-2-E 241
Balevi
Mesebetsi ya bona. Balevi ba tswa malapeng a mararo a bara ba Levi e leng Gershone (Gershome), Kohathe le Merari. (Gen 46:11; 1Likr 6:1, 16) Malapa ao a mararo a ne a fuwe sebaka pela tabernakele lefeelleng. Bakohathe ba lelapa la Arone ba ile ba hloma diahelo tsa bona ka botjhabela, ka pela tabernakele. Bakohathe ba bang ba di hloma ka borwa, Bagershone ba di hloma ka bophirimela athe Bamerari ba hloma tsa bona ka leboya. (Nu 3:23, 29, 35, 38) Mosebetsi wa Balevi e ne e le ho hloma, ho qhaqha le ho jara tabernakele. Ha e ne e le nako ya ho falla, Arone le bara ba hae ba ne ba theola lesira le arolang Sehalalelo le Sehalaledisiso ebe ba kwahela areka ya bopaki, dialetare le dintho tse ding tse halalelang tse neng di sebediswa tabernakeleng. Bakohathe ba ne ba jara dintho tsena. Bagershone ba ne ba tsamaisa masela a tente, dikwahelo, masira, masela a lepeletseng a lebala le dithapo tsa tente (ho bonahala eka dithapo tsena e ne e le tsa tabernakele). Bamerari bona ba ne ba hlokomela diforeimi, ditshiya, ditshehetso tse sekoti tsa ditshiya, dithakgisa le dithapo tsa tente (dithapo tsena e ne e le tsa lebala le potolohileng tabernakele).—Nu 1:50, 51; 3:25, 26, 30, 31, 36, 37; 4:4-33; 7:5-9.
it-2-E 241
Balevi
Mehleng ya Moshe, Molevi o ne a ka etsa mesebetsi yohle eo Balevi ba neng ba lebeletswe ho e etsa ha a le dilemo di 30, mesebetsi eo e ne e le ho jara tabernakele le dintho tse sebediswang ho yona ha ho ne ho fallwa. (Nu 4:46-49) Molevi o ne a ka etsa mesebetsi e meng ha a le dilemo di 25 empa o ne a ke ke a etsa mesebetsi e boima jwalo ka ho fallisa tabernakele. (Nu 8:24) Mehleng ya Morena Davida dilemo tseo di ile tsa theolwa hore e be tse 20. Davida o ile a re lebaka la ho fokotsa dilemo e ne e le hobane tabernakele (e neng e se e tla nkelwa sebaka ke tempele) e ne e se e sa tlo falliswa. Molevi o ne a kgaotsa ho etsa mesebetsi ena e mo tlamang ha a le dilemo di 50. (Nu 8:25, 26; 1Likr 23:24-26; sheba AGE.) Molevi o ne a lokela ho tseba molao hantle, o ne a bitswa hangata hore a tlo o balla setjhaba le ho se ruta.—1Likr 15:27; 2Likr 5:12; 17:7-9; Ne 8:7-9.
Matlotlo a Patilweng
w06 8/1 23 ¶13
Hlalefa Mme o Tshabe Modimo!
13 Ha Davida a bona hore Jehova wa mo thusa matshwenyehong, o ile a mo tshaba haholo mme tshepo ya hae ho Jehova e ile ya tiya. (Pesaleme ya 31:22-24) Le ha ho le jwalo, diketsahalong tse tharo tse hlahelletseng, Davida o ile a hloleha ho tshaba Modimo, yaba o hlahelwa ke mathata a maholo. Ketsahalong ya pele o ile a lokisetsa hore areka ya selekane ya Jehova e iswe Jerusalema e nkilwe ka koloi e sa jarwa mahetleng ke Balevi, ka moo Molao wa Modimo o neng o laela ka teng. Eitse ha Uza, ya neng a qhoba koloi eo, a tshwara Areka hore a e tsitsise, o ile a shwa hanghang ka lebaka la “ketso [ya hae] e hlokang tlhompho.” Ke nnete hore Uza o ile a etsa sebe se seholo, empa ha e le hantle, Davida ke yena ya ileng a baka bothata bona bo boholo ka ho se hlomphe molao wa Modimo ka tsela e tshwanetseng. Ho tshaba Modimo ho bolela ho etsa dintho ka tsela ya hae.—2 Samuele 6:2-9; Numere 4:15; 7:9.
22-28 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 5-6
“O ka Etsisa Banazari Jwang?”
it-2-E 477
Monazari
Ho na le dintho tse tharo tseo motho ya neng a itlama ka ho ba Monazari a neng a sa lokela ho di etsa: (1) O ne a sa lokela ho nwa jwala; o ne a sa lokela ho ja ntho efe kapa efe e entsweng ka morara, ho sa tsotellehe hore na o butsuwe, ha wa butswa kapa o omisitswe. Hape o ne a sa lokela ho nwa ntho e entsweng ka morara ho sa tsotellehe hore na ke morara o sa tswa kotulwa, o betseng kapa oo e seng e le vinegar. (2) O ne a sa lokela ho kuta moriri hloohong. (3) O ne a sa lokela ho thetsa setopo, esita le haeba e ne e le sa motho ya neng a amana le yena haufiufi, ebang ke ntate, mme, kapa ngwanabo.—Nu 6:1-7.
Dikano Tse Kgethehileng. Motho ya neng a etsa kano ena e kgethehileng o ne a lokela ho “phela jwalo ka Monazari wa Jehova” eseng hobane a batla ho ratwa kapa ho roriswa ke batho ka lebaka la dintho tse kgethehileng tseo a itlammeng ka tsona. Ho e na le hoo, “ka matsatsi ohle a Bonazari ba hae o a halalela ho Jehova.”—Nu 6:2, 8; bapisa le Gen 49:26.
Dintho tse neng di lebelletswe ho Banazari di ne di na le bohlokwa bo kgethehileng hape e ne e le tsa bohlokwa borapeding ba Jehova. Moprista ya phahameng o ne a sa lokela ho tshwara setopo, esita le sa motho eo a amanang le yena haufiufi ka lebaka la mosebetsi o kgethehileng oo a neng a o fuwe. Ka tsela e tshwanang le Monazari o ne a sa lokela ho tshwara setopo. Ka lebaka la mosebetsi o kgethehileng oo moprista ya phahameng le baprista ba bang ba tlasana ba neng ba o etsa, ba ne ba sa lokela ho nwa jwala ba mofuta ofe kapa ofe ha ba ne ba ilo etsa mosebetsi o kgethehileng ka pela Jehova.—Le 10:8-11; 21:10, 11.
Ho feta moo, Monazari (e leng na·zirʹ ka Seheberu) o ne a “lokela ho halalela ka hore a tlohele moriri wa hlooho ya hae hore o hole,” ho etsa jwalo e ne e tla ba letshwao le thusang bohle hore ba hlokomele hore o entse kano e halalelang ya ho ba Monazari. (Nu 6:5) Lentswe la Seheberu e leng na·zirʹ le ile la boela la sebediswa ha ho buuwa ka difate tsa morara tse sa “faolwang” dilemong tsa Sabatha e halalelang le tsa Jubile. (Le 25:5, 11) Ntho e nngwe e thahasellisang ke hore lekapa la kgauta le neng le le phatleng tukung ya moprista ya phahameng le neng le ngotswe “kgalalelo ke ya Jehova,” le ne le bitswa “pontsho e halalelang ya boinehelo. [Ka Seheberu ho ne ho sebedisitswe lentswe neʹzer le tswang motsong o tshwanang le wa lentswe na·zirʹ].” (Ex 39:30, 31) Ka tsela e tshwanang, moqhaka o neng o rweswa marena a tlotsitsweng a Iseraele o ne o bitswa neʹzer. (2Sa 1:10; 2Ma 11:12; sheba CROWN; DEDICATION.) Bakeng sa phutheho ya Bokreste, moapostola Pauluse o re mosadi o fuwe moriri ho e na le se rwalwang hloohong. Ke ntho ya tlhaho eo a e fuweng hore a hopole hore ha a tshwane le monna, o lokela ho dula a hopola ho ikokobelletsa tokisetso ya Modimo. Ka hoo, ho se kute moriri (ho neng ho sa tlwaeleha ho banna), ho se nwe jwala le ho hlweka ho ne ho hopotsa Monazari enwa ya itlammeng hore ha se ka mehla a tla ba le dintho tseo a di batlang le hore o lokela ho ikokobelletsa ho etsa thato ya Jehova ka ho felletseng.—1Ko 11:2-16; sheba HAIR; HEAD COVERING; NATURE.
Matlotlo a Patilweng
w05 1/15 30 ¶2
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Le ha ho le jwalo, Samsone e ne e le Monazari ka kutlwisiso e fapaneng le eo. Pele Samsone a tswalwa, lengeloi la Jehova le ile la re ho mmae: “Bona! o tla ima, mme ka sebele o tla tswala mora, mme ha ho lehare le lokelang ho feta hloohong ya hae, hobane ngwana eo e tla ba Monazari wa Modimo ha a tswa ka mpeng; ke yena ya tla etella pele ho pholoseng Baiseraele matsohong a Bafilista.” (Baahlodi 13:5) Samsone ha a a ka a nka kano ya Bonazari. O ne a kgethilwe ke Modimo hore e be Monazari bophelo bohle ba hae. Thibelo e mabapi le ho ama setopo e ne e ke ke ya sebetsa ho yena. Haeba e ne e sebetsa ho yena mme a ama setopo e se ka boikemisetso, ke jwang a neng a ka qala bophelo ba Bonazari ho tloha tswalong ya hae? Ka hoo, ho a bonahala hore dintho tse neng di hlokahala ho bao e neng e eba Banazari bophelo bohle ba bona di ne di fapane ka ditsela tse itseng le tse neng di hlokwa ho ba ithaopelang ho ba Banazari.